Na u sa Hopola?
Na u nahanne ka hloko ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, mohlomong u tla khona ho hopola se latelang:
◻ Pauluse o sebelisa lentsoe “’muelli” ka kutloisiso efe ha a bua ka Jesu ho 1 Timothea 2:5, 6?
Temaneng ena, Pauluse o sebelisa lentsoe la Segerike me·siʹtes bakeng sa “’muelli,” e leng lentsoe le nang le moelelo oa molao, kahoo ha a sebelise lentsoe lena ka kutloisiso e pharalletseng e tloaelehileng lipuong tse ngata. Ka hona, Pauluse ha a bolele hore Jesu ke ’Muelli mahareng a Molimo le batho bohle. Ho e-na le hoo, o bua ka Kreste e le ’Muelli oa molao oa selekane se secha, se ileng sa rala motheo bakeng sa hore balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba kopanele le eena ’Musong oa hae oa leholimo. (2 Ba-Korinthe 5:1, 5; Ba-Efese 1:13, 14; Ba-Heberu 8:7-13)—8/15, maqephe 30, 31.
◻ Ho Mattheu 25:34, Jesu o bolela’ng ha a re ho ba kang linku: “Le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa”?
Jesu o ne a sa bolele hore bana ba kang linku ba tla rena le eena leholimong. Ho e-na le hoo, linku li tla rua lefa la sebaka sa lefatše se tlas’a ’Muso oo li o lokiselitsoeng ‘ha e sa le lefatše la batho ba ka lopolloang le theoa.’ Ka tsela ena li fetoha bana ba lefatšeng ba “Ntate oa ka ho sa Feleng” oa tsona, Morena, Kreste Jesu. (Esaia 9:6, 7, NW)—9/1, leqephe 20.
◻ Na ho ne ho tla hlokahala hore masala a tlotsitsoeng a be a ntse a phela lefatšeng bakeng sa ho amohela ba tšepahalang ba tsositsoeng ba shoeleng pele ho 33 C.E.?
Che, hona e ne e ke ke ea ba ho hlokahalang. Ba bangata ho bongata bo boholo ba batho ba tla pholoha mahlomola a maholo hona joale ba koetlisetsoa ho hlokomela boikarabelo ba tlhophiso. Ka hona, ba ne ba tla khona ho hlokomela boemo boo le ho tloaetsa ba tsositsoeng “lefatše le lecha” tlas’a “maholimo a macha.” (2 Petrose 3:13)—9/1, maqephe 20, 21.
◻ Ke lintho life tse amehang bakeng sa ho ‘pholosoa’? (Liketso 16:30, TLP)
Tlhokahalo ea sehlooho ke ena: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha.” (Liketso 16:31, NW) Sena se akarelletsa ho fumana tsebo e nepahetseng ea merero ea Molimo le tsela ea oona bakeng sa pholoho. Joale tumelo e lokela ho bontšoa ho Jesu Kreste joaloka Lenģosa le Leholo la pholoho. (Johanne 3:16; Tite 2:14) Sena se beha Mokreste boemong ba ho pholosoa, empa o tlameha hore joale a tiisetse ho etseng thato ea Molimo le ho tsoela pele a latela litlhokahalo tsohle tsa Molimo bophelong bohle ba hae. Ke feela ka mokhoa ono a ka pholosoang bakeng sa bophelo bo sa feleng. (Mattheu 24:13)—9/15, leqephe 7.
◻ Tumelo ea Noe e ile ea ahlola lefatše joang? (Ba-Heberu 11:7)
Kutlo le liketso tsa ho loka tsa Noe li bontšitse hore ba bang ntle ho eena le lelapa la hae ba ka be ba pholohile Moroallo haeba ba ne ba lakatsa ho fetola mokhoa oa bona oa bophelo. Ho sa tsotellehe likhatello tsa nama ea hae e sa phethahalang, lefatše le mo potolohileng, le Diabolose, Noe o ile a paka hore ho phela bophelo bo khahlisang Molimo ke ntho e ka etsoang.—10/1, leqephe 11.
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela khahlanong le ho seba hoo e leng moqoqo feela?
Re ka ’na ra bua polelo e sa rereloang ho khopisa mang kapa mang, empa ho seba hona ho bonahalang ho se na molato e ka ’na ea ba ho khopisang ha ho phetoa, ha ho ntlafatsoa, kapa ho sothoa, hoo joale ho senyang botumo ba eo ho buuoang ka eena, ho mo amoha lebitso la hae le letle. (Liproverbia 20:19)—10/15, leqephe 13.
◻ Ho na le melemo efe ha banyalani ba kene jokong e leka-lekanang?
Monna le mosali ba boemong ba ho khothatsana mabapi le ho isa ha bona borapeli ho Molimo. Hape, ba ka talima Mangolong bakeng sa tataiso e le ho lokisa likhohlano tsa bona.—11/1, leqephe 20.
◻ Melao e Leshome e ka re thusa joang kajeno?
E senola pono ea Jehova litabeng ’me e sebeletsa e le likhopotso tsa ho tlameha ha rōna ho rata Molimo le moahisani. (Mattheu 22:37-39; 2 Timothea 3:16, 17)—11/15, maqephe 5, 6.
◻ Ke liketsahalong life tse tharo moo Molimo o ileng oa bua moo Jesu le batho ba utloang?
Ketsahalo ea pele ke nakong ea ha Jesu a kolobetsoa ke Johanne Mokolobetsi (Mattheu 3:17); ea bobeli ke ha Jesu a fetoloa ka ponahalo e khanyang moo Jakobo, Johanne, le Petrose ba bonang (Mattheu 17:5); ’me ea boraro e ne e le ka la 10 Nisane, matsatsi a mane pele ho lefu la Jesu, ha lentsoe la Molimo le ne le utluoa ke letšoele le emeng tempeleng. (Johanne 12:28)—12/1, leqephe 8.