-
Kamoo U ka Bang Motsoali ea AtlehilengMolula-Qhooa—1988 | May 1
-
-
’Mè oa Timothea ’me mohlomong le nkhono’ae, Loise, ba ile ba tiisa hore ho tloha boseeeng a se ke a khahloa ke maikutlo a bona a botho; ho e-na le hoo, ba ne ba tseba hore ke lithuto tsa Jehova tse neng li tla mo hlalefisetsa pholoho. Lengolo leo Timothea a ileng a le ngolloa ke moapostola oa Mokreste Pauluse le re: “Ha e le uena, u eme ho tseo u ithutileng tsona: tseo u li tiiselitsoeng, u ntse u tseba eo u ithutileng tsona ho eena; etsoe le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste.”—2 Timothea 3:14, 15.
-
-
Kamoo U ka Bang Motsoali ea AtlehilengMolula-Qhooa—1988 | May 1
-
-
Ha ho pelaelo hore Timothea o ne a boetse a nahana hore na ’m’ae le nkhono’ae e ne e le batho ba mofuta ofe—batho ba moea kannete. Ba ne ba ke ke ba mo qhekella kapa ba sotha ’nete bakeng sa melemo ea boithati; leha e le hore e ne e le baikaketsi. Ka baka leo, Timothea o ne a se na lipelaelo ka lintho tseo a neng a ithutile tsona. Kahona ha ho pelaelo hore bophelo ba hae ha e se e le motho e moholo oa Mokreste ea mafolo-folo bo ne bo thabisa pelo ea ’m’ae ea tšepahalang.
-