Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke
    Molula-Qhooa—2014 | July 15
    • 9. “Litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo” li ile tsa ama phutheho ea Bokreste joang lekholong la pele la lilemo?

      9 Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e tobileng mabapi le liketso tsa ho se loke tseo Bakreste ba lokelang ho li lahla kapa ho li qoba. Ka mohlala, litemaneng tse potolohileng 2 Timothea 2:19, Pauluse o ile a re Timothea ‘a se ke a loana ka mantsoe’ ’me a “sesefe lipuo tsa lefeela.” (Bala 2 Timothea 2:14, 16, 23.) Ba bang ka phuthehong ba ne ba buella lithuto tsa bokoenehi. Ho ne ho boetse ho bonahala eka ba bang ba tsosa likhang. Esita le haeba lintho tseo ba li buang li ne li se khahlanong le Mangolo ka ho feletseng, li ne li baka likarohano. Li ne li etsa hore ba tjolietsane le ho phehisana khang, ’me seo se ba fokolisa moeeng. Kahoo, Pauluse o ile a totobatsa hore ho ne ho hlokahala hore ba “hane litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo.”

      10. Re lokela ho etsa’ng ha re kopana le bakoenehi?

      10 Kajeno, hase hangata ho bang le bakoenehi ka phuthehong. Empa haeba re utloa motho a bua lithuto tse sa thehoang Mangolong ho sa tsotellehe hore na ke ka tsela efe, ho hang ha rea lokela ho mo mamela. E ka ba booatla ho phehisana khang le bakoenehi ebang ke ka ho bua le bona ka ho toba, ka ho araba melaetsa ea bona ea Inthanete kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe. Esita le haeba u buisana le motho ea joalo ka sepheo sa hore u batla ho mo thusa, ho etsa joalo ho tla be ho le khahlanong le keletso ea Mangolo eo re sa tsoa e tšohla. Ho e-na le hoo, joaloka bahlanka ba Jehova, re lahla bokoenehi le ho bo qoba ka ho feletseng.

      Bakoenehi ba leka ho hohela Lipaki Tsa Jehova hore li phehisane khang le bona

      Qoba ho phehisana khang le bakoenehi (Sheba serapa sa 10)

      11. Ke’ng e ka tsosang “litsekisano tsa booatla,” hona baholo ba Bakreste ba ka beha mohlala o motle joang?

      11 Ho boetse ho na le lintho tse ling ntle ho bokoenehi, tse ka senyang khotso ka phuthehong. Ka mohlala, ho ba le maikutlo a sa tšoaneng ka boithabiso ho ka tsosa “litsekisano tsa booatla le tse hlokang tsebo.” Ke ’nete hore haeba batho ba itseng ba khothalletsa boithabiso bo hananang le melao ea Jehova ea boitšoaro, baholo ba Bakreste ha baa lokela ho iphapanyetsa seo, moo feela ba qobang qhoebeshano. (Pes. 11:5; Baef. 5:3-5) Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba buella maikutlo a bona. Ka botšepehi, ba khomarela keletso ea Mangolo e fuoeng balebeli ba Bakreste, e reng: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, . . . eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Pet. 5:2, 3; bala 2 Bakorinthe 1:24.

  • Batho ba Jehova ba Lahla ho se Loke
    Molula-Qhooa—2014 | July 15
    • 13 Melao-motheo ea Bibele eo re sa tsoa e tšohla ha e sebetse feela tabeng ea ha re khetha boithabiso. Ho ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea moaparo le boitlhopho, bophelo le phepo e nepahetseng kapa lintho tse ling le hona ho ka ’na ha tsosa likhang. Kahoo, haeba ho se na molao-motheo oa Mangolo oo motho a o tlōlang, batho ba Jehova ba qoba ho phehisana khang ka lintho tse kang tseo, kaha “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Tim. 2:24.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela