Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 2/15 maq. 17-22
  • Tokoloho e Khanyang ea Bana ba Molimo Haufinyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho e Khanyang ea Bana ba Molimo Haufinyane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba re “Tloo!”
  • Liphetoho Tse Bang Teng ha Nako e Ntse e Feta
  • Mabaka a Mangata a ho Leboha
  • Na U Tla ba Teng?
  • Hantle-ntle ke Bo-mang ba Nang le Pitso ea Leholimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Tlisa Bara ba Bangata Khanyeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Tsa Bohlokoa ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • A Re Thabeng Tšepong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 2/15 maq. 17-22

Tokoloho e Khanyang ea Bana ba Molimo Haufinyane

“Pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela . . . motheong oa tšepo ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—BAROMA 8:20, 21.

1. Sehlabelo sa Jesu se ne se tšoantšetsoa joang Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe?

JEHOVA o ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le sehlabelo sa thekollo se ileng sa bula tsela ea bophelo ba leholimo bakeng sa batho ba 144 000 le litebello tsa ka ho sa feleng tsa lefatšeng bakeng sa batho ba bang bohle. (1 Johanne 2:1, 2) Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se etellang sena pele, sehlabelo sa Jesu bakeng sa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea se ile sa tšoantšetsoa ke ha moprista ea phahameng oa Iseraele a etsa sehlabelo sa poho e le nyehelo ea libe tsa hae, tsa ba ntlo ea hae le tsa leloko la Levi Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. Letsatsing lona leo, o ne a etsa sehlabelo sa pōli e le nyehelo ea libe tsa Baiseraele ba bang bohle, joalokaha sehlabelo sa Kreste se tla ruisa moloko oa batho ka kakaretso molemo. Ka tšoantšetso, pōli e phelang e ne e jara libe tsohle tsa batho tsa selemo se fetileng ebe e nyamela feelleng.a—Levitike 16:7-15, 20-22, 26.

2, 3. Ho boleloa’ng ka polelo ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baroma 8:20, 21?

2 Ka mor’a ho lokolisa tšepo ea batho bao e neng e tla ba “bara ba Molimo” ba leholimo, moapostola Pauluse o ile a re: “Tebello e nang le taba-tabelo ea pōpo e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, motheong oa tšepo ea hore pōpo ka boeona le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:14, 17, 19-21) Polelo ee e bolela’ng?

3 Ha moholo-holo oa rōna Adama a ne a bōptjoa e le motho ea phethahetseng, e ne e le “mora [kapa ngoana] oa Molimo.” (Luka 3:38) Ka lebaka la ho etsa sebe, o ile a ba “bokhobeng ba ho bola” ’me a fetisetsa boemo bona molokong oa batho. (Baroma 5:12) Molimo o ile a lumella batho ho tsoaloa ba talimane le “lefeela” ka lebaka la ho se phethahale ha bona ho futsitsoeng, empa o ile a fana ka tšepo ka “peō,” Jesu Kreste. (Genese 3:15; 22:18, NW; Bagalata 3:16) Tšenolo 21:1-4 e lebisa tlhokomelo nakong eo ka eona ‘lefu, ho siama, ho bokolla le bohloko li sa tl’o hlola li e-ba teng.’ Kaha ena ke tšepiso e etsetsoang “moloko oa batho,” e re tiisetsa hore mokhatlo oa lefatšeng o mocha oa batho ba phelang tlas’a puso ea ’Muso, o tla latsoa tsosoloso ea kelello le ea ’mele o be le bophelo bo botle ka ho feletseng ’me o phele ka ho sa feleng e le “bana ba Molimo” ba lefatšeng. Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, batho ba mamelang ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola.” Ka mor’a ho ipaka ba tšepahala ho Jehova tekong ea ho qetela, ba tla lokoloha ka ho sa feleng sebeng le lefung tse futsitsoeng. (Tšenolo 20:7-10) Ba leng lefatšeng ka nako eo ba tla ‘ba le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.’

Ba re “Tloo!”

4. ‘Ho nka metsi a bophelo ntle ho tefo’ ho bolela’ng?

4 Ke tšepo e hlollang hakaakang e behiloeng ka pel’a moloko oa batho! Ha ho makatse hore ebe Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba sa ntseng ba le lefatšeng ka cheseho ba etella pele ho bolelleng ba bang ka eona! Kaha ba tla fetoha karolo ea “monyaluoa” oa Konyana e tlotlisitsoeng, Jesu Kreste, masala a tlotsitsoeng a kopanela phethahatsong ea mantsoe ana a boprofeta: “Moea le monyaluoa ba ntse ba tsoela pele ho re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea utloang a a re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 21:2, 9; 22:1, 2, 17) Che, melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu ha e felle ho batlotsuoa ba 144 000. Moea oa Molimo o tsoela pele ho sebetsa ka masala a sehlopha sa monyaluoa ha a ntse a re “Tloo.” Mang kapa mang ea utloang ea nyoretsoeng ho loka o memeloa ho re “Tloo,” a ithuise molemo ka tokisetso ea poloko eo Jehova a fanang ka eona ka seatla se bulehileng.

5. Lipaki tsa Jehova li thabela hore ebe li na le bo-mang har’a tsona?

5 Lipaki tsa Jehova li na le tumelo tokisetsong ea Molimo ea bophelo ka Jesu Kreste. (Liketso 4:12) Li thabela hore ebe har’a tsona ho na le ba lipelo li tšepahalang, ba lakatsang ho ithuta ka merero ea Molimo le ho etsa thato ea hae. Liholo tsa tsona tsa ’Muso li buletsoe bohle ba batlang ho ‘tla nka metsi a bophelo ntle ho tefo’ ‘nakong ena ea bofelo.’—Daniele 12:4.

Liphetoho Tse Bang Teng ha Nako e Ntse e Feta

6. Moea oa Molimo o ’nile oa sebetsa joang ho bahlanka ba Jehova linakong tse sa tšoaneng?

6 Molimo o na le nako ea ho phetha merero ea hae, ’me sena se ama litšebelisano tsa hae le batho. (Moeklesia 3:1; Liketso 1:7) Le hoja moea oa Molimo o ile oa theohela holim’a bahlanka ba hae ba mehleng ea pele ho Bokreste, ba ne ba sa tsoaloa e le bara ba hae ba moea. Leha ho le joalo, ho tloha ho Jesu, nako ea Jehova ea ho sebelisa moea o halalelang bakeng sa ho tsoalla banna le basali ba inehetseng lefeng la leholimo e ne e fihlile. ’Me ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Moea oona oo o sebetsa ho “linku tse ling” tsa Jesu, empa ha o tsose ka ho tsona tšepo le takatso ea bophelo ba leholimo. (Johanne 10:16) Kaha li na le tšepo eo li e filoeng ke Molimo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, ka thabo li tšehetsa masala a batlotsuoa ho faneng ka bopaki nakong ena ea phetoho ea ho tloha lefatšeng la khale ho ea lefatšeng la Molimo le lecha la ho loka.—2 Petrose 3:5-13.

7. Liithuti tsa Bibele li ne li amehile ka mosebetsi ofe oa kotulo, empa li ne li tseba eng ka paradeise?

7 Molimo o ile a qala ‘ho tlisa bara ba bangata khanyeng’ ka ho tšolla moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E., ’me kamoo ho bonahalang kateng o ile a beha nako ea hore “Iseraele ea Molimo” ea moea ea ba 144 000 e felle. (Baheberu 2:10; Bagalata 6:16; Tšenolo 7:1-8) Ho tloha ka 1879, makasine ena e ’nile ea bua khafetsa ka mosebetsi oa kotulo o amang Bakreste ba tlotsitsoeng. Empa Liithuti tsa Bibele (tseo hona joale li bitsoang Lipaki tsa Jehova) le tsona li ne li tseba hore Mangolo a fana ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka mohlala, tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ea July 1883 e itse: “Ha Jesu a hlomme ’muso oa hae, a felisitse bokhopo, jj., lefatše lena le tla fetoha paradeise, . . . ’me bohle ba mabitleng ba tla tla ho eona. ’Me ha ba mamela melao ea eona ba ka ’na ba phela ho eona ka ho sa feleng.” Ha nako e ntse e feta, kotulo ea batlotsuoa e ile ea qepha, ’me butle-butle batho ba neng ba se na tšepo ea leholimo ba ile ba kotuleloa ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho sa le joalo, Molimo o ile a fa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng, Bakreste ba tsoetsoeng bocha, temohisiso e tsotehang.—Daniele 12:3; Bafilippi 2:15; Tšenolo 14:15, 16.

8. Kutloisiso ea tšepo ea lefatšeng e ’nile ea hōla joang mathoasong a bo-1930?

8 Haholo-holo ho tloha ka 1931 ba nang le tšepo ea lefatšeng ba ’nile ba kopanela le phutheho ea Bokreste. Selemong seo, Jehova o ile a hlahisa masala a Bakreste ba tsoetsoeng ka moea leseling hore a bone hore Ezekiele khaolo ea 9 e bua ka sehlopha sena sa lefatšeng, e leng ba tšoaeloang ho pholohela lefatšeng le lecha la Molimo. Ka 1932 ho ile ha etsoa qeto ea hore ba joalo ba kang linku ba kajeno ba tšoantšetsoa ka Jonadabe (Jehonadabe) mosebetsi-’moho le Jehu. (2 Marena 10:15-17) Ka 1934 ho ile ha hlakisoa hore “Bajonadabe” ba lokela ho “inehela” ho Molimo. Ka 1935 “letšoele le leholo” kapa “bongata bo boholo”—boo pele ho neng ho nahanoa hore ke sehlopha se tlaasana sa moea seo e neng e tla ba “metsoalle” ea monyaluoa oa Kreste leholimong—le ile la tsebahatsoa e le linku tse ling tse nang le tšepo ea lefatšeng. (Tšenolo 7:4-15; 21:2, 9; Pesaleme ea 45:14, 15) ’Me haholo-holo ho tloha ka 1935 batlotsuoa ba ’nile ba etella pele mosebetsi oa ho batla batho ba lokileng ba labalabelang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.

9. Ka mor’a 1935, ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ile ba khaotsa ho ja litšoantšetso Lijong tsa Shoalane tsa Morena?

9 Ka mor’a 1935 Bakreste ba bang ba neng ba e-ja bohobe le ho noa veine Lijong tsa Shoalane tsa Morena ba ile ba khaotsa ho ja. Hobane’ng? Hobane ba ile ba hlokomela hore tšepo ea bona ke ea lefatšeng, eseng ea leholimo. Mosali e mong ea kolobelitsoeng ka 1930 o ile a re: “Le hoja [ho ja] ho ne ho nkoa e le ntho e nepahetseng, haholo-holo bakeng sa basebeletsi ba nako e tletseng ba chesehang, le ka mohla ha kea ka ka kholiseha hore ke na le tšepo ea leholimo. Joale, ka 1935, re ile ra hlakisetsoa hore ho ne ho bokelloa bongata bo boholo bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Bongata ba rōna re ile ra thabela ho utloisisa hore re karolo ea bongata boo bo boholo, ’me re ile ra khaotsa ho ja litšoantšetso.” Esita le taba e ka har’a lingoliloeng tsa Bokreste e ile ea fetoha. Le hoja tsa lilemong tsa pele li ne li ngoletsoe haholo-holo balateli ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea, ho tloha ka 1935 ho ea pele Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tsa “lekhoba le tšepahalang” li ne li fana ka lijo tsa moea tse loketseng litlhoko tsa batlotsuoa le metsoalle ea bona e nang le tšepo ea lefatšeng.—Matheu 24:45-47.

10. Motlotsuoa ea sa tšepahaleng a ka nkeloa sebaka joang?

10 Nka hore motlotsuoa ha aa ka a tšepahala. Na ho ne ho tla ba le ea mo nkelang sebaka? Pauluse o ile a bontša joalo ha a tšohla taba ea sefate sa mohloaare sa tšoantšetso. (Baroma 11:11-32) Haeba ho hlokahala hore ea tsoetsoeng ka moea a nkeloe sebaka, ka ho loketseng Molimo o ne a tla bitsetsa leholimong motho e mong eo tumelo ea hae e bileng e ikhethang ho nehelaneng ka tšebeletso e halalelang ho eena ka lilemo tse ngata.—Bapisa le Luka 22:28, 29; 1 Petrose 1:6, 7.

Mabaka a Mangata a ho Leboha

11. Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo efe, Jakobo 1:17 e re tiisetsa eng?

11 Hohle moo re sebeletsang Jehova ka botšepehi re le teng, o tla khotsofatsa litlhoko tsa rōna le litakatso tsa rōna tse loketseng. (Pesaleme ea 145:16; Luka 1:67-74) Ebang re na le tšepo ea sebele ea leholimo kapa tebello ea rōna ke ea lefatšeng, re na le mabaka a mangata a utloahalang a ho leboha Molimo. Kamehla o etsa lintho tse molemo ka ho fetisisa ho ba mo ratang. Morutuoa Jakobo o ile a re “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo,” Jehova Molimo. (Jakobo 1:17) A re eleng hloko limpho le litlhohonolofatso tse seng kae ho tsena.

12. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova o file mohlanka e mong le e mong oa hae ea tšepahalang tšepo e babatsehang?

12 Jehova o file mohlanka e mong le e mong oa hae ea tšepahalang tšepo e babatsehang. O bilelitse ba bang bophelong ba leholimo. Ho lipaki tsa hae tsa pele ho Bokreste, Jehova o fane ka tšepo e khanyang ea ho tsohela bophelong bo sa feleng lefatšeng. Ka mohlala, Abrahama o ne a e-na le tumelo tsohong ’me o ile a letela “motse o nang le metheo ea sebele”—’Muso oa leholimo oo tlas’a oona a tla tsosetsoa bophelong ba lefatšeng. (Baheberu 11:10, 17-19) Hape, nakong ena ea bofelo, Molimo o neha ba limilione tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Johanne 17:3) Ka sebele, mang kapa mang eo Jehova a mo fileng tšepo e joalo e hlollang o lokela ho e leboha ka mokhoa o tebileng.

13. Moea o halalelang oa Molimo o sebelitse joang ho batho ba hae?

13 Jehova o fa batho ba hae moea oa hae o halalelang e le mpho. Bakreste ba filoeng tšepo ea leholimo ba tlotsitsoe ka moea o halalelang. (1 Johanne 2:20; 5:1-4, 18) Empa, bahlanka ba Molimo ba nang le litebello tsa lefatšeng ba thusoa le ho tataisoa ke moea. E mong oa bona e ne e le Moshe, ea neng a e-na le moea oa Jehova joaloka banna ba 70 ba khethetsoeng ho mo thusa. (Numere 11:24, 25) Tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang, Betsaleele o ne a sebeletsa e le setsebi sa mesebetsi ea matsoho ea tabernakele ea Iseraele. (Exoda 31:1-11) Moea oa Molimo o ile oa theohela holim’a Gideone, Jafeta, Samsone, Davida, Elija, Elisha le ba bang. Le hoja batho bana ba boholo-holo ho se mohla ba tla tlisoa khanyeng ea leholimo, ba ile ba tataisoa le ho thusoa ke moea o halalelang, joalokaha ho le joalo ka linku tse ling tsa Jesu kajeno. Ka hona he, ho ba le moea oa Molimo ha ho bolele hore re na le pitso ea leholimo. Empa, moea oa Jehova o fana ka tataiso, o re thusa ho bolela le ho phetha likabelo tse ling tseo re li filoeng ke Molimo, o re fa matla a fetang a tloaelehileng, ’me o hlahisa ka ho rōna litholoana tsa oona tsa lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Johanne 16:13; Liketso 1:8; 2 Bakorinthe 4:7-10; Bagalata 5:22, 23) Na ha rea lokela ho leboha mpho ee e bontšang mohau e tsoang ho Molimo?

14. Re fumana molemo joang limphong tsa Molimo tsa tsebo le bohlale?

14 Tsebo le bohlale ke limpho tse tsoang ho Molimo tseo re lokelang ho li leboha ebang tšepo ea rōna ke ea leholimo kapa ea lefatšeng. Tsebo e nepahetseng ea Jehova e re thusa ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane” le ho ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo.’ (Bafilippi 1:9-11; Bakolose 1:9, 10) Bohlale ba bomolimo bo sebeletsa e le tšireletso le tataiso bophelong. (Liproverbia 4:5-7; Moeklesia 7:12) Tsebo ea ’nete le bohlale li thehiloe Lentsoeng la Molimo, ’me masala a seng makae a batlotsuoa a hoheloa ka ho khethehileng ke seo le se buang ka tšepo ea ’ona ea leholimo. Leha ho le joalo, lerato la Lentsoe la Molimo le kutloisiso e molemo ea lona hase tsela ea Molimo ea ho bontša hore re bilelitsoe bophelong ba leholimo. Banna ba kang Moshe le Daniele ba bile ba ngola likarolo tse itseng tsa Bibele, empa ba tla tsosetsoa bophelong ba lefatšeng. Ebang tšepo ea rōna ke ea leholimo kapa ea lefatšeng, kaofela ha rōna re fumana lijo tsa moea ka “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo Jehova a le amohetseng. (Matheu 24:45-47) Bohle re leboha hakaakang ka tsebo eo re e fumaneng ka tsela eo!

15. E ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa tsa Molimo ke efe, hona u e talima joang?

15 E ’ngoe ea limpho tsa Molimo tse khōlō ka ho fetisisa ke tokisetso e lerato ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu, se re ruisang molemo ebang re na le tebello ea leholimo kapa tšepo ea lefatšeng. Molimo o ratile lefatše la moloko oa batho “haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) ’Me lerato la Jesu le ile la mo susumelletsa “ho fana ka soule ea hae ho ba thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Joalokaha moapostola Johanne a ile a hlalosa, Jesu Kreste “ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna [tsa batlotsuoa], empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:1, 2) Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho leboha ka ho tebileng tokisetso ena e lerato ea poloko e isang bophelong bo sa feleng.b

Na U Tla ba Teng?

