Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mosa​—Ke Tšobotsi ea Bohlokoa Mahlong a Molimo
    Molula-Qhooa—2012 | September 1
    • Kaha motho o bōpeletsoe le mosa, ebile mosa ke tšobotsi ea bohlokoa ho Molimo, ke ho utloahalang hore Molimo o re bolella hore re “bontšane mosa.” (Baefese 4:32) Re boetse re hopotsoa sena: “Le se ke la lebala ho amohela baeti,” kapa ho ba mosa ho bao le sa ba tsebetseng.—Baheberu 13:2.

  • Mosa​—Ke Tšobotsi ea Bohlokoa Mahlong a Molimo
    Molula-Qhooa—2012 | September 1
    • Hoa thahasellisa hore ebe ka mor’a hore moapostola Pauluse a bue ka hore re bontše mosa ho batho bao re sa ba tsebeng, o ile a re: “Ka ho etsa joalo ba bang, ba sa tsebe, ba ile ba amohela mangeloi.” U nahana hore u ne u ka ikutloa joang ha u ne u ka fuoa monyetla oa ho amohela mangeloi? Mantsoe a Pauluse a qalang polelo eo a re “ba sa tsebe.” Ka mantsoe a mang, ntlha ea hae e ne e le hore haeba re tloaetse ho ba mosa ho batho ba bang, ho akarelletsa bao re sa ba tsebeng, re ka ’na ra putsoa ka litsela tseo re sa li lebellang.

      Liphetolelo tse ngata tsa Bibele tse bontšang litemana tse ling tse amanang le eo ho buuoang ka eona, li amahanya mantsoe a Pauluse le a leng ho Genese khaolong ea 18 le ea 19 a buang ka Abrahama le Lota. Likhaolong tsena ka bobeli, re bala ka mangeloi a ileng a hlaha ho bona e le batho bao ba sa ba tsebeng ba tšoereng melaetsa ea bohlokoa. Tabeng ea Abrahama, molaetsa o ne o le mabapi le ho phethahatsoa ha tšepiso ea Molimo ea hore Abrahama o tla ba le mora ’me tabeng ea Lota, o ne o le mabapi le hore o tla lopolloa ha metse ea Sodoma le Gomora e timetsoa.—Genese 18:1-10; 19:1-3, 15-17.

      Ha u bala mangolo a boletsoeng ka holimo, u tla hlokomela hore Abrahama le Lota ba ile ba ba mosa ho ba-feta-ka-tsela bao ba neng ba sa ba tsebe. Ha e le hantle, mehleng ea Bibele, batho ba ne tloaetse ba bile ba ikutloa ba tlamehile ho bontša kamohelo ea baeti ho batsamai kapa ba-feta-ka-tsela, ebang e ne e le metsoalle, beng ka motho, kapa batho ba sa tsejoeng. Ha e le hantle, Molao oa Moshe o ne o laela Baiseraele hore ba hlokomele bajaki ba neng ba le ka har’a naha. (Deuteronoma 10:17-19) Leha ho le joalo, ho totobetse hore Abrahama le Lota ba ile ba etsa se fetang seo hamorao molao o ileng oa laela batho hore ba se etse. Ba ile ba ikitlaelletsa ho ba mosa ho batho bao ba sa ba tsebeng ’me ba ile ba hlohonolofatsoa ka lebaka la seo.

      Abrahama o bontša mosa ho basele

      Abrahama o ile a putsoa ka ho enneng ka lebaka la ho bontša mosa

      Liketso tse mosa tsa Abrahama ha lia ka tsa tlisetsa eena a le mong mahlohonolo ka hore o ile a ba le mora empa le rōna li re tliselitse mahlohonolo. Ka tsela efe? Abrahama le mora oa hae Isaka ba phethile karolo ea bohlokoa hore morero oa Molimo o phethahale. E ile ea e-ba bona ba ka sehloohong lesikeng leo Mesia, Jesu, a hlahileng ho lona. Ho feta moo, botšepehi ba bona bo ile ba bontša kamoo Molimo a neng a tla pholosa batho ka lerato le ka mosa o sa tšoanelang kateng.—Genese 22:1-18; Matheu 1:1, 2; Johanne 3:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela