Na U sa Hopola?
Na u fumane litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa li e-na le bohlokoa bo sebetsang ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe hore na u hopola hakae ka lipotso tse latelang?
◻Phapang ke efe lipakeng tsa “letsatsi la Morena” le “letsatsi la Jehova”? (Tšenolo 1:10; Joele 2:11)
“Letsatsi la Morena” le akarelletsa phethahatso ea lipono tse 16 tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 1 ho ea ho ea 22 le liketsahalo tsohle tsa motheo tseo Jesu a li boletseng esale pele ha a araba potso ea barutuoa ba hae e neng e le mabapi le ho ba teng ha hae. E le tlhōrō ea letsatsi la Morena, letsatsi la Jehova le susumetsang tšabo lea qaleha ha a liha kahlolo lefatšeng la Satane le senyehileng. (Matheu 24:3-14; Luka 21:11)—12/15, leqepheng la 11.
◻Litšobotsi tse ling tse ikhethang tsa Bibele ea Makarios ke life?
Lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 3500 Bibeleng ea Makarios. Setsebi se seng sa lingoliloeng tsa bolumeli tsa Serussia se itse: “Phetolelo [ena] ea tšepahala tabeng e ngotsoeng ea Seheberu, ’me puo ea phetolelo ena e hloekile ebile e tšoanela taba.”—12/15, leqepheng la 27.
◻“’Nete” eo Jesu a itseng e tla re lokolla ke eng? (Johanne 8:32)
Ha Jesu a bua ka “’nete,” o ne a bolela boitsebiso bo bululetsoeng ba bomolimo—haholo-holo boitsebiso bo amanang le thato ea Molimo—bo bolokiloeng ka Bibeleng.—1/1, leqepheng la 3.
◻Jehu le Jonadabe ba kajeno ke bo-mang?
Jehu o tšoantšetsa Jesu Kreste, eo lefatšeng a emetsoeng ke “Iseraele ea Molimo,” Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bagalata 6:16; Tšenolo 12:17) Joalokaha Jonadabe a ile a kopana le Jehu, “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng bo ’nile ba tla tšehetsa baemeli ba Jesu ba lefatšeng. (Tšenolo 7:9, 10; 2 Marena 10:15)—1/1, leqepheng la 13.
◻Ho boleloa’ng ka ho “tsamaea le Molimo”? (Genese 5:24; 6:9)
Sena se bolela hore ba etsang joalo, ba kang Enoke le Noe, ba ile ba itšoara ka tsela e neng e fana ka bopaki ba tumelo e matla ho Molimo. Ba ile ba etsa seo Jehova a ba laetseng sona ’me ba lumellanya bophelo ba bona le seo ba neng ba se tseba ka eena litšebelisanong tsa hae le moloko oa batho.—1/15, leqepheng la 13.
◻Ke hobane’ng ha motho a lokela ho lokisetsa esale pele bakeng sa haeba a ka shoa?
Ka tsela e itseng, ho etsa litokisetso tse joalo bakeng sa lelapa la motho ke ho le neha mpho. Ho bontša lerato. Ho fana ka bopaki ba takatso ea motho ea ho ‘lokisetsa bao e leng litho tsa lelapa la hae’ esita leha a se a arohane le bona. (1 Timothea 5:8)—1/15, leqepheng la 22.
◻“Selekane sa khale” se ile sa finyella eng? (2 Bakorinthe 3:14)
Se ile sa fana ka litšobotsi tse neng li tšoantšetsa selekane se secha ’me, ka mahlabelo a sona a etsoang khafetsa, se ne se bontša hore motho o hloka ka matla ho lopolloa sebeng le lefung. E ne e le ‘motataisi ea isang ho Kreste.’ (Bagalata 3:24)—2/1, leqepheng la 14.
◻Selekane se secha ke sa ka ho sa feleng ka litsela life? (Baheberu 13:20)
Taba ea pele, ho fapana le selekane sa Molao, se ke ke sa nkeloa sebaka le ka mohla. Ea bobeli, liphello tsa tšebetso ea sona ke tse tšoarellang. ’Me ea boraro, bafo ba ’Muso oa Molimo ba lefatšeng ba tla tsoela pele ho rua molemo tokisetsong ea selekane se secha ka Lilemo tse Sekete.—2/1, leqepheng la 22.
◻Ke melemo efe e hlahisoang ke ho bontša teboho?
Monyaka oo motho a o fumanang ka ho leboha ho tsoa botebong ba pelo o tlatsetsa thabong le khotsong tseo a nang le tsona. (Bapisa le Liproverbia 15:13, 15.) E le boikutlo bo nepahetseng, teboho e sireletsa motho maikutlong a sa nepahalang a kang bohale, mōna le tlhonamo.—2/15, leqepheng la 4.
◻Ba tsoetsoeng ka moea ba nketsoe lilekaneng life?
Selekaneng se secha seo Jehova a se etsang ka litho tsa Iseraele ea moea, le selekaneng sa ’Muso, seo Jesu a se etsang ka batlotsuoa ba hae ba hatang moo a hatileng teng. (Luka 22:20, 28-30)—2/15, leqepheng la 16.
◻Ke mekete efe e meholo e meraro eo Baiseraele ba neng ba laetsoe hore ba e keteke?
Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, o neng o tla hantle ka mor’a Paseka ea la 14 Nisane; Mokete oa Libeke, letsatsing la bo50 ho tloha ho la 16 Nisane; le Mokete oa Kotulo, kapa Mokete oa Metlotloane, khoeling ea bosupa. (Deuteronoma 16:1-15)—3/1, leqepheng la 8, 9.
◻Ke hobane’ng ha e le tokelo ho ba teng lipokanong tsa Bokreste?
Jesu o itse: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng hammoho ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona.” (Matheu 18:20; 28:20) Hape, tsela ea bohlokoa eo phepo ea moea e etsoang ka eona ke ka liboka tsa phutheho le ka lipokano tse khōloanyane. (Matheu 24:45)—3/1, leqepheng la 14.
◻Lebitso la Nimrode le simolohile hokae?
Litsebi tse ngata li na le maikutlo a hore lebitso la Nimrode e ne e se lebitso leo a le rehiloeng tsoalong. Ho e-na le hoo, li nka hore ke lebitso leo a le rehiloeng hamorao ho lumellana le sebōpeho sa hae sa bofetoheli ka mor’a hore se totobale.—3/15, leqepheng la 25.
◻Lelapa ke la bohlokoa hakae mokhatlong oa batho?
Lelapa ke seo batho ba se hlokang. Histori e bontša hore ha tokisetso ea lelapa e senyeha, lichaba li fokolloa ke matla. Kahoo, lelapa le ama botsitso ba sechaba ka ho toba hammoho le boiketlo ba bana le ba meloko ea ka moso.—4/1, leqepheng la 6.
◻Ke lintlha life tse tharo tse pakang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?
(1) E nepahetse ho latela saense; (2) e na le melao-motheo e sebetsang ka linako tsohle e ka sebelisoang bophelong ba kajeno; (3) e na le boprofeta bo tobileng bo phethahetseng, joalokaha linnete tsa histori li pakile.—4/1, leqepheng la 15.