16. Ke ketsahalo efe e hlaheletseng e tla hopoloa ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 11 April, 1998, ’me ke bo-mang ba lokelang ho ba teng?

16 Ho leboha thekollo eo Molimo a e lokiselitseng ka Mora oa hae ho lokela ho re susumelletsa ho ba teng Liholong tsa ’Muso kapa libakeng tse ling moo Lipaki tsa Jehova li tla bokana teng ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 11 April, 1998, ho ikhopotsa lefu la Kreste. Ha a ne a theha mokete ona le baapostola ba hae ba tšepahalang bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o itse: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19, 20; Matheu 26:26-30) Masala a seng makae a batlotsuoa a tla ja bohobe bo sa lomosoang, bo emelang ’mele oa nama oa Jesu o se nang sebe, a noe veine e khubelu e sa tsoakoang, e tšoantšetsang mali a hae a tšolotsoeng sehlabelong. Ke Bakreste ba tsoetsoeng ka moea feela ba lokelang ho ja hobane ke bona feela ba leng selekaneng se secha le selekaneng sa ’Muso ’me ba na le bopaki bo ke keng ba latoloa ba moea oa Molimo ba hore tšepo ea bona ke ea leholimo. Ba bang ba limilione ba tla ba teng e le bashebelli ba nang le tlhompho ba ananelang lerato le bontšitsoeng ke Molimo le Kreste ka sehlabelo sa Jesu se etsang hore ho fumana bophelo bo sa feleng ho khonehe.—Baroma 6:23.

17. Re lokela ho hopola eng mabapi le ho tlotsoa ka moea?

17 Litumelo tsa bolumeli tsa nakong e fetileng, maikutlo a matla a hlahisoang ke lefu la moratuoa, mathata a bophelo ba lefatše a hona joale, kapa boikutlo ba ho hlohonolofatsoa ke Jehova ka tsela e ikhethang li ka ’na tsa etsa hore ba bang ka phoso ba nke hore ba bilelitsoe ho ea phela leholimong. Empa kaofela ha rōna re lokela ho hopola hore Mangolo ha a re laele ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso bakeng sa ho bontša hore re leboha sehlabelo sa thekollo sa Kreste. Ho feta moo, ho tlotsoa ka moea “ho itšetlehile, eseng ka ea lakatsang leha e le ka ea mathang, empa ka Molimo,” e leng Eena ea tsoetseng Jesu e le Mora oa moea le ea tlisang bara ba bang ba 144 000 feela khanyeng.—Baroma 9:16; Esaia 64:8.

18. Ke litlhohonolofatso life tse larileng ka pele bakeng sa ba bangata ba sebeletsang Jehova kajeno?

18 Bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise ke tšepo e fanoeng ke Molimo ea batho ba bangata ba sebeletsang Jehova matsatsing ana a bofelo. (2 Timothea 3:1-5) Haufinyane, ba tla thabela paradeise ena e hlollang. Ka nako eo mahosana a tla tsamaisa litaba tsa lefatše tlas’a puso ea leholimo. (Pesaleme ea 45:16) Maemo a khotso a tla ba teng ha baahi ba lefatše ba ntse ba sebetsa tumellanong le melao ea Molimo ’me ba ithuta se eketsehileng ka litsela tsa Jehova. (Esaia 9:6, 7; Tšenolo 20:12) Ho tla ba le mosebetsi o mongata o tla etsoa oa ho haha matlo le ho busa lefatše. (Esaia 65:17-25) Hape nahana ka poelano ea malapa e thabisang ha bafu ba khutlela bophelong! (Johanne 5:28, 29) Ka mor’a teko ea ho qetela, bokhopo bohle bo tla be bo felile. (Tšenolo 20:7-10) Ka ho sa feleng ka mor’a moo, lefatše le tla tlala batho ba phethahetseng ba ‘lokolotsoeng bokhobeng ba ho bola le ba nang le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 1, leqepheng la 225-6.

b Bona Molula-Qhooa oa March 15, 1991, leqepheng la 19-22.

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Ho ‘nka metsi a bophelo ntle ho tefo’ ho bolela’ng?

◻ Ebang tšepo ea rōna ke ea leholimo kapa ea lefatšeng, re na le mabaka afe a ho leboha Molimo?

◻ Ke mokete ofe oa selemo le selemo oo kaofela ha rōna re lokelang ho ba teng ho oona?

◻ Ke’ng seo bokamoso bo se tšoaretseng batho ba Jehova ba bangata?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ba limilione ba qalile ‘ho nka metsi a bophelo ntle ho tefo.’ Na u har’a bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela