Pono ea Biblele
Na U ka Tšepa Letsoalo la Hao ho ba Motataisi oa Hao?
HA U ntse u tsamaea seterateng se phetheselang, u feta mosali ea apereng hantle eo ka ho se hlokomele a lihang chelete ea lipampiri. Ha u inama ho e nka, ka potlako u ’mona a kena ka koloing e khōlō e mabotho-botho. U tla etsa joang? Na u tla mo hoeletsa kapa kapele u tla kenya chelete eo pokothong ea hao?
Karabelo e itšetlehile ka letsoalo la hao. Le ne le tla u bolella ho etsa joang? Habohlokoa le ho feta, na u ka tšepa seo le u bolellang sona? Na u ka tšepa hore letsoalo la hao le ka u tataisa ka tsela e sireletsehileng?
Seo Letsoalo la Hao le leng Sona
Letsoalo le ’nile la hlalosoa e le boikutlo ba tlhaho ba se nepahetseng le se fosahetseng, se lokileng le se sa lokang, se bonahatsang boitšoaro bo botle le se sa bo bonahatseng. Bibele e hlalosa tšebetso ea letsoalo ho Ba-Roma 2:14, 15 (NW): “Hobane ha batho ba lichaba ba se nang molao ka tlhaho ba etsa lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ho bona ka bobona. Ke bona ka bobona ba bontšang molao o lokelang ho ngoloa ka lipelong tsa bona, ha letsoalo la bona le ntse le ba pakela ’me, menahanong ea bona, ba ntse ba ’nģosoa kapa esita le ho tšoareloa.” Ka hona, letsoalo la hao le etselitsoe ho u nolofaletsa ho seka-seka maemo, ho etsa khetho e nepahetseng, le ho ikahlola holim’a khetho eo u e entseng. Empa na u ka le tšepa?
Karabelo e itšetlehile ka maemo. Ho na le bopaki bo bongata ba ho tiisa hore letsoalo le khelohileng le ka lebisa motho boitšoarong bo fosahetseng. ’Nete ea hore letsoalo la motho le lumella boitšoaro bo itseng hase tiiso ea hore Molimo oa bo lumella. Ka mohlala, pele a fetoha Mokreste, Saule oa Tarese o ile a etella pele ho hlorisoa ha Bakreste. O ile a ba a amohela le ho kopanela polaong ea moshoela-tumelo oa Mokreste Setefane. Ho sena sohle, letsoalo la hae ha lea ka la mo tsoa.—Liketso 7:58, 59; Ba-Galata 1:13, 14; 1 Timothea 1:12-16.
Jeremane ea Bonazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, masole a SS a mangata a ile a re a ne a latela litaelo feela ha a ne a hlokofatsa le ho bolaea ba limillione likampong tsa mahloriso tsa Hitler. Matsoalo a bona a ile a ba lumella ho etsa joalo. Empa kahlolo ea lefatše—ho sa thoe letho ka kahlolo ea Molimo—ha ea ka ea lumella liketso tsa bona. Ka nepo, ba ile ba nyatsoa.
Ke Hobane’ng le sa Sebetse Hantle?
Ke hobane’ng ha ntho e entsoeng ke Molimo e sa sebetse hantle? Bibele ea hlalosa. Ka lebaka la ho oela ha motho sebeng ho bakiloeng ke ho hloka kutlo ha Adama, sebe se boleloa “se busa e le morena,” se qobella batho ho utloa litakatso tsa sona. (Ba-Roma 5:12; 6:12, NW) Letsoalo la motho, leo qalong le neng le phethahetse, le ile la kheloha; hona joale tšusumetso ea sebe e loantšana le lona. (Ba-Roma 7:18-20) Sena se ile sa hlahisa khohlano ena e tloaelehileng ho rōna: “Ke moo ke fumanang molao ka ho ’na ea ratang ho etsa botle, oa hore bobe bo nkhomaretse. . . . Ke fumana molao osele lithong tsa ka, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o mpofellang molaong oa sebe, o lithong tsa ka.”—Ba-Roma 7:21-23.
Ho ekeletsa bofokoling bona bo futsitsoeng, hape matsoalo a rōna a angoa ke tšusumetso ea ka ntle. Ka mohlala, ka ho totobetseng khatello ea lithaka e ile ea khelosa le ho hatella matsoalo a masole a SS a Manazi a boletsoeng pejana. (Bapisa le Liproverbia 29:25.) Ho feta moo, ho fepa kelello ka lintho tse mpe, joaloka boitšoaro bo bobe le pefo libaesekopong le libukeng le ho TV, ka ho tšoanang ho na le tšusumetso. Haeba ka mehla re pepesetsoa linthong tse joalo, qetellong li tla bonahala li se mpe hakaalo, ’me letsoalo la rōna le tla fokolisoa. Ka mantsoe a mang “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
Haeba motho a koetliselitsoe ho tseba le ho hlonepha melao ea Molimo, ka ho totobetseng letsoalo la hae e tla ba motataisi ea tšepahalang ho feta haeba a ne a sa koetlisoa. Leha ho le joalo, esita le motho ea nang le kutloisiso le kananelo e khōlō ea litsela tsa Molimo maemong a mang a ka ’na a fumana hore ka lebaka la ho se phethahale le sebe se futsitsoeng, ’me mohlomong le litšusumetso tse tsoang ka ntle, letsoalo la hae hase motataisi ea tšepahalang.
Ke Eng Seo Re ka se Etsang?
Na letsoalo le ka fetoloa, la etsoa hore le utloe melao-motheo e lokileng haholoanyane? E. Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba ka khona ‘ka likelello tsa bona tse lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe.’ (Ba-Heberu 5:11-14) Tšebeliso le koetliso e joalo li akareletsa ho ithuta Bibele, ho lebisa tlhokomelo e khethehileng mohlaleng o phethahetseng oo Jesu Kreste a re sietseng oona. (1 Petrose 2:21, 22) Ka mor’a moo, ha re ntse re sebelisa matla a rōna a ho nahana ha re etsa liqeto, matsoalo a rōna a tla re suthisetsa thōko haholoanyane le menahano le liketso tse fosahetseng ’me a tla re susumeletsa ho etsa se hlomphehang le se lokileng.
Ho ntse ho le joalo, le ka mohla ha rea lokela ho itokafatsa kapa ho bolela hore haeba ntho e itseng “e sa khathatse letsoalo la ka,” e lokile. Tšebeliso e loketseng le e sireletsehileng ea letsoalo ho batho ba sa phethahalang e ka tšoantšoa le mekhoa e hlokolosi ea moqhobi oa koloi. Ha moqhobi a batla ho fetela karolong e ’ngoe ea tsela, ka tlhaho pele o qekotsa seipone se mo bontšang ka morao. Haeba a bona koloi, oa tseba hore ha hoa sireletseha ho fetela karolong eo. Leha ho le joalo, le haeba a sa bone letho, moqhobi ea hlokolosi oa hlokomela hore ho na le libaka tseo a ke keng a li bona hantle—hase lintho tsohle tse ka bonoang ka linako tsohle ka ho itšetleha ka seipone feela. Ka hona, ha a shebe seipone feela. Oa hetla hore a shebe, a etse bonnete ba hore ha ho letho le tlang pele a kenella. Ho joalo ka letsoalo. Haeba le u lemosa, le mamele! Empa esita leha qalong le sa u hlabele mokhosi, e-ba joaloka moqhobi ea bohlale—hlahloba ka ho eketsehileng ho tiisa hore ha ho kotsi.
Hlahloba monahano oa hao ho bona hore na o lumellana le oa Molimo. Sebelisa Lentsoe la hae e le moo u ka tšepelang teng bakeng sa ho seka-seka letsoalo la hao. Ka bohlale Liproverbia 3:5, 6, e re: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”
Kahoo ho bohlale ho mamela letsoalo la hao. Empa ho bohlale haholoanyane ho bapisa sohle seo re se etsang le thato ea Molimo joalokaha e senotsoe Lentsoeng la hae. Ke ha re etsa joalo feela ka tiiseho re ka reng, “Re tšepa hore re na le letsoalo le letle.”—Ba-Heberu 13:18, NW; 2 Ba-Korinthe 1:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Tšokoloho ea Mohalaleli Pauluse”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Painting by Caravaggio: Scala/Art Resource, N.Y.