Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Jehova
“A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka [Jesu Kreste] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.”—BA-HEBERU 13:15.
1. Jehova o ile a phehella Baiseraele ba baetsalibe ho etsa’ng?
JEHOVA ke Mothusi oa ba nyehelang mahlabelo a amohelehang ho eena. Ka hona, mohau oa hae o kile oa lula holim’a Baiseraele ba neng ba nyehela mahlabelo a liphoofolo. Empa ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore ba sitoe ka makhetlo? Ka moprofeta Hosea, ba ile ba phehelloa: “Oho Iseraele, khutlela ho Jehova Molimo oa hao, hobane u ile ua khoptjoa phosong ea hao. Inkeleng mantsoe ’me le khutlele ho Jehova. E reng ho eena, lōna batho kaofela, ‘Ak’u tšoarele phoso; ’me u amohele se molemo, ’me rōna re tla nyehela lipohoana tsa melomo ea rōna.’”—Hosea 14:1, 2, NW.
2. ‘Lipohoana tsa melomo’ e ne e le eng, ’me moapostola Pauluse o ile a bua ka boprofeta ba Hosea joang?
2 Ka hona batho ba boholo-holo ba Molimo ba ile ba khothalletsoa ho nyehela ho Jehova Molimo ‘lipohoana tsa melomo ea bona.’ Tsee e ne e le eng? Mahlabelo a thoriso a fanoang ka tieo! Ha a bua ka boprofeta bona, moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Baheberu ho ‘hlahisa ho Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’ (Ba-Heberu 13:15) Ke eng e ka thusang Lipaki tsa Jehova ho nyehela mahlabelo a joalo kajeno?
“Le Etsise Tumelo ea Bona”
3. Ha e le hantle, Pauluse o ile a re’ng ho Ba-Heberu 13:7 (NW), ’me hoo ho phahamisa potso efe?
3 Ho sebelisa keletso eo Pauluse a e fileng Baheberu ho tla re thusa ho nyehela mahlabelo a amohelehang ho Mothusi oa rōna e Moholo, Jehova Molimo. Ka mohlala, moapostola o ngotse: “Hopolang ba etelletseng pele har’a lōna, ba buileng lentsoe la Molimo ho lōna, ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang ka teng le etsise tumelo ea bona.” (Ba-Heberu 13:7, NW) Pauluse o ne a bua ka bo-mang ha a re, “Hopolang ba etelletseng pele har’a lōna,” kapa “bao e leng babusi ba lōna”?—New World Translation Reference Bible, mongolo o tlaase ho leqephe.
4. (a) Ho latela taba e ngotsoeng ka Segerike, ba “etelletseng pele” ba etsa’ng? (b) Ke bo-mang ba “etelletseng pele” har’a Lipaki tsa Jehova?
4 Pauluse o buile ka ba “etelletseng pele,” kapa ba busang. (Litemana 7, 17, 24, NW) Lentsoe la Senyesemane bakeng sa “busa” le nkiloe ka Selatine ho ky·ber·naʹo ea Segerike, e bolelang ho “soka sekepe, ho tsamaisa, ho busa.” Baholo ba Bakreste ba busa ka ho sebelisa ‘matla a bona a ho tsamaisa’ (ky·ber·neʹseis, ka Segerike) ha ba fana ka ketello-pele le tataiso ka liphuthehong tsa habo bona. (1 Ba-Korinthe 12:28, NW) Empa baapostola le baholo ba bang ba Jerusalema ba ne ba sebeletsa e le sehlopha bakeng sa ho fana ka tataiso le keletso ho liphutheho tsohle. (Liketso 15:1, 2, 27-29) Ka hona, kajeno sehlopha se busang sa baholo se fana ka temoho ea moea bakeng sa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella baholo ba phutheho le litho tsa Sehlopha se Busang, ’me re ka etsa joalo joang?
5 Baholo ba moo re lulang le bao e leng litho tsa Sehlopha se Busang ba etella pele har’a rōna; kahoo, re lokela ho ba hlompha le ho rapella hore Molimo o ba fe bohlale bo hlokahalang ho busa phutheho. (Bapisa le Ba-Efese 1:15-17.) Ke ho loketseng hakaakang hore re hopole bafe kapa bafe ‘ba buileng lentsoe la Molimo ho rōna’! Timothea ha aa ka a rutoa ke ’m’ae le nkhono’ae feela empa o ile a rutoa hape ke Pauluse le ba bang hamorao. (2 Timothea 1:5, 6; 3:14, NW) Kahoo Timothea o ne a ka nahanisisa kamoo boitšoaro ba ba etelletseng pele bo ileng ba fella ka teng ’me o ile a khona ho etsisa tumelo ea bona.
6. Re lokela ho etsisa tumelo ea bo-mang, empa ke mang eo re mo latelang?
6 Batho ba kang Abele, Noe, Abrahama, Sara, Rahaba, le Moshe ba ile ba bontša tumelo. (Ba-Heberu 11:1-40) Ka hona, re ka etsisa tumelo ea bona re sa tsila-tsile hobane ba shoele ba tšepahala ho Molimo. Empa re ka boela ‘ra etsisa tumelo’ ea banna ba tšepahalang ba etelletseng pele har’a rōna hona joale. Ho hlakile hore ha re latele batho ba sa phethahalang, hobane re tsepamisa mahlo a rōna ho Kreste. Ho joalokaha mofetoleli oa Bibele Edgar J. Goodspeed a itse: “Linatla tsa mehleng ea boholo-holo hase mehlala ea molumeli, hobane re na le mohlala o molemo ho feta ho Kreste . . . Semathi sa Mokreste se tlameha ho tsepamisa mahlo a sona ho Kreste.” E, ‘Kreste o utloisitsoe bohloko bakeng sa rōna, a re siela mehlala, re tle re hate moo a hatileng teng.’—1 Petrose 2:21; Ba-Heberu 12:1-3.
7. Ba-Heberu 13:8 e lokela ho ama boikutlo ba rōna ka ho hlokofatsoa ha Jesu Kreste joang?
7 A behile tlhokomelo eohle ho Mor’a Molimo, Pauluse o ile a phaella: “Jesu Kreste e ne e le eena maobane, e sa le eena le kajeno, ’me e tla ’ne e be eena ka ho sa feleng.” (Ba-Heberu 13:8) Lipaki tse tšepahalang tse kang Setefane le Jakobo li ile tsa bontša botšepehi bo sa sisinyeheng, ho latela mohlala o tiileng oa Jesu. (Liketso 7:1-60; 12:1, 2) Kaha li ile tsa utloisisa ho shoa e le balateli ba Kreste, hoa tšoaneleha hore re ka etsisa tumelo ea tsona. Nakong e fetileng, hona joale, esita le nakong e tlang, batho ba nang le bomolimo ha ba ikhule hore ba se shoele tumelo e le barutuoa ba Jesu.
Qoba Lithuto Tsa Bohata
8. Ka mantsoe a hao, u ne u tla beha se builoeng ke Pauluse ho Ba-Heberu 13:9 joang?
8 Ho se fetohe ha botho le lithuto tsa Jesu ho lokela ho etsa hore re khomarele seo eena le baapostola ba hae ba se rutileng. Baheberu ba ile ba bolelloa: “Le se ke la khelosoa ke lithuto tse ngata, tsee e leng lithuto lisele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ea hae ka mohau, e seng ka lijo tse sa kang tsa thusa ba li tšepileng.”—Ba-Heberu 13:9.
9. Pauluse o ile a supa lintho life tse kholoanyane lengolong le eang ho Bakreste ba Baheberu?
9 Bajode ba ne ba supa lintho tse kang ho fanoa ha Molao ka mohlolo Thabeng ea Sinai le borena bo sa feleng ba Davida. Empa Pauluse o ile a bontša Bakreste ba Baheberu hore le hoja ho hlongoa ha selekane sa Molao e ne e le ho hlollang, ka matla a maholoanyane Jehova o ile a fana ka bopaki ka lipontšo, mehlolo, mesebetsi e matla, le ho abjoa ha moea o halalelang ha selekane se secha se qala ho sebetsa. (Liketso 2:1-4; Ba-Heberu 2:2-4) ’Muso oa Kreste oa leholimo o ke ke oa sisinngoa, joalokaha borena ba lefatšeng ba babusi ba lesika la Davida bo ile ba sisinngoa ka 607 B.C.E. (Ba-Heberu 1:8, 9; 12:28) Ho feta moo, Jehova o bokella batlotsuoa ka pel’a ho hong ho tšosang ho feta pontšo ea mohlolo Thabeng ea Sinai, hobane ba atamela Thaba ea Sione ea leholimo.—Ba-Heberu 12:18-27.
10. Ho latela Ba-Heberu 13:9, pelo e tiisoa ke eng?
10 Ka hona ho ne ho hlokahala hore Baheberu ba qobe ho “khelosoa ke lithuto tse ngata, tsee e leng lithuto lisele” tsa ba lumelang Bojodeng. (Ba-Galata 5:1-6) Hase ka lithuto tse joalo empa ke ka ‘mohau oa Molimo pelo e ka tiisoang’ hore e lule e tiile ’neteng. Ho bonahala eka ba bang ba ne ba pheha khang ka lijo le mahlabelo, hobane Pauluse o boletse hore pelo ha e tiisoe “ka lijo tse sa kang tsa thusa ba li tšepileng.” Melemo ea moea e tlisoa ke boinehelo ba bomolimo le kananelo bakeng sa topollo, eseng ho ameha ka mokhoa o sa lokelang ka ho ja lijo tse itseng le ho boloka matsatsi a itseng. (Ba-Roma 14:5-9) Ho feta moo, sehlabelo sa Kreste se felisitse mosebetsi oa mahlabelo a Balevi.—Ba-Heberu 9:9-14; 10:5-10.
Mahlabelo a Khahlisang Molimo
11. (a) ’Moko-taba oa mantsoe a Pauluse ho Ba-Heberu 13:10, 11 ke eng? (b) Bakreste ba na le aletare efe ea tšoantšetso?
11 Baprista ba Balevi ba ne ba e-ja nama e tsoang mahlabelong a liphoofolo, empa Pauluse o ngotse: “Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ea ho jela ho eona. Litopo tsa likhomo tseo mali a tsona a nkeloang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la libe, li chesoa ka ntle ho setša sa litente” ka Letsatsi la Lipheko. (Ba-Heberu 13:10, 11; Levitike 16:27; 1 Ba-Korinthe 9:13, TLP) Bakreste ba na le aletare ea tšoantšetso e bolelang ho atamela Molimo motheong oa sehlabelo sa Jesu se phekolang sebe ’me se tlisa tšoarelo ea Jehova le ho bolokeha ho kena bophelong bo sa feleng.
12. Ho Ba-Heberu 13:12-14, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba phehelloa ho etsa’ng?
12 Pauluse ha a tsitlallele hore ho na le tšoano pakeng tsa sena le Letsatsi la Lipheko, empa oa phaella: “Ka baka leo, Jesu le eena, a tle a halaletse sechaba ka mali a hae, o kile a shoela ka ntle ho monyako” oa Jerusalema. Mono Kreste o ile a shoa ’me a fana ka sehlabelo sa poelano se nang le matla a felletseng. (Ba-Heberu 13:12; Johanne 19:17; 1 Johanne 2:1, 2, NW) Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ’moho le eena ba tlotsitsoeng: “Ka baka leo, re ke re tsoeleng ho eena [Kreste] ka ntle ho setša sa litente, re ntse re jere sekhobo sa hae. Hobane mona, ha re na motse o tieang, empa re batla o tlang ho hlaha.” (Ba-Heberu 13:13, 14; Levitike 16:10) Le hoja re rohakoa joaloka Jesu, rea tiisetsa joaloka Lipaki tsa Jehova. Re ‘tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, re tle re phele nakong ea joale ka kelello, ka ho loka, le ka borapeli’ re ntse re talimile lefatše le lecha. (Tite 2:11-14; 2 Petrose 3:13; 1 Johanne 2:15-17) ’Me batlotsuoa ba ka har’a rōna ka tieo ba batla ‘motse,’ ’Muso oa leholimo.—Ba-Heberu 12:22.
13. Mahlabelo a khahlisang Molimo hase feela eng?
13 Ka mor’a mono Pauluse o bolela mahlabelo a khahlisang Molimo, oa ngola: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena [Jesu] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” (Ba-Heberu 13:15, 16) Mahlabelo a Bakreste hase feela mesebetsi e bontšang mosa oa botho. Batho ka kakaretso ba etsa lintho tse joalo. Ka mohlala, sena se ile sa etsahala ha batho ba lichaba tse ngata ba phallela batho ba hlasetsoeng ke tšisinyeho ea lefatše Soviet Armenia qetellong ea 1988.
14. Ho nyehela mahlabelo a amohelehang ho Molimo ho hatella mosebetsi ofe?
14 Tšebeletso e halalelang eo re nehelanang ka eona ho Jehova “ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo” e theiloe holim’a mofuta oa lerato le itelang le bontšitsoeng ke Jesu. (Ba-Heberu 12:28, NW; Johanne 13:34; 15:13) Tšebeletso ena e hatella mosebetsi oa rōna oa ho bolela, hobane ka Kreste joaloka Moprista e Moholo ‘re hlahisa ho Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.’ (Hosea 14:2, NW; Ba-Roma 10:10-15; Ba-Heberu 7:26) Ho hlakile hore ha re ‘lebale ho etsa batho hantle, le ho fana,’ ho akarelletsa le ba bang ntle le “ba ntlo ea tumelo.” (Ba-Galata 6:10) Re nehelana ka thuso ea lintho tse bonahalang le ea moea haholo-holo ha Bakreste ’moho ba hlaheloa ke tlokotsi kapa ba hloka kapa ba le mahlomoleng. Hobane’ng? Hobane rea ratana. Hape re batla hore ba khone ho tšoarella ho boleleng phatlalatsa tšepo ea bona ba sa sisinyehe, “hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heberu 10:23-25; Jakobo 1:27.
Ikokobetse
15. (a) Ka mantsoe a hao, u ne u tla beha keletso ea Ba-Heberu 13:17 (NW) joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša tlhompho ho ba etelletseng pele?
15 Hore re nehelane ka mahlabelo a amohelehang, re tlameha ho sebelisana ka botlalo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. A sa pheta-phete taba ka mokhoa o tenang, Pauluse o ngotse: “Utloang ba etelletseng pele har’a lōna ’me le ikokobetse, hobane ba lebela meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho tletleba, hobane sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Ba-Heberu 13:17, NW) Re lokela ho hlonepha baholo ba khethiloeng ba etelletseng pele ka phuthehong, hore ba se ke ba tletleba ka ho hlomoha ka baka la ho hloka tšebelisano-’moho ha rōna. Ho hlōleha ha rōna ho ikokobetsa ho ne ho tla ipaka ho le boima ho balebeli ’me ho ne ho tla tlisa kotsi ho rōna moeeng. Moea oa tšebelisano-’moho o nolofaletsa baholo ho fana ka thuso ’me o tlatsetsa bonngoeng le tsoelo-peleng ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso.—Pesaleme ea 133:1-3.
16. Ke hobane’ng ha ho loketse ho ikokobeletsa ba etelletseng pele har’a rōna?
16 Ke ho loketseng hakaakang hore re ikokobeletse ba etelletseng pele! Baa ruta libokeng tsa rōna ’me baa re thusa tšebeletsong. Joaloka balisa, ba batla boiketlo ba rōna. (1 Petrose 5:2, 3) Ba re thusa ho boloka kamano e ntle le Molimo le phutheho. (Liketso 20:28-30) Ka ho ikokobeletsa bolebeli bo bohlale le bo lerato, re bontša tlhompho bakeng sa Molebeli e Moholo ka ho Fetisisa, Jehova Molimo, le Molebeli ea mo Tlatsitseng, Jesu Kreste.—1 Petrose 2:25; Tšenolo 1:1; 2:1–3:22.
Tiisetsa Thapelong
17. Pauluse o ile a kōpa lithapelo life, ’me ke hobane’ng ha ka nepo a ne a ka li kōpa?
17 Kaha Pauluse le metsoalle ea hae ba ne ba arohane le Baheberu, mohlomong ka baka la mahloriso, o ile a re: “Le ’ne le re rapelle, hobane re tšepa hore re na le letsoalo le tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle. Empa ke le khothalletsa haholo-holo ho etsa sena, e le hore nka khutlisetsoa ho lōna kapele.” (Ba-Heberu 13:18, 19, NW) Haeba Pauluse e ne e le motho ea bomene-mene ea nang le letsoalo le cheleng, o ne a tla be a e-na le tokelo efe ea ho kōpa Baheberu hore ba rapelle hore a boele ho bona? (Liproverbia 3:32, NW; 1 Timothea 4:1, 2) Ho hlakile hore e ne e le mosebeletsi ea tšepahalang, ea neng a hanyetsa ba lumelang Bojodeng ka letsoalo le letle. (Liketso 20:17-27) Pauluse o ne a boetse a kholisehile hore o ne a tla khona ho kopana le Baheberu hape haeba ba rapella hore seo se etsahale.
18. Haeba re lebelletse hore ba bang ba re rapelle, ke lipotso life tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona?
18 Ho kōpa ha Pauluse lithapelo tsa Baheberu ho bontša hore ho loketse hore Bakreste ba rapellane, esita le ho qolla motho ka lebitso. (Bapisa le Ba-Efese 6:17-20.) Empa haeba re lebelletse hore ba bang ba re rapelle, na ha rea lokela ho tšoana le moapostola le ho tiisa hore re na le ‘letsoalo le tšepahalang le hore re itšoara ka botšepehi linthong tsohle’? Na ua tšepahala litšebelisanong tsohle tsa hao le ba bang? ’Me na u na le kholiseho e tšoanang le eo Pauluse a neng a e-na le eona thapelong?—1 Johanne 5:14, 15.
Mantsoe a Koalang le Khothatso
19. (a) Takaletso ea Pauluse ka thapelo bakeng sa Baheberu e ne e le efe? (b) Ke hobane’ng ha selekane se secha e le selekane se sa feleng?
19 Hoba a kōpe lithapelo ho Baheberu, Pauluse o ile a senola takaletso ka thapelo, a re: “Molimo oa khotso, o khutlisitseng bafung Morena oa rōna Jesu, molisa e moholo oa linku, ka mali a selekane se sa feleng, o ke o le bōpele [“hlomelle bakeng sa,” NW] mesebetsi eohle e metle, le tle le etse thato ea oona, ’me le oona o etse ka ho lōna se o khahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Khanya e be ho eena ka ho sa feleng! Amen!” (Ba-Heberu 13:20, 21) O hopotse lefatše la khotso, “Molimo oa khotso” o ile oa tsosetsa Kreste bophelong ba ho se shoe leholimong, moo Jesu a ileng a hlahisa molemo oa mali a hae a tšolotsoeng a fileng selekane se secha matla. (Esaia 9:6, 7; Luka 22:20) Ke selekane se sa feleng hobane batho ba lefatše ba amohela melemo e sa feleng litšebeletsong tsa bara ba Molimo ba moea ba 144 000 ba busang le Jesu leholimong le ba leng selekaneng se secha. (Tšenolo 14:1-4; 20:4-6) O sebelisa Kreste, Molimo oo re isang khanya ho oona ‘o re hlomella bakeng sa mesebetsi eohle e metle, re tle re etse thato ea oona, ’me re etse se o khahlisang.’
20. U ne u tla beha ka mantsoe a hao le ho hlalosa khothatso e koalang ea Pauluse ho Bakreste ba Baheberu joang?
20 A sa kholiseha hore na Baheberu ba ne ba tla arabela joang lengolong la hae, Pauluse o ile a re: “Kea le rapela, banab’eso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa khothatso [ea ho mamela Mor’a Molimo, eseng ba lumelang Bojodeng]; hobane ke le ngoletse hakhutšoanyane [ka ho hlokomela litaba tsa lengolo lena tse boima]. Tsebang hobane ngoan’abo rōna, Timothea, o lokolotsoe [teronkong]; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le eena ho le bona.” Mohlomong a ngola a le Roma, moapostola o ne a tšepile hore eena hammoho le Timothea ba ne ba tla etela Baheberu Jerusalema. Joale Pauluse o ile a re: “Ntumelisetseng balisa bohle [ba kang baholo ba sebetsang ka thata] ba lōna le bahalaleli bohle [ba nang le tšepo ea leholimo]. Ba Italia ba le lumelisa. Mohau [oa Molimo] o be le lōna bohle.”—Ba-Heberu 13:22-25.
Lengolo le Nang le Molemo o sa Feleng
21. Lengolo le eang ho Baheberu le re thusa ho utloisisa lintlha life tse khōlō?
21 Mohlomong ho feta buka leha e le efe e ’ngoe ea Mangolo a Halalelang, lengolo le eang ho Baheberu le re thusa ho utloisisa bohlokoa ba mahlabelo a neng a nyeheloa tlas’a Molao. Lengolo lena le bontša ka ho hlaka hore sehlabelo sa Jesu Kreste ke sona feela se fanang ka topollo e hlokahalang bakeng sa batho ba baetsalibe. ’Me molaetsa o hlokomelehang o fumanoang lengolong leo ke hore re lokela ho utloa Mor’a Molimo.
22. Mabaka a mang ao ka ’ona re ka lebohang bakeng sa lengolo le eang ho Baheberu ke afe?
22 Ho feta moo, joalokaha re se re bone lihloohong tse peli tse ka pele, re na le mabaka a mang a ho leboha bakeng sa lengolo le bululetsoeng ke Molimo le eang ho Baheberu. Le re thusa hore re se ke ra khathala tšebeletsong ea rōna, ’me le re tlatsa sebete, hobane rea tseba hore Jehova ke Mothusi oa rōna. Ho feta moo, le re khothalletsa ho sebelisa melomo ea rōna le matla ’ohle a rōna ka ho hloka boithati ho nehelana ka tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu le ho nyehela mahlabelo a tlohang botebong ba pelo a khahlisang Molimo oa rōna o lerato o tšoaneloang ke thoriso, Jehova.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Lengolo le eang ho Baheberu le ile la ba thusa joang ho qoba lithuto tsa bohata?
◻ Mahlabelo a khahlisang Molimo a likoloha holim’a mosebetsi ofe oa bohlokoa?
◻ Ba “etelletseng pele” ke bo-mang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobeletsa bona?
◻ Lengolo le eang ho Baheberu le phahamisa thapelo joang?
◻ Ke hobane’ng ha re ka bolela hore lengolo le eang ho Bakreste ba Baheberu le na le molemo o sa feleng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mahlabelo a khahlisang Molimo a akarelletsa ho etsa maeto a bolisa le ho haha Bakreste ’moho le rōna ka keletso e lerato