Re Tlameha ho Etsa Eng e le Hore re Pholosoe?
MONNA e mong o kile a botsa Jesu: “Morena, na ba ntseng ba pholosoa ke ba seng bakae?” Jesu o ile a araba joang? Na o ile a re: ‘Uena nkamohele feela ke le Morena le Mopholosi oa hao, ’me u tla pholosoa’? Che! Jesu o ile a re: “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane, hobane ba bangata, kea le bolella, ba tla batla ho kena empa ha ba na ho khona.”—Luka 13:23, 24, NW.
Na Jesu o ile a hlōleha ho araba potso ea monna eo? Che, monna eo ha aa ka a botsa hore na ho tla ba thata hakae ho pholosoa; o ile a botsa hore palo e ne e tla ba e seng kae na. Kahoo, Jesu o ile a bontša feela hore ke batho ba fokolang ho feta bao motho a ka ba nahanang ba tla ikitlaetsa ka matla ho fumana tlhohonolofatso ena e hlollang.
Babali ba bang ba ka ’na ba ipelaetsa: ‘Hase seo ke se bolelletsoeng.’ Bana ba ka ’na ba qotsa Johanne 3:16 e reng: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Leha ho le joalo, rea araba: ‘Ka hona, ke eng seo re tlamehang ho se lumela? Hore ka sebele Jesu o ile a phela? Ho joalo. Hore ke Mor’a Molimo? Ka hohle-hohle! ’Me kaha Bibele e bitsa Jesu “Moruti” le “Morena,” na ha rea lokela ho lumela seo a ileng a se ruta, ho mo mamela le ho mo latela?’—Johanne 13:13; Mattheu 16:16.
Ho Latela Jesu
Hele! mona ke hona moo bothata bo hlahang. Batho ba bangata ba boleletsoeng hore ba “pholositsoe” ba bonahala ba se na boikemisetso ba ho latela Jesu kapa ba ho mo mamela. Ha e le hantle, moruti oa Moprostanta o ile a ngola: “Ka ho hlakileng, tumelo ea rōna ho Kreste e tšoanela ho tsoela pele. Empa ho tiisa hore joang kapa joang e tlameha ho tsoela pele, kapa hore hoa hlokahala hore e tsoele pele, ho hang ha ho tšehetsoe ke Bibele.”
Ho fapana le moo, Bibele e thathamisa mekhoa ea boitšoaro bo litšila e tloaelehileng har’a batho ba bang ba nahanang hore ba “pholositsoe.” Mabapi le motho ea ileng a tsoela pele litseleng tse joalo, e ile ea laela Bakreste: “Tlosang e mobe har’a lōna.” Ka sebele Molimo ha a batle hore batho ba khopo ba silafatse phutheho ea hae ea Bokreste!—1 Ba-Korinthe 5:11-13.
Kahoo, ho latela Jesu ho bolela eng, ’me re ka etsa joalo joang? Ha e le hantle, Jesu o ile a etsa eng? Na o ne a itšoere hampe? e le sehlola? letahoa? ea leshano? Na khoebong o ne a sa tšepahale? Ho hlakile hore ha ho joalo! ‘Empa’ u ka ’na ua botsa, ‘na ke lokela ho hloekisa lintho tseo kaofela bophelong ba ka?’ Bakeng sa karabo, hlahloba Ba-Efese 4:17 ho ea ho 5:5. Ha e re Molimo o tla re amohela ho sa tsotellehe seo re se etsang. Ho e-na le hoo, e re bolella hore re be ba fapaneng le lichaba tsa lefatše tse ‘timeletsoeng ke kutlo eohle . . . empa ha e le lōna, ha lea ka la ithuta Kreste joalo . . . le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale . . . Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa . . . Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli kateng . . . Hobane lea tseba hore mofebi, leha a le mong, le ea litšila, le ea ratang leruo, e leng motho ea sebeletsang melimo ea bohata, ha ba na kabelo ’musong oa Kreste le Molimo.’
Na re latela Jesu haeba re sa leke ho phela bonyane tumellanong le mohlala oa hae? Na ha rea lokela ho sebeletsa ho etsa hore bophelo ba rōna bo be joaloka ba Kreste? Potso eo ea bohlokoa e nahanoa seoelo, haeba e ee e nahanoe ke batho bao, joalokaha pampitšana e ’ngoe ea bolumeli e bolela, ba reng: “Tloo ho Kreste hona joale—u le joalokaha u le joalo.”
E mong oa barutuoa ba Jesu o ile a lemosa hore batho ba sa tšabeng Molimo ba ne ba ‘fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng le ba ipakang ba se na ’nete ho eo e leng eena feela Monghali oa rōna, Jesu Kreste.’ (Juda 4, NW) Ha e le hantle, ke joang re ka fetolang mosa oa Molimo “boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng”? Re ka etsa joalo ka ho nahana hore sehlabelo sa Kreste se koahela libe tsa ka boomo tseo re ikemiselitseng ho lula re li etsa ho e-na le libe tse bakoang ke ho se phethehe ha botho tseo re lekang ho li hlōla. Ka sebele ha re batle ho lumellana le e mong oa baevangeli ba Amerika ba tsebahalang haholo ea ileng a re ha ho hlokahale hore u “hloekise, u khaotse kapa u furalle mesebetsi ea hao.”—Bapisa le Liketso 17:30; Ba-Roma 3:25; Jakobo 5:19, 20.
Tumelo e Susumetsa Ketso
Batho ba bangata ba boleletsoe hore “ho lumela ho Jesu” ke bohato bo itsamaelang bo le bong le hore ha ho hlokahale tumelo ea rōna e be matla a lekaneng ho ka susumetsa kutlo. Empa Bibele ha e lumele. Jesu ha aa ka a re batho ba qalang tsela ea Bokreste ba pholositsoe. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ea tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholosoa.” (Mattheu 10:22, BPN) Bibele e tšoantša tsela ea rōna ea Bokreste le peiso, eo moputso oa eona qetellong e leng pholoho. ’Me ea phehella: “Mathang ka mokhoa oo le tlang ho o nka ka oona.”—1 Ba-Korinthe 9:24.
Ka hona, “ho amohela Kreste” ho ama ho fetang hōle ho amohela litlhohonolofatso tse fanoang ke sehlabelo sa boleng bo phahameng sa Jesu. Ho hlokahala kutlo. Moapostola Petrose o re kahlolo e qala “ka ntlo ea Molimo,” ’me oa phaella: “’Me ha e qala ka rōna, bofelo ba ba sa lumelang Evangeli ea Molimo e tla ba eng?” (1 Petrose 4:17, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, re tlameha ho etsa ho fetang feela ho utloa le ho lumela. Bibele e re re lokela ho ba “baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela ba ithetsang.”—Jakobo 1:22.
Melaetsa ea Jesu ka Seqo
Buka ea Bibele ea Tšenolo e fupere melaetsa e tsoang ho Jesu, e ileng ea fetisetsoa ka Johanne ho liphutheho tsa pele tsa Bokreste tse supileng. (Tšenolo 1:1, 4) Na Jesu o ile a re kaha batho ba liphuthehong tsena ba ne ba se ba mo “amohetse,” hoo ho ne ho lekane? Che. O ile a rorisa liketso tsa bona, mosebetsi oa bona le mamello ea bona, ’me a bua ka lerato la bona, tumelo le tšebeletso. Empa o ile a re Diabolose o ne a tla ba leka ’me ba ne ba tla putsoa “e mong le e mong oa [bona] ka ho lekanang mesebetsi ea hae.”—Tšenolo 2:2, 10, 19, 23.
Ka hona, Jesu o ile a hlalosa tlamo e khōloanyane ho feta eo batho ba bangata ba e utloisisitseng ha ba ne ba bolelloa hore pholoso ea bona e bile “mosebetsi o phethahetseng” hang ha ba ne ba mo “amohela” sebokeng sa bolumeli. Jesu o ile a re: “Haeba leha e le mang a batla ho ntšala morao, a a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele ka ho tsoelang pele. Etsoe mang kapa mang ea batlang ho pholosa soule ea hae o tla lahleheloa ke eona; empa mang kapa mang ea lahleheloang ke soule ea hae ka lebaka la ka o tla e fumana.”—Mattheu 16:24, 25, NW.
Re itatole? Re latele Jesu ka ho tsoelang pele? Hoo ho tla hloka boiteko. Ho tla fetola bophelo ba rōna. Empa, na ka sebele Jesu o ile a re ho ka etsahala hore ba bang ba rōna ba ‘lahleheloe ke lisoule tsa bona’—ho mo shoela? E, tumelo ea mofuta o joalo e ba teng feela ka tsebo ea lintho tse hlollang tseo u ka li tsebang ka ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho ile ha totobala letsatsing leo Setefane a neng a tlepetsoa ka majoe ke ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ba neng ba “sitoa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moea oo a buang ka oona.” (Liketso 6:8-12; 7:57-60) ’Me mehleng ea rōna, tumelo e tšoanang e bontšitsoe ke Lipaki tsa Jehova tse makholo tse ileng tsa shoela likampong tsa mahloriso tsa Manazi ho e-na le hore li hatakele matsoalo a tsona a koetlisitsoeng ke Bibele.a
Cheseho ea Bokreste
Re tšoanela ho tšoarella ka matla tumelong ea rōna ea Bokreste hobane, ho e-na le seo u ka ’nang ua se utloa likerekeng tse ling kapa mananeong a bolumeli a thelevishene, Bibele e re re ka kheloha. E re bolella ka Bakreste ba ileng ba kheloha “tsela e lokileng.” (2 Petrose 2:1, 15) Ka hona, ho hlokahala re ‘tsoele pele ho ’na re sebeletsa polokeho ea rōna ka tšabo le ka thothomelo.’—Ba-Filippi 2:12, NW; 2 Petrose 2:20.
Na ee ke tsela eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, batho bao ka sebele ba utloileng Jesu le barutuoa ba hae ha ba ruta, ba ileng ba utloisisa taba ka eona? Ho joalo. Ba ne ba tseba hore ba tšoanela ho etsa ho hong. Jesu o ile a re: ‘E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; ’me le ba rute, ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.’—Mattheu 28:19, 20.
Libeke tse seng kae ka mor’a hore Jesu a bue joalo, batho ba 3 000 ba ile ba kolobetsoa ka letsatsi le le leng feela. Ka potlako palo ea ba lumetseng e ile ea eketsehela ho 5 000. Ba lumetseng ba ile ba ruta ba bang. Ha ba qhalanngoa ke mahloriso, hoo ho ile ha sebeletsa ho hasanya molaetsa oa bona. Bibele ha e bue ka baeta-pele ba ’maloa feela empa e re “ba neng ba qhalanntsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.” Ka hona, lilemo tse ka bang 30 hamorao, moapostola Pauluse o ne a ka ngola hore litaba tse molemo li ‘boleletsoe babopuoa bohle ba tlas’a leholimo.’—Liketso 2:41; 4:4; 8:4; Ba-Kolosse 1:23.
Pauluse ha aa ka a sokolla batho, joalokaha ba bang ba baevangeli ba TV ba etsa joalo ka hore ba re: ‘Amohela Jesu hona joale, ’me u tla pholosoa ka ho sa feleng.’ Leha e le hore o ne a e-na le tšepo e tšoanang le ea moruti e mong oa Amerika ea ileng a ngola: “Ke sa le moshemane ea lilemo tse ka tlaase ho 20, . . . ke ne ke se ke ntse ke pholositsoe.” Lilemo tse fetang 20 ka mor’a hore Jesu ka boeena a khethe Pauluse hore a ise molaetsa oa Bokreste bathong ba lichaba, moapostola enoa ea sebetsang ka thata o ile a ngola: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.”—1 Ba-Korinthe 9:27; Liketso 9:5, 6, 15.
Pholoho ke mpho e sa lefelloeng e tsoang ho Molimo. Hase moputso. Empa e hloka boiteko ka lehlakoreng la rōna. Haeba e mong a u fa mpho ea bohlokoahali ’me u sa bontše kananelo e lekaneng ea ho e nka u tsamaea le eona, ho hloka ha hao kananelo ho ka ’na ha susumelletsa mofani hore a efe e mong. Ha e le hantle, mali a bohlokoa a Jesu Kreste ke letlotlo hakae? Ke mpho e sa lefelloeng, empa re lokela ho bonahatsa kananelo e tebileng bakeng sa eona.
Bakreste ba ’nete ba boemong ba pholoho ka moelelo oa hore ba boemong bo amohelehang pel’a Molimo. Joaloka sehlopha, ha ho tika-tiko hore ba tla pholoha. Ka bomong, ba lokela ho finyella litlhokahalo tsa Molimo. Leha ho le joalo, re ka hlōleha, kaha Jesu o itse: “Ekare ha motho a sa lule ho ’na, o lahleloa ntle, joalo ka lekala, ’me oa omella.”—Johanne 15:6.
‘Lentsoe la Molimo Lea Phela’
Moqoqo o boletsoeng qalong ea sehlooho se etellang sena pele o etsahetse lilemong tse batlileng li e-ba 60 tse fetileng. Johnny o ntse a lumela hore pholoho e fumaneha feela ka Jesu Kreste, empa oa hlokomela hore ho na le seo re lokelang ho se finyella. O lula a kholisehile hore Bibele e supa mohloli o le mong feela oa sebele oa tšepo bakeng sa moloko oa batho le hore re tlameha ho ithuta buka eo e tsotehang, re tsamaisoe ke eona, ’me re e lumelle hore e re susumelletse liketsong tsa lerato, tumelo, mosa, kutlo le mamello. O hōlisitse bana ba hae a ba ruta ho lumela se tšoanang, ’me hona joale o thabela ho bona le bona ba hōlisa bana ba bona ka tsela e tšoanang. O lakatsa eka e mong le e mong a ka be a e-na le tumelo ea mofuta oo, ’me o etsa ntho leha e le efe eo a ka e khonang ho e kenya ka lipelong le likelellong tsa ba bang.
Moapostola Pauluse o ile a bululeloa ho ngola hore “lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Le ka fetola bophelo. Le ka u susumelletsa liketsong tse tiileng tsa lerato, tsa tumelo le tsa kutlo. Empa u tlameha ho etsa ho fetang feela ho “amohela” kelellong seo Bibele e se buang. Ithute eona ’me u lumelle pelo ea hao hore e susumetsoe ke eona. Lumela ho tataisoa ke bohlale ba eona. Lipaki tsa Jehova tse ka bang 5 000 000 linaheng tse fetang 230, ka boithatelo li fana ka lithuto tsa Bibele tsa mahae tse sa lefelloeng. E le ho ka fumana seo u ka ithutang sona thutong e joalo, ngolla bahatisi ba makasine ena. U tla thabisoa ke tumelo le matla a moea ao u tla a fumana!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bukeng ea hae ea The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity, Dr. Christine E. King o ile a tlaleha: “A le mong ho Lipaki tse peli [tsa Jehova] tsa Majeremane o ne a koaletsoe teronkong, a le mong ho ba bane a lahleheloa ke bophelo.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho “Loanela Tumelo”?
Buka ea Bibele ea Juda e ngoletsoe “ba bitsitsoeng, . . . ba boloketsoeng Jesu Kreste.” Na e re kaha ba ne ba ‘amohetse Jesu,’ ho ne ho se tika-tiko hore ba tla pholoha? Che, Juda o ile a bolella Bakreste bao hore ba ‘loanele tumelo.’ O ile a ba neha mabaka a mararo a hore ba etse joalo. La pele, Molimo o ne a ile a ‘loela sechaba sa hae naheng ea Egepeta,’ empa hamorao ba bangata ba bona ba oela. La bobeli, esita le mangeloi a ile a fetoha marabele ’me ea e-ba bademona. La boraro, Molimo a timetsa Sodoma le Gomora ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo feteletseng bo neng bo tloaelehile metseng eo. Juda o bolela liketsahalo tsena tsa Bibele e le “temoso.” E, esita le balumeli “ba boloketsoeng Jesu Kreste” ba lokela ho hlokomela hore ba se khelohe tumelong ea ’nete.—Juda 1-7.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Ho Nepahetseng ke Hofe?
Bibele e re: “Motho o beoa ea lokileng ka tumelo, ka ntle ho mesebetsi ea molao.” E boetse e re: “Motho o beoa ea lokileng ke mesebetsi ea hae, e seng ke tumelo e ’notši.” Ho nepahetseng ke hofe? Na re beoa ba lokileng ka tumelo kapa ka mesebetsi?—Ba-Roma 3:28; Jakobo 2:24.
Karabo e lumellanang e tsoang ka Bibeleng ke hore bobeli ba tsona li nepahetse.
Ka makholo a lilemo Molao oo Molimo a neng a fane ka oona ka Moshe o ne o hloka hore barapeli ba Bajode ba etse mahlabelo a khethehileng le linyehelo, ba boloke matsatsi a mekete ’me ba phele tumellanong le se neng se hlokahala tabeng ea lijo le litlhoko tse ling. “Mesebetsi [e joalo] ea molao,” kapa “mesebetsi” feela e ne e se e sa hlokahale ka mor’a hore Jesu a fane ka sehlabelo se phethahetseng.—Ba-Roma 10:4.
Empa taba ea hore mesebetsi ena e neng e phethoa tlas’a Molao oa Moshe e ile ea nkeloa sebaka ke sehlabelo se phahameng sa Jesu e ne e sa bolele hore re ka hlokomoloha litaelo tsa Bibele. E re: “Mali a Kreste, . . . a tla hloekisa matsoalo a rōna ka ho eketsehileng hakaakang mesebetsing e shoeleng [ea khale] e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?”—Ba-Heberu 9:14, NW.
Ke joang re ‘etsetsang Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?’ Har’a lintho tse ling, Bibele e re bolella hore re loantše mesebetsi ea nama, re hanele boitšoaro bo bobe ba lefatše ’me re qobe maraba a lona. E re: ‘Loanang ntoa e ntle ea tumelo,’ lahlang “sebe se tšoasang feela,” ’me ‘le ke le mathe ka sebete peisong eo le e beetsoeng, le ntse le talimile Jesu, Moqali le Mophethi oa tumelo.’ ’Me Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra ‘khathala ke ho felloa ke lipelo.’—1 Timothea 6:12; Ba-Heberu 12:1-3; Ba-Galata 5:19-21.
Ha re putsoe ka pholoho ka ho etsa lintho tsena, kaha le ka mohla ha ho ea ka etsang ho lekaneng hore a ka tšoanelehela tlhohonolofatso eo e tsotehang. Leha ho le joalo, ha re tšoaneloe ke mpho ena e hlollang haeba re hlōleha ho bonahatsa lerato la rōna le kutlo ka ho etsa lintho tseo Bibele e reng Molimo le Kreste ba batla re li etse. Ka ntle ho mesebetsi e bonahatsang tumelo ea rōna, ho ipolela ha rōna hore re latela Jesu ho tla be ho le hōle le seo, kaha Bibele e bolela ka ho hlakileng hore: “Tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri.”—Jakobo 2:17.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ithute Bibele, ’me u susumetsoe ke eona