Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Letetse “Motse o Nang le Metheo ea Sebele”?
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | August
    • Abrahama o thusa Sara hore a theohe kamele. Pel’a bona ke basebetsi ba bona ba ntseng ba etsa mesebetsi ea bona.

      Abrahama o ile a bontša joang hore o na le tumelo litšepisong tsa Jehova? (Sheba serapa sa 5)

      5. Re tseba joang hore Abrahama o ne a letetse motse oo moetsi oa oona e leng Molimo?

      5 Abrahama o ile a bontša joang hore o emetse motse kapa ’Muso o thehiloeng ke Molimo? Taba ea pele ke hore Abrahama ha aa ka a ikamahanya le ’muso le ha e le ofe oa lefatše lena. O ile a lula e le monna oa motsamai, ho se na sebaka seo a reng ke lehae la hae hape ho ne ho se na ’muso oa motho oo a neng a o tšehetsa. Ho phaella moo, Abrahama ha aa ka a leka ho iketsetsa ’muso oa hae. Ho e-na le hoo, o ile a lula a mamela Jehova ’me a mo emela hore a phethahatse tšepiso ea hae. Ka ho etsa joalo, Abrahama o ile a bontša tumelo e ikhethang ho Jehova. A re ke re hlahlobeng a mang a mathata ao Abrahama a ileng a tobana le ’ona ’me re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.

  • Na U Letetse “Motse o Nang le Metheo ea Sebele”?
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | August
    • 7. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a lokela ho tšepa hore Jehova o ne a tla mo sireletsa le lelapa la hae?

      7 Abrahama o ne a lokela ho tšepa hore Jehova o tla mo sireletsa hammoho le lelapa la hae. Hobane’ng? U hopole hore Abrahama le Sara ba ile ba tloha lehaeng la bona le letle le sireletsehileng motseng oa Ure ba ea lula litenteng lithoteng tsa Kanana. Eena le lelapa la hae ba ne ba se ba sa sireletsoa ke marako a thata le liforo tse kholo. Empa boemong bona lira tsa bona li ne li ka ba hlasela habonolo feela.

      8. Abrahama o ile a tlameha ho sebetsana le eng?

      8 Abrahama o ne a etsa thato ea Molimo empa ka lekhetlo le leng o ile sokola ho fa lelapa la hae lijo. O ile a tlameha ho mamella tlala ea sekoboto e neng e le naheng eo Jehova a neng a mo isitse ho eona. Tlala eo e ne e le mpe hoo Abrahama a ileng a etsa qeto ea hore eena le lelapa la hae ba fallele Egepeta ka nakoana. Leha ho le joalo, ha a le Egepeta, morena oa naha eo e leng Faro o ile a nka mosali oa hae. U nahana hore Abrahama o ile a tšoenyeha hakae pele Jehova a laela Faro hore a khutlisetse Sara ho eena?​—Gen. 12:​10-19.

      9. Abrahama o ne a e-na le mathata afe ka lapeng la hae?

      9 Ho ne ho boetse ho e-na le mathata ka lapeng la Abrahama. Mofumahali oa hae Sara o ne a sa khone ho ba le bana. Ka lilemo tse ngata ba ile ba tlameha ho phela le sekhobo seo. Kahoo, Sara o ile a nka lekhabunyane la hae Hagare a le fa Abrahama e le hore le ka ba etsetsa bana. Empa Hagare o ile a qala ho hlompholla Sara nakong eo e neng e le moimana oa Ishmaele. Lintho li ile tsa mpefala hoo Sara a ileng a tebela Hagare.​—Gen. 16:​1-6.

      10. Lintho tse ileng tsa etsahalla Ishmaele le Isaka li ile tsa leka tumelo ea Abrahama ho Jehova joang?

      10 Qetellong Sara o ile a ba ’meleng eaba o tsoalla Abrahama mora eo a ileng a mo reha Isaka. Abrahama o ne a rata bara ba hae ka bobeli. Empa kaha Ishmaele o ile a tšoara Isaka hampe, Abrahama o ile a tlameha ho leleka Hagare le Ishmaele. (Gen. 21:​9-14) Lilemo tse ’maloa hamorao, Jehova o ile a kopa Abrahama hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka. (Gen. 22:​1, 2; Baheb. 11:​17-19) Maemong ana a mabeli, Abrahama o ile a tlameha ho tšepa Jehova hore ka tsela e itseng o tla phethahatsa litšepiso tseo a neng a li entse ka bara ba hae.

      11. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a tlameha ho letela Jehova ka mamello?

      11 Ka nako ena eohle, Abrahama o ile a tlameha ho ithuta hore a letele Jehova ka mamello. E ka ’na eaba o ne a le lilemo tse ka holimo ho 70 ha ba ne ba tloha Ure. (Gen. 11:​31–12:4) Ho feta moo, ka lilemo tse ka bang lekholo o ile a lula naheng ea Kanana e le hloma-o-hlomolle. O ile a shoa ha a le lilemo li 175. (Gen. 25:7) Empa ha aa ka a bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa litloholo tsa hae naha eo a neng a phela ho eona. Hape ha aa ka a bona ha motse, e leng ’Muso oa Molimo o thehoa. Ho ntse ho le joalo, Abrahama o hlalosoa a ile a shoa a “tsofetse ebile a khotsofetse.” (Gen. 25:8) Ho sa tsotellehe liqholotso tseo Abrahama a ileng a thulana le tsona, o ile a lula a e-na le tumelo e matla a bile a khotsofetse ha a letetse Jehova. O ile a thusoa ke’ng hore a lule a mamelletse? O ile a thusoa ke hore bophelong bohle ba hae, Jehova o ile a mo sireletsa hape a mo tšoara joaloka motsoalle oa hae.​—Gen. 15:1; Esa. 41:8; Jak. 2:​22, 23.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela