Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mamela Letsoalo la hao
    Molula-Qhooa—2007 | October 15
    • Mamela Letsoalo la hao

      “Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng.”—TITE 1:15.

      1. Pauluse o ile a phetha karolo efe liphuthehong tsa Kreta?

      KA MOR’A hore moapostola Pauluse a qete maeto a hae a boromuoa a mararo, o ile a tšoaroa eaba o qetella a rometsoe Roma moo a ileng a qeta lilemo tse peli a koaletsoe chankaneng. O ile a etsa’ng ha a lokolloa? Ka nako e ’ngoe, o ile a etela sehlekehlekeng sa Kreta a e-na le Tite, eo Pauluse a ileng a mo ngolla mantsoe ana: “Ke [ile] ka u siea Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo.” (Tite 1:5) Mosebetsi oa Tite o ne o amana le matsoalo a batho.

      2. Tite o ne a lokela ho sebetsana le bothata bofe sehlekehlekeng sa Kreta?

      2 Pauluse o ile a bolella Tite hore na baholo ba phutheho ba lokela ho ba le litšoaneleho life, eaba o mo hlokomelisa hore ho na le “banna ba bangata ba sa laoleheng, babua-bui ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello.” Ba ne ba “senya malapa a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta.” Tite o ne a lokela hore a “’ne [a] ba khalemele ka tieo.” (Tite 1:10-14; 1 Timothea 4:7) Pauluse o ile a re likelello le matsoalo a bona a ne a “silafetse,” a sebelisa lentsoe le nang le moelelo oa ntho e nang le letheba, joalokaha seaparo se setle se ka ’na sa qaphalletsoa ke dae. (Tite 1:15) Mohlomong ba bang ba banna bao e ne e le Bajuda, kaha ba ne ‘ba khomaretse lebollo.’ Kajeno liphutheho ha li hlokisoe botsitso ke banna ba mofuta oo; empa keletso eo Pauluse a ileng a e fa Tite e ka re ruta ho hongata mabapi le letsoalo.

      Ba Nang le Letsoalo le Silafetseng

      3. Pauluse o ile a ngolla Tite eng mabapi le letsoalo?

      3 Hlokomela hore na Pauluse o ile a bua ka letsoalo tlas’a maemo afe. “Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo a bona a silafetse. Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.” Ho hlakile hore mehleng eo ba bang ba ne ba lokela ho etsa liphetoho e le hore ba ‘phele hantle tumelong.’ (Tite 1:13, 15, 16) Ba ne ba thatafalloa ho khetholla se hloekileng ho se litšila, ’me sena se ne se ama matsoalo a bona.

      4, 5. Ba bang ka liphuthehong ba ne ba e-na le bofokoli bofe, hona see se ile sa ba ama joang?

      4 Lilemong tse fetang leshome pele ho moo, sehlopha se busang sa Bokreste se ile sa etsa qeto ea hore ha ho sa hlokahala hore motho a bolle e le hore e be morapeli oa ’nete, ’me sa tsebisa liphutheho. (Liketso 15:1, 2, 19-29) Leha ho le joalo, ho na le ba bang Kreta ba neng ba ntse ba ‘khomaretse lebollo.’ Ba ne ba hanyetsa sehlopha se busang pepenene, ba “ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta.” (Tite 1:10, 11) Kaha ba ne ba e-na le menahano e fosahetseng, e ka ’na eaba ba ne ba buella litaelo tsa Molao tse mabapi le lijo le mekhoa ea ho itlhoekisa. Mohlomong ba ne ba bile ba hlomathisa Molao joaloka baholo-holo ba bona ba mehleng ea Jesu, ’me ba buella litšōmo tsa Bajuda le litaelo tsa batho.—Mareka 7:2, 3, 5, 15; 1 Timothea 4:3.

      5 Monahano o joalo o ile oa ba le tšusumetso e mpe tseleng eo ba talimang litaba ka eona ’me oa ama letsoalo la bona kapa kutloisiso ea bona ea boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng hampe. Pauluse o ile a ngola a re: “Ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng.” Letsoalo la bona le ne le se le senyehile hoo e neng e ke ke ea e-ba tataiso e tšepahalang bakeng sa liketso tsa bona le tsela eo ba neng ba talima litaba ka eona. Ho feta moo, ba ne ba nyatsa Bakreste-’moho le bona litabeng tsa boikhethelo, e leng litabeng tseo ho tsona Mokreste e mong a ka ’nang a etsa qeto e itseng ’me e mong a etsa e fapaneng le eo. Ka lebaka leo, Bakreta bana ba ne ba nka lintho tse itseng li sa hloeka le hoja bonneteng ho se joalo. (Baroma 14:17; Bakolose 2:16) Le hoja ba ne ba bolela hore ba tseba Molimo, ba ne ba latola seo ka mesebetsi ea bona.—Tite 1:16.

      “Li Hloekile ho Batho ba Hloekileng”

      6. Pauluse o buile ka batho ba mefuta efe e ’meli?

      6 Re ka rua molemo ofe ho seo Pauluse a ileng a se ngolla Tite? Ak’u hlokomele phapang e etsoang polelong ena: “Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo a bona a silafetse.” (Tite 1:15) Ka sebele Pauluse o ne a sa bolele hore ho Mokreste ea hloekileng boitšoarong, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hloekile ebile e lumeletsoe. Re ka kholiseha ka seo hobane lengolong le leng la hae Pauluse o ne a hlakisitse hore batho ba tloaetseng ho etsa bohlola, ba rapelang litšoantšo, ba sebelisanang le meea, le ba etsang lintho tse joalo “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Kahoo re lokela ho etsa qeto ea hore Pauluse o ne a bolela ’nete e tsebahalang ka batho ba mefuta ena e ’meli, e leng ba hloekileng boitšoarong le moeeng le ba sa hloekang.

  • Mamela Letsoalo la hao
    Molula-Qhooa—2007 | October 15
    • Batho ba Etsa Liqeto Tse sa Tšoaneng Kaha Matsoalo a Bona ha a Tšoane

      9. Letsoalo le phetha karolo efe haeba “lintho tsohle li hloekile”?

      9 Empa Pauluse o ne a bolela’ng ha a re “lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng”? Pauluse o ne a bua ka Bakreste ba neng ba entse hore menahano le kutloisiso ea bona ea boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng e lumellane le melao-motheo ea Molimo, eo re e fumanang ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Bakreste bao baa elelloa hore ho ka etsahala hore balumeli ba etse liqeto tse fapa-fapaneng litabeng tse ngata tseo Molimo a sa li nyatseng ka ho toba. Ho fapana le ho nyatsa-nyatsa ba bang, ba nka hore lintho tseo Molimo a sa li nyatseng li ‘hloekile.’ Ha baa lebella hore batho bohle ba talime lintho ka tsela e tšoanang likarolong tsa bophelo tseo ho tsona Bibele e sa behang molao o tobileng. A re ke re hlahlobeng hore na sena se ka etsahala joang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela