-
Lefatše le ne le sa Ba TšoaneleMolula-Qhooa—1987 | January 15
-
-
7. (a) ‘Ba hlōtseng marena ka tumelo’ ke bafe? (b) Ke bafe ‘ba sebelitseng ho loka’ ka tumelo?
7 Ka tumelo re ka thulana ka katleho le teko e ’ngoe le e ’ngoe ea botšepehi ba rōna ’me re ka finyella eng kapa eng e lumellanang le thato ea Molimo. (Bala Ba-Heberu 11:33, 34, bapisa NW.) Ha a bolela liketso tse ling tsa tumelo, ho hlakile hore Pauluse o ne a hopotse baahloli, marena le baprofeta ba Baheberu, hobane o ne a sa tsoa bolela banna ba joalo ka mabitso. “Ka tumelo” baahloli ba kang Gideone le Jafeta ‘ba hlōtse marena.’ Ho entse joalo le Morena Davida ea ileng a hlōla Bafilista, Bamoabe, Basyria, Baedomo le ba bang. (2 Samuele 8:1-14) Hape ka tumelo, baahloli ba lokileng “ba sebelitse ho loka,” ’me keletso e lokileng ea Samuele le baprofeta ba bang e ile ea susumetsa bonyane ba bang hore ba qobe kapa ba tlohele ho etsa liphoso.—1 Samuele 12:20-25; Esaia 1:10-20.
-
-
Lefatše le ne le sa Ba TšoaneleMolula-Qhooa—1987 | January 15
-
-
10. Ke bafe ba ‘timileng matla a mollo’ ka tumelo, ’me tumelo e tšoanang le eo e tla re nolofaletsa eng?
10 Metsoalle e tšepahalang ea Daniele ea Baheberu Shadrake, Meshake le Abede-Nego ha e le hantle “ba timile matla a mollo.” Ha ba sokeloa ka lefu seboping se besitsoeng ka matla a maholo, ba bolella Morena Nebukadnezare hore, e-bang Molimo oa bona o tla ba pholosa kapa che, ba ne ba ke ke ba sebeletsa melimo ea morena oa Bababilona kapa ba rapela molimo oa setšoantšo oo a o emisitseng. Jehova ha a ka a tima mollo ka seboping seo, empa a tiisa hore Baheberu ba bararo ha ba tsoe kotsi ke oona. (Daniele 3:1-30) Tumelo e joalo e re nolofaletsa ho lula re tšepahetse ho Molimo ho isa ntlheng ea lefu le ka ’nang la hlahisoa ke lira.—Tšenolo 2:10.
11. (a) Ka tumelo, ke bafe ba ‘phonyohileng matla a lerumo’? (b) Ke bafe ba ‘neuoeng matla’ ka tumelo? (c) Ke bafe ba ‘entsoeng linatla ntoeng’ le ba ‘qhalileng makhotla a lira’?
11 Davida ‘o phonyohile bohale ba lerumo’ la banna ba Morena Saule. (1 Samuele 19:9-17) Baprofeta Elia le Elisha le bona ba ile ba pholoha ho bolaoa ka sabole. (1 Marena 19:1-3; 2 Marena 6:11-23) Empa ke bafe ‘ba matlafalitsoeng ka tumelo bofokoling ba bona’? Ha e le hantle, Gideone o ile a inka eena le banna ba hae ba fokola haholo hore ba ka pholosa Iseraele ho Bamidiane. Empa o ile a ‘matlafatsoa’ ke Molimo, o ileng oa mo etsa hore a hlōle—’me a ho etsa ka banna ba 300 feela! (Baahloli 6:14-16; 7:2-7, 22) ‘Bofokoling’ ha a ne a beotsoe moriri, Samsone ‘a matlafatsoa’ ke Jehova ’me a bolaea Bafilista ba bangata. (Baahloli 16:19-21, 28-30; bapisa Baahloli 15:13-19.) Mohlomong Pauluse o ile a boela a nahana ka Morena Ezekiase e le e mong ea ‘matlafalitsoeng’ bofokoling ntoeng esita le ’meleng. (Esaia 37:1-38:22) Har’a bahlanka ba Molimo ba ‘entsoeng linatla ntoeng’ e ne e le Moahloli Jafeta le Morena Davida. (Baahloli 11:32, 33; 2 Samuele 22:1, 2, 30-38) ’Me ba ileng ba ‘qhala makhotla a lira’ ba ne ba akarelletsa Moahloli Barake. (Baahloli 4:14-16) Liketso tsena tsohle tsa bonatla li lokela ho re kholisa hore ka tumelo re ka atleha ho thulana le teko e ’ngoe le e ’ngoe ea botšepehi ba rōna le hore re ka finyella eng kapa eng e tumellanong le thato ea Jehova.
-