-
E se Eka le ka Mohla re ke ke ra Ikhula ho ea Timetsong!Molula-Qhooa—1999 | December 15
-
-
E se Eka le ka Mohla re ke ke ra Ikhula ho ea Timetsong!
“Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong.”—BAHEBERU 10:39.
1. Ke maemo afe a ileng a etsa hore moapostola Petrose a inehele tšabong?
ETLAMEHA ebe baapostola ba ile ba nyaroha ha Monghali oa bona eo ba mo ratang, Jesu, a ba bolella hore kaofela ba tla hasana ’me ba mo siee shalabeng. Ntho e joalo e ne e ka etsahala joang le hona e le ka nako ee eo a neng a hloka thuso ka ho fetisisa? Petrose o ile a tsitlella: “Esita le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa, leha ho le joalo ’na ha nka ke.” Ha e le hantle, Petrose e ne e le monna ea sebete, ea sa tšabeng letho. Empa eitse ha Jesu a ekoa ’me a tšoaroa, baapostola ba ile ba hasana—ho akarelletsa le eena Petrose. Hamorao, ha Jesu a ntse a hoqisitsoe ka lipotso ka tlung ea Moprista ea Phahameng Kaifase, Petrose o ne a ntse a lika-lika ka lebaleng, a tšohile. Ha bosiu boo bo batang bo ntse bo roalella, mohlomong Petrose o ile a tšoha hore ho ka ’na ha bolaoa Jesu hammoho le metsoalle eohle ea hae. Ha batho ba bang ba emeng moo ba hlokomela hore Petrose ke e mong oa metsoalle e haufi-ufi ea Jesu, o ile a tšoha. Ka makhetlo a mararo o ile a latola kamano ea hae le Jesu. Petrose o bile a latola le hore oa mo tseba!—Mareka 14:27-31, 66-72.
2. (a) Ke hobane’ng ha tšabo ea Petrose bosiung ba ho tšoaroa ha Jesu e sa ka ea mo etsa hore e be oa “mofuta o ikhulang”? (b) Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
2 Eo e bile nako ea bofokoli bophelong ba Petrose, nako eo ho seng pelaelo hore o ile a ikoahlaela eona ka matsatsi ’ohle a hae. Empa na ketso ea Petrose bosiung boo e ile ea mo etsa lekoala? Na e ile ea mo etsa e mong oa “mofuta” oo hamorao moapostola Pauluse a ileng a o hlalosa ha a ngola see ka oona: “Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”? (Baheberu 10:39) Boholo ba rōna mohlomong bo ka lumela hore mantsoe a Pauluse ha a sebetse ho Petrose. Hobane’ng? Hobane ho tšoha ha Petrose e bile ha nakoana, ho phonyoheloa ho honyenyane ha motho eo bophelo ba hae bo neng bo khetholloa ka sebete se tsotehang le tumelo. Ka mokhoa o tšoanang, bongata ba rōna re na le linako tse fetileng tseo re soabang ha re li hopola, linako tseo ka tsona tšabo e ileng ea re phelephanyetsa ’me ea re sitisa ho emela ’nete ka sebete kamoo re neng re ka rata kateng. (Bapisa le Baroma 7:21-23.) Re ka kholiseha hore ho phonyoheloa ho joalo ha nakoana ha ho re etse mofuta o ikhulang ho ea timetsong. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re ikemisetse hore ha re na ho ba batho ba mofuta oo le ka mohla. Hobane’ng? Hona re ka qoba ho ba batho ba joalo joang?
Se Boleloang ke ho Ikhula ho ea Timetsong
3. Moprofeta Elija le moprofeta Jonase ba ile ba inehela tšabo joang?
3 Ha Pauluse a ne a ngola ka “mofuta o ikhulang,” o ne a sa bue ka bao le hoja ba le sebete, ba neng ba ka ’na ba phonyoheloa ka nakoana. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a tseba phihlelo ea Petrose le maemo a mang a joalo. Elija, moprofeta ea sebete le ea buang taba ka ho toba, o kile a ineela tšabong eaba oa baleha ha Mofumahali Jezebele ea khopo a mo tšosa ka lefu. (1 Marena 19:1-4) Moprofeta Jonase o ile a hlaseloa ke tšabo ka mokhoa o tebileng. Jehova o ne a mo romme hore a ee motseng oa Ninive o tummeng ka pefo le bokhopo. Ka potlako Jonase o ile a palama sekepe se eang Tarshishe—e lik’hilomithara tse 3 500 ka lehlakoreng lesele ho Ninive. (Jonase 1:1-3) Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa baprofeta bana ba tšepahalang kapa moapostola Petrose eo ho neng ho ka hlalosoa ka nepo hore ke mofuta o ikhulang. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
4, 5. (a) Taba eo ho buuoang ka eona e re thusa joang ho fumana hore na Pauluse o ne a bolela’ng ka ‘timetso’ ho Baheberu 10:39? (b) Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”?
4 Hlokomela polelo e feletseng e sebelisitsoeng ke Pauluse: “Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong.” O ne a bolela’ng ka ‘timetso’? Lentsoe la Segerike leo a le sebelisitseng, ka linako tse ling le bolela timetso ea ka ho sa feleng. Tlhaloso ena e lumellana le taba eo ho buuoang ka eona. Pauluse o ne a sa tsoa lemosa: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo ’me ho na le poulelo e tukang e tla timetsa ba hanyetsang.”—Baheberu 10:26, 27.
5 Kahoo, ha Pauluse a ne a re ho balumeli-’moho le eena, “ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong,” o ne a bolela hore eena le babali ba hae ba tšepahalang ba Bakreste ba ne ba ikemiselitse hore le ka mohla ba ke ke ba furalla Jehova eaba ba khaotsa ho mo sebeletsa. Ho etsa joalo ho ne ho ka isa feela timetsong ea ka ho sa feleng. Judase Iskariota ke e mong ea ileng a ikhula ho ea timetsong e joalo, joalokaha ho ile ha etsa lira tse ling tsa ’nete tseo ka boomo li ileng tsa sebetsa khahlanong le moea oa Jehova. (Johanne 17:12; 2 Bathesalonika 2:3) Batho ba joalo ba har’a “makoala” a oelang timetsong ea ka ho sa feleng ka letšeng la tšoantšetso la mollo. (Tšenolo 21:8) Che, le ka mohla ha re rate ho ba batho ba mofuta oo!
6. Satane Diabolose o batla hore re nke tsela efe?
6 Satane Diabolose o batla hore re ikhule ho ea timetsong. Kaha ke setsebi sa “bomenemene,” oa tseba hore tsela e senyang joalo e atisa ho qala ka litsela tse nyenyane. (Baefese 6:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ha mahloriso a tobileng a sitoa ho finyella merero ea hae, o batla ho senya tumelo ea Bakreste ba ’nete ka mekhoa e potelletseng. O batla ho bona Lipaki tsa Jehova tse sebete, tse chesehang li khutsitse. A re boneng maqiti ao a ileng a a sebelisa khahlanong le Bakreste ba Baheberu bao Pauluse a ileng a ba ngolla.
Kamoo Bakreste ba Ileng ba Hatelloa Hore ba Ikhule
7. (a) Histori ea phutheho ea Jerusalema e ne e le efe? (b) Babali ba bang ba Pauluse ba ne ba e-na le maemo afe moeeng?
7 Bopaki bo bontša hore Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu hoo e ka bang ka 61 C.E. Phutheho ea Jerusalema e ne e e-na le histori e moferefere. Ka mor’a lefu la Jesu, ho ile ha tsoha mahloriso a befileng, a ileng a qobella Bakreste ba bangata ba motseng oo hore ba phasalle. Leha ho le joalo, nako ea khotso e ile ea latela, ea lumella hore palo ea Bakreste e ate. (Liketso 8:4; 9:31) Ha lilemo li ntse li feta, mahloriso le mathata a ne a ntse a e-ba teng ka linako tse itseng. Ho bonahala eka ka nako eo Pauluse a neng a ngola lengolo le eang ho Baheberu, phutheho eo e ne e boetse e thabela nako ea khotso e itseng. Leha ho le joalo, likhatello li ne li ntse li le teng. Ho ne ho fetile nako e ka etsang lilemo tse mashome a mararo esale Jesu a ile a profeta hore Jerusalema e tla timetsoa. Mohlomong ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba ikutloa hore bofelo bo liehile ho tlōla tekanyo le hore bo ka ’na ba tla ba se ba shoele. Ba bang, haholo-holo ba neng ba le bacha tumelong, ba ne ba e-so lekoe ka mahloriso a matla ’me ba ne ba sa tsebe ho hokaalo ka hore ho hlokahala mamello tlas’a teko. (Baheberu 12:4) Ho ke ke ha latoloa hore Satane o ne a batla ho sebelisa maemo a joalo. O ile a sebelisa “bomenemene” bofe?
8. Bajuda ba bangata ba ne ba ikutloa joang ka phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa?
8 Baahi ba Bajuda ba Jerusalema le Judea ba ne ba nyelisa phutheho ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Ha re talima se lengolong la Pauluse, re fumana mohlala oa litšomo tseo baeta-pele ba ikhohomosang ba bolumeli ba Bajuda le balateli ba bona ba neng ba li tobisa ho Bakreste. E ka ’na eaba ba ile ba re: ‘Re na le tempele e khōlō Jerusalema, e bileng teng ka makholo a lilemo! Re na le moprista ea phahameng ea khabane ea sebeletsang moo, hammoho le baprista ba hae ba tlaase. Mahlabelo a nyeheloa letsatsi le letsatsi. Re na le Molao, o ileng oa fetisetsoa ho Moshe ka mangeloi le o ileng oa tiisoa ka lipontšo tse tšosang Thabeng ea Sinai. Sehlopha sena se secha sa bakhelohi, Bakreste bana, se koenehileng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, ha se na le e ’ngoe ea lintho tsena!’ Na litšomo tsee li ile tsa finyella morero oa tsona? Ho hlakile hore Bakreste ba bang ba Baheberu ba ile ba tšoenngoa ke litlhaselo tsena. Lengolo la Pauluse le ile la ba thusa ka nako e nepahetseng.
Lebaka Leo ka Lona ba sa Lokelang Hore le ka Mohla ba Ikhule ho ea Timetsong
9. (a) Ke taba efe e hlahellang hohle lengolong la Baheberu? (b) Ke ka kutloisiso efe Bakreste ba sebelelitseng tempeleng e molemo ho feta e neng e le Jerusalema?
9 A re hlahlobeng mabaka a mabeli ao Pauluse a ileng a a neha bara le barali babo ba neng ba le Judea a hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong. La pele—e leng bophahamo ba tsamaiso ea borapeli ea Bokreste—le hlahella hohle ka lengolong le eang ho Baheberu. Lengolong lohle la hae, Pauluse o hōlisa taba ena. Tempele e Jerusalema e ne e le feela setšoantšo sa ntho e khōlō ea sebele, e leng tempele ea moea ea Jehova, mohaho o “sa etsoang ka matsoho.” (Baheberu 9:11) Bakreste bao ba ne ba e-na le tokelo ea ho sebeletsa tokisetsong eo ea moea ea borapeli bo hloekileng. Ba ne ba sebeletsa tlas’a selekane se molemo, selekane se secha seo e neng e le khale se tšepisitsoe, se neng se e-na le Mokena-lipakeng ea phahameng ho feta Moshe, Jesu Kreste.—Jeremia 31:31-34.
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha lesika leo Jesu a hlahetseng ho lona le sa ka la mo amoha tokelo ea ho sebeletsa e le Moprista ea Phahameng tempeleng ea moea? (b) Ke ka litsela life Jesu e neng e le Moprista ea Phahameng ho feta ea neng a sebeletsa tempeleng ea Jerusalema?
10 Bakreste bao ba ne ba boetse ba e-na le Moprista ea Phahameng ea molemo haholoanyane, Jesu Kreste. Che, o ne a sa hlaha lesikeng la Arone. Ho e-na le hoo, e ne e le Moprista ea Phahameng “ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Pesaleme ea 110:4) Melkisedeke, eo lesika la hae le neng le sa tlalehoa, e ne e le morena oa Saleme ea boholo-holo e bile e le moprista ea phahameng oa eona. Ka tsela eo, ho latela boprofeta, o ne a tšoantšetsa ka nepo Jesu eo boprista ba hae bo neng bo sa itšetleha ka lesika leha e le lefe la batho ba sa phethahalang, empa bo itšetlehile ka ntho e ’ngoe e molemo haholoanyane—kano ea Jehova Molimo ka boeena. Joaloka Melkisedeke, Jesu ha a sebeletse e le Moprista ea Phahameng feela empa o boetse o sebeletsa e le Morena, ea ke keng a shoa le ka mohla.—Baheberu 7:11-21.
11 Ho feta moo, ho fapana le moprista ea phahameng tempeleng ea Jerusalema, ho ne ho sa hlokahale hore Jesu a nyehele mahlabelo selemo le selemo. Sehlabelo sa hae e ne e le bophelo ba hae bo phethahetseng, boo a ileng a bo nyehela hang le ka ho ke keng ha phetoa. (Baheberu 7:27) Mahlabelo ao ’ohle a neng a nyeheloa tempeleng e ne e le liriti feela, litšoantšo tsa seo Jesu a se nyehetseng. Sehlabelo sa hae se phethahetseng se lokiselitse tšoarelo ea sebele bakeng sa libe tsa bohle ba nang le tumelo. Ho hong ho thabisang ke litlhaloso tsa Pauluse tse bontšang hore Moprista enoa ea Phahameng e ntse e le eena Jesu eane ea sa fetoheng eo Bakreste ba Jerusalema ba neng ba mo tsebile. O ne a ikokobelitse, a le mosa ’me a ‘utloela mefokolo ea rōna bohloko.’ (Baheberu 4:15; 13:8) Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba lebelletse ho sebeletsa e le baprista ba tlaase ba Kreste! Ba ne ba ka nahana joang ka ho ikhula ho ea “linthong tse fokolang le tse futsanehileng” tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e silafetseng?—Bagalata 4:9.
12, 13. (a) Pauluse o ile a fana ka lebaka lefe la bobeli la hore ho se ke ha ikhuloa le ka mohla? (b) Ke hobane’ng ha tlaleho ea mamello ea nakong e fetileng ea Bakreste ba Baheberu e ne e tla ba khothatsa hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong?
12 Joalokaha eka seo e ne e se bopaki bo lekaneng, Pauluse o ile a fa Baheberu lebaka la bobeli la hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong—e leng tlaleho ea bona ea mamello. O ile a ngola: “Le ’ne le tsoele pele le hopola matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling, le ileng la mamella tlhōlisano e khōlō tlas’a litlhokofatso.” Pauluse o ile a ba hopotsa hore ba ne ba ‘pepeselitsoe linyeliso le matšoenyeho joalokaha eka ke ka lebaleng la liketsahalo.’ Ba bang ba ne ba kene lichankaneng; ba bang ba ne ba qenehetse ba literonkong le ho ba tšehetsa. E, ba ne ba bonahalitse tumelo e behang mohlala le tiisetso. (Baheberu 10:32-34) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ba kōpa hore ‘ba ’ne ba tsoele pele ba hopola’ liphihlelo tse bohloko joalo? Na hoo ho ne ho sa tl’o ba nyahamisa?
13 Ho fapana le moo, ho “hopola matsatsi a pele” ho ne ho tla hopotsa Baheberu kamoo Jehova a ileng a ba matlafatsa kateng ha ba le litekong. Ka thuso ea hae, ba ne ba se ba hanyelitse litlhaselo tse ngata tsa Satane. Pauluse o ile a ngola: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) E, Jehova o ne a hopola mesebetsi eohle ea bona ea botšepehi, a e bolokile khopolong ea hae e se nang moeli. Re hopotsoa ka khothatso ea Jesu ea hore re boloke matlotlo leholimong. Ha ho lesholu le ka utsoang matlotlo ana; ha ho tšoele kapa mafome tse ka a jang. (Matheu 6:19-21) Ha e le hantle, matlotlo ana a ka senyeha feela haeba Mokreste a ikhula ho ea timetsong. Sena se ne se tla senya matlotlo leha e le afe ao a neng a a bolokile leholimong. Pauluse o file Bakreste ba Baheberu lebaka le matla hakaakang la hore le ka mohla ba se ke ba phehella tsela e joalo! Ba ne ba tla be ba senyetsa’ng lilemo tsohle tsa bona tsa tšebeletso e tšepahalang? E ne e tla ba ho nepahetseng le ho molemo haholo hore ba ’ne ba mamelle.
Lebaka la Hore le ka Mohla re se ke ra Ikhula ho ea Timetsong
14. Ke liphephetso life tseo re talimaneng le tsona tse tšoanang le tseo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba talimane le tsona?
14 Kajeno Bakreste ba ’nete ba na le mabaka a matla ka ho tšoanang a hore ba se ke ba ikhula. La pele, a re hopoleng hore na re na le lehlohonolo le lekaakang la mofuta oa borapeli bo hloekileng boo Jehova a re fileng bona. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, re phela nakong eo ka eona litho tsa malumeli a tsebahalang haholoanyane li re tšehang le ho re soma, ka boikhohomoso li supa mehaho ea tsona e khahlehang ea bolumeli le ho bolela hore lineano tsa tsona ke tsa khale. Leha ho le joalo, Jehova o re tiisetsa hore o amohela mofuta oa rōna oa borapeli. Ha e le hantle, kajeno re thabela litlhohonolofatso tseo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba se na tsona. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho ka ba joalo joang?’ Etsoe bona ba phetse ha tempele ea moea e qala ho sebetsa. Kreste o ile a fetoha Moprista ea Phahameng oa eona ha a kolobetsoa ka 29 C.E. Ba bang ba bona ba bone Mora oa Molimo ea etsang mehlolo. Esita le ka mor’a lefu la hae, ho bile le mehlolo e eketsehileng. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele, lineo tse joalo li ile tsa fela hamorao.—1 Bakorinthe 13:8.
15. Bakreste ba ’nete kajeno ba phela nakong ea ha ho phethahatsoa boprofeta bofe, ’me seo se bolela eng ho rōna?
15 Leha ho le joalo, re phela nakong ea phethahatso ea bohlokoa ea boprofeta bo pharalletseng ba tempele ba Ezekiele khaolo ea 40-48.a Kahoo, re bone ha ho tsosolosoa tsamaiso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng. Tempele eo ea moea e hloekisitsoe litšila tsa mefuta eohle ea bolumeli le tsa borapeli ba litšoantšo. (Ezekiele 43:9; Malakia 3:1-5) Nahana ka melemo eo re e fumantšitsoeng ke tlhoekiso ena.
16. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba talimane le tšekamelo efe e nyahamisang?
16 Lekholong la pele la lilemo, bokamoso bo ne bo bonahala bo le lerootho bakeng sa phutheho e hlophisitsoeng ea Bokreste. Jesu o ne a boletse esale pele hore ho ne ho tla tšoana le ha tšimo ea koro e jetsoeng bocha e ne e jalelletsoe ka mofoka, e le hore koro e se ke ea khetholleha hantle ho mofoka. (Matheu 13:24-30) ’Me ho bile joalo. Qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ha moapostola Johanne ea tsofetseng a ne a sebetsa e le thibelo ea ho qetela khahlanong le ho silafala, bokoenehi bo ne bo se bo ntse bo atleha. (2 Bathesalonika 2:6; 1 Johanne 2:18) Nakoana ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha hlaha sehlopha se ikarotseng sa baruti, se hatellang mohlape le se aparang liaparo tse khethehileng. Bokoenehi bo ile ba nama joaloka hlaha. E ne e le ho nyahamisang hakaakang ho Bakreste ba tšepahalang! Ba ile ba bona ha tokisetso e sa tsoa hlomamisoa ea borapeli bo hloekileng e pupetsoa ke mofuta o silafetseng. Sena se etsahetse ka nako e ka tlaase ho lilemo tse lekholo ka mor’a hore Kreste a thehe phutheho ena.
17. Ke ka kutloisiso efe phutheho ea kajeno ea Bokreste e tšoarelletseng ho feta ea habo eona ea lekholong la pele la lilemo?
17 Joale, hlahloba phapang. Kajeno, borapeli bo hloekileng bo se bo bile teng ka nako e telele ho feta nakong ea ho fihlela lefung la baapostola. Ho tloha ha ho phatlalatsoa khatiso ea pele ea makasine ena khale koana ka 1879, Jehova o re hlohonolofalitse ka borapeli bo ntseng bo hloeka ho ea pele. Jehova le Kreste Jesu ba kene tempeleng ea moea ka 1918 ka morero oa ho e hloekisa. (Malakia 3:1-5) Ho tloha ka 1919, tokisetso ea ho rapela Jehova Molimo e ’nile ea ntlafatsoa hanyane ka hanyane. Kutloisiso ea rōna ea boprofeta ba Bibele le melao-motheo ea eona e hlakile haholoanyane. (Liproverbia 4:18) Tlotla e ea ho mang? Ha e ee ho batho feela tjee ba sa phethahalang. Ke Jehova feela, ka Mora oa hae e le Hlooho ea phutheho, ea ka sireletsang batho ba Hae hore ba se ke ba silafala mehleng ena e silafetseng. Joale, le ka mohla a re se keng ra hlōleha ho leboha Jehova hore ebe kajeno o re lumelletse ho ba le karolo borapeling bo hloekileng. Hape re ke re ikemisetse hore le ka mohla re ke ke ra ikhula ho ea timetsong!
18. Re na le lebaka lefe la hore le ka mohla re se ke ra ikhula ho ea timetsong?
18 Joaloka Bakreste bao ba Baheberu, re na le lebaka la bobeli la ho hana tsela ea bokoala ea ho ikhula, ’me lona ke tlaleho ea rōna ea mamello. Ebang re sa tsoa qala ho sebeletsa Jehova lilemong tsa morao tjena kapa esale re etsa joalo ka botšepehi ka mashome a lilemo, re hahile tlaleho ea mesebetsi ea Bokreste. Ba bangata ba rōna re bile mahlorisong, ebang ke ka ho kenngoa chankaneng, ho thibeloa, ho tšoaroa ka sehlōhō kapa ho lahleheloa ke thepa. Ba bang ba bangata ba tobane le khanyetso ea lelapa, litšomo, ho tšehoa le boiphapanyo. Bohle re mameletse, re ntse re tsoela pele tšebeletsong ea rōna eo re e etsetsang Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe liphephetso le liteko tsa bophelo. Ka ho etsa joalo, re iketselitse tlaleho ea ho tiisetsa eo Jehova a ke keng a e lebala, e leng polokelo ea matlotlo leholimong. Joale, ke ’nete hore ena hase nako ea ho ikhula ho ea tsamaisong ea khale e silafetseng eo re ileng ra e furalla! Re tla be re senyetsa’ng mosebetsi ’ohle oa rōna o boima? Sena ke ’nete haholo kajeno, ha “nakoana e seng kae” e setse pele bofelo bo tla.—Baheberu 10:37.
19. Sehloohong sa rōna se latelang ho tla tšohloa eng?
19 Ka sebele, a re ikemisetseng hore “ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”! Ho e-na le hoo, a re beng “mofuta o nang le tumelo.” (Baheberu 10:39) Re ka tiisa joang hore re tšoanela tlhaloso eo, hona re ka thusa Bakreste-’moho le rōna joang hore ba etse se tšoanang? Sehloohong sa rōna se latelang ho tla tšohloa taba ena.
-
-
A re Beng Mofuta o Nang le TumeloMolula-Qhooa—1999 | December 15
-
-
A re Beng Mofuta o Nang le Tumelo
“Re mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.”—BAHEBERU 10:39.
1. Ke hobane’ng ha ho ka thoe tumelo ea mohlanka e mong le e mong ea tšepahalang oa Jehova ke ea bohlokoa?
KA LEKHETLO le latelang ha u le ka Holong ea ’Muso e tletseng barapeli ba Jehova, u ke u iphe nakoana ea ho thalatsa mahlo ho bona ba u potolohileng. Nahana ka litsela tse ngata tseo ba bontšang tumelo ka tsona. U ka ’na ua bona ba seng ba hōlile ba sebelelitseng Molimo ka mashome a lilemo, bacha ba hanelang khatello ea lithaka letsatsi le leng le le leng le batsoali ba sebetsang ka thata hore ba hōlise bana ba tšabang Molimo. Ho na le baholo ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang, ba jereng boikarabelo bo bongata. E, u ka ’na ua bona bara le barali beno ba moea ba lilemo tsohle ba hlōlang litšitiso tsa mefuta eohle e le hore ba sebeletse Jehova. Tumelo ea e mong le e mong oa bona ke ea bohlokoa hakaakang!—1 Petrose 1:7.
2. Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse e ho Baheberu khaolo ea 10 le ea 11 e le molemo ho rōna kajeno?
2 Ke batho ba ’maloa ba sa phethahalang, haeba ba le teng, ba utloisisitseng bohlokoa ba tumelo hamolemo ho feta kamoo moapostola Pauluse a ileng a bo utloisisa kateng. Ha e le hantle, o ile a hlokomela hore tumelo ea ’nete e isa ‘ho bolokoeng ha soule.’ (Baheberu 10:39) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a tseba hore tumelo e ka hlaseloa le ho senyeha lefatšeng lena le se nang tumelo. O ne a amehile haholo ka Bakreste ba Baheberu ba Jerusalema le Judea ba neng ba loanela ho boloka tumelo ea bona. Ha re sheba likarolo tsa Baheberu khaolo ea 10 le ea 11, a re hlokomeleng mekhoa eo Pauluse a ileng a e sebelisa ho haha tumelo ea bona. Ha re ntse re etsa joalo, re tla bona kamoo re ka hahang tumelo e matla haholoanyane ka ho rōna le ka ho ba re potolohileng.
Bontšang Hore Lea Tšepana
3. Mantsoe a Pauluse a ho Baheberu 10:39 a bontša joang hore Pauluse o ne a tšepa bara le barali babo tumelong?
3 Ntho ea pele eo re ka e hlokomelang ke boikutlo bo botle boo Pauluse a nang le bona ka bamameli ba hae. O ngotse: “Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.” (Baheberu 10:39) Pauluse o ne a nahana se molemohali, eseng se sebe, ka Bakreste-’moho le eena ba tšepahalang. Hape, hlokomela hore o sebelisitse lentsoe lena la bohlokoa “re.” Pauluse e ne e le motho ea lokileng. Leha ho le joalo, ha aa ka a bua ka mokhoa o khesang bamameli ba hae joalokaha eka o ne a le boemong bo ba phahametseng haholo ba ho loka. (Bapisa le Moeklesia 7:16.) Ho e-na le hoo, o ile a ikakarelletsa ho bona. O boletse ka kholiseho e tlohang pelong hore eena le babali ba hae ba Bakreste ba tšepahalang ba ne ba tla tobana le litšitiso tse nyahamisang tseo ho neng ho bonahala hore lia ba tlela, hore ka sebete ba ne ba tla hana ho ikhula ho ea timetsong, le hore ba ne ba tla bontša hore ke mofuta o nang le tumelo.
4. Pauluse o ne a tšepa balumeli-’moho le eena ka mabaka afe?
4 Pauluse o ne a ka kholiseha joalo joang? Na o ne a iphoufaletsa liphoso tsa Bakreste ba Baheberu? Ho fapana le hoo, o ile a ba fa keletso e tobileng hore a ba thuse ho hlōla mefokolo ea bona ea moea. (Baheberu 3:12; 5:12-14; 6:4-6; 10:26, 27; 12:5) Leha ho le joalo, bonyane Pauluse o ne a e-na le mabaka a mabeli a utloahalang a ho tšepa barab’abo. (1) E le moetsisi oa Jehova, Pauluse o ne a leka ho bona batho ba Molimo ka tsela eo Jehova a ba bonang ka eona. E ne e se feela ho bona liphoso tsa bona empa e ne e le ho bona moo ba etsang hantle teng le ho bona menyetla eo ba nang le eona ea ho khetha ho etsa botle kamoso. (Pesaleme ea 130:3; Baefese 5:1) (2) Pauluse o ne a e-na le tumelo e feletseng matleng a moea o halalelang. O ne a tseba hore ha ho litšitiso le mefokolo ea botho, tse ka thibelang Jehova hore a fane ka “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng” ho Mokreste leha e le ofe ea lekang ho Mo sebeletsa ka botšepehi. (2 Bakorinthe 4:7; Bafilippi 4:13) Ka lebaka leo, ho tšepa ha Pauluse bara le barali babo e ne e se ho fosahetseng, ho sa utloahaleng kapa hona ho tšepa lelea. Ho ne ho e-na le motheo o tiileng ebile e le oa Mangolo.
5. Re ka etsisa ho tšepa ba bang hoo Pauluse a neng a e-na le hona joang, hona e le ka phello efe e ka ’nang ea hlaha?
5 Ka sebele, ho tšepa ba bang hoo Pauluse a neng a ho bontša ho ile ha fetela ho ba bang. E tlameha ebe e ile ea e-ba ho hoholo haholo ho liphutheho tsa Jerusalema le Judea hore Pauluse a bue le tsona ka tsela e khothatsang hakaalo. Har’a linyeliso tse tlotlollang joalo le boiphapanyo bo bontšang boikhohomoso tsa bahanyetsi ba bona ba Bajuda, Bakreste ba Baheberu ba ile ba thusoa ke lipolelo tse joalo hore ba ikemisetse lipelong tsa bona hore e tla ba mofuta o nang le tumelo. Na re ka etsetsana se tšoanang kajeno? Ho bonolo haholo ho bona batho ba bang ba e-na le letoto feela la mefokolo le bohole bo itseng. (Matheu 7:1-5) Leha ho le joalo, re ka thusana haholoanyane haeba re hlokomela le ho hlompha tumelo e khethehileng eo e mong le e mong a nang le eona. Ka khothatso e joalo, ho ka etsahala hore tumelo e hōle haholoanyane.—Baroma 1:11, 12.
Tšebeliso e Tšoanelang ea Lentsoe la Molimo
6. Pauluse o ne a qotsa mohloling ofe ha a ngola mantsoe a tlalehiloeng ho Baheberu 10:38?
6 Pauluse o ile a boela a haha tumelo ka ho balumeli-’moho le eena ka tšebeliso ea hae e bohlale ea Mangolo. Ka mohlala, o ngotse sena: “‘Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,’ ’me, ‘haeba a ikhula, soule ea ka ha e khahloe ke eena.’” (Baheberu 10:38) Mona Pauluse o ne a qotsa moprofeta Habakuke.a Ho ka etsahala hore ebe mantsoe ana a ne a tsejoa ke babali ba Pauluse, Bakreste ba Baheberu ba neng ba tseba libuka tsa boprofeta hantle. Ha ho nahanoa ka pakane ea hae ea ho matlafatsa tumelo ea Bakreste ba Jerusalema le mathōkong a eona hoo e ka bang ka 61 C.E., mohlala oa Habakuke e ne e le o tšoanelehang hantle. Ka lebaka lefe?
7. Habakuke o tlalehile boprofeta ba hae neng, ’me maemo e ne e le afe Juda ka nako eo?
7 Ho totobetse hore Habakuke o ngotse buka ea hae hoo e ka bang nakong e fetang lilemo tse mashome a mabeli pele ho timetsoa Jerusalema ka 607 B.C.E. Ponong, moprofeta enoa o ile a bona Bakalde (kapa, Bababylona), “sechaba se sehlōhō le se bohale,” ba hlasela Juda ’me ba timetsa Jerusalema, tseleng ea bona teng ba ripitla merabe le lichaba. (Habakuke 1:5-11, NW) Empa tlokotsi e joalo e ne e boletsoe esale pele ho tloha mehleng ea Esaia, hoo e ka bang lekholo la lilemo pele ho moo. Mehleng ea Habakuke, Jojakime o ile a hlahlama Morena Josiase ea lokileng, ’me bokhopo ba boela ba ata Juda. Jojakime o ile a hlorisa esita le hona ho bolaea ba buang ka lebitso la Jehova. (2 Likronike 36:5; Jeremia 22:17; 26:20-24) Ha ho makatse hore moprofeta Habakuke ea tsielehileng o ile a hooa, a re: ‘Ho le hokae, Jehova?’—Habakuke 1:2.
8. Ke hobane’ng ha mohlala oa Habakuke o ne o ka ba molemo ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ho ba kajeno?
8 Habakuke o ne a sa tsebe hore na timetso ea Jerusalema e haufi hakae. Ka mokhoa o tšoanang, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa tsebe hore na tsamaiso ea lintho ea Sejuda e ne e tla fela neng. Leha e le hore rōna kajeno re tseba “letsatsi leo le hora eo” ka eona kahlolo ea Jehova e tla tlela tsamaiso ena e khopo. (Matheu 24:36) Kahoo, a re hlokomeleng karabo e nang le likarolo tse peli ea Jehova e eang ho Habakuke. Ea pele, o tiiselitse moprofeta enoa hore bofelo bo ne bo tla tla hantle ka nako. Le haeba ponong ea motho bo ka bonahala bo lieha, Molimo eena o itse: ‘Bo ke ke ba lieha.’ (Habakuke 2:3) Ea bobeli, Jehova o ile a hopotsa Habakuke hore “ea lokileng o tla phela ke tumelo ea hae.” (Habakuke 2:4) Ke linnete tse thabisang le tse bonolo hakaakang! Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa hase hore na bofelo bo tla neng, empa ke hore na re tsoela pele re phela bophelo ba tumelo.
9. Bahlanka ba mamelang ba Jehova ba ’nile ba phela ka lebaka la botšepehi ba bona joang (a) ka 607 B.C.E.? (b) ka 66 C.E.? (c) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re matlafatse tumelo ea rōna?
9 Ha Jerusalema e lahloa ka 607 B.C.E., Jeremia, mongoli oa hae Baruke, Ebede-Meleke le Barekabe ba tšepahalang ba ile ba bona ’nete ea tšepiso ea Jehova ho Habakuke. Ba ‘’nile ba phela’ ka lebaka la hobane ba ile ba pholoha timetso e sehlōhō ea Jerusalema. Ka lebaka lefe? Jehova o ile a putsa botšepehi ba bona. (Jeremia 35:1-19; 39:15-18; 43:4-7; 45:1-5) Ka mokhoa o tšoanang, Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo ba tlameha ba be ba ile ba arabela hantle keletsong ea Pauluse, hobane ha mabotho a Roma a hlasela Jerusalema ka 66 C.E., ’me ka mor’a moo a ikhula ka lebaka le sa tsejoeng, ka botšepehi Bakreste bao ba ile ba ela hloko temoso ea Jesu ea hore ba balehe. (Luka 21:20, 21) Ba ’nile ba phela ka lebaka la botšepehi ba bona. Ka mokhoa o tšoanang, re tla ’ne re phele haeba re fumanoa re tšepahala ha bofelo bo fihla. Ke lebaka la bohlokoa hakaakang la ho matlafatsa tumelo ea rōna hona joale!
Ho Phelisa Mehlala ea Tumelo
10. Pauluse o hlalositse tumelo ea Moshe joang, ’me re ka etsisa Moshe joang ntlheng ee?
10 Pauluse o boetse a haha tumelo ka ho sebelisa mehlala ka matla a maholo. Ha u bala Baheberu khaolo ea 11, hlokomela kamoo a phelisang mehlala ea batho ba ka Bibeleng kateng. Ka mohlala, o bolela hore Moshe “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Ka mantsoe a mang, Jehova e ne e le oa sebele ho Moshe hoo e neng eka o bona Molimo ea sa bonoeng. Na ho ka boleloa joalo le ka rōna? Ho bonolo ho bua ka kamano le Jehova, empa ke mosebetsi ho haha le ho matlafatsa kamano eo. Ke mosebetsi oo ho hlokahalang hore re o etse! Na ho rōna Jehova ke oa sebele hoo re nahanang ka eena ha re etsa liqeto, ho akarelletsa le tseo ho bonahalang li le nyenyane? Tumelo ea mofuta o joalo e tla re thusa ho mamella esita le eona khanyetso e matla ka ho fetisisa.
11, 12. (a) E ka ’na eaba tumelo ea Enoke e ile ea lekoa tlas’a maemo afe? (b) Enoke o ile a fumana moputso ofe o khothatsang?
11 Hape, ak’u nahane ka tumelo ea Enoke. Ho thata hore re nahane ka khanyetso eo a neng a talimane le eona. Enoke o ne a tlameha ho bolela molaetsa o hlabang habohloko oa ho ahloloa ha batho ba khopo ba neng ba phela ka nako eo. (Jude 14, 15) Ho hlakile hore mahloriso a neng a sokela monna enoa ea tšepahalang a ne a le bohale, a le mabifi hoo Jehova a ileng a ‘mo fallisa,’ a mo tlosa boemong ba ho phela a mo isa borokong ba lefu pele lira tsa hae li ka mo tšoara. Kahoo, Enoke ha aa ka a bona phethahatso ea boprofeta boo a neng a bua ka bona. Leha ho le joalo, o ile a fumana mpho eo, ka tsela e itseng e neng e bile e le molemonyana.—Baheberu 11:5; Genese 5:22-24.
12 Pauluse oa hlalosa: “Pele [Enoke] a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo.” (Baheberu 11:5) See se ne se bolela’ng? E ka ’na eaba pele Enoke a e-ea borokong ba lefu, o ile a ba le pono ea mofuta o mong o itseng, mohlomong ea Paradeise ea lefatšeng eo a tla tsohela ho eona ka letsatsi le leng le haufi. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Jehova o ile a tsebisa Enoke hore O khahliloe haholo ke tsela ea hae ea botšepehi. Enoke o ne a thabisitse pelo ea Jehova. (Bapisa le Liproverbia 27:11.) Ho nahana ka bophelo ba Enoke ho ama maikutlo, na ha ho joalo? Na u ka rata ho phela bophelo bo joalo ba tumelo? Joale, nahana ka mehlala e joalo; e bone e le batho ba sebele. Ikemisetse ho phela ka tumelo, letsatsi le leng le le leng. Hape, u hopole hore mofuta o nang le tumelo ha o sebeletse Jehova ka lebaka la letsatsi le itseng kapa pakane ea hore na Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae neng. Ho e-na le hoo, re ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng! Ho etsa joalo ho bolela tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo tsamaisong ena ea lintho le ho e tlang.
Tsela ea ho Matlafala Haholoanyane Tumelong
13, 14. (a) Mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Baheberu 10:24, 25 a ka ’na a re thusa joang hore liboka tsa rōna e be mekete ea thabo? (b) Lebaka la bohlokoa la liboka tsa Bokreste ke lefe?
13 Pauluse o ile a bontša Bakreste ba Baheberu litsela tse ’maloa tse sebetsang tseo ba neng ba ka matlafatsa tumelo ea bona ka tsona. A re hlahlobeng tse peli feela. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe re tseba khothatso ea hae e ho Baheberu 10:24, 25, e re phehellang hore re bokane kamehla libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Leha ho le joalo, u hopole hore mono mantsoe a bululetsoeng a Pauluse ha a fane ka maikutlo a hore re lokela ho ba bashebelli feela ba sa nkeng karolo libokeng tse joalo. Ho e-na le hoo, Pauluse o hlalosa hore liboka li fana ka menyetla ea ho tsebana, ea ho susumelletsana ho sebeletsa Molimo ka botlalo le ho khothatsana. Re ba moo molemong oa ho fana, eseng feela oa ho amohela. Seo se thusa hore liboka tsa rōna e be mekete ea thabo.—Liketso 20:35.
14 Leha ho le joalo, lebaka la bohlokoa leo ka lona re bang teng libokeng tsa Bokreste ke ho ea rapela Jehova Molimo. Re etsa joalo ka ho kopanela thapelong le pineng, ka ho mamela ka hloko le ka ho nyehela “litholoana tsa melomo”—e leng lipolelo tsa thoriso e eang ho Jehova tse etsoang ka litlhaloso le lipuo tsa rōna libokeng. (Baheberu 13:15) Haeba re hopola lipakane tseo ’me re li sebelisa sebokeng se seng le se seng, ha ho pelaelo hore tumelo ea rōna e tla hahuoa ka lekhetlo le leng le le leng.
15. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a phehella Bakreste ba Baheberu hore ba tšoarelle ka thata tšebeletsong ea bona, ’me ke hobane’ng ha keletso eo e le e loketseng kajeno?
15 Tsela e ’ngoe ea ho haha tumelo ke ka mosebetsi oa boboleli. Pauluse o ile a ngola sena: “A re tšoareng ka tieo polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna re sa thekesele, kaha oa tšepahala ea tšepisitseng.” (Baheberu 10:23) U ka ’na ua phehella ba bang hore ba tšoarelle nthong e itseng ha ho bonahala ba le kotsing ea ho tlohela. Ha ho pelaelo hore Satane o ne a hatelletse Bakreste bao ba Baheberu hore ba tlohele tšebeletso ea bona, ’me le hona kajeno o ntse a hatella batho ba Molimo. Re lokela ho etsa’ng tlas’a khatello e joalo? Nahana seo Pauluse a ileng a se etsa.
16, 17. (a) Pauluse o ile a fumana sebete joang bakeng sa tšebeletso? (b) Ke mehato efe eo re lokelang ho e nka haeba re iphumana re tšaba likarolo tse itseng tsa tšebeletso ea Bokreste?
16 Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika: ‘Ka mor’a hore pele re utloe bohloko le ho nyelisoa (feela joalokaha le tseba) Filippi, re ile ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.’ (1 Bathesalonika 2:2) Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba ‘nyelisitsoe’ joang Filippi? Ho latela litsebi tse ling, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng ke Pauluse le hlalosa tšoaro e tlotlollang, e lihlong kapa e mabifi. Ba boholong Filippi ba ne ba ba shapile ka lithupa, ba ba kenya chankaneng le ho ba tlama ka metšoaso. (Liketso 16:16-24) Phihlelo eo e bohloko e ile ea ama Pauluse joang? Na ba leng Thesalonika, e leng motse o latelang leetong la hae la boromuoa, ba fumane Pauluse a ikhula ke tšabo? Che, o ‘ile a iteta sebete.’ O ile a hlōla tšabo ’me a tsoela pele ho bolela ka sebete.
17 Sebete sa Pauluse se ne se tsoa hokae? Ho eena ka boeena? Che, o itse o itetile sebete “ka Molimo oa rōna.” Buka e ’ngoe ea litšupiso ea bafetoleli ba Bibele e re polelo ena e ka ’na ea fetoleloa ka ho re: “Molimo o ile a ntša tšabo lipelong tsa rōna.” Kahoo, haeba u ikutloa u se sebete ka ho lekaneng tšebeletsong, kapa haeba u utloa u tšaba karolo e itseng ea eona, ke hobane’ng ha u sa ipiletse ho Jehova hore a u etsetse ntho e tšoanang? Mo kōpe hore a ntše tšabo pelong ea hao. Mo kōpe hore a u thuse ho iteta sebete bakeng sa mosebetsi ona. Ho phaella moo, nka mehato e meng e sebetsang. Ka mohlala, lokisetsa ho sebetsa le e mong ea nang le bokhoni bopaking ba mofuta o u thatafallang. Bo ka ’na ba ama tšimo ea khoebo, bopaki ba seterateng, bopaki bo sa reroang kapa bopaki ba thelefono. Mohlomong eo u sebetsang le eena a ka ’na a etella pele qalong. Haeba ho le joalo, shebella ’me u ithute. Empa joale itete sebete hore u iteke.
18. Re ka ’na ra ba le litlhohonolofatso life haeba re iteta sebete tšebeletsong ea rōna?
18 Haeba u hlile u iteta sebete, nahana hore na ho ka ’na ha etsahala eng. Ha u phehella ’me u sa itlohelle hore u nyahame, ho ka etsahala hore u be le liphihlelo tse molemo ha u buisana le ba bang ka ’nete, e leng liphihlelo tseo mohlomong u neng u sa tl’o ba le tsona haeba u ne u sa ho etsa. (Bona leqephe la 25.) U tla khotsofatsoa ke ho tseba hore u khahlisitse Jehova ka ho etsa ntho e ’ngoe e u thatafallang. O tla u hlohonolofatsa le ho u thusa hore u hlōle lintho tseo u li tšabang. Tumelo ea hao e tla ba matla haholoanyane. Ka sebele, ho ke ke ha etsahala hore ka nako eo u hahang tumelo ea ba bang, ebe ha u hahe ea hao.—Jude 20, 21.
19. “Mofuta o nang le tumelo” o letetsoe ke moputso ofe oa bohlokoa?
19 E se eka u ka tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea hao le tumelo ea ba u potolohileng. U ka etsa joalo ka ho ikaha le ho aha ba bang ka tšebeliso e ntle ea Lentsoe la Molimo, ka ho ithuta mehlala ea tumelo e ka Bibeleng le ka ho e phelisa, ka ho lokisetsa le ho ba le karolo libokeng tsa Bokreste le ka ho tšoarella tokelong ea bohlokoa ea tšebeletso ea phatlalatsa. Ha u ntse u etsa lintho tsena, kholiseha hore ka sebele, u e mong oa bao e leng “mofuta o nang le tumelo.” Hape, u hopole hore ba mofuta ona ba na le moputso oa bohlokoa. Ke ba “mofuta o nang le tumelo hore soule e bolokoe e phela.”b E se eka tumelo ea hao e ka tsoela pele ho hōla, ’me e se eka Jehova Molimo a ka u boloka u phela ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pauluse o ile a qotsa phetolelo ea Septuagint ea Habakuke 2:4, e akarelletsang polelo e reng, “haeba a ikhula, soule ea ka ha e khahloe ke eena.” Polelo ena ha ho moo e hlahang teng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tsa hona joale. Ba bang ba fane ka maikutlo a hore Septuagint e ne e thehiloe libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tsa pejana tse seng li se teng hona joale. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Pauluse o e akarellelitse mona ka tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo. Ka lebaka leno e lumelletsoe ke Molimo.
b Temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa selemo sa 2000 e tla ba: “Ha re mofuta o ikhulang . . . empa re mofuta o nang le tumelo.”—Baheberu 10:39.
-