Na Ua Ikhethela—Kapa U Tlohella ba Bang ba U Khethele?
HO FIHLELA Pedro a le lilemo li robeli, o ne a rapela Maleiwa, eo ho neng ho nahanoa hore ke ’mōpi oa motho le moetsi oa lefatše. O ne a tšaba Yoluja, eo ho boleloang hore ke pula-maliboho oa meea eohle e litšila le mafu, ’me a leka ka hohle ho qoba maqiti a mabe a Pulowi, eo ho boleloang hore ke molimotsana oa lefatše le ka tlase.
Pedro ke setho sa moloko oa Guajiro, o mong oa meloko e mengata ea Maindia a Venezuela. O ile a latela bolumeli ba setho ba baholo-holo ba hae ho fihlela ka letsatsi le leng tichere oa sekolo a lokisetsa hore a kolobetsoe—ho ba Mok’hatholike. Pedro oa hlalosa: “Ha ho ea ileng a buisana
le ’na. ’Me ke ne ke sa tsebe letho ka bolumeli ba ka bo bocha. Empa ka. hlokomela hore. ho ke ke ha ba thata hore ke amohele bolumeli bona bo bocha kahobane ho ne ho sa hlokahale hore ke etse liphetoho tse ngata boitšoarong ba ka ba letsatsi le letsatsi. Ke ne ke tšepahala bolumeling ba ka bo bocha, kamehla ke ne ke ea ’Miseng ka Tšitoe.”
Le hoja Pedro a ile a ba malumeling a mabeli a sa tšoaneng, ha ho bolumeli boo a ileng a ikhethela bona. Ba bang ba ile ba mo khethela bona. Phihlelo ea hae e ile ea phetoa ka makhetlo a mangata lilemong tse makholo tse fetileng. Ha e le hantle, ke batho ba fokolang haholo ho ba libillione tse hlano ba phelang lefatšeng kajeno ba ikhethetseng bolumeli ba bona. Hangata bolumeli ba bona ke ntho eo ba e futsitseng, joaloka ha ba futsitse litšobotsi tsa bona, mekhoa ea bona, kapa lehae leo ba phelang ho lona.
Ba Iketselitse Khetho
Empa na kamehla seo re se futsitseng ke sona se molemohali? Re ka leka ho ntlafatsa tšobotsi ea rōna. Re ka leka ho lokisa lehae leo batsoali ba rōna ba re tloheletseng lona. Re ka leka ho loantša esita le mekhoa e sa rateheng eo re e futsitseng.
Ka lebaka le tšoanang, lefatšeng lohle ho na le ba bang ba hlahlobisisang bolumeli boo ba bo futsitseng ho bontat’a bona moholo. Ho e-na le hore ba talime ho etsa joalo e le ho lahla setho sa lelapa se lokelang ho bolokoa le ho sireletsoa, ho lapa ha bona ha moea ha ba susumeletsa ho batla ntho e ’ngoe e molemo. Ho bile joalo ka Hiroko, eo ntate oa hae e neng e le moprista oa Mobuddha Tempeleng ea Myokyo, Japane.
Hiroko o hlalosa sena: “Ha ke sa le ngoana, linakong tsa masiu a batang haholo a mariha, ke ne ke atisa ho theosa le ho nyolosa litseleng tse tletseng lehloa tsa motse oa rōna ke tšoere lebone. Ntate o ne a tsamaea ka pele, a letsa moropa le ho pheta lipolelo tsa Buddha. Ho tloha lilemong tseo tsa bongoana, litšebeletso tse joalo tsa ho itatola bophelo bo botle le meetlo ea Bobuddha e ne e le karolo ea bophelo ba ka.”
Leha ho le joalo, Hiroko o ne a sa thaba ka bolumeli bona boo a bo futsitseng. “Ke ne ke sa fumane karabo leha e le ’ngoe e khotsofatsang lipotsong tse ngata tseo ke neng ke e-na le tsona. Ho fetoloa ha mabitso a bafu, majoe a lebitla a neng a hlomphuoa joaloka hoja a phela nakong eo ho phetoang lipolelo tsa Buddha holim’a ’ona, likotoana tsa lipampiri tseo ho neng ho boleloa hore li re sireletsa ka tsela ea mohlolo, le litšebeletso tse ngata haholo tsa tempele li ne li ntsielehisa.”
“Ke ile ka bolelloa hore lelapa la rōna ke setho sa mokha oa Bobuddha o ka sehloohong. Empa leha ho le joalo, lipotso tsa ka li ne li ntse li sa arabuoe. Ke ile ka kholiseha hore e tlameha ebe ho na le ho hong, sebakeng se seng. Tšepo ea ka e ne e le hore ke itlhahlobele ka bolokolohi bolumeli bo tla ’neha likarabo tsohle.” Hiroko a tsoa a kena malumeling a Bochabela a leka ho fumana bo ka mo khotsofatsang. Qetellong, ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, a ithuta ka Bibeleng ka Molimo o matla ’ohle, o bōpileng leholimo le lefatše, ’me a fumana likarabo tsa lipotso tsa hae tsa bongoana.
Tabeng ea hae, ho ile ha phethahala mantsoe a moprofeta Jeremia: “Ha u mpatla, u tla mphumana; haeba u mpatla ka pelo ea hao eohle, ke tla etsa hore u mphumane, ho bolela Morena.”—Jeremia 29:13, 14, The New English Bible.
Hiroko o ne a ikutloa hore ke ho loketseng hore a iketsetse khetho tabeng ena, le hoja e ne e le khetho e fapaneng ho ea batsoali ba hae. “Ke ile ka thaba haholo ho fumana leseli lena la tsebo, ’me hona joale ha ke sa na lipotso tse nkhathatsang tse ’nileng tsa ntlhokofatsa ka lilemo tse ngata,” o hlalositse. Empa ho sa tsotellehe hore na u thabile ka bolumeli ba hao hona joale kapa che, ho sa ntsane ho hlokahala hore u etse khetho.
Lebaka Leo Khetho e Lokelang ho Etsoa
Ba bangata ba rōna, ha re ne re ka etsa khefu ’me ra nahana, re tla lumela hore bolumeli ke taba ea bohlokoa haholo hoo bo ke keng ba tlohelloa feela bo sa reroa. Esita le litabeng tsa letsatsi le letsatsi, re leka ho laola bophelo ba rōna kamoo re ka khonang kateng. Ke mang ea neng a ka rata hore ebe lekhoba le laoloang ke maemo a itlhahelang a sa reroa? Ha hlooho ea hao e opa, na kapelepele u tla noa lipilisi tseo u li fumanang har’a meriana pele ho hore ka hloko u bale hore na ke tsa eng?
Haeba u ne u khetha liaparo tse ncha, na u tla nka sutu ea pele eo u e bonang lebenkeleng, u nahana hore e tla u lekana hantle? Haeba u ne u batla ho reka koloi e seng e sebelisitsoe, na u ne u tla e reka le ho e khanna pele u hlahloba enjine ea eona?
Mohlomong pelong ea hao u re, ‘Ke sethoto feela se ka etsang ntho e joalo.’ Lintho tse joalo ha li nkuoe hasesane. Empa ho ba bangata ba rōna qeto e ’ngoe ea bohlokoahali ea bophelo—qeto ea hore na bolumeli ba rōna ke bofe—e tloheletsoe feela e sa reroa, ke qeto e theiloeng liketsahalong tsa histori, le sebakeng seo re tsoaletsoeng ho sona.
Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e bohlale ho ipotsa: ‘Bolumeli ba ka bo tsoa kae? Na ke lefa leo ke le amohetseng ke sa ka ka botsa letho? Kapa na ke ile ka ikhethela bona ka mabaka a utloahalang?’ Bibele e re khothaletsa ho ipotsa lipotso tsena. Moapostola Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ‘ho itekola e le bona, le ho bona haeba ba le tumelong.’—2 Bakorinthe 13:5.
Bibele e re bolella ka mohlankana ea bitsoang Timothea eo ’m’ae le nkhon’ae ba ileng ba mo hōlisa ka Mangolo. Empa, ho hlakile hore, ha a ka a amohela tumelo eo ka bofofu. Lilemo hamorao Pauluse o ile a mo hopotsa hore ‘o ithutile le ho phehelloa ho lumela.’ (2 Timothea 3:14, NW) Timothea o ile a phehelloa ho lula tumelong eo a e amohetseng—empa kamor’a hore eena ka boeena a itlhahlobele eona.
Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ile ba susumetsoa ho nahanisisa tsela ea bolumeli eo ba hōlisitsoeng ka eona. Sergiuse Pauluse e ne e le ’musisi oa Roma sebakeng sa Cyprase eo ntle ho pelaelo a neng a etsa litšebeletso tse hlomphang melimo ea Roma. Kamor’a ho mamela boboleli ba Pauluse “a fetoha molumeli, ka baka la ho khahlisoa ka ho teba ke seo a ithutileng sona ka Morena.”—Liketso 13:12, NE.
Liketsahalong tseo tse peli, khetho e ile ea etsoa kamor’a tlhahlobisiso e theiloeng Lentsoeng la Molimo. Ke hobane’ng ha u sa etsise Sergiuse Pauluse le Timothea? E mong o ile a fetola bolumeli ba hae, athe e mong ha a ka a bo fetola, empa bobeli ba bona ba ile ba putsoa ka hore ba batle ’nete. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ikutloa ba le monyebe ho nka bohato bona ka baka la moetlo, tšabo, kapa leeme.
Phephetso ea ho Etsa Khetho
Litloaelo tsa bolumeli ha li fele habonolo, ’me ba bang ba fumana ho le bonolo ho khomarela moetlo oa khale le litumelo. Mohlomong ba re: “Ha feela u le Mok’hatholike, u tla ’ne u be Mok’hatholike.” Mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang ka tumelo ea hao, u khetha ho khomarela ntho e tloaetsoeng ho e-na le ntho eo u sa e tsebeng. Ha se bohlale ho lahla tloaelo leha e le efe pele u hlahloba molemo oa eona. Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Thessalonika hore ‘ba khomarele litloaelong tseo ba Ithutileng tsona.’ (2 Ba-Thessalonika 2:15, NE) Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a lemosa ka litloaelo tsa bolumeli tse ka re khelosang ho Molimo, tse etsang Lentsoe la oona, Bibele, lefeela. (Mattheu 15:6) Tloaelo e ke ke ea tšepjoa kamehla.
Ha tsebo e ntse e eketseha, litsamaiso tse tloaelehileng lia ntlafatsoa kapa li nkeloa sebaka ke tse ling litabeng tsa bongaka, mahlale, le boqaping ba lintho. Libakeng tsena, batho ba bangata ba ile ba ba le kelello e bulehileng, eo hangata e leng mobu o nonneng bakeng sa lipeō tsa ho ntlafatsa lintho. Le hoja re ka ’na ra nahana hore tloaelo ea rōna ea bolumeli e simolotsoe ke Molimo, Bibele e re lemosa hore “re se lumele polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng” empa ho e-na le moo “re leke lipolelo tse bululetsoeng ho bona haeba li hlaha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1, NW) E re khothaletsa “ho nepisisa lintho tsohle; ho khomarela ka tieo ho se molemo.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Litloaelo tse loketseng li ke ke tsa hlōloa ke tlhahlobo e joalo.
Tšitiso e ’ngoe tabeng ea ho khetha bolumeli ke tšabo. Tlhaloso e tloaelehileng ke ena: “Ha ho mohla ke buang ka bolumeli kapa lipolotiki!” Ho tšaba ho sibolla hore re ntse re lahlehile kapa ho tšaba seo ba bang ba ka se nahanang ka rōna e ka ba mabaka a ho itšireletsa hore re se etse letho. Mehleng ea Jesu, ho ne ho ena le ba bangata ba ileng ba hlokomela bonnete ba seo a neng a se ruta empa ba hana ho lumela hore ke Messia “ka ho tšaba hore ba tla lelekoa synagogeng. Hobane ba ne ba nka hore botumo ba bona bo bohlokoa ho batho ho feta thoriso e tsoang ho Molimo.”—Johanne 12:42, 43, NE.
Batho bao ba mehleng ea Jesu ba ile ba lahleheloa ke monyetla o motle oa ho ba barutuoa ba Kreste ka hobane ba ile ba inehela likhatellong tsa batho ba neng ba koalehile mehopolo tabeng ea bolumeli. Ke ’nete hore ho hlokeha sebete ho tobana le khanyetso. Ho ba ea fapaneng hase taba e bonolo. Empa haeba u tšaba ho etsa khetho, ba bang ba tla u khethela.
Ho ba leeme mabapi le ho amohela ntho “e sa tloaelehang” ho ka sitisa ba bang ho etsa tlhahlobo e se nang leeme. Mehleng ea Jesu, Messia o ne a khelloa fatše ka hobane e le Monazaretha, a nyefoloa ka hobane e le Mogalilea, le ho nyelisoa ka hobane e le Mojode. Leeme la lekholong lena la bo20 la lilemo lea tšoana.—Johanne 1:46; 7:52.
“Bolumeli bona ke feela bo bong ba malumeli a macha a Amerika!” Ke kamoo Ricardo a ileng a arabela kateng ha a ne a mengoa ka lekhetlo la pele ke Lipaki tsa Jehova ho hlahloba litumelo tsa hae. Setso sa hae sa Latin Amerika se ile sa etsa hore a belaele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang United States. Leha ho le joalo, leeme la hae le ile la felisoa ke bopaki boo a ileng a bo bontšoa. Ho feta moo, o ile a kholisoa ke pontšo ea Bokreste eo a ileng a e hlokomela har’a Lipaki. Lerato la bona la ’nete le tumelo ea bona e nang le mabaka li ile tsa hapa thahasello ea hae.—Bona lebokose leqepheng la 10.
Kamor’a hore Ricardo a qhelele ka thoko leeme leo a hōlisitsoeng ka lona, o ile a lumellana le moshebelli e mong, ea ngotseng hore Lipaki tsa Jehova “tlhophisong ea tsona le mosebetsing oa tsona oa boboleli . . . li atametse haufi haholo le sehlopha sa boholo-holo sa Bokreste.” Hona joale o ikutloa hore kelello e bulehileng e bohlokoa haholo ho etseng khetho e molemohali.
U Tla Khetha Eng?
Pedro, ea qotsitsoeng tšimolohong ea sehlooho sena, o ile a hlōla tloaelo ea hae, tšabo, le leeme hore a ithute Mangolo. Pele o ne a e-na le lipelaelo ka baka la ho hloka tšepo ha bolumeli ka kakaretso. Oa hlalosa: “Bolumeli ba ka ho Maleiwa kapa tumelo ea ka ho molimo oa Mak’hatholike, eo lebitso la oona ke sa le tsebeng, ha lia ka tsa etsa hore ke thabe.” Empa qetellong a khetha ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova le ho kolobetsoa a le lilemo li 36. O itse: “Lerato le mamello ea ba nthusitseng, hammoho le likarabo tse khotsofatsang tseo ke li fumaneng Bibeleng, e bile mabaka a nthusitseng ho etsa qeto.”
Na u tla ba le sebete sa ho etsisa Pedro? Ho sa tsotellehe hore na bolumeli ba hao ke bofe, u se ke ua tlohella lintho feela u sa etsa khetho. Iphumanele bopaki ka bouena, u sebelisa Lentsoe la Molimo, batla seo ’nete e leng sona, ’nete e ikhethileng e ileng ea rutoa ke Jesu. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa. Ka botšepehi li u memela ho ela hloko mantsoe a Joshua: ‘Ikhetheleng eo le tla mo sebeletsa.’—Joshua 24:15.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Lipaki Tsa Jehova Na ke “Bolumeli ba Amerika”?
BATHO ba bangata ba nang le moea oa bochaba ba belaela haholo kapa ba tšaba ntho efe kapa efe e isoang naheng e sele. Sena se tšoaetsa esita le pono ea bona ka malumeli a mang.
Hangata Lipaki tsa Jehova li hlaseloa ka mohopolo ’ona, li qosoa ka hore ke bolumeli ba Amerika, “Bo Entsoe U.S.A.,” ’me kahona motheong oo bo lokela ho qheloa. Na karabelo e joalo ke e utloahalang ka mabaka?
Linnete li Re’ng?
1. Ho ea ka lipalo-palo ho batla ho e-na le Lipaki tse lekanang Canada, Costa Rica, Finland, Jamaica, Puerto Rico, le Zambia, le linaheng tse ling, ho feta United States.
2. Lipaki tsa Jehova li feta hōle ho ba mokhatlo oa machaba. Mokhatlo oa bona o feta mekoallo ea bochaba le lithahasello tsa moloko. Taba e hlokomelehang ke katleho e khōlō eo Lipaki tsa Jehova li nang le eona ho hlōleng leeme la moloko, la morabe, le la bochaba. Tlhōlo e joalo e bonahala Afrika Boroa, Iseraele, Lebanone, Ireland Leboea, le linaheng ise ling tse nang le merusu ea bolumeli. Ba batšo le ba basoeu, Bajode le Maarabia, bao pele e neng e le Mak’hatholike le Maprotestanta, kaofela hona joale ke Lipaki tsa Jehova, ba sebetsa le ho rapela hammoho likopanong tsa bona tse khōlō le Liholong tsa ’Muso.
3. Ba hatisa lingoloa tsa bona tsa Bibele ka lipuo tse ka bang 200. Ka mohlala, “Molula-Qhooa” o hatisoa ka lipuo tse 103 ’me “Tsoha!” ka tse 54, ’me ka kakaretso ho hatisoa likopi tse ka holimo ho limillione tse 48 khoeli le khoeli.
4. Le hoja Lipaki tsa Jehova li e-na le ntlo-khōlō ea tsona New York, ke feela karolo ea 23 lekholong ea lenane la bona e leng United States.
5. Joaloka ha ho ne ho le bonolo hore Jerusalema e be sebaka seo Bokreste bo neng bo sebetsoa ho tsoa ho sona nakong ea pele, ho joalo le mehleng ena ea lintoa tsa lefatše le likhohlano, United States ebile sebaka se loketseng haholo seo boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng lohle bo ka fetisoang ho tsoa ho sona. Phihlelo e bontšitse hore libakeng leha e le life tsa lefatše mosebetsi o ka be o ile oa khinoa ke leeme, lithibelo, kapa khaello ea thepa e ka sebelisoang. Empa ho ba le ntlo-khōlō New York ha ho bolele hore Lipaki ke “bolumeli ba Amerika,” joaloka ha Bakreste ba pele e ne e se balumeli ba Bajode, le hoja ba ne ba bitsoa joalo.
Tlhoriso e Leeme
’Nete e ’ngoe e bontšang ka ho hlakileng pono ea bona e phahametseng mekoallo ea bochaba le ea moloko ke kamoo ba ileng ba bitsoa kateng ke mebuso e sa tšoaneng ea lipolotiki. Nakong e fetileng, ba ile ba qosoa ka hore ke makomonisi United States le ka hore ke baemeli ba CIA linaheng tsa bokomonisi!
Ka mohlala, ka bo-1950, koranta e ’ngoe ea U.S. e bile le sehlooho se balehang tjena: “Makomanisi a Poland a Tšehetsa Baemeli ba ‘Jehova’ ka Chelete.” Peho e ’ngoe ea sea-le-moea sa U.S. e itse: ” ’Muso o tlas’a Soviet [Poland] o khothalletsa le ho tšehetsa Lipaki ka chelete.” Ireland, Lipaki li ile tsa talimana le litlhaselo tsa lihlopha tse halefileng: “Makomonisi!” “Tsoang mona!”
Khabareng, Lipaki li ile tsa fumana thibelo ea molao Poland le linaheng ise ling tsa bokomonisi, ’me tse ngata li ile tsa kenngoa chankaneng ka baka la litumelo tsa tsona. Tse ling li ile tsa qosoa ka hore ke lihloela tse tšehelitsoeng ke CIA. Boemo ba tsona Soviet Union bo ile ba hlalosoa ka tsela e latelang ke Vladimir Bukovsky, ea ileng a fallela ka Bophirimela ka 1976: “Bosiung bo bong London, ke ile ka bona letšoao mohahong o mong, le baleha tjena: LIPAKI TSA JEHOVA. . . . Ke ile ka thotofala, ka tšoha haholo. Sena se ka etsahala joang? Ka ipotsa seo pelong. Koana U.S.S.R., u teana le ‘Lipaki’ feela lichankaneng le likampong tsa tlhoriso. Na ho na le motho leha e le ofe ea ka kenang mohahong oo le ho phoka tee le bona? Mohlomong ho bapisa ha ka ho ka batla ho sa nepahala hantle, empa ak’u nahane ka motsotsoana u feta mohaho o nang le letšoao le balehang tjena COSA NOSTRA LTD., MARA GENERAL STAFF. Naheng ea rōna ‘Lipaki’ li tsongoa ka bohale bo tšoanang le bo sebelisoang ha ho tsongoa mokha oa Mafia.”
Mehlala ena e mekhutšoanyane e bontša seo bashebelli ba bang ba se nang leeme ba seng ba se hlokometse—hore Lipaki tsa Jehova li ikarotse lithahasellong tsa bochaba kapa tsa lipolotiki. Tumelo ea tsona e feta mekoallo ea bochaba le ea moloko ka hobane ba lakatsa ho etsisa Molimo oa bona o sa eeng ka tšobotsi ea motho.—Liketso 10:34.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Na u ka noa moriana oa pele oo u kopanang le ’ona, u sa ka ua bala hore ke oa eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Na u tsoaletsoe bolumeling, kapa u ikhethetse bona?