Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • re khao. 19 maq. 113-119
  • Ho Tiisa Iseraele ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tiisa Iseraele ea Molimo
  • Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meea e Mene
  • Ho Tiisoa ha Makhoba a Molimo
  • Ho Tiisoa ba Bakae?
  • Iseraele ea Molimo Kajeno
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lipaki Tsa Bakreste Tse Nang le Tokelo ea ho ba Baahi Leholimong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mohlape o Mong, Molisa o Mong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
re khao. 19 maq. 113-119

Khaolo 19

Ho Tiisa Iseraele ea Molimo

Pono 4—Tšenolo 7:1-17

Moko-taba: Ho tiisoa ba 144 000 ’me bongata bo boholo bo bonoa bo eme ka pel’a terone ea Jehova le ka pel’a Konyana

Nako ea phethahatso: Ho tloha ha Kreste Jesu a behoa teroneng ka 1914 ho ea kena Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete

1. “Ke mang ea ka khonang ho ema” nakong ea letsatsi le leholo la khalefo ea Molimo?

“KE MANG ea ka khonang ho ema?” (Tšenolo 6:17) E, ka sebele ho ka ema mang? Babusi le batho ba lefatše lena ba ka ’na ba botsa potso eo ha letsatsi le leholo la khalefo ea Molimo le ripitla tsamaiso ea Satane. Ho bona ho tla bonahala eka koluoa e ntseng e atamela e tla felisa bophelo ba batho bohle. Empa na e tla etsa joalo? Ka thabo, moprofeta oa Molimo o re tiisetsa sena: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Joele 2:32) Moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba tiisa taba ena. (Liketso 2:19-21; Baroma 10:13) E, ba ipiletsang lebitsong la Jehova ba tla pholoha. Ke bo-mang? Ha pono e latelang e senoha, re tla bona.

2. Ke hobane’ng ha e le ntho e tsotehang hore ebe ho tla ba le baphonyohi ka letsatsi la Jehova la kahlolo?

2 Kannete ke ntho e tsotehang hore ebe motho leha e le ofe a ka feta letsatsing la kahlolo la Jehova a phela, hobane e mong oa baprofeta ba Molimo o le hlalosa ka mantsoe ana: “Bonang! Sefefo sa Jehova, khalefo, e tsoile, sefefo se matla se fielang se lebile pele. Se tla feta ka potlako ka holim’a lihlooho tsa ba khopo. Bohale bo tukang ba Jehova bo ke ke ba khutla ho fihlela a phethisitse le ho fihlela a phethahalitse likhopolo tsa pelo ea hae.” (Jeremia 30:23, 24) Ho potlakile hore re nke mehato ea ho pholoha sefefo seo!—Liproverbia 2:22; Esaia 55:6, 7; Sofonia 2:2, 3.

Meea e Mene

3. (a) Ke tšebeletso efe e khethehileng e etsoang ke mangeloi eo Johanne a e bonang? (b) “Meea e mene” e tšoantšetsa eng?

3 Pele Jehova a ntša khalefo ena, mangeloi a leholimo a etsa tšebeletso e khethehileng. Joale Johanne o bona sena ponong: “Ka mor’a sena ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng kapa leoatleng kapa sefateng leha e le sefe.” (Tšenolo 7:1) See se bolela eng ho rōna kajeno? ‘Meea ena e mene’ ke tšoantšetso e hlakileng ea kahlolo e senyang e tla tloha e lokolleloa holim’a mokhatlo o khopo oa lefatše, holim’a ‘leoatle’ le bilohang la batho ba tlōlang molao, le holim’a babusi ba phahameng joaloka lifate ba tšehetsoang ke batho ba lefatše lena le ba phelisoang ke bona.—Esaia 57:20; Pesaleme ea 37:35, 36.

4. (a) Mangeloi a mane a emela eng? (b) Ho tla etsahala’ng ka mokhatlo oa Satane oa lefatšeng ha meea e mene e lokolloa?

4 Ha ho pelaelo hore mangeloi ana a mane a emela lihlopha tse ’nè tsa mangeloi, ao Jehova a a sebelisang ho thibela ho phethahatsoa ha kahlolo ho fihlela nakong e behiloeng. Ha mangeloi a lokolla meea eo ea khalefo ea Molimo hore e foke joaloka setsokotsane ka nako e le ’ngoe ho tloha leboea, boroa, bochabela le bophirimela, thipitlo e tla ba e khōlō ka mokhoa o tšabehang. E tla tšoana le ha Jehova a ne a sebelisa meea e mene ho qhalakanya Baelame ba boholo-holo, a ba pshatlakanya le ho ba felisa, empa eona e tla etsahala ka tekanyo e khōlō haholo. (Jeremia 49:36-38) E tla ba sefefo se seholohali ho feta “sefefo se matla” seo Jehova a ileng a felisa sechaba sa Baammone ka sona. (Amose 1:13-15) Ha ho karolo ea mokhatlo oa Satane lefatšeng e tla khona ho ema ka letsatsi la khalefo ea Jehova, ha a tlosa qoso eohle bobusing ba hae ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 83:15, 18; Esaia 29:5, 6.

5. Boprofeta ba Jeremia bo re thusa joang ho utloisisa hore likahlolo tsa Molimo li tla akarelletsa lefatše lohle?

5 Na re ka kholiseha hore likahlolo tsa Molimo li tla senya lefatše lohle? Mamela hape ha moprofeta oa hae Jeremia a re: “Bonang! Tlokotsi e tloha sechabeng se seng e ea ho se seng, ’me ho tla tsosoa sefefo se matla likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše. Ka sebele letsatsing leo ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” (Jeremia 25:32, 33) Ke nakong ea sefefo sena se matla ka ho fetisisa moo lefifi le tla aparela lefatše lena. Babusi ba lona ba tla sisinngoa ho fihlela ba lebaloa ka ho feletseng. (Tšenolo 6:12-14) Empa bokamoso bo ke ke ba e-ba lefifi ho motho e mong le e mong. Joale, ke bo-mang bao meea e mene e ntseng e tšoeroe molemong oa bona?

Ho Tiisoa ha Makhoba a Molimo

6. Ke mang ea bolellang mangeloi hore a tšoare meea e mene, ’me hoo ho fana ka nako ea ho etsa eng?

6 Johanne o tsoela pele ho hlalosa kamoo ba bang ba tla tšoaeloa pholoho kateng, ha a re: “Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochaba-tsatsi, le e-na le tiiso ea Molimo ea phelang; la hoeletsa ka lentsoe le phahameng mangeloi a mane a neng a nehiloe hore a senye lefatše le leoatle, la re: ‘Le se ke la senya lefatše kapa leoatle kapa lifate, ho fihlela ka mor’a hore re tiise makhoba a Molimo oa rōna liphatleng tsa ’ona.’”—Tšenolo 7:2, 3.

7. Hantle-ntle lengeloi la bohlano ke mang, ’me ke bopaki bofe bo re thusang hore re tsebe hantle hore na ke mang?

7 Le hoja lengeloi lena la bohlano le sa boleloa ka lebitso, bopaki bohle bo bontša hore e tlameha ebe ke Morena Jesu ea tlotlisitsoeng. Tumellanong le hore ebe Jesu ke Lengeloi le ka Sehloohong, mona o bontšoa a e-na le matla a ho laola mangeloi a mang. (1 Bathesalonika 4:16; Juda 9) O nyoloha bochabela, joaloka “marena a tsoang bochaba-tsatsi”—e leng Jehova le Kreste oa hae—a tlang ho tla phethahatsa kahlolo, joalokaha morena Dariuse le morena Cyruse ba ile ba etsa joalo ha ba kokobetsa Babylona ea boholo-holo. (Tšenolo 16:12; Esaia 45:1; Jeremia 51:11; Daniele 5:31) Lengeloi lena le boetse le tšoana le Jesu ka hore le nehiloe boikarabelo ba ho tiisa Bakreste ba tlotsitsoeng. (Baefese 1:13, 14) Ho feta moo, ha meea eo e lokolloa, ke Jesu ea etellang mabotho a leholimo pele ho phethahatsa kahlolo ho lichaba. (Tšenolo 19:11-16) Joale, ka ho utloahalang, ke Jesu ea neng a tla laela hore ho ripitloa ha mokhatlo oa Satane lefatšeng ho tšoaroe ho fihlela makhoba a Molimo a tiisitsoe.

8. Ho tiisoa ke eng, hona ho qalile neng?

8 Ho tiisoa hoo ke eng, hona makhoba aa a Molimo ke bo-mang? Ho tiisoa ho qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Bakreste ba pele ba Bajuda ba ne ba tlotsoa ka moea o halalelang. Hamorao, Molimo o ile a tsoela pele ho bitsa le ho tlotsa “batho ba lichaba.” (Baroma 3:29; Liketso 2:1-4, 14, 32, 33; 15:14) Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le tiiso ea hore ke “ba Kreste” ’me a phaella ka hore Molimo “o boetse o behile tiiso ea hae holim’a rōna ’me o re file pontšo ea se tlang ho tla, ke hore, moea, ka lipelong tsa rōna.” (2 Bakorinthe 1:21, 22; bapisa le Tšenolo 14:1.) Kahoo, ha makhoba ana a nkeloa ka lapeng e le bara ba moea ba Molimo, a fuoa pontšo ea lefa la ’ona la leholimo esale pele—e leng tiiso kapa tšepiso. (2 Bakorinthe 5:1, 5; Baefese 1:10, 11) Joale a ka re: “Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.”—Baroma 8:15-17.

9. (a) Ho hlokahala mamello efe ho bara ba Molimo ba setseng ba tsoetsoeng ka moea? (b) Ho lekoa ha batlotsuoa ho tla tsoela pele ho fihlela neng?

9 “Hafeela re utloa bohloko hammoho”—hoo ho bolela eng? E le hore ba ka amohela moqhaka oa bophelo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlameha ho mamella, ba tšepahale le ho isa lefung. (Tšenolo 2:10) Hase taba ea hore ‘hang ha u pholositsoe, u lula u pholositsoe.’ (Matheu 10:22; Luka 13:24) Ho e-na le hoo, ba eletsoa tjena: “Le etse haholoanyane sohle se matleng a lōna ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lōna.” Joaloka moapostola Pauluse, qetellong ba tlameha ho nolofalloa ke ho re: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Petrose 1:10, 11; 2 Timothea 4:7, 8) Kahoo mona lefatšeng ho lekoa le ho hlokoloa ha bara ba Molimo ba setseng ba tsoetsoeng ka moea ho tlameha ho tsoela pele ho fihlela ha Jesu le mangeloi a hae ba tla be ba ba behile tiiso ‘liphatleng’ kaofela ha bona, ba ba khetholla ka ho ke keng ha latoloa, le ka ho ke keng ha fetoloa hore ke “makhoba a Molimo oa rōna” a lekiloeng le a tšepahalang. Tiiso eo e ba letšoao le ke keng la hlola le hlakoha. Ka ho totobetseng, ha meea e mene ea matšoenyeho e lokolloa, bohle ba Iseraele ea moea ba tla be ba tiisitsoe ka ho feletseng, le hoja ba seng bakae ba tla be ba ntse ba phela e le batho ba nama. (Matheu 24:13; Tšenolo 19:7) Palo ea litho tsohle tsa eona e tla be e feletse!—Baroma 11:25, 26.

Ho Tiisoa ba Bakae?

10. (a) Ke mangolo afe a bontšang hore palo ea ba tiisitsoeng e lekanyelitsoe? (b) Palo e feletseng ea ba tiisitsoeng ke efe, hona ba thathamisoa joang?

10 Ha Jesu a bua le ba nang le monyetla oa ho behoa tiiso ena o ile a re: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Mangolo a mang, a kang Tšenolo 6:11 le Baroma 11:25, a bontša hore palo ea mohlatsoana ona ka sebele e lekanyelitsoe, ha e le hantle, e reriloe esale pele. Mantsoe a latelang a Johanne a paka sena: “Ka utloa palo ea ba neng ba tiisitsoe, likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ba tiisitsoeng molokong o mong le o mong oa bara ba Iseraele: Molokong oa Juda ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Rubene ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Gade ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Ashere ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Nefthali ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Manase ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Simeone ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Levi ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Isakare ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Zabulone ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Josefa ba likete tse leshome le metso e ’meli; molokong oa Benjamine ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli.”—Tšenolo 7:4-8.

11. (a) Ha ho buuoa ka meloko e 12 moo, ke hobane’ng ha ho sa boleloe Iseraele ea sebele, ea nama? (b) Ke hobane’ng ha Tšenolo e thathamisa meloko e 12? (c) Ke hobane’ng ha ho se na moloko oo ka ho khethehileng e leng oa borena kapa oa boprista Iseraele ea Molimo?

11 Na ebe moo ha ho buuoe ka Iseraele ea sebele, ea nama? Che, ho ke ke ha e-ba joalo hobane Tšenolo 7:4-8 ha e latele mokhoa o tloaelehileng oa ho thathamisa meloko. (Numere 1:17, 47) Ka ho hlakileng, lethathamo lena ha lea etsoa ka morero oa ho khetholla Bajuda ba nama ka meloko ea habo bona empa le etselitsoe ho bontša sebōpeho sa tlhophiso se tšoanang ntlheng ea Iseraele ea moea. E hlophisitsoe ka tsela e leka-lekaneng. Ho lokela ho be le litho tse 144 000 hantle tsa sechaba sena se secha—tse 12 000 tse tsoang molokong o mong le o mong melokong e 12. Iseraeleng ena ea Molimo ha ho moloko oo ka ho khethehileng e leng oa borena kapa oa boprista. Sechaba sohle se lokela ho busa e le marena, ’me sechaba sohle se lokela ho sebeletsa e le baprista.—Bagalata 6:16; Tšenolo 20:4, 6.

12. Ke hobane’ng ha ho loketse hore baholo ba 24 ba bine mantsoe a hlahang ho Tšenolo 5:9, 10 ka pel’a Konyana?

12 Le hoja Bajuda ba tlhaho le batho ba ileng ba sokolohela Bojudeng ba ile ba fuoa monyetla oa pele oa ho khetheloa ho ba Iseraele ea moea, ke ba fokolang feela sechabeng seo ba ileng ba amohela seo. Kahoo Jehova o ile a atolosetsa memo eo ho Balichaba. (Johanne 1:10-13; Liketso 2:4, 7-11; Baroma 11:7) Joaloka Baefese, bao pele ba neng ba “arohile ho sechaba sa Iseraele,” joale bao e seng Bajuda ba ne ba ka tiisoa ka moea oa Molimo ’me ba fetoha karolo ea phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Baefese 2:11-13; 3:5, 6; Liketso 15:14) Joale, ho loketse hore baholo ba 24 ba bine ka pel’a Konyana, ba re: “Ka mali a hao [u ile] ua rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng, ’me ua ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10.

13. Ke hobane’ng ha ngoan’abo Jesu, Jakobo, ka nepo a tobisa lengolo la hae ho “meloko e leshome le metso e ’meli e hasa-hasaneng”?

13 Phutheho ea Bokreste ke “morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang.” (1 Petrose 2:9) Ha e nkela Iseraele ea tlhaho sebaka e le sechaba sa Molimo, e fetoha Iseraele e mocha eo “ka sebele e leng ‘Baiseraele.’” (Baroma 9:6-8; Matheu 21:43)a Ka lebaka lena, ho ne ho loketse haholo hore ha ngoan’abo Jesu, Jakobo, a ngola lengolo la hae la bolisa a le tobise ho “meloko e leshome le metso e ’meli e hasa-hasaneng,” ke hore, ho phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ka bophara bao hamorao ba neng ba tla ba 144 000.—Jakobo 1:1.

Iseraele ea Molimo Kajeno

14. Ke eng e bontšang hore Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tšoarella ka tieo tabeng ea ho re 144 000 ke palo e tobileng ea ba etsang Iseraele ea moea?

14 Ho thahasellisang ke hore Charles T. Russell o ile a hlokomela hore 144 000 ke palo ea sebele ea batho ba etsang Iseraele ea moea. Ho The New Creation, Volume VI ea hae ea Studies in the Scriptures e hatisitsoeng ka 1904, o ile a ngola sena: “Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore palo e tobileng, e boletsoeng ea ba hloailoeng [batlotsuoa ba khethiloeng] e boletsoe ka makhetlo a ’maloa ho Tšenolo (7:4; 14:1); e leng, ba 144 000 ‘ba lopolotsoeng har’a batho.’” Ho Light, Buka ea Pele, e hatisitsoeng ka 1930 ke Liithuti Tsa Bibele, ka ho tšoanang ho ne ho itsoe: “Kahoo litho tse 144 000 tsa ’mele oa Kreste li kopane ’me li bontšoa e le ba khethiloeng le ba tlotsitsoeng, kapa ba tiisitsoeng.” Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tšoarella ka tieo ponong ena ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng bao palo ea bona e tobileng e leng ba 144 000 ke bona ba etsang Iseraele ea moea.

15. Pejana feela ho letsatsi la Morena, liithuti tse tšepahalang tsa Bibele li ne li nahana hore Bajuda ba tlhaho ba ne ba tla fumana eng ka mor’a ho fela ha Linako Tsa Balichaba?

15 Leha ho le joalo, na kajeno Iseraele ea tlhaho ha e lokeloe ke mohau o mong o khethehileng? Pejana feela ho letsatsi la Morena, ha liithuti tsa Bibele tse tšepahalang li ne li boetse li sibolla lithuto tse ngata tsa motheo tsa Lentsoe la Molimo, ho ne ho nahanoa hore ha Linako Tsa Balichaba li fela Bajuda ba ne ba tla boela ba thabela ho ba boemong bo khethehileng ka pel’a Molimo. Kahoo, buka ea C. T. Russell e reng The Time Is at Hand (Volume II ea Studies in the Scriptures), e hatisitsoeng ka 1889, e ile ea bolela hore Jeremia 31:29-34 e bua ka Bajuda ba tlhaho, ’me ea re ha e hlalosa: “Lefatše ke paki ea ’nete ea hore kotlo ea Iseraele tlas’a puso ea Balichaba e ’nile ea tsoela pele ho tloha ka B.C. [607], le hore e ntse e tsoela pele, le hore ha ho na lebaka la ho lebella hore ho hlophisoa ha bona hape e le sechaba ho tla tla pele ho A.D. 1914, ha ho fela ‘linako tsa bona tse supileng’—e leng lilemo tse 2520.” Joale ho ne ho bonahala eka Bajuda ba tla tsosolosoa e le sechaba, ’me ka ho hlakileng tebello ena e ile ea khanya ka 1917, ha Phatlalatso ea Balfour e kōpa tšehetso ea Brithani bakeng sa ho etsa Palestina lehae la sechaba la Bajuda.

16. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa boiteko bofe ba ho finyella Bajuda ba tlhaho ka molaetsa oa Bokreste, hona ho ile ha e-ba le liphello life?

16 Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, Palestina e ile ea fetoha sebaka se abetsoeng Great Britain hore e se buse, ka hona tsela ea bulehela ea hore Bajuda ba bangata ba khutlele naheng eo. Ka 1948 Naha ea Iseraele ea bopolotiki e ile ea e-ba teng. Na seo ha sea ka sa bontša hore Bajuda ba ne ba le mocheng oa ho fumana tlhohonolofatso ea Molimo? Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ne li lumela hore ho joalo. Kahoo, ka 1925 li ile tsa hatisa buka e maqephe a 128, e reng Comfort for the Jews. Ka 1929 tsa lokolla buka e maqephe a 360 e ntle, e reng Life, e neng e reretsoe hore e ipiletse ho Bajuda ’me hape e tšohla buka ea Bibele ea Jobo. Ho ile ha etsoa boiteko bo boholo, haholo-holo New York City, ba ho finyella Bajuda ka molaetsa ona oa Bomesia. Ka thabo, batho ba ’maloa ba ile ba o amohela, empa boholo ba Bajuda, joaloka bo-ntat’a bona moholo ba lekholong la pele la lilemo, ba ile ba hana bopaki ba boteng ba Mesia.

17, 18. Makhoba a Molimo a lefatšeng a ile a utloisisa eng mabapi le selekane se secha le boprofeta ba Bibele ba tsosoloso?

17 Ho ne ho hlakile hore Bajuda, e le batho hape e le sechaba, e ne e se Iseraele e hlalositsoeng ho Tšenolo 7:4-8 kapa boprofeteng bo bong ba Bibele bo amanang le letsatsi la Morena. Ka lebaka la ho latela neano, Bajuda ba ile ba tsoela pele ho qoba ho sebelisa lebitso la Molimo. (Matheu 15:1-3, 7-9) Ha e tšohla Jeremia 31:31-34, buka e reng Jehovah, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ka 1934, e ile ea phetha ka ho re: “Selekane se secha ha se amane ho hang le litloholo tsa tlhaho tsa Iseraele le moloko oa batho ka kakaretso, empa . . . se akarelletsa Iseraele ea moea feela.” Boprofeta ba Bibele bo buang ka tsosoloso ha bo amane le Bajuda ba tlhaho kapa eona Iseraele ea bopolotiki, eo e leng setho sa Machaba a Kopaneng eo e bileng e leng karolo ea lefatše leo Jesu a buileng ka lona ho Johanne 14:19, 30 le 18:36.

18 Ka 1931 makhoba a Molimo a lefatšeng a ile a amohela lebitso la Lipaki Tsa Jehova ka thabo e khōlō. A ne a ka lumellana ka pelo eohle le mantsoe a Pesaleme ea 97:11, a reng: “Leseli le khanyelitse ea lokileng, le thabo e khanyelitse ba lipelo li lokileng.” A ne a ka lemoha ka ho hlakileng hore ke Iseraele ea moea feela e kentsoeng selekaneng se secha. (Baheberu 9:15; 12:22, 24) Iseraele ea tlhaho e sa amoheleng molaetsa hammoho le moloko oa batho ka kakaretso, ba ne ba se na sebaka selekaneng se secha. Kutloisiso ena e ile ea betla tsela ea hore khanya e khōlō ea leseli le tsoang ho Molimo, le khethehileng e khanye litlalehong tsa histori ea puso ea Molimo. Sena se ne se tla senola kamoo Jehova a atolosang mohau oa hae, mosa oa hae o lerato, le ’nete ea hae hore li finyelle ho batho bohle ba atamelang ho eena. (Exoda 34:6; Jakobo 4:8) E, ba bang ntle le Iseraele ea Molimo ba ne ba tla rua molemo ka hore ebe mangeloi a tšoere meea e mene ea timetso. Ekaba baa ke bafe? Na u ka ba e mong oa bona? A re ke re boneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka ho loketseng, lebitso Iseraele le bolela “Molimo oa Loana; Ea Loanang (Ea Phehellang) le Molimo.”—Genese 32:28, NW, botlaaseng ba leqephe.

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 114]

[Litšoantšo tse leqepheng la 116, 117]

Ho khethoa ho akaretsang ha Iseraele ea Molimo ea ’nete ho ile ha tsoela pele ho tloha ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. ho tla fihlela ka 1935 ha, kopanong ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Lipaki Tsa Jehova e neng e le Washington, D.C., ho qala ho buelloa haholo ho bokelloa ha bongata bo boholo bo nang le tšepo ea ho phela lefatšeng (Tšenolo 7:9)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela