Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Khaolo ea 10. Ntate ea shebileng temana Bibeleng ea ntate oa Paki ea lutseng pel’a hae libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova.

      KHAOLO EA 10

      Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?

      Na u se u kile oa ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova? Haeba ha u e-s’o ee, u ka ’na oa tšaba ho ea ka lekhetlo la pele. U ka ’na oa ipotsa: ‘Ebe ho etsahala’ng libokeng? Ke hobane’ng ha li le bohlokoa? Ke hobane’ng ha ke lokela ho ea?’ Khaolong ena, u tl’o ithuta hore na ke joang ho bokana hammoho le batho ba bang ho matlafatsang setsoalle sa hao le Molimo le hore na ho ka u tsoela molemo joang.

      1. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li e-ba le liboka?

      Hlokomela kamoo mongoli e mong oa Bibele a ileng a hlalosa bohlokoa ba ho bokana hammoho kateng: “Ke tla boka Jehova har’a matšoele a phuthehileng.” (Pesaleme ea 26:​12) Ka tsela e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova li thabela ho bokana hammoho. Lefatšeng lohle li etsa sena beke le beke ho tla rapela Jehova, ho ithuta ka eena le ho mo binela lipina tse mo rorisang. Ka makhetlo a ’maloa selemo le selemo li bokana hammoho ka lihlopha tse kholo bakeng sa ho rorisa Jehova.

      2. U tla ithuta’ng ha u ile libokeng tsa rona?

      Ha re le libokeng, re ithuta Lentsoe la Molimo, ‘ha le ntse le qaqisoa, ’me le ntse le kenngoa moelelo.’ (Bala Nehemia 8:8.) Ha u tlile libokeng tsa rona u tla ithuta ka Jehova le ka makhabane a hae a babatsehang. Ha u ntse u ithuta haholoanyane kamoo Molimo a u ratang kateng, u tla mo rata le ho feta. U tla boela u bone hore na a ka u thusa joang hore u phele ka tsela e khotsofatsang.​—Esaia 48:​17, 18.

      3. Batho bao u tla kopana le bona libokeng tsa rona ba ka u thusa joang?

      Jehova o laetse hore re “nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona.” (Baheberu 10:​24, 25) Ha u tlile libokeng tsa rona u tla kopana le batho ba ratanang e le kannete, ’me ba thabela ho ithuta ka Jehova joaloka uena. U tla utloa ba bua lintho tse khothatsang tse tsoang Bibeleng. (Bala Baroma 1:​11, 12.) U tla boela u be le monyetla oa ho tseba batho ba thabileng le hoja ba ntse ba e-na le mathata, ebang ba lenyalong kapa che. Ana ke a mang a mabaka ao ka ’ona Jehova a batlang hore re bokane hammoho kamehla.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute hore na ho etsahala’ng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova le hore na ke hobane’ng ha ho le molemo ho ea ho tsona.

      4. Liboka tsa Lipaki Tsa Jehova

      Mehleng ea baapostola, Bakreste ba ne ba atisa ho bokana hammoho ho tla rapela Jehova. (Baroma 16:​3-5) Bala Bakolose 3:​16 ebe le buisana ka potso ena:

      • Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba rapela Jehova joang?

      Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova li bokana kamehla liholong tsa tsona tsa borapeli. E le hore u bone hore na ho etsahala’ng libokeng tseo, bapala VIDEO ebe u sheba setšoantšo sa moo Lipaki li tšoereng liboka ’me le buisane ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? (2:13)

      • Ke lintho life tse tšoanang tseo u li hlokometseng lipakeng tsa se etsahala’ng Holong ea Lipaki le seo u se balileng ho Bakolose 3:16?

      • Na ho na le ntho e ’ngoe e u khahlileng ka liboka tsa Lipaki ha u shebeletse video kapa u shebile setšoantšo see?

      Bala 2 Bakorinthe 9:7 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa kope koleke libokeng tsa tsona?

      Uena le motho ea u rutang Bibele le ka buisana hore na ho tl’o ithutoa’ng libokeng bekeng ena.

      • U nahana hore ke karolo efe ea seboka eo u tla e thabela kapa e tla u thusa?

      Na u ne u tseba?

      Ho jw.org/st, u ka fumana libaka tseo liboka li tšoareloang ho tsona lefatšeng ka bophara le hore na li tšoaroa neng.

      Litšoantšo: Setšoantšo sa Holo ea Lipaki pele ho liboka, nakong ea tsona le ka mor’a tsona. Litšoantšo tsena lia ipheta-pheta ho tloha ho sa A ho ea ho D. A. Ntate oa Paki o fana ka puo e thehiloeng Bibeleng a le sethaleng nakong ea seboka. B. ’Mè oa Paki ea lutseng har’a bamameli oa araba nakong ea karolo ea lipotso le likarabo sebokeng. C. Ntate oa Paki o bua le lelapa le leng ka mor’a seboka. D. Ntate oa Paki o tšoere lemati e le hore ntate-moholo a kene.
      1. Libokeng tsa rona ho ba le lipuo, livideo le mehlala ea seo re ka se etsang ha re ruta batho Bibele. Re qala liboka le ho li koala ka pina le thapelo

      2. Nakong ea likarolo tse itseng tsa lenaneo, ho kopuoa bamameli hore ba fane ka lintlha tsa bona

      3. Ho amoheloa motho e mong le e mong, ebang ke malapa, ba seng lenyalong, ba holileng kapa bana

      4. Libokeng tsa rona ho kenoa mahala. Lipaki Tsa Jehova ha li patalise batho ha ba kena monyako, ebile ha li tsamaise sekotlolo sa koloke

      5. U lokela ho etsa boiteko e le hore u ee libokeng

      Nahana ka mohlala oa lelapa la bo Jesu. Selemo le selemo ba ne ba lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 100, sebakeng se lithaba ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema tempeleng. Bala Luka 2:​39-​42 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

      • Na u nahana hore leeto lee la ho ea Jerusalema le ne le hloka boiteko?

      • Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokeha hore u etse boiteko e le hore u be teng libokeng?

      • Na u nahana hore ho tla u tsoela molemo? Ke hobane’ng ha u nahana joalo?

      Litšoantšo: Josefa, Maria, Jesu le ngoana e mong oabo ba itokisetsa ho nka leeto. 1. Josefa o beha mekotla holim’a tonki, ’me Maria eena o ntse a lokisa lijo. 2. ’Mapa o bontšang leeto la ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema.

      Bibele e ruta hore ho bokana hammoho bakeng sa ho rapela Jehova ho bohlokoa haholo. Bala Baheberu 10:​24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke hobane’ng ha re lokela ho ea libokeng kamehla?

      BATHO BA BANG BA RE: “Ha oa tlameha ho bokana hammoho le batho ba bang. Hafeela u ithuta Bibele moo u le mong ho lekane.”

      • Ke Lengolo lefe kapa mohlala ofe o ka Bibeleng o bontšang hore na Jehova o batla’ng?

      KAKARETSO

      Ho ba teng libokeng ho tla u thusa hore u ithute haholoanyane ka Jehova, u mo rate haholoanyane le hore u mo rapele hammoho le batho ba bang.

      Re Ithutile’ng?

      • Ke hobane’ng ha Jehova a re khothalletsa hore re bokane hammoho?

      • U tla ithuta’ng ha u ile libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova?

      • U ka fumana melemo efe hape ha u ile libokeng?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      U ka etsa’ng haeba u tšoha ha u nahana ho ea libokeng? Bona hore na ntate e mong eo le eena a neng a tšohile o ile a thusoa ke’ng hore a qetelle a li rata.

      Re ke ke ra Lebala Kamohelo eo e Mofuthu (4:​16)

      Bona hore na mohlankana e mong o ile a thabela liboka joang le hore na o ile a etsa’ng e le hore a lule a ea ho tsona.

      Ke ne ke Rata Liboka Haholo! (4:​33)

      Bala hore na batho ba bang ba ikutloa joang ka ho ba teng libokeng.

      “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?” (Sehlooho se websaeteng)

      Fumana hore na ntate e mong eo e neng e le setho sa kenke e kotsi o ile a fetola bophelo ba hae joang ka mor’a hore a ee libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova.

      “Ke ne ke Lula ke Tsamaea ke Nkile Sethunya sa ka” (Molula-Qhooa, July 1, 2014)

  • ’Muso oa Molimo oa Busa
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Ho tloha ka 1914 boemo ba lefatše bo ile ba fetoha

      Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha (1:10)

      Jesu o ile a bua ka lintho tse neng li tla etsahala lefatšeng ka mor’a hore e be Morena. Bala Luka 21:9-11 ebe le buisana ka potso ena:

      • Linthong tse hlahang moo, ke life tseo u kileng oa li bona kapa oa utloela ka tsona?

      Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na batho ba ne ba tla ba joang mehleng ea bofelo. Bala 2 Timothea 3:1-5 ebe le buisana ka potso ena:

      • Na ho na le batho bao u kileng oa bona ba etsa lintho tsee?

      Litšoantšo: Liketsahalo tse bontšang maemo a lefatše le boitšoaro ba batho mehleng ea bofelo. 1. Moeta-pele oa masole o hoeletsa a phahamisitse matsoho. 2. Mehaho e senyehile ka mor’a tšisinyeho ea lefatše. 3. Lifofane tsa masole. 4. Sehlopha sa batho ba roetseng li-mask se tsamaea ka ntle. 5. Litora tse peli tsa New York lia cha ka mor’a ho hlaseloa ke likhukhuni. 6. Abuti o sebelisa lithethefatsi. 7. Ntate o batla ho betsa mosali oa hae ka setebele ebile oa mo omanya. 8. Mefuta e fapaneng ea lithethefatsi le joala. 9. Bo-ausi ba babeli ba apere liphahlo tse turu le mekhabiso hape ba nka foto. 10. DJ e thabisa batho moketeng. 11. Motho ea etsang toi-toi o betsa botlolo e nang le mollo.

      6. Taba ea hore ’Muso oa Molimo oa busa e lokela ho re khothatsa

      Bala Matheu 24:3, 14 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa o bontšang hore ’Muso oa Molimo oa busa hona joale?

      • U ka thusetsa joang mosebetsing oo?

      ’Muso oa Molimo oa busa hona joale ’me nako ea hore o buse ka ho feletseng lefatšeng e haufi. Bala Baheberu 10:24, 25 ebe le buisana ka potso ena:

      • E mong le e mong oa rona o lokela ho etsa’ng joalokaha re bona “letsatsi le ntse le atamela”?

      Litšoantšo: 1. Motho ea ithutang Bibele o ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. 2. O bua le motho eo a mo tloaetseng ka Bibele.

      Haeba ho ne ho e-na le ntho eo u e tsebang e neng e tla thusa batho ba bang e be e pholose bophelo ba bona, u ne u tla etsa’ng?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela