Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lefatše le ne le sa Ba Tšoanele
    Molula-Qhooa—1987 | January 15
    • 13. (a) Ke bafe ba ileng ba ‘tšoenngoa le ho songoa?’ (b) Ke bafe ba ileng ba feta tlas’a ‘litlamo le literonko’?

      13 Haeba re e-na le tumelo, re tla nolofalloa ke ho mamella mahloriso. (Bala Ba-Heberu 11:36-38.) Ha re hlorisoa, ke thuso ho hopola tšepo ea tsoho le ho hlokomela hore Molimo o ka re boloka joalokaha o entse ka ‘ba bang ba tšoenyehileng [kapa, ba lekiloeng] ka litšomo, le ka ho shapuoa, le ka litlamo, le ka literonko.’ Baiseraele “ba ’na . . . ba tšeha baprofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona.” (2 Likronike 36:15, 16) Ka tumelo, Mikea, Elisha le bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba mamella ‘litšeho.’ (1 Marena 22:24; 2 Marena 2:23, 24; Pesaleme ea 42:3) “Ho shapuoa” ho ne ho tsebahala mehleng ea marena a Iseraele le baprofeta ba teng, ’me bahanyetsi ba “otla” Jeremia, e seng feela ho mo nyelisa ka ho mo jabela. ‘Litlamo le literonko’ li ka ’na tsa re hopotsa liphihlelo tsa hae hammoho le tsa baprofeta Mikea le Hanani. (Jeremia 20:1, 2; 37:15; 1 Marena 12:11; 22:26, 27; 2 Likronike 16:7, 10) Ka lebaka la ho ba le tumelo e tšoanang, lipaki tsa kajeno tsa Jehova li ’nile tsa nolofalloa ke ho mamella mahlomola a tšoanang “ka baka la ho loka.”—1 Petrose 3:14.

  • Lefatše le ne le sa Ba Tšoanele
    Molula-Qhooa—1987 | January 15
    • 15. Ke bafe ba ileng ba hlorisoa le ‘ho shota mafeelleng’?

      15 Ba bang ba “bolailoe ka bohale ba lerumo,” ka mohlala, baprofeta ba Molimo bahabo Elia ba ile ba ‘bolaoa ka lerumo’ mehleng ea Morena Akabe ea khopo. (1 Marena 19:9, 10) Elia le Elisha ba ne ba le har’a ba neng ba e-na le tumelo ba ileng ba ‘phaila hohle, ba ntse ba apere matlalo a linku le a lipoli, ba lahleheloa ke tsohle, ba hlorisoa, ba etsoa hampe.’ (1 Marena 19:5-8, 19; 2 Marena 1:8; 2:13; bapisa Jeremia 38:6.) ‘Ba shotileng mafeelleng, le lithabeng, le mahaheng, le mekoting ea lefatše’ ba hlorisoa, ba tlameha ho akarelletsa baprofeta ba bang ba 100 ntle ho Elia le Elisha bao Obadia a ileng a ba pata ka lihlopha tsa ba 50 ka lehaheng, a ba fepa bohobe le metsi ha Mofumahali Jezebele ea rapelang melimo ea litšoantšo a qala ho “bolaea baprofeta ba Jehova.” (1 Marena 18:4, 13; 2 Marena 2:13; 6:13, 30, 31) Ke linatla tse kaakang tsa botšepehi! Hase feela Pauluse a itseng: “Lefatše [mokhatlo o khopo oa batho] le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo”!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela