-
‘O Ile a Khahlisa Molimo’Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
“O ILE A FALLISOA E LE HORE A SE KE A BONA LEFU”
Enoke o ile a fella kae? O ile a shoa ka tsela ea mohlolo, le e monate ho feta liketsahalo tsohle bophelong ba hae. Lengolo la Genese le re: ‘Enoke o ile a tsamaea le Molimo oa ’nete. Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.’ (Genese 5:24) Molimo o ile a nka Enoke joang? Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo o ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” (Baheberu 11:5) Pauluse o ne a bolela’ng ha a re Enoke “o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu”? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba re Molimo o ile a nkela Enoke leholimong. Empa sena ha se ’nete. Bibele e re Jesu ke eena motho oa pele ea ileng a shoa ’me a tsosetsoa ho ea phela leholimong.—Johanne 3:13.
Joale ke joang Enoke a ileng a “fallisoa” e le hore a se ke a “bona lefu”? Ho ka etsahala hore Jehova o ile a fallisa Enoke ka tsela e monate ’me a mo tlosa bophelong le ho mo robatsa lefung ka tsela e neng e sa mo utloise bohloko. Empa pele ho moo, Enoke o ile a bontšoa “bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo.” Ka tsela efe? Nakoana pele a robala borokong ba hae ba ho qetela, Enoke o ile a bontšoa pono e thabisang e tsoang ho Molimo, mohlomong a bontšoa lefatše le lecha la paradeise. Ka mor’a ho bona pono eo e hlakileng e neng e bontša hore Jehova o mo amohetse, Enoke o ile a robala lefung. Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka banna le basali bohle ba ileng ba bontša tumelo ho Jehova o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa.” (Baheberu 11:13) Ho ka etsahala hore nakoana ka mor’a moo lira tsa Enoke li ile tsa sala li batlana le setopo sa hae, empa “ha aa ka a fumanoa,” kaha Jehova o ile a pata setopo sa hae e le hore batho ba se ke ba se sebelisa hampe kapa ho se rapela.b
Ha u ntse u nahana ka liketsahalo tseo tse tlalehiloeng ka Mangolong, leka ho iketsetsa setšoantšo sa kamoo e ka ’nang eaba bophelo ba Enoke bo feletse kateng. Nahana ka ketsahalo ena joalokaha eka ehlile e etsahetse e le joalo. Enoke o ne a sa ipatle ke mokhathala ha a ntse a baleha. Lira tsa hae li ne li mo behile merebele, li tuka ke bohale ka lebaka la molaetsa oo a neng a sa tsoa li bolella oona oa kahlolo. Enoke o ile a fumana sebaka sa ho khefutsa ho se hokae, leha ho le joalo o ne a ke ke a khona ho ipata moo halelele. Lefu le ne le mo tjametse. Ha a ntse a ipatile moo, o ile a rapela Molimo. Ka mor’a moo, Enoke o ile a utloa eka ho na le ntho e tlohileng mahetleng a hae, ha re kokololo! O ile a bona pono e hlollang, e hlakileng joalokaha eka o ne a hlile a le moo.
Batho ba khopo ba ne ba le haufi le ho bolaea Enoke ka sehloho, eaba Jehova oa mo nka
Inahanele a bona pono ea lefatše le hlollang ka botle, le nang le khotso le bile le fapane hole le leo a phetseng ho lona. Lefatše leo Enoke a ileng a le bontšoa le ne le le letle joaloka serapa sa Edene, empa lona le ne le sa sireletsoa ka thata ke mangeloi. Ho ne ho e-na le banna le basali ba phetseng hantle le ba mahlahahlaha lefatšeng leo. Ho ne ho rena khotso. Batho ba phelang moo ba ne ba ratana ’me kaofela ba lumela ho Molimo a le mong. Enoke o ne a kholisehile hore Jehova o ne a mo rata. O ne a kholisehile hore le eena oa tšoaneleha ho ba sebakeng seo se setle. Ha a sa ntse a ile le toro ena e thabisang, o ile a utloa khotso e mo aparela, ’me ha aa ka a hlola a tsoha borokong bona ba hae bo monate, o ile a roballa ruri.
Enoke o sa ntse a robetse lefung ho fihlela lena le holimo ’me Jehova ha a e-s’o mo lebale! Jesu o ile a re ka letsatsi le leng batho bohle ba mohopolong oa Molimo ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe mabitleng moo ba robetseng teng, ebe ba phela lefatšeng le lecha le nang le khotso.—Johanne 5:28, 29.
-
-
‘O Ile a Khahlisa Molimo’Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2017 | No. 1
-
-
b Ka ho tšoanang, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore setopo sa Moshe le sa Jesu ha li fumanehe e le hore li se ke tsa sebelisoa hampe.—Deuteronoma 34:5, 6; Luka 24:3-6; Juda 9.
-