-
Pakela Jehova ’me u se KhathaleMolula-Qhooa—1989 | December 15
-
-
8. (a) Ke eng e ileng ea susumelletsa Pauluse ho ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu? (b) Ke tšobotsi efe ea lengolo la hae eo re tla shebana le eona, hona hobane’ng?
8 Hoo e ka bang ka 61 C.E., Pauluse o ile a kenngoa teronkong Roma, empa o ile a hlokomela se etsahalang ka baena ba hae Jerusalema. Ka hona, tlas’a tsamaiso ea moea oa Jehova, o ile a ngolla Baheberu lengolo la hae le neng le le nakong. Le tletse kameho e lerato bakeng sa baena le bo-khaitseli ba hae ba Baheberu. Pauluse o ne a tseba seo ba se hlokang hore tumelo le kholiseho ea bona e hahuoe ho Jehova joaloka Mothusi oa bona. Joale ba ne ba ka ‘titima ka sebete peisong eo ba e beetsoeng’ ’me ka kholiseho ba re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?” (Ba-Heberu 12:1; 13:6, NW) Joale re lakatsa ho shebana le tšobotsi ena ea lengolo la Pauluse le eang ho Baheberu (likhaolo 11-13). Hobane’ng? Hobane boemo boo Bakreste bao ba pele ba neng ba talimane le bona bo tšoana le boo Lipaki tsa Jehova li talimaneng le bona kajeno.
-
-
Pakela Jehova ’me u se KhathaleMolula-Qhooa—1989 | December 15
-
-
11. Ke joang rōna kajeno re ka ruang molemo ho ‘leru la Lipaki le re teetseng hare’?
11 Ka mor’a tlaleho ea banna le basali bana ba tšepahalang, Pauluse o re: “Joale he, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng.” (Ba-Heberu 12:1) Le hoja hona joale li robetse mabitleng, na lipaki tsee tse tšepahalang tse behileng mohlala lia phela likelellong tsa rōna? Na ua li tseba ’me u tseba liphihlelo tsa tsona hantle ho lekana hore u ka arabela ka e? Ona ke o mong oa meputso e mengata ea thuto ea ka mehla ea Bibele, ho sebelisa mecha eohle eo re elelloang lintho ka eona ho ikhopotsa liphihlelo tse hlasimollang tsa ‘leru lena la lipaki.’ Ruri ho tebisa mohlala oa tsona oa botšepehi pelong ho tla re thusa haholo ho hlōla khaello leha e le efe ea tumelo. Joale, sena se tla re thusa ho pakela ’nete ka sebete re bile re sa tšabe letho tlas’a maemo ’ohle.—Ba-Roma 15:4.
-