“Tloong ho ’na, . . . ’me ke Tla le Khatholla”
Liboka Tse Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle
HO TLOHA Toronto ho ea Tokyo, ho tloha Moscow ho ea Montevideo—ka makhetlo a ’maloa beke ka ’ngoe, Lipaki tsa Jehova tse limilione le metsoalle ea tsona li phallela libakeng tsa tsona tsa borapeli. Batho bana ba kopanyelletsa banna ba malapa ba sebetsang ka thata, ba khathetseng ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsing leo; basali ba khothetseng le bo-’mè ba tsamaeang le bana ba banyenyane; bacha ba mahlahahlaha ba tsoang sekolong; batho ba hōlileng ba fokolang ba tsamaeang butle ka lebaka la mahlaba; bahlolohali ba sebete le likhutsana tse sebete; hammoho le meea e tepeletseng e batlang matšeliso.
Lipaki tsena tsa Jehova li ea libokeng ka mekhoa e fapa-fapaneng—ka literene tse tsamaeang ka lebelo le leholo kapa ka litonki, ka literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše kapa ka literaka. Tse ling li lokela ho tšela linōka tse tletseng likoena, ha tse ling li lokela ho mamella ho tsamaea har’a sephethephethe se ferekanyang sa metseng e meholo. Ke hobane’ng ha batho baa bohle ba etsa boiteko bo bokaale?
Lebaka la sehlooho ke hore ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho nka karolo ho tsona ke tsela ea bohlokoa ea ho rapela Jehova Molimo. (Baheberu 13:15) Moapostola Pauluse o ile a bolela lebaka le eketsehileng ha a ngola: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, . . . empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Mona Pauluse o ne a pheta maikutlo a mopesaleme Davida, ea ileng a bina: “Ka thaba ha ba re ho ’na: ‘A re eeng ntlong ea Jehova.’”—Pesaleme ea 122:1.
Ke hobane’ng ha Bakreste ba thabela ho ba teng libokeng tsa bona? Hobane ba leng teng hase bashebelli feela. Ho e-na le hoo, liboka li ba fa monyetla oa ho tsebana. Ka ho khetheha liboka tsena li hlahisa monyetla oa ho fana, eseng feela ho amohela, le ho susumelletsana ho bontša lerato le ho etsa mesebetsi e metle. Sena se etsa hore liboka e be liketsahalo tse matlafatsang. Ho feta moo, liboka tsa Bokreste ke e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona Jesu a phethahatsang tšepiso ea hae: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28.
Sebaka se Khathollang sa Matšeliso le Kameho
Lipaki tsa Jehova li na le mabaka a utloahalang a ho nka hore liboka tsa tsona lia khatholla. Lebaka le leng ke hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka lijo tsa moea ka nako e loketseng libokeng tse joalo. (Matheu 24:45) Liboka li boetse li phetha karolo ea bohlokoa ho etseng hore bahlanka ba Jehova e be mesuoe e nang le tsebo le e chesehang ea Lentsoe la Molimo. Ho phaella moo, Holong ea ’Muso, motho a ka fumana sehlopha sa metsoalle e lerato, e bontšang kameho, le e tsotellang e itokiselitseng le e ikemiselitseng ho thusa le ho tšelisa ba bang linakong tsa matšoenyeho.—2 Bakorinthe 7:5-7.
Sena ke se ileng sa etsahalla Phillis, mohlolohali ea ileng a shoeloa ke monna ha ngoana oa hae e mong a le lilemo tse hlano e mong a le tse robeli. Ha a bolela kamoo liboka tsa Bokreste li ileng tsa mo khatholla kateng le bana ba hae, o ile a re: “E bile ho tšelisang ho ea Holong ea ’Muso hobane kamehla balumeli-’moho ba ne ba bontša lerato la bona le kameho ea bona ka ho re kopa ka matsoho, ka khopolo ea Mangolo kapa ka ho tiisa letsoho ha ba re lumelisa. E ne e le sebaka seo ke batlang ho ba ho sona kamehla.”—1 Bathesalonika 5:14.
Ha Marie a qeta ho buuoa ka lebaka la boloetse bo tebileng, ngaka ea hae e ile ea bolela hore bonyane o tla nka libeke tse tšeletseng pele a fola. Libekeng tse qalang ka mor’a ho buuoa, Marie o ne a sa khone ho ea libokeng. Ngaka ea hae e ile ea hlokomela hore ha a sa thabile joaloka pele. Ha e lemoha hore ha a sa ea libokeng, e ile ea mo khothalletsa ho etsa joalo. Marie o ile a re monna oa hae, ea seng bolumeling bo le bong le eena, a ke ke a mo lumella ho ea libokeng ka lebaka la ho ameha ka bophelo ba hae. Ka lebaka leo, ngaka e ile ea ngola taelo e khethehileng “e laelang” Marie hore a ee Holong ea ’Muso bakeng sa ho fumana khothatso le botsoalle bo hahang. Marie o phetha ka ho re: “Ka mor’a ho ba sebokeng se le seng, ke ile ka ikutloa ke le betere haholo. Ke ile ka qala ho ja, ka robala bosiu bohle, ho ne ho sa hlokahale hore ke noe lithethefatsi hangata, ’me ke ne ke boetse ke bososela!”—Liproverbia 16:24.
Lerato le teng libokeng tsa Bokreste le bonoa ke ba kantle. Seithuti se seng sa koleche se ile sa khetha hore se ngole ka Lipaki tsa Jehova ha se ngola pampiri ea sona ea sehlopha sa thuto ea merabe. Mabapi le moea o teng libokeng, se ile sa ngola pampiring ea sona: “Kamohelo e mofuthu eo ke ileng ka e fumana . . . [e ne e] khahla haholo. . . . Botsoalle ba Lipaki tsa Jehova ke tšobotsi e neng e hlaheletse haholo ’me ke nahana hore bo phetha karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa.”—1 Bakorinthe 14:25.
Lefatšeng lena le likhathatso, phutheho ea Bokreste ke sebaka se khathollang sa moea. Ke sebaka se sireletsehileng sa khotso le lerato. Ka ho ba teng libokeng, u ka latsoa bonnete ba mantsoe a mopesaleme: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—Pesaleme ea 133:1.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
HO KHOTSOFATSA TLHOKO E KHETHEHILENG
Ba sa khoneng ho utloa ba ka rua molemo joang libokeng tsa Bokreste? Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li theha liphutheho tsa puo ea matsoho. Lilemong tse fetileng tse 13, United States ho se ho thehiloe liphutheho tse 27 tsa puo ea matsoho le lihlopha tse 43 tsa puo ea matsoho. Bonyane linaheng tse ling tse 40, hona joale ho na le liphutheho tse 140 tsa puo ea matsoho. Lingoliloeng tsa Bokreste li kentsoe videong ka lipuo tse 13 tsa matsoho.
Phutheho ea Bokreste e fa litholo monyetla oa ho rorisa Jehova. Odile, eo pele e neng e le Mok’hatholike oa Fora ea neng a tepeletse maikutlo ka sekhahla ’me a nahana ho ipolaea, o leboha ka botebo thuto ea Bibele eo a e fumaneng libokeng tsa Bokreste. O re: “Ke boetse ke phela hantle ’me ke boetse ke thabile bophelong. Empa ka holim’a tsohle, ke fumane ’nete. Joale bophelo bo na le morero ho ’na.”