Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Etsisa Tumelo ea Moshe
    Molula-Qhooa—2014 | April 15
    • 1, 2. (a) Moshe o ile a etsa qeto efe ha a le lilemo li 40? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le batho ba Molimo?

      MOSHE o ne a tseba bophelo bo mabothobotho ba Egepeta. O ne a bone matlo a maholo a barui ba moo. E ne e le oa lelapa la boreneng. A ‘rupetsoe ka bohlale bohle ba Baegepeta,’ mohlomong a ithutetse bonono, bolepi ba linaleli, lipalo le mafapha a mang a saense. (Lik. 7:22) O ne a e-na le monyetla oa ho rua, ho ba le matla le ho ba le litokelo tseo Baegepeta ba bang le ho lora ba neng ba sa lore ka tsona!

      2 Leha ho le joalo, ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto eo e tlamehang ebe e ile ea makatsa lelapa la boreneng le mo hōlisitseng. Ha aa ka a khetha ho phela joaloka Baegepeta ba bang, empa o ile a khetha ho ba lekhoba! Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo. (Bala Baheberu 11:24-26.) Ka tumelo, Moshe ha aa ka a bona lintho tse mo potolohileng feela. Kaha e ne e le motho oa moea, o ile a tšepa Jehova “Ea sa bonahaleng,” ebile a kholisehile hore litšepiso tsa hae li tla phethahala.—Baheb. 11:27.

  • Etsisa Tumelo ea Moshe
    Molula-Qhooa—2014 | April 15
    • 6. (a) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a hana “ho bitsoa mora oa morali oa Faro”? (b) Ke hobane’ng ha u nahana hore Moshe o ile a etsa qeto e nepahetseng?

      6 Tumelo e ile ea boela ea ama khetho eo Moshe a ileng a e etsa tabeng ea mosebetsi. “Ka tumelo Moshe, ha a hōlile, o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro.” (Baheb. 11:24) Ha aa ka a nahana hore a ka sebeletsa Molimo e ntse e le oa lelapa la boreneng ’me a sebelise maruo le boemo ba hae ho thusa Baiseraele ba habo. Ho e-na le hoo, Moshe o ne a ikemiselitse ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka matla a hae ’ohle. (Deut. 6:5) Qeto eo a ileng a e etsa, e ile ea mo qobisa masisa-pelo a mangata. Ka mor’a nakoana, Baiseraele ba ile ba nka ’ona matlotlo ao a Egepeta, ao Moshe a ileng a a tela! (Ex. 12:35, 36) Faro o ile a tlotlolloa a ba a bolaoa. (Pes. 136:15) Ka lehlakoreng le leng, Moshe o ile a sireletsoa ’me Molimo a mo sebelisetsa ho pholosa sechaba sohle. Ka sebele o ile a sebelisa bophelo ba hae ka tsela e nang le morero.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela