Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 8/15 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ananela Karolo e Ikhethang eo Jesu a e Phethang Morerong oa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jehova o Boletse Esale Pele ka Selekane se Secha
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 8/15 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◻ Na Jesu ke ’muelli oa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea feela kapa oa batho bohle, kaha 1 Timothea 2:5, 6 e bua ka eena e le “’muelli” ea “ineetseng ho ba topollo ea bohle”?

Bibele e fupere lithuto tsa motheo le linnete tse tebileng, tseo e leng lijo tse tiileng tse ka ithutoang. Thuto e ’ngoe e joalo e kopanyelletsa mosebetsi oa Jesu Kreste e le ’Muelli. Moapostola Pauluse o ngotse: “Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle. Ke boo bopaki bo beiloeng mehleng ea teng.”—1 Timothea 2:5, 6.

E le hore re ka utloisisa seo Pauluse a se bolelang, re tlameha ho ananela pele hore Bibele e fana ka qetello tse peli bakeng sa batho ba tšepahalang: (1) bophelo bo phethahetseng paradeiseng e tsosolositsoeng ea lefatšeng le (2) bophelo leholimong bakeng sa “mohlatsoana” oa Kreste, oa ba 144 000. (Luka 12:32; Tšenolo 5:10; 14:1-3) Bokreste-’mōtoana bo ruta hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong, e leng boemo boo e seng ba Mangolo bo sothileng pono e akaretsang, e le hore Jesu a talingoe e le mokena-lipakeng bakeng sa batho bohle ba joalo. Leha ho le joalo, ke’ng seo Bibele e se bontšang?

Lentsoe la Segerike me·siʹtes, le sebelisitsoeng bakeng sa “’muelli,” le bolela ‘motho ea iphumanang a le mahareng a batho ba babeli kapa lihlopha.’ E ne e le ‘lentsoe la botsebi la mahlakore a mangata la puo ea molao ea Segerike.’ Moprofesara Albrecht Oepke (Theological Dictionary of the New Testament) o bolela hore me·siʹtes e ne e le “le leng la mantsoe a Segerike se sebelisoang puong ea molao le neng le e-na le tlhaloso e potelletseng le bolelang lintho tse ngata.”

Empa ke hobane’ng ha Bibele e sebelisa lentsoe la molao bakeng sa mosebetsi oa Jesu oa ho ba ’muelli? E le setšehetso, nahana ka seo Pauluse a se ngotseng ka Molao oa Molimo o neiloeng Iseraele ha ba bokane pel’a Thaba ea Sinai: “O tiisitsoe ke mangeloi ka letsoho la ’muelli.” (Ba-Galata 3:19, 20) ’Muelli eo e ne e le Moshe. E ne e le lenģosa la mokena-lipakeng mahareng a Jehova le sechaba sa Iseraele sa nama. E ne e le lenģosa la eng? Bakeng sa ho thea selekane, kapa konteraka ea molao, mahareng a Molimo le sechaba.a

Na see se bolela hore ho na le kutloisiso ea molao e tobileng e kopanyellelitsoeng mosebetsing oa Jesu e le ’Muelli? E. Hlokomela tlhaloso ea Pauluse ho Ba-Heberu 8:6. Ka mor’a ho bua ka tabernakele le lintho tse ling tse tšoantšang lintho tsa leholimo tlas’a selekane sa Molao, o ile a ngola: “[Jesu] o filoe tšebeletso e fetisang, kahobane e le ’muelli oa selekane se fetisang, se hlabiloeng ka lipallo tse fetisang le tsona.” “Selekane se fetisang” e ne e le selekane se secha, se ileng sa nkela selekane se buelletsoeng ke Moshe sebaka. (Ba-Heberu 8:7-13) Selekane se secha se ne se “theiloe ka molao,” (NW). Se ile sa rala motheo bakeng sa ba bang ba balateli ba Kreste, ho qala ka baapostola, ho fumana “sebaka sa ho kena sehalalelong,” leholimo ka bolona.—Ba-Heberu 9:24; 10:16-19.

Ho na le lipontšo tse ling hape tsa sebōpeho sa molao tsa mosebetsi oa Jesu e le ’Muelli oa “selekane se secha.” Ha a hlalosa ka tšepiso ea Molimo ho Pesaleme ea 110:4, Pauluse o ngotse: “Ka baka leo, Jesu e bile motiisi [enʹgy·os] oa selekane se molemo ka ho fetisa.” (Ba-Heberu 7:22, TLP) Ena ke eona feela tšebeliso ea Bibele ea lentsoe enʹgy·os. The New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Engyos e ne e tiisa hore ntho ea molao e tlamang e ne e tla phethoa.” Kahoo Jesu e le ’Muelli oa selekane se secha o sebeletsa e le motiisi oa molao hore “tšepo e fetisang” e ka phethahatsoa.—Ba-Heberu 7:19.

Kae-kae Pauluse o boetse o sebelisa lentsoe le leng le nang le moelelo oa molao, ar·ra·bonʹ, le fetoletsoeng e le “litebeletso.” Buka eona eo e hlalosang mantsoe e re: “Lentsoe la Segerike arrabōn . . . ke khopolo ea molao e tsoang puong ea mesebetsi le khoebo.” Hlokomela kamoo Pauluse a sebelisitseng lentsoe lena la molao: “Ea re tlotsitseng, ke Molimo; e leng oona hape o re tšoaileng, o re neileng litebeletso tsa Moea lipelong tsa rōna.” (2 Ba-Korinthe 1:21, 22) Ho sebelisoa ho hong ha ar·ra·bonʹ ho boetse ho sebetsana le ho tlotsoa ha Bakreste ka moea ke Molimo, ho ba tlisetsang ‘moputso o sa feleng kapa lefa la leholimo’ e le bara ba Molimo ba moea.—2 Ba-Korinthe 5:1, 5; Ba-Efese 1:13, 14; bona Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures.

Joale, ka ho hlakileng, selekane se secha hase tokisetso e nyehlileng e bulehetseng batho bohle. Ke tokisetso ea molao e lokiselitsoeng ka hloko e amang Molimo le Bakreste ba tlotsitsoeng.

Sena se lokela ho re thusa ho utloisisa 1 Timothea 2:5, 6. Mona tšupiso e ile ea etsoa mabapi le “’muelli” ka mor’a makhetlo a mang a mahlano moo lentsoe le hlahang teng ka litlhaku tse ngotsoeng pejana. Ka hona Timothea a ka be a ile a utloisisa ho ba ha Jesu ’Muelli e le mosebetsi oa Hae oa molao o amanang le selekane se secha. The Pastoral Epistles, ea Dibelius le Conzelmann, e totobatsa hore ho 1 Timothea 2:5 ‘lentsoe “’muelli” ke la bohlokoa ba molao;’ ’me “le hoja serapeng sena, ho fapana le ho Ba-Heberu 8:6, [selekane] se sa boleloe, ho sa tsotellehe hoo motho o tlameha ho hakanya esale pele se boleloang ke ‘’muelli oa selekane,’ joalokaha ho bontšoa ke se fuperoeng ke boitsebiso.” Moprofesara Oepke o hlokomela hore 1 Timothea 2:5 e bontša Jesu joaloka “’muelli oa molao le akhente.”

Papiso ea mehleng ena e ka ’na ea thusa ho hlakisa sena, haholo-holo haeba u se Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea. Nahana ka nyeoe ea molao eo ho eona ho amehang ’muelli oa molao. Mosebetsi oa hae e ne e ka ’na ea se ke ea e-ba hakaalo oa ramolao ea pheang khang bakeng sa toka joaloka oa motho ea buellang kapa ea hlahisang konteraka ea molao hore e amohelehe le hore e be molemo ho lihlopha tse peli. E, ha u nyeoeng eo ea molao, kahoo ka kutloisiso eo ha a sebeletse e le ’muelli oa hao oa molao. Empa e ka ’na ea e-ba motsoalle oa hao ea haufi-ufi eo ka litsela tse ling a u fang thuso ea bohlokoa.

Ka linako tse ling mosebetsi oa ’muelli oa molao nyeoeng o hlahisa liphello tse ruisang ba bang ba bangata molemo. Ho joalo le ka lintho tsa molao tse finyelloang ke Jesu e le ’muelli oa selekane se secha. Se hlahisa hoo selekane sa Molao se sa kang sa ho hlahisa, “’muso oa baprista” ba leholimo. (Exoda 19:6; 1 Petrose 2:9) Ka mor’a mona Bakreste ba tlotsitsoeng ’Musong ba tla sebetsa le Jesu ba le leholimong ho tlisa tlhohonolofatso ho “lichaba tsohle tsa lefatše.”—Genese 22:18.

Batho ba lichaba tsohle ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng esita le hona joale ba rua molemo litšebeletsong tsa Jesu. Le hoja e se ’Muelli oa bona oa molao, kaha ha ba selekaneng se secha, ke tsela ea bona eo ba atamelang Molimo ka eona. Kreste o itse: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho ntate, ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6) Bohle ba tla fumana bophelo lefatšeng ba tlameha ho lebisa lithapelo tsa bona ho Jehova ka Jesu. (Johanne 14:13, 23, 24) Jesu o boetse o sebeletsa e le Moprista e Moholo ea nang le kutloelo-bohloko ea khonang ho sebelisa melemo ea sehlabelo sa hae molemong oa bona, a ba lumella hore ba fumane tšoarelo le pholoho qetellong.—Liketso 4:12; Ba-Heberu 4:15.

Ka lebaka leo, 1 Timothea 2:5, 6 ha e sebelise “’muelli” ka kutloisiso e pharalletseng e tloaelehileng lipuong tse ngata. Ha e bolele hore Jesu ke ’muelli mahareng a Molimo le batho bohle. Ho e-na le hoo, e bolela Kreste e le ’Muelli oa molao (kapa, “akhente”) oa selekane se secha, ena e le tsela e lekanyelitsoeng eo Bibele e sebelisang lentsoe lena ka eona. Jesu e boetse ke topollo ea bohle ba selekaneng seo, Bajode le Balichaba, ba tla fumana bophelo ba ho se shoe leholimong. Moapostola Johanne o buile ka bana ho 1 Johanne 2:2. Empa o bontšitse hore ba bang hape ba tla fumana molemo oa sehlabelo sa Kreste: “Ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”

Bao ba “lefatše lohle” ke bohle ba tla fumana bophelo bo sa feleng paradeiseng e tsosolositsoeng ea lefatšeng. Limillione tsa bahlanka ba joalo ba amohelehang ba Molimo hona joale li na le tšepo eo ea lefatšeng. Li talima Jesu joaloka Moprista e Moholo oa tsona le Morena eo ka eena li ka fumanang ho atamela Jehova ka mehla. Li itšetlehile ka topollo ea Jesu, e fumanehang bakeng sa tsona, feela joalokaha ho tla ba joalo ho banna ba kang Abrahama, Davida, le Johanne Mokolobetsi ha bana ba tsosoa. (Mattheu 20:28) Ka hona sehlabelo sa Kreste se tla lebisa bophelong bo sa feleng bakeng sa batho bohle ba utloang.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Puisano ea lilekane e hlaha ho Molula-Qhooa oa February 1, 1989, maqephe 10-20.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Mona Thabeng ea Sinai, Moshe o ile a sebeletsa e le ’muelli oa selekane sa Molao

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela