Tsoelang Pele le Sebetsa ka Mahetla a Bapileng
“Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.”—SOFONIA 3:9.
1. Ke’ng se etsahalang ho phethahatsa Sofonia 3:9?
HONA joale lefatšeng ho buuoa lipuo tse ka bang 6 000. Ntle ho tsona, puo e le ’ngoe e ka fapana ka libaka. Leha ho le joalo, Molimo o entse ntho e tsotehang, ebang batho ba bua lipuo tse sa tšoaneng joaloka Searabe le Sezulu. O entse hore ho be bonolo hore hohle batho ba ithute ba be ba bue puo e le ’ngoe feela e hloekileng. Sena se etsahala ho phethahatsa tšepiso e fanoeng ka moprofeta Sofonia e reng: “[’Na Jehova Molimo] ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.”—Sofonia 3:9.
2. Puo e hloekileng” ke’ng, ’me e finyeletse’ng?
2 “Puo e hloekileng” ke ’nete ea Molimo e ka Lentsoeng la hae Bibele. Ka ho khethehileng ke ’nete e buang ka ’Muso oa Molimo o tla halaletsa lebitso la Jehova, o tlose qoso bobusing ba hae ’me o tlisetse batho mahlohonolo. (Matheu 6:9, 10) Puo e hloekileng e buuoa ke batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle kahobane ke eona feela puo ea moea e hloekileng. E li lumella ho sebeletsa Jehova ka “mahetla a bapileng.” Ka tsela eo li mo sebeletsa ka kutloano, kapa “ka tumellano.”—The New English Bible.
Batho ba Molimo ha Baa Lokela ho ba Leeme
3. Ke’ng se re nolofalletsang ho sebeletsa Jehova ka kutloano?
3 Joaloka Bakreste, re ananela hore ebe le hoja re bua lipuo tse ngata, re na le tšebelisano. Le hoja re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka lipuo tse ngata, re sebeletsa Molimo ka kutloano. (Pesaleme ea 133:1) Lebaka ke hobane hohle moo re phelang teng, re bua puo e le ’ngoe e hloekileng ha re rorisa Jehova.
4. Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho ba le leeme har’a batho ba Molimo?
4 Batho ba Molimo ha baa lokela ho ba leeme. Moapostola Petrose o ile a totobatsa sena ha a ne a ruta ka lapeng la molaoli oa sesole oa Molichaba Korneliase ka 36 C.E. ’me a susumelletseha hore a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Kaha sena ke ’nete, phutheho ea Bokreste ha ea lokela ho ba leeme, ha ea lokela ho ba le mekha kapa ho ea ka tšobotsi ea batho.
5. Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho qapa mekha ka har’a liphutheho?
5 Seithuti se seng sa koleche ha se hlalosa maikutlo a sona ka ketelo ea sona Holong ea ’Muso se ile sa re: “Hangata batho ba khahloa ke kereke kahobane e kenoa ke batho ba morabe o itseng. . . . Lipaki Tsa Jehova li ne li lutse hammoho eseng ka mekha.” Leha ho le joalo, litho tse ling tsa phutheho ea Korinthe ea boholo-holo li ne li ikarola ka mekha. Ka ho baka likarohano, li ne li sitisa moea o halalelang oa Molimo, hobane o susumelletsa kutloano le khotso. (Bagalata 5:22) Haeba re ka qapa mekha ka har’a liphutheho, re tla thibela tšebetso ea moea o halalelang. Ka hona, a re hopoleng mantsoe a moapostola Pauluse ho Bakorinthe a reng: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Pauluse o ile a boela a hatisa taba ea kutloano lengolong la hae le eang ho Baefese.—Baefese 4:1-6, 16.
6, 7. Jakobo o ile a re’ng ha a khalemella ho ea ka tšobotsi, ’me mantsoe a hae a sebetsa joang?
6 Kamehla ho ’nile ha hlokahala hore Bakreste ba se ke ba ba leeme. (Baroma 2:11) Kaha ba bang phuthehong ea lekholong la pele la lilemo ba ne ba rata barui, morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Barab’eso, ha lea tšoara tumelo ea Morena oa rōna Jesu Kreste, khanya ea rōna, ka [ho ea ka tšobotsi ea batho], na ha ho joalo? Etsoe, haeba motho ea nang le masale a khauta menoaneng ’me a apere liaparo tse ntle haholo a kena sebokeng sa lōna, empa motho oa mofutsana ea apereng liaparo tse litšila le eena a kena, leha ho le joalo le talima ka kamohelo ea apereng liaparo tse ntle haholo ’me le re: ‘Uena lula setulong sena mona sebakeng se setle,’ ’me le re ho mofutsana: ‘Uena u ’ne u eme joalo,’ kapa le re: ‘Lula setulong sane tlas’a setuloana sa ka sa maoto,’ le khethollana ka lihlopha har’a lōna ’me le fetohile baahloli ba fanang ka liqeto tse khopo, na ha ho joalo?”—Jakobo 2:1-4, bapisa le Bibele ea Sesotho.
7 Haeba barui ba sa lumelang ba nang le masale a khauta le ba apereng liaparo tse ntle haholo ba ne ba tla sebokeng sa Bokreste ’me ho tla le mafutsana a sa lumelang a apereng liaparo tse litšila, barui ba ne ba thothomelloa. Ba ne ba fuoa litulo “sebakeng se setle,” athe mafutsana ’ona a ne a bolelloa hore a eme kapa a lule maotong a e mong. Empa Molimo o fane ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu bakeng barui le mafutsana. (Jobo 34:19; 2 Bakorinthe 5:14) Kahoo, haeba re batla ho thabisa Jehova le ho mo sebeletsa ka mahetla a bapileng, ha rea lokela ho ea ka tšobotsi ea batho kapa ho “khahloa ke batho ba phahameng molemong oa [rōna].”—Juda 4, 16.
Le se ke la Korotla
8. Ho ile ha etsahala’ng ka lebaka la ho korotla ha Baiseraele?
8 E le hore re lule ka kutloano ’me Molimo a ’ne a re amohele, re lokela ho mamela keletso ea Pauluse e reng: “Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle.” (Bafilipi 2:14, 15) Baiseraele ba hlokang tumelo ba ileng ba lokolloa bokhobeng ba Egepeta ba ile ba korotlela Moshe le Arone, ’me ka lebaka leo ba korotlela le Jehova Molimo. Ka lebaka la sena, banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo, ntle ho Joshua le Kalebe ba tšepahalang le Balevi, ha baa ka ba kena Naheng e Tšepisitsoeng empa ba ile ba shoela lefeelleng ha Baiseraele ba ne ba le leetong la lilemo tse 40. (Numere 14:2, 3, 26-30; 1 Bakorinthe 10:10) Ba ile ba kotula litholoana tse bohloko hakaakang tsa ho korotla!
9. Miriame o ile a hlaheloa ke’ng ka lebaka la ho korotla?
9 Sena se bontša se ka etsahallang sechaba se korotlang. Empa ho ka etsahala’ng ka batho ka bomong ba korotlang? Khaitseli ea Moshe, Miriame, le moholoan’ae Arone ba ile ba korotla ba re: “Na Jehova o buile ka Moshe a le mong feela? Na ha aa bua le ka rōna?” Tlaleho ea phaella e re: “Jehova o ne a mametse.” (Numere 12:1, 2) See se ile sa fella ka’ng? Molimo o ile a kokobetsa Miriame eo ho hlakileng hore ke eena ea ileng a qala ho belaela. O ile a mo kokobetsa joang? Ka ho mo otla ka lepera le ka hore a qobellehe ho lula ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng ho fihlela a hloeka.—Numere 12:9-15.
10, 11. Ho korotla ho ka fella ka’ng haeba ho sa hlokomeloe? Fana ka mohlala.
10 Ho korotla hase feela ho belaela ka phoso e entsoeng. Ba korotlang ho tlōla ba ichebile bobona, ha ba re letho ka Molimo. Ha sena se sa hlokomeloe, se baka likarohano har’a Bakreste, ’me se ba sitisa ho sebeletsa Jehova ka mahetla a bapileng. Sena se bakoa ke hore kamehla bakorotli, ba korotla ba tšepile hore ba bang ba tla ba utloela bohloko.
11 Ka mohlala, e mong a ka ’na a nyatsa tsela eo moholo ea itseng a behang lipuo tsa hae ka eona phuthehong le kamoo a etsang mesebetsi ea hae kateng. Haeba re mo mamela, re ka ’na ra qala ho nahana joaloka eena. Pele ho jaloa lipelaelo likelellong tsa rōna, e ka ’na eaba re ne re sa tšoenngoe ke liketso tsa moholo enoa, empa joale li se li re tšoenya. Hamorao, ha ho sa na letho le nepahetseng leo moholo enoa a le etsang ponong ea rōna, ’me le rōna re ka qala ho belaela ka eena. Boitšoaro ba mofuta ona ha boa lokela phuthehong ea batho ba Jehova.
12. Ho korotla ho ka senya kamano ea rōna le Molimo joang?
12 Ho korotla ka banna bao mosebetsi oa bona e leng ho alosa mohlape oa Molimo ho ka fella ka ho nyefola. Ho korotla hoo kapa ho ba bua hampe joalo ho ka senya kamano ea rōna le Jehova. (Exoda 22:28) Banyefoli ba sa bakeng ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo. (1 Bakorinthe 5:11; 6:10) Morutuoa Juda o ile a ngola ka bakorotli ba neng ba “hlokomoloha borena ’me ba nyefola ba khanyang,” kapa banna ba ikarabellang ka phuthehong. (Juda 8) Molimo o ne a sa rate bakorotli bao, ’me re lokela ho qoba liketso tsa bona tse mpe.
13. Ke hobane’ng ha e se lipelaelo tsohle tse fosahetseng?
13 Leha ho le joalo, hase lipelaelo tsohle tse halefisang Molimo. O ile a mamela “mohoo oa pelaelo” ka Sodoma le Gomora eaba o timetsa metse eo e mebe. (Genese 18:20, 21; 19:24, 25) Jerusalema, nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho ile “ha tsoha ho korotla har’a Bajuda ba buang Segerike khahlanong le Bajuda ba buang Seheberu, hobane bahlolohali ba bona ba ne ba hlokomolohuoa kabong ea letsatsi le leng le le leng. Kahoo, ba leshome le metso e ’meli” ba ile ba lokisa boemo bona ka ho khetha “banna ba supileng ba pakiloeng” hore ba “okamele mosebetsi ona o hlokahalang” oa ho aba lijo. (Liketso 6:1-6) Baholo ba kajeno ha baa lokela ‘ho ithiba litsebe’ ha lipelaelo e le tse utloahalang. (Liproverbia 21:13) ’Me ho e-na le hore baholo ba nyatsa-nyatse barapeli-’moho le bona, ba lokela ho ba khothatsa le ho ba matlafatsa.—1 Bakorinthe 8:1.
14. Ke’ng e hlokahalang ka ho khetheha e le hore re se ke ra korotla?
14 Bohle ha rea lokela ho korotla, hobane ho belaela ho kotsi moeeng. Mokhoa o joalo o ka senya kutloano ea rōna. Ho e-na le ho korotla, kamehla a re lumelleng moea o halalelang hore o re thuse ho ba le lerato. (Bagalata 5:22) Ho mamela ‘molao oa borena oa lerato’ ho tla re thusa ho tsoela pele re sebeletsa Jehova ka mahetla a bapileng.—Jakobo 2:8; 1 Bakorinthe 13:4-8; 1 Petrose 4:8.
Itlhokomele Liketselletsong
15. Phapang ke efe pakeng tsa ho seba le ho etselletsa?
15 Kaha ho korotla ho ka fella ka ho seba, re lokela ho hlokomela hore na re bua ka’ng. Ho seba ke ho bua puo ea lefeela ka batho. Empa ho etselletsa ke ho bua leshano ho etsoang ka morero oa ho senya motho e mong lebitso. Puo e joalo e bontša lonya le bokhopo. Ka lebaka lena Molimo o ile a re ho Baiseraele: “U se ke ua chalaka har’a batho ba heno ka morero oa ho etselletsa.”—Levitike 19:16.
16. Pauluse o ile a re’ng ka basebi ba bang, ’me keletso ea hae e lokela ho re ama joang?
16 Kaha puo ea lefeela e ka fella ka ho etselletsa, Pauluse o ile a khalemela ka matla basebi ba bang. Ka mor’a ho bua ka bahlolohali bao ho tšoanelehang hore phutheho e ba thuse, o ile a bua ka bahlolohali ba ithutileng ‘ho se tšoarehe ka letho, ba chalakelang matlong; e, eseng feela ho se tšoarehe ka letho, empa hape e ba basebi le ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang, ba bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona.’ (1 Timothea 5:11-15) Haeba mosali oa Mokreste a tseba hore o leleme, o lokela ho mamela keletso ea Pauluse ea hore a ‘nke lintho ka botebo, e se ke ea e-ba ea etselletsang.’ (1 Timothea 3:11) Le bona banna ba Bakreste ba lokela ho itebela hore ba se ke ba seba.—Liproverbia 10:19.
Khaotsang ho Ahlola!
17, 18. (a) Jesu o ile a re’ng ka ho ahlola barab’abo rōna? (b) Re ka sebelisa mantsoe a Jesu a mabapi le ho ahlola joang?
17 Esita le haeba ho se motho eo re mo etselletsang, ho ka ’na ha hlokahala hore re etse boiteko bo matla ba ho qoba ho ahlola ba bang. Jesu o ile a khalemella mokhoa oo ha a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona; ’me tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona. Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao? Kapa ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Ntumelle ke ntše lehlokoa ka leihlong la hao’; athe, bona! leballo le ka leihlong la hao? Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele, joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa ka leihlong la mor’eno.”—Matheu 7:1-5.
18 Ha rea lokela ho inkela matla a ho thusa mor’abo rōna ho ntša “lehlokoa” ka leihlong la hae empa e le hore rōna re sitoa ho ahlola ka tsela e nepahetseng ka lebaka la “leballo” la tšoantšetso. Ha e le hantle, haeba re utloisisa kamoo Molimo a leng mohau kateng, ha re na ho potlakela ho ahlola Bakreste-’moho le rōna. Ho ke ke ha etsahala hore re ba utloisise joalokaha Ntat’a rōna oa leholimo a ba utloisisa. Hase feela Jesu a re hlokomelisitseng hore ‘re khaotse ho ahlola e le hore re se ke ra ahloloa’! Ho tseba hore ha rea phethahala ho lokela ho re thibela ho ahlola ka tsela eo Molimo a nkang e sa loka.
Baa Fokola Empa Baa Hlompheha
19. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka Bakreste-’moho le rōna?
19 Haeba re ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka mahetla a bapileng le Bakreste-’moho le rōna, re tla qoba ho ba ahlola. Hape re tla etella pele ho ba bontšeng tlhompho. (Baroma 12:10) Ha e le hantle, re tla batlela bona lintho tse molemo, eseng rōna, ’me ka thabo re tla ba etsetsa mesebetsi e nkoang e se ea bohlokoa hakaalo. (Johanne 13:12-17; 1 Bakorinthe 10:24) Re ka lula re bontša moea o motle joalo joang? Ka ho hopola hore Mokreste e mong le e mong ke oa bohlokoa ho Jehova le hore rea hlokana, feela joalokaha setho ka seng sa ’mele se itšetlehile ka tse ling.—1 Bakorinthe 12:14-27.
20, 21. Mantsoe a 2 Timothea 2:20, 21 a bolela’ng ho rōna?
20 Bakreste ke lijana tse fokolang tsa letsopa tse filoeng boikarabelo ba letlotlo le khanyang la tšebeletso. (2 Bakorinthe 4:7) Haeba re batla ho phetha mosebetsi ona o halalelang ka tsela e rorisang Jehova, re lokela ho lula re hlompheha ka pel’a hae le Mora oa hae. Hafeela re hloekile boitšoarong le moeeng re ka tsoela pele re le lijana tse hlomphehang tse ka sebelisoang ke Molimo. Ntlheng ena, Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tlung e khōlō ha ho na lijana tsa khauta le silevera feela empa hape ho na le lijana tsa lehong le letsopa, le tse ling bakeng sa morero o hlomphehang empa tse ling bakeng sa morero o haelloang ke tlhompho. Ka hona, haeba leha e le mang a lulella hōle le tse haelloang ke tlhompho, e tla ba sejana bakeng sa morero o hlomphehang, se halalelitsoeng, se nang le thuso ho mong’a sona, se lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.”—2 Timothea 2:20, 21.
21 Batho ba sa itšoareng ka tsela eo Molimo a e ratang ke ‘lipitsa tse haelloang ke tlhompho.’ Leha ho le joalo, ha re phela bophelo bo bontšang hore re tšaba Molimo, re tla ba ‘lijana tsa morero o hlomphehang, tse halalelitsoeng bakeng sa tšebeletso ea Jehova le tse lokiselitsoeng mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ Kahoo, ho loketse hore re ipotse: ‘Na ke “sejana se hlomphehang”? Na ke na le tšusumetso e ntle ho Bakreste-’moho le ’na? Na ke setho sa phutheho se sebetsang ka mahetla a bapileng le barapeli-’moho le ’na?’
Tsoelang Pele le Sebetsa ka Mahetla a Bapileng
22. Re ka tšoantša phutheho ea Bokreste le eng?
22 Phutheho ea Bokreste e hlophisitsoe joaloka lelapa. Ha litho tsohle tsa lelapa li rapela Jehova, lia ratana, lia thusana ebile li thabile. Ka lapeng ho ka ’na ha e-ba le batho ba nang le botho bo fapaneng, empa e mong le e mong o na le sebaka se hlomphehang. Hoa tšoana le ka phuthehong. Le hoja kaofela re sa tšoane—ebile re sa phethahala—Molimo o re atamelitse ho eena ka Kreste. (Johanne 6:44; 14:6) Jehova le Jesu baa re rata, ’me joaloka lelapa le momahaneng, re tlameha ho ratana.—1 Johanne 4:7-11.
23. Re lokela ho hopola le ho ikemisetsa ho etsa’ng?
23 Phutheho ea Bokreste e hlophisitsoeng joaloka lelapa e boetse ke sebaka seo re ka lebellang ho fumana botšepehi ho sona. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke lakatsa hore sebakeng se seng le se seng banna ba tsoele pele ho rapela, ba phahamisa matsoho a tšepahalang, kantle le khalefo le ho pheha khang.” (1 Timothea 2:8) Ka tsela eo, Pauluse o ile a amahanya botšepehi le lithapelo tse etsoang “sebakeng se seng le se seng” moo Bakreste ba bokaneng. Ke banna ba tšepahalang feela ba ka rapelang molemong oa phutheho. Molimo o lebeletse hore bohle re tšepahale ho eena le ho ba bang. (Moeklesia 12:13, 14) Ka hona, a re ikemisetseng ho sebelisana joaloka litho tsa ’mele. E se eka hape re ka sebetsa ka kutloano re le litho tsa lelapa la barapeli ba Jehova. Habohlokoa haholo, a re luleng re hopola hore rea hlokana le hore re tla amoheleha ho Molimo re be re fumane mahlohonolo a tsoang ho eena haeba re ntse re tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka mahetla a bapileng.
U ka Araba Joang?
• Ke’ng se nolofalletsang batho ba Jehova ho mo sebeletsa ka mahetla a bapileng?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba qoba leeme?
• Ke hobane’ng ha u ka re ho korotla ho fosahetse?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha Bakreste-’moho le rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Petrose o ile a lemoha hore “Molimo ha a leeme”
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a kokobetsa Miriame?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka thabo Bakreste ba tšepahalang ba sebeletsa Jehova ka mahetla a bapileng