Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/1 maq. 4-7
  • Lefatše le Molemo—Le Haufi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Molemo—Le Haufi!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Takatso e Matla ea Paradeise”—Hobane’ng?
  • Ho Batla Paradeise—Histori ea Khopolo Ena
  • Liutopia—Na ke Libaka tse Phethahetseng?
  • Bakreste le Lefatše le Molemo
  • Paradeise Lefatšeng—Na ke Toro Feela Tjee Kapa Ehlile e Tla ba Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/1 maq. 4-7

Lefatše le Molemo—Le Haufi!

THE Encyclopedia of Religion e re: “Ho ba le takatso e matla ea paradeise ho har’a litakatso tse matla le tseo ho bonahalang li hanella likelellong tsa batho. Mohlomong ke e matla le e phehellang ho feta tsohle. Ho hloloheloa paradeise ho bonahala boemong bo bong le bo bong ba bophelo ba bolumeli.”

Ho bonahala hore batho ba mefuta eohle ba na le takatso ea ho phela lefatšeng le molemo, joalokaha eka ba llela le phethahetseng la tšimolohong le seng le le sieo. Sena se bolela hore ho ka etsahala hore paradeise e neng e le teng tšimolohong e boele e be teng, empa hokae? Ngaka ea lefu la kelello e ka ’na ea bolela hore takatso ena e matla e senola takatso ea motho ea hore a boele a be tšireletsehong e seng e le sieo ea ho ba ka pōpelong ea ’mè oa hae. Leha ho le joalo, tlhaloso ena ha e kholise litsebi tsa histori ea bolumeli.

“Takatso e Matla ea Paradeise”—Hobane’ng?

Na ho ba teng ha takatso e joalo e matla, joalokaha ba bang ba bolela, ho etsa feela hore mathata le bophelo bo bokhutšoanyane ba batho bo mamellehe haholoanyane? Kapa na ho na le tlhaloso e ’ngoe?

Ke hobane’ng ha moloko oa batho o laba-labela lefatše le molemo? Bibele e fana ka tlhaloso e hlakileng le e bonolo: Moloko oa batho o tsoa lefatšeng le molemo! Paradeise ea tšimolohong e ne e hlile e le teng. Lentsoe la Molimo le e hlalosa e le “tšimo” e leng sebakeng se itseng se khethehileng Bochabela bo Hare, e hlohonolofalitsoeng ka “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.” Molimo o ile a e beha tlhokomelong ea banyalani ba pele. (Genese 2:7-15) E ne e le tokisetso e phethahetseng eo ho eona batho e ka beng e bile ba thabileng e le ka ’nete.

Ke hobane’ng ha maemo ao a Paradeise a sa ka a tšoarella? Ka lebaka la bofetoheli ba pele ba sebōpuoa sa moea ’me hamorao ea e-ba ba banyalani ba batho. (Genese 2:16, 17; 3:1-6, 17-19) Kahoo, motho ha a ka a lahleheloa ke Paradeise feela empa hape o ile a lahleheloa ke phetheho, bophelo bo botle, le bophelo bo sa feleng. Maemo a ileng a qala ho ba teng ruri ha a ka a ntlafatsa bophelo ba batho. Ho fapana le hoo, bo ’nile ba theoha ho tla fihla boemong boo bo leng ho bona kajeno, bo leng bobe ho feta leha e le neng pele.—Moeklesia 3:18-20; Ba-Roma 5:12; 2 Timothea 3:1-5, 13.

Ho Batla Paradeise—Histori ea Khopolo Ena

Joalokaha ho ka nahanoa, “takatso e matla ea paradeise” ho na le histori e telele haholo. Masumere a ile a hopola nako eo ka eona ho lumellana ho neng ho rena bokahohleng bohle: “Ho ne ho se tšabo, ho se ho tšoha, motho o ne a se na sera. . . . Bokahohleng bohle, batho ba lumellana, ba rorisa Enlil ka tumellano,” joalokaha thothokiso ea boholo-holo ea Mesopotamia e re hopotsa. Ba bang, joaloka Baegepeta ba boholo-holo, ba ne ba tšepa hore ba tla finyella lefatšeng le molemo ka mor’a lefu. Ba ne ba lumela hore sephefumolohi se sa shoeng se finyella ho ho neng ho bitsoa masimo a Aaru. Empa tšimolohong bonyane, tšepo ena e ne e bulehetse feela sehlopha se busang kapa sa batho ba phahameng; mafutsana a ne a ke ke a nahana ho fihla lefatšeng la thabo.

Sebakeng se fapaneng sa bolumeli, Mahindu a ’nile a letela ho tla ha nako ea lefatše le molemo (yuga) ka makholo a lilemo. Ho latela lithuto tsa Mahindu, liyuga tse ’nè lia ipheta potolohong e tsoelang pele, ’me hona joale re phela ho e mpe ka ho fetisisa. Ka bomalimabe, Kali Yuga (mehla ea lefifi), ka mahlomola ’ohle a eona le bokhopo, ho latela ba bang, e tla ba teng ka lilemo tse 432 000. Leha ho le joalo, Mahindu a tšepahalang a letetse nako ea boiketlo, e leng Krita Yuga.

Ka lehlakoreng le leng, Magerike le Maroma a ile a nahana ka Lihleke-hleke tse inahaneloang tsa Mahlohonolo, Leoatleng la Atlantic. ’Me bangoli ba bangata, joaloka Hesiod, Virgil, le Ovid, ba ile ba bua ka nako e hlollang ea tšimolohong ea boiketlo, ba tšepa hore ka letsatsi le leng e tla tsosolosoa. Ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo B.C.E., seroki sa Molatine Virgil se ile sa bolela esale pele ho fihla ho seng ho le haufi ha aetas aurea (nako ea boiketlo) e ncha le e tšoarellang. Makholong a lilemo a latelang, “baemphera ba Roma ba ka holimo ho leshome le metso e tšeletseng ba ile ba bolela hore puso ea bona e tsosolositse Nako ea Boiketlo,” ho bolela The Encyclopedia of Religion. Empa joalokaha re tseba hantle kajeno, ao e ne e le mashano a lipolotiki feela.

Macelt a mangata a ne a batla ho fumana seo a neng a nahana hore ke naha e khanyang e sehleke-hlekeng (kapa e ka har’a sehlopha sa lihleke-hleke) se ka ’nģane ho leoatle, moo a neng a lumela hore batho ba phela ka thabo e phethahetseng. Ho latela tšōmo e ’ngoe, Morena Arthur, le hoja a lemetse ka tsela e isang lefung, o ile a tsoela pele ho phela ka mor’a hore a fumane sehleke-hleke se hlollang se bitsoang Avalon.

Linakong tsa boholo-holo le Mehleng e Bohareng, ba bangata ba ne ba nahana hore serapa sa lintho tse thabisang, serapa sa Edene, se ntse se le teng kae-kae, “ka holim’a thaba e ’ngoe e ke keng ea fihleloa kapa ka ’nģane ho leoatle le ke keng la tšeloa,” joalokaha rahistori Jean Delumeau a hlalosa. Le hoja seroki sa Letaliana Dante se ne se lumela paradeiseng e leholimong, se ne se nahana hore paradeise ea lefatšeng e ntse e le teng ka holim’a thaba ea Pelekatori ea hae, libakeng tse bapileng le motse oa Jerusalema. Ba bang ba ne ba lumela hore e ka fumanoa Asia, Mesopotamia, kapa lithabeng tsa Himalaya. ’Me litšōmo tsa mehleng e bohareng tse buang ka paradeise ea Edene li ne li le ngata. Ba bangata ba ne ba lumela hore haufi le paradeise eo, ho ne ho na le ’muso o hlollang o busoang ke mohalaleli Prester John. Ka lebaka la bohaufi ba paradeise ea lefatšeng, ho ne ho nahanoa hore bophelo ’musong oa Prester John bo bolelele ebile boa thabisa, ke mohloli oa nala le matlotlo. Ba bang, ka lebaka la ho nahana ka litšōmo tsa boholo-holo tsa Magerike, ba ne ba ntse ba nahana hore lihleke-hleke tsa paradeise li ne li ka fumanoa Atlantic. Limmapa tsa Mehla e Bohareng li bontšitse hore batho ba ne ba kholisehile haholo ka boteng ba serapa sa Edene, ba bile ba bontša sebaka seo ho lumeloang hore se ho sona.

Lekholong la bo15 le la bo16 la lilemo, bakhanni ba likepe ba neng ba tšela Atlantic ha e le hantle ba ne ba batla lefatše leo ka nako e tšoanang, le neng le le lecha ebile e le la boholo-holo. Ba ne ba nahana hore ka lehlakoreng le leng la leoatle, ba il’o fumana eseng feela li-Indies empa hape le serapa sa Edene. Ka mohlala, Christopher Columbus o ile a se batla lithabeng tsa linaha tseo boemo ba tsona ba leholimo bo itekanetseng le linaheng tse chesang le tse mongobo tsa Amerika Boroa le Bohareng. Bahloeli ba naha ba Europe ba ileng ba fihla Brazil ba ne ba kholisehile hore paradeise e lahlehileng e tlameha hore e be sebakeng seo ka lebaka la boemo ba leholimo bo itekanetseng le lijo tse ngata le limela. Leha ho le joalo, kapele ba ile ba qobelloa ho hlokomela ’nete e bohloko.

Liutopia—Na ke Libaka tse Phethahetseng?

Ho e-na le ho loanela ho fumana lefatše le phethahetseng karolong ea lefatše e hōle, ba bang ba lekile ho le theha. Ka hona, ka 1516, Lenyesemane leo tsela ea lona ea bophelo e likolohang lithahasellong tsa batho Thomas More o hlalositse sehleke-hleke sa Utopia, e le sebaka se hlollang, sa khotso, le seo ho sona ho nang le lerato, se fapaneng hōle le lefatše le hlephileng boitšoarong leo a le tsebang. Ba bang le bona ba lekile ho theha mafatše a molemo, mafatše a thabisang haholoanyane: lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., Plato le Rephabliki ea hae; ka 1602, forere Tommaso Campanella oa Letaliana le Motse oa hae o hlophisitsoeng ka tsela e phahameng oa Letsatsi; lilemo tse seng kae feela hamorao, rafilosofi oa Lenyesemane Francis Bacon ka ho hlalosa “naha [ea hae] e thabileng le e atlehileng” ea Atlantis e Ncha. Makholong a lilemo, batho ba mefuta eohle ba nahanang (ho sa tsotellehe hore na ke balumeli kapa che) ba hlalositse Liutopia tse ngata-ngata. Leha ho le joalo, tse seng kae, haeba li le teng, ho ne ho lumeloa hore li teng.

Ho bile ha ba le ba lekang ho ikahela Liutopia tsa bona. Ka mohlala, ka 1824 monna oa Lenyesemane ea ruileng Robert Owen, o ile a etsa qeto ea ho fallela Indiana, U.S.A., e le hore a ka phethahatsa likhopolo tsa hae mabapi le Utopia motsaneng oo a ileng a o reha lebitso la New Harmony. A kholisehile hore ka tlas’a maemo a loketseng, batho ba ka ntlafatsa, o ile a sebelisa hoo e ka bang matlotlo a hae ’ohle bakeng sa ho loanela ho theha seo a neng a se bonela pele e le lefatše la boitšoaro bo bocha. Empa liphello li ile tsa bontša hore maemo a macha a bophelo haa lekana bakeng sa ho hlahisa batho ba bacha.

Hoo e ka bang likhopolo tsohle tsa lipolotiki li tiisa hore motho o lokela ho lokisa lefatše ho latela tsebo ea hae le kutloisiso ea hae ea seo e leng ’nete e le hore a ka tlisa paradeise eo ho ntseng ho nahanoa ka eona lefatšeng. Leha ho le joalo, ka ho fapaneng, boiteko ba ho phethahatsa litakatso tse joalo tse matla bo feletse ka lintoa le liphetohelo tsa puso, joaloka Phetohelo ea Mafora ka 1789 le Phetohelo ea Bolshevik ka 1917. Ho e-na le ho tlisa maemo a paradeise, boiteko bona hangata bo ’nile ba fella ka bohloko le mahlomola a eketsehileng.

Litakatso tse matla, litokisetso, Liutopia, le boiteko ba ho li phethahatsa—ke pale ea ho soetseha ka makhetlo-khetlo. Hona joale, ba bang ba bua ka “toro e ferekaneng” le “qetello ea mehla ea liutopia,” ba re memela ho ithuta “ho phela ka ntle ho liutopia.” Na ho na le tšepo leha e le efe ea ho bona lefatše le molemo, kapa le reretsoe ho lula e le toro feela tjee?

Bakreste le Lefatše le Molemo

Ho hang lefatše le lecha hase toro—ke tšepo e tiileng! Jesu Kreste, Mothehi oa Bokreste, o ne a tseba hore lefatše la hona joale hase le molemohali le ka bang teng. O rutile hore lefatše e tla ba lefa la ba bonolo le hore ke hona moo thato ea Molimo e tla etsoa. (Mattheu 5:5; 6:9, 10) Eena le barutuoa ba hae ba ne ba tseba hore lefatše lena le laoloa ke sera sa Molimo, Satane Diabolose, le hore lena ke lebaka la sehlooho la bomalimabe bo bongata ba lefatše. (Johanne 12:31; 2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:12) Bajode ba tšepahalang ba ile ba letela letsatsi leo ka lona Molimo ka ho sa feleng a tla lokolla lefatše lintoeng, bohlokong, le ho kuleng e le hore barati ba khotso le toka ba ka haha ho lona. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba letela hore lefatše la hona joale le nkeloe sebaka ke tsamaiso e ncha ea lintho, “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—2 Petrose 3:13; Pesaleme ea 37:11; 46:8, 9; Esaia 25:8; 33:24; 45:18; Tšenolo 21:1.

Ha Jesu Kreste a ne a leketlile thupeng ea tlhokofatso, o ile a boela a bua ka tšepiso ea lefatše le molemo ho sesenyi se ileng sa bontša tekanyo e itseng ea tumelo ho Eena. “Jesu a re ho sona: Ka ’nete ke re ho uena: U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng.” (Luka 23:40-43) Sesenyi seo se ile sa utloisisa hore mantsoe ao a ne a bolela’ng? Na Jesu o ne a bolela hore sesenyi seo se ne se tla ‘ba le eena’ leholimong letsatsing lona leo, joalokaha liphetolelo tse ling tsa Bibele tsa K’hatholike le Prostanta li bonahala li bolela seo? Che, seo hase seo Jesu a neng a se bolela, kaha ka mor’a tsoho, Jesu o ile a bolella Maria Magdalena hore Eena ‘ha a e-so ho nyolohele ho Ntate.’ (Johanne 20:11-18) Le hoja ba ile ba rutoa ke Jesu ka lilemo tse tharo le halofo, pele ho Pentekonta ea 33 C.E. esita le baapostola ba hae ha baa ka ba nahana paradeise ea leholimong. (Liketso 1:6-11) Sesenyi seo se ile sa utloisisa seo bongata ba Bajode ba neng ba phela ka nako eo ba ka beng ba ile ba se utloisisa: Jesu o ne a tšepisa lefatše le molemo la paradeise e tlang. Setsebi se seng sa Jeremane se ile sa lumela: “Thuto ea kahlolo ea ka mor’a lefu ha e le hantle ha e hlahe ka Testamenteng ea Khale.”

Taba ea hore ho tla ba le paradeise lefatšeng la rōna e pakoa ke moapostola Pauluse lengolong la hae le eang ho Baheberu. Ha a khothatsa balumeli-’moho le eena hore ba se ‘hlokomolohe poloko e kalo, e neng e qale ho boleloa pele ke Morena [“Jesu Kreste,” NW],’ Pauluse o tiisa hore Jehova Molimo o file Jesu matla holim’a “lefatše [ka Segerike, oi·kou·meʹne] le tlang.” (Ba-Heberu 2:3, 5) Mangolong a Segerike a Bokreste, lentsoe oi·kou·meʹne ka mehla le bolela lefatše la rōna le ahiloeng ke batho, eseng bophelo ka mor’a lefu leholimong. (Bapisa le Mattheu 24:14; Luka 2:1; 21:26; Liketso 17:31.) Ka hona ’Muso oa Molimo oo ho oona ho busang Kreste Jesu o tla sebelisa matla a bolaoli lefatšeng le ahiloeng. Seo ruri e tla ba sebaka se phethahetseng seo ho ka pheloang ho sona!

Le hoja ’Muso ka booona e le oa leholimo, leha ho le joalo o tla kenella litabeng tsa lefatše. Ka liphello life? Mefokolo, liketso tse sehlōhō, bofutsana le lefu ha li sa tla hlola li hopoloa. Esita le tsieleho le ho se khotsofale li tla fela. (Tšenolo 21:3-5) Bibele e re ‘Molimo o tla fuparolla seatla sa hae, a kholise tse utloang kaofela.’ (Pesaleme ea 145:16) Mathata a kang ho se hiroe le tšilafatso a tla ba le tharollo e sebetsang le ea ka mehla. (Esaia 65:21-23; Tšenolo 11:18) Empa ka holim’a tsohle, ka thuso ea tlhohonolofatso ea Molimo, ho tla ba le tlhōlo ea ’nete, toka, le khotso—litšoaneleho tseo ho bonahalang hore li se li batla li felile!—Pesaleme ea 85:7-13; Ba-Galata 5:22, 23.

Na see sohle ke toro, Utopia? Che, mehla ena e mahlonoko ho feta eohle eo re phelang ho eona e bontša hore re “mehleng ea qetello” ea lefatše lena, ka hona lefatše le lecha le haufi. (2 Timothea 3:1-5) Na u rata ho phela moo? Ithute hore na sena se ka etsahala joang ka hore u ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova. Lefatše le molemo, le molemo ho feta kamoo re ’nileng ra nahana kateng le haufi. Hase Utopia—ke ntho ea sebele!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lefatše le molemo—haufinyane e tla ba ntho ea sebele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela