-
Tšepahala ka Linako TsohleU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Ho tšepahala ho ka re tsoela molemo joang?
Batho ba bang ba tla re tšepa haeba ba tseba hore rea tšepahala. Hape re tla be re etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba phutholohile ha ba le ka phuthehong. Re tla boela re be le matsoalo a khutsitseng. Ha re tšepahala, re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rona, Molimo,” ebile le batho bao e seng Lipaki ba ka khahloa ke borapeli ba rona.—Tite 2:10.
-
-
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Ke joang tsela eo re shebahalang ka eona e ka etsang hore batho ba batle ho ithuta ka Jehova?
Kamehla re leka ho apara ka tsela e loketseng maemo a fapaneng, empa ha re ea libokeng le ha re il’o buisana le batho ka Bibele, re ela hloko le ho feta hore na re shebahala joang. Ha re batle hore batho ba sitoe ho mamela molaetsa oa rona ka lebaka la tsela eo re apereng ka eona. Empa re batla hore moaparo oa rona o etse hore batho ba batle ho ithuta ka Molimo le hore o ‘khabise thuto ea Mopholosi oa rona.’—Tite 2:10.
-