Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matlafatsa Tumelo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2016 | October
    • 2 Batho ba lefatšeng la Satane le bona ba na le tšepo, le hoja ba sa kholiseha hore seo ba se tšepileng se tla fela se etsahale. Ka mohlala, batho ba bangata ba bapalang lotto ba na le tšepo ea hore ba tla hapa, empa ha baa kholiseha ka seo. Ha ka lehlakoreng le leng, tumelo ea sebele eona e le “tebello e tiisitsoeng” ea lintho tseo re nang le tšepo ea hore li tla etsahala. (Baheb. 11:1) Empa u ka ’na ua ipotsa hore na u ka etsa’ng e le hore tumelo ea hao e tiee le ho feta? Hona melemo ea ho ba le tumelo e matla ke efe?

      3. Tumelo ea Bokreste e thehiloe ’neteng efe?

      3 Batho ba sa phethahalang ha ba tsoaloe ba e-na le tumelo; ebile ha ho iketsahalle feela hore ba be le eona. E le hore motho a be le tumelo, o lokela ho lumella moea oa Molimo hore o mo susumetse. (Bagal. 5:22) Bibele ha e re Jehova o na le tumelo kapa hore ho hlokahala hore a be le eona. Kaha Jehova o matla ’ohle ebile o bohlale ka ho fetisisa, ha ho letho le ka mo sitisang ho phetha seo a se rerileng. Ntate oa rōna ea leholimong o kholisehile hore litlhohonolofatso tseo a li tšepisitseng batho li tla fela li phethahale. Ke kahoo a reng: “Li etsahetse!” (Bala Tšenolo 21:3-6.) Tumelo ea Bokreste e thehiloe ’neteng ea hore Jehova ke “Molimo ea tšepahalang,” ea phethang seo a se tšepisitseng.—Deut. 7:9.

      ITHUTE MEHLALENG EA BATHO BA BOHOLO-HOLO BA NANG LE TUMELO

      4. Banna le basali ba tumelo ba boholo-holo ba ne ba e-na le tšepo efe?

      4 Ho Baheberu khaolo ea 11 ho thathamisitsoe mabitso a banna le basali ba 16 ba tumelo. Mongoli ea bululetsoeng oa buka eo o bua ka bona le ka ba bang ba bangata ‘ba ileng ba pakoa ka tumelo ea bona.’ (Baheb. 11:39) Kaofela ha bona ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng” ea hore Molimo o tla tsosa “peō” e tšepisitsoeng e le hore e tle e felise borabele ba Satane le ho phethahatsa morero oa Jehova oa qalong. (Gen. 3:15) Banna le basali bao ba tumelo ba ile ba shoa pele “peō” e tšepisitsoeng, e leng Jesu Kreste a bulela batho tsela e eang leholimong. (Bagal. 3:16) Empa kaha ha ho mohla litšepiso tsa Jehova li sa phethahaleng, o tla ba tsosa hore ba tl’o phela lefatšeng la paradeise e se e le batho ba phethahetseng.—Pes. 37:11; Esa. 26:19; Hos. 13:14.

  • Matlafatsa Tumelo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2016 | October
    • 7. Jehova o re etselitse litokisetso life ho re thusa hore re lule re le matla tumelong, hona re lokela ho etsa’ng?

      7 Jehova o re file Lentsoe la hae, e leng Bibele, ho re thusa hore re lule re le matla tumelong. E le hore re ‘thabe’ re be re ‘atlehe,’ re lokela ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi haeba ho khoneha. (Pes. 1:1-3; bala Liketso 17:11.) Feela joaloka bahlanka ba Jehova ba boholo-holo, re lokela ho lula re thuisa ka litšepiso tsa Molimo ’me re mamele litaelo tsa hae. Jehova o boetse o re hlohonolofalitse ka nala ea lijo tsa moea tseo a re fang tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Kahoo, haeba re ananela litokisetso tseo Jehova a re etselitseng tsona, re tla tšoana le banna le basali ba boholo-holo ba neng ba e-na le “tebello e tiisitsoeng” ea hore ’Muso oa Molimo o tla busa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela