Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Tumelo ea Batsoali e Ile ea Putsoa
HO TSOALOA ha ngoana oa moshanyana ho ne ho thabisa Baiseraele haholo. Ho ne ho bolela hore leloko le tla tsoela pele le hore lefa la masimo le ne le tla lula e le la lelapa. Empa, hoo e ka bang ka selemo sa 1593 B.C.E., ho ka etsahala hore ebe ho Baheberu, ho tsoaloa ha ngoana oa moshanyana ho ne ho se ho talingoa e le thohako ho e-na le ho ba tlhohonolofatso. Hobane’ng? Hobane Faro oa Egepeta, a tšositsoe ke ho ata ka potlako ha sechaba sa Bajuda naheng eo a neng a e busa, o ile a laela hore masea ’ohle a bona a bashanyana a sa tsoa tsoaloa, a bolaoe.—Exoda 1:12, 15-22.
E ne e le nakong ea boiteko bona bo nyarosang ba ho timetsa masea a bashanyana ha Amrame le Jokebede, banyalani ba Baheberu, ba e-ba le ngoana e motle oa moshanyana. Ho bonolo ho lekanya kamoo e ka ’nang eaba thabo ea bona e ile ea senngoa ke tšabo e khōlō ha ba hopola molao-taelo oa Faro. Leha ho le joalo, ha Amrame le Jokebede ba bona ngoana oa bona oa moshanyana, ba ile ba etsa qeto e tiileng ea ho se mo lahle, ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala eng.—Exoda 2:1, 2; 6:20.
Ho Nka Khato ka Tumelo
Amrame le Jokebede ba ile ba pata ngoana oa bona ka likhoeli tse tharo. (Exoda 2:2) Leha ho le joalo, hona e ne e le ho ipeha kotsing, kaha Baheberu ba ne ba lula haufi le Baegepeta. Mang le mang ea neng a fumanoa a leka ho qoba molao-taelo oa Faro o ne a ka fuoa kotlo ea lefu—’me ngoana le eena o ne a tla shoa. Joale ke eng eo batsoali baa ba inehetseng ba neng ba ka e etsa hore ba ’ne ba phele le mora oa bona?
Jokebede o ile a bokella letlōbo la loli. Loli ke setlama se tiileng, se tšoanang le leqala, ’me le na le lehlaka le mahlakore a mararo le botenya ba monoana. Le hōla ho isa bophahamong ba limithara tse 6. Baegepeta ba ne ba sebelisa semela sena bakeng sa ho etsa pampiri, meseme, liseile, meqathatso le liketsoana tse bobebe.
Ka lehlaka leo, Jokebede o ile a etsa lebokose le lekaneng ho kenya ngoana oa hae. Ka mor’a moo o ile a le tlotsa ka tiri le boka bakeng sa ho tšoarahanya lebokose le ho etsa hore le se kenele metsi. Joale Jokebede o ile a kenya ngoana oa hae ka har’a sethōtō seo ’me a se beha ka har’a lehlaka lebōpong la Nōka ea Nile.—Exoda 2:3.
Ngoana oa Fumanoa
Morali oa Jokebede, Miriame, o ile a itulisa haufi le moo e le hore a ka bona se neng se tla etsahala. Joale morali oa Faro o ile a tla Nile ho tla tola.a Mohlomong Jokebede o ne a tseba hore khosatsana e ne e atisa ho tla karolong ena ea Nile, eaba ka boomo o siea lebokose leo moo le ka fumanoang habonolo. Leha ho le joalo, ka potlako morali oa Faro o ile a bona lebokose le behiloeng har’a lehlaka, eaba o bitsa mohlokomeli e mong oa hae hore a le late. Ha a bona ngoana ea llang ka hare, o ile a ba le kutloelo-bohloko. O ile a hlokomela hore enoa e ne e le ngoana oa Moheberu. Leha ho le joalo, ke joang a neng a ka lumella hore ngoana e motle hakaalo a bolaoe? Kantle le mosa oa botho, mohlomong morali oa Faro o ne a susumelitsoe ke tumelo e atileng ea Baegepeta ea hore ho amoheloa leholimong ho ne ho itšetlehile ka tlaleho ea motho ea liketso tse mosa tsa ha a sa phela.b—Exoda 2:5, 6.
Miriame, ea neng a shebeletse a le hōjana, o ile a atamela morali oa Faro. O ile a botsa: “A nka ea, ka u bitsetsa moanyesi ho basali ba ba-Heberu, a tle a u anyesetse ngoana na?” Khosatsana e ile ea arabela: “E-ea.” Miriame o ile a mathela ho ’mè oa hae. E se neng, Jokebede o ne a eme ka pel’a morali oa Faro. Khosatsana eo e ile ea re ho eena: “Nka ngoana enoa, u nkanyesetse eena, ’me ke tla u fa moputso oa hao.” Ho ka etsahala hore ebe ka nako ena, morali oa Faro o ne a se a eleletsoe hore Jokebede ke ’mè oa ngoana.—Exoda 2:7-9.
Jokebede o ile a lula le ngoana oa hae ho fihlela a mo khoesa.c Sena se ile sa mo neha menyetla ea bohlokoa ea ho mo ruta ka Molimo oa ’nete, Jehova. Joale Jokebede o ile a khutlisetsa ngoana ho morali oa Faro, ea ileng a reha moshanyana eo lebitso la Moshe, le bolelang “o pholositsoe metsing.”—Exoda 2:10.
Thuto ho Rōna
Amrame le Jokebede ba ile ba sebelisa monyetla oohle o mokhutšoanyane oo ba ileng ba e-ba le oona ho ruta mora oa bona melao-motheo ea borapeli bo hloekileng. Batsoali ba lokela ho etsa se tšoanang kajeno. Ka sebele, hoa hlokahala hore ba etse joalo. Satane Diabolose “o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) O rata hore bacha ba ratehang e be bahlaseluoa ba hae—bashanyana le banana—ba lebeletseng ho fetoha bahlanka ba khabane ba Jehova. Lilemo tse fokolang tsa bona ha li mo susumeletse hore a be le kutloelo-bohloko! Ba hlokomela sena, batsoali ba bohlale ba koetlisetsa bana ba bona ba banyenyane ho tšaba Molimo oa ’nete, Jehova.—Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:14, 15.
Ho Baheberu 11:23, boiteko ba Amrame le Jokebede ba ho pata lesea la bona likhoeling tse tharo tse qalang tsa bophelo ba lona, bo tlalehiloe e le ketso ea tumelo. Ka bobeli batsoali bana ba tšabang Molimo ba ile ba bontša ho tšepa matla a pholosang a Jehova ka ho hana ho lahla ngoana oa bona, ’me ba ile ba hlohonolofaletsoa seo. Le rōna re lokela ho khomarela ka matla melaong le melao-motheong ea Jehova, re kholisehile hore ntho leha e le efe eo Jehova a e lumellang hore e re hlahele, qetellong e tla sebeletsa boiketlo ba rōna le thabo ea rōna tsa ka ho sa feleng.—Baroma 8:28.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Baegepeta ba ne ba rapela Nile e le molimo oa pelehi. Ba ne ba lumela hore metsi a eona a na le matla a ho fana ka thari esita le ho lelefatsa bophelo.
b Baegepeta ba ne ba lumela hore lefung, moea oa motho o ne o tla pheta ka pel’a Osiris litiiso tse kang “ha ho motho eo ke ileng ka mo utloisisa bohloko,” “ha kea ka ka tima masea a anyang lebese,” le “ke file ba lapileng bohobe, le ea nyoriloeng seno.”
c Linakong tsa boholo-holo, bana ba bangata ba ne ba anyesoa nako e telele ho feta kamoo ho tloaelehileng kateng kajeno. Bonyane Samuele o ne a ka ba lilemo li tharo ha a khoesoa, ’me Isaka o ne a ka ba lilemo li hlano.