Ipoloke U Sireletsehile U le Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo
“Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—LIPROVERBIA 18:10.
1. Ho latela thapelo ea Jesu, Bakreste ba boemong bofe bo thata?
NAKOANA pele a e-shoa, Jesu o ile a rapella balateli ba hae ho Ntate oa hae oa leholimo. Ka kameho e lerato, o ile a re: “Ke ba file lentsoe la hao, empa lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše. Kea u kōpa, eseng hore u ba ntše lefatšeng, empa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Johanne 17:14, 15) Jesu o ne a tseba hore lefatše e ne e tla ba sebaka se kotsi bakeng sa Bakreste. Le ne le tla bontša hore le ba hloile ka ho ba etselletsa le ka ho ba hlorisa. (Matheu 5:11, 12; 10:16, 17) Hape le ne le tla fetoha mohloli oa tšenyeho.—2 Timothea 4:10; 1 Johanne 2:15, 16.
2. Bakreste ba ka fumana sebaka sa tšireletso ea moea hokae?
2 Lefatše le neng le tla hloea Bakreste le entsoe ka batho ba furaletseng Molimo le ba tlas’a taolo ea Satane. (1 Johanne 5:19) Lefatše lena le leholo haholo ho feta phutheho ea Bokreste, ’me Satane ka boeena o matla haholo ho feta motho leha e le ofe. Kahoo, lehloeo la lefatše ke tšokelo ea sebele. Balateli ba Jesu ba ka fumana tšireletso ea moea hokae? Tlaleho e tokollong ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1922, e ile ea fana ka karabo: “Hona joale re mehleng e mebe. Ntoa ea kupa lipakeng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Ke ntoa e mahlo-mafubelu.” Ntoeng ena, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ke sebaka sa tšireletso moeeng. Polelo “mokhatlo o hlophisitsoeng,” ha e hlahe ka Bibeleng, ’me morao koo ka bo-1920, “mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo” e ne e le polelo e ncha. Joale mokhatlo oo o hlophisitsoeng ke eng? ’Me re ka fumana tšireletso ho oona joang?
Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova
3, 4. (a) Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe le Molula-Qhooa o mong, mokhatlo o hlophisitsoeng ke eng? (b) Ke ka kutloisiso efe mokhatlo oa machaba oa Lipaki tsa Jehova o ka bitsoang mokhatlo o hlophisitsoeng?
3 Ho latela Concise Oxford Dictionary, mokhatlo o hlophisitsoeng ke “sehlopha se hlophisitsoeng sa batho.” Ha re nahana ka seo, re utloisisa hore kaha baapostola ba ile ba hlophisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka liphutheho tsa sebaka ka seng, tse neng li le tlas’a bolebeli ba sehlopha se busang se Jerusalema, ho loketse ho bua ka “mokhatlo [oo] oohle oa barab’abo rōna” e le mokhatlo o hlophisitsoeng. (1 Petrose 2:17) Kajeno, Lipaki tsa Jehova li na le mokhatlo o joalo o hlophisitsoeng. Bonngoe ba mokhatlo oa lekholong la pele la lilemo bo ile ba matlafatsoa ke “limpho tseo e leng banna,” tse kang “balisa le mesuoe.” Ba bang ba bona ba ne ba tsamaea ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ha ba bang e ne e le baholo liphuthehong tsa sebaka ka seng. (Baefese 4:8, 11, 12; Liketso 20:28) “Limpho” tse tšoanang li matlafatsa bonngoe ba Lipaki tsa Jehova kajeno.
4 Tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1922 e ile ea re ka polelo “mokhatlo o hlophisitsoeng”: “Mokhatlo o hlophisitsoeng ke ho kopana ha batho ka morero oa ho phetha sepheo se itseng.” Molula-Qhooa oo o ile oa tsoela pele ho hlalosa hore ho bitsa Lipaki tsa Jehova mokhatlo o hlophisitsoeng ha hoa ka ha li etsa “sehlotšoana sa bokhelohi ka kutloisiso eo polelo eo e sebelisoang ka eona, empa ho bolela feela hore Liithuti tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova] li leka ka matla ho phetha merero ea Molimo le ho e etsa ka tsela eo Morena a etsang lintho tsohle ka eona, ka mokhoa o hlophisehileng.” (1 Bakorinthe 14:33) Moapostola Pauluse o ile a bontša hore Bakreste ba mehleng ea hae le bona ba ile ba etsa lintho ka mokhoa o hlophisehileng. O ile a bapisa mokhatlo oa Bakreste ba tlotsitsoeng le ’mele oa motho, o nang le litho tse ngata, se seng le se seng se phetha karolo ea sona eo se e abetsoeng e le hore ’mele o sebetse hantle. (1 Bakorinthe 12:12-26) Eo ke papiso e ntle ea mokhatlo o hlophisitsoeng! Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba hlophisitsoe? Molemong oa ho phetha “merero ea Molimo,” ho etsa thato ea Jehova.
5. Mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo ke eng?
5 Bibele e boletse esale pele hore Bakreste ba ’nete kajeno ba ne ba tla momahana, ba khobokanngoe hammoho ‘naheng’ e le ’ngoe e le “sechaba” se le seng, moo ba neng ba tla ‘khanya e le maseli lefatšeng.’ (Esaia 66:8; Bafilippi 2:5) Hona joale “sechaba” sena se hlophisitsoeng se ka holimo ho limilione tse hlano le halofo. (Esaia 60:8-10, 22) Leha ho le joalo, oo hase oona mokhatlo oohle o hlophisitsoeng oa Molimo. Mangeloi le ’ona aa ameha.
6. Ka kutloisiso e pharaletseng ea oona, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o entsoe ka bo-mang?
6 Ho na le mehlala e mengata ea moo mangeloi a sebetsang hammoho le bahlanka ba Molimo ba batho. (Genese 28:12; Daniele 10:12-14; 12:1; Baheberu 1:13, 14; Tšenolo 14:14-16) Ke kahoo ka nepo Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 15, 1925, o itseng: “Mangeloi ’ohle a halalelang ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.” O ile oa phaella ka ho re: “Hlooho ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, e nang le matla ’ohle le borena, [ke] Morena Jesu Kreste.” (Matheu 28:18) Kahoo, ka kutloisiso e pharaletseng ea oona, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o entsoe ka bohle ba leholimong le ba lefatšeng, ba sebetsang hammoho ho etsa thato ea Molimo. (Bona lebokose.) Ke tokelo e babatsehang hakaakang ho ba karolo ea mokhatlo oo! ’Me ke thabo e kaakang ho lebella nako eo ka eona libōpuoa tsohle tse phelang tse leholimong le lefatšeng, li tla beng li hlophisitsoe hore li rorise Jehova Molimo li kopane! (Tšenolo 5:13, 14) Empa leha ho le joalo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o fana ka tšireletso efe kajeno?
Ho Sireletseha Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Molimo—Joang?
7. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o re sireletsa ka tsela efe?
7 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ka re thusa ho itšireletsa ho Satane le maqiti a hae. (Baefese 6:11) Satane o hatella barapeli ba Jehova, oa ba hlorisa le ho ba leka moo a habileng ntho e le ’ngoe feela: ho ba khelosa ‘tseleng eo ba tšoanetseng ho tsamaea ho eona.’ (Esaia 48:17; bapisa le Matheu 4:1-11.) Tsamaisong ena ea lintho, ha ho mohla re tla qoba litlhaselo tseo ka ho feletseng. Leha ho le joalo, kamano ea rōna e haufi-ufi le Molimo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ea re matlafatsa le ho re sireletsa ’me kahoo, e re thusa ho lula ‘tseleng’ eo. Ka lebaka lena, ha re lahleheloe ke tšepo.
8. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o sa bonahaleng o tšehetsa bahlanka ba hae ba lefatšeng joang?
8 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o fana ka tšireletso ee joang? Pele, re na le tšehetso e sa feleng ea bahlanka ba Jehova ba moea. Ha Jesu a ne a le tlas’a khatello e matla haholo, lengeloi le ile la mo thusa. (Luka 22:43) Ha Petrose a ne a le tlas’a tšokelo ea lefu, lengeloi le ile la mo pholosa ka mohlolo. (Liketso 12:6-11) Le hoja ho se na mehlolo e joalo kajeno, batho ba Jehova ba tšepisitsoe tšehetso ea mangeloi mosebetsing oa bona oa ho bolela. (Tšenolo 14:6, 7) Hangata ba ba le matla a fetang a tloaelehileng ha ba tobane le maemo a boima. (2 Bakorinthe 4:7) Ho feta moo, baa hlokomela hore “lengeloi la Jehova le lara pel’a ba mo tšabang, lea ba boloka.”—Pesaleme ea 34:7.
9, 10. Ke joang ho ka thoe’ng “lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata,” ’me molao-motheo oo o sebetsa joang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo ka kakaretso?
9 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang le oona ke tšireletso. Joang? Ho Liproverbia 18:10, rea bala: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me [o fuoa tšireletso, NW].” Sena hase bolele hore ho bitsa feela lebitso la Molimo ho fana ka tšireletso. Ho e-