-
Enoke—O Bile Sebete ho sa Tsotellehe MathataMolula-Qhooa—1997 | January 15
-
-
Molimo o Ile a Nka Enoke—Joang?
Jehova ha aa ka a lumella Satane kapa bahlanka ba hae ba lefatšeng hore ba bolaee Enoke. Ho e-na le hoo, tlaleho e bululetsoeng e re: “Molimo o ile a mo nka.” (Genese 5:24, NW) Moapostola Pauluse o hlalosa litaba ka tsela ena: “Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu, ’me ha aa ka a fumanoa leha e le kae hobane Molimo a ne a mo fallisitse; kaha pele a fallisoa o ne a e-na le bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo.”—Baheberu 11:5.
Ke joang Enoke a ileng “a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu”? Kapa joalokaha phetolelo ea R. A. Knox e bolela, ke joang Enoke “a ileng a nkoa ntle le hore a latsoe phihlelo ea lefu”? Molimo o ile a felisa bophelo ba Enoke ka khotso, a mo sireletsa bohlokong ba lefu bo bakoang ke ho kula kapa pefo matsohong a lira tsa hae. E, Jehova o ile a khutsufatsa bophelo ba Enoke ha a le lilemo li 365—e ne e batla e le motho e mocha haholo ha ho bapisoa le lithaka tsa hae.
Enoke o fane ka “bopaki ba hore o ne a khahlisitse Molimo haholo” joang? O ne a e-na le bopaki bofe? Ho ka etsahala hore ebe Molimo o ile a hapa kelello ea Enoke ka pono, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a ‘nkoa,’ kapa a fallisoa, ka ho hlakileng a fumana pono ea paradeise ea nakong e tlang ea phutheho ea Bokreste. (2 Bakorinthe 12:3, 4) E ka ’na eaba bopaki ba hore Enoke o ne a khahlisitse Molimo bo ne bo akarelelitse pono ea Paradeise ea lefatšeng ea nakong e tlang moo bohle ba phelang ba tla tšehetsa bobusi ba Molimo. Mohlomong ke nakong eo Enoke a neng a e-na le pono eo e monate moo Molimo a ileng a mo nka ka lefu a sa utloe bohloko hore a robale ho fihlela letsatsing la tsoho ea hae. Ho tšoana le tabeng ea Moshe, ho bonahala eka Jehova o ile a pata setopo sa Enoke, hobane “ha aa ka a fumanoa.”—Baheberu 11:5; Deuteronoma 34:5, 6; Jude 9.
-
-
Enoke—O Bile Sebete ho sa Tsotellehe MathataMolula-Qhooa—1997 | January 15
-
-
Na Enoke o Ile a ea Leholimong?
“Ka tumelo Enoke o ile a fallisoa e le hore a se ke a bona lefu.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele ha li ngola karolo ena ea Baheberu 11:5, li bontša hore Enoke ha aa ka a shoa e le kannete. Ka mohlala, A New Translation of the Bible, ea James Moffatt, e re: “E bile ka tumelo moo Enoke a ileng a nkeloa leholimong hoo a sa kang a shoa le ka mohla.”
Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 3000 ka mor’a mehla ea Enoke, Jesu Kreste o ile a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mora oa motho.” (Johanne 3:13) The New English Bible e baleha tjena: “Ha ho motho ea kileng a nyolohela holimo leholimong kantle ho ea ileng a theohela tlaase a tsoa leholimong, Mora oa Motho.” Ha Jesu a ne a bua mantsoe ana, le eena ka sebele o ne a e-s’o nyolohele leholimong.—Bapisa le Luka 7:28.
Moapostola Pauluse o bolela hore Enoke le ba bang ba etsang leru le leholo la lipaki tsa mehleng ea pele ho Bokreste ‘kaofela ba ile ba shoa’ ’me ha baa ka “ba fumana phethahatso ea tšepiso.” (Baheberu 11:13, 39) Hobane’ng? Hobane batho bohle, ho akarelletsa le Enoke, ba futsitse sebe ho Adama. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Tsela feela ea poloko e teng ka sehlabelo sa Kreste Jesu. (Liketso 4:12; 1 Johanne 2:1, 2) Mehleng ea Enoke sehlabelo seo se ne se e-s’o lefuoe. Ka lebaka leo, Enoke ha aa ka a ea leholimong, empa o robetse lefung moo a letetseng tsoho ea lefatšeng.—Johanne 5:28, 29.
-