Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • 7, 8. Jehova o re nka re ikarabella ka mantsoe a rōna hakae?

      7 Lebaka la boraro la hore re laole lipuo tsa rōna ke hore Jehova o re nka re ikarabella ka mantsoe a rōna. Tsela eo re sebelisang maleme a rōna ka eona ha e ame feela kamano ea rōna le batho ba bang empa e boetse e ama le hore na Jehova o re talima joang. Jakobo 1:26 e re: “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.”b Joalokaha re bone khaolong e fetileng, lipuo tsa rōna le borapeli ba rōna lia tsamaisana. Haeba re sa laole maleme a rōna—re bua lipuo tse utloisang bohloko, le tse chefo—mesebetsi eohle ea rōna ea Bokreste e ka ba e se nang thuso mahlong a Molimo. Na ee hase taba eo re lokelang ho e nahana ka botebo?—Jakobo 3:8-10.

  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
    • b Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefeela” le boetse le fetoleloa e le ‘e se nang thuso’ le ‘e sa beheng litholoana.’—1 Bakorinthe 15:17; 1 Petrose 1:18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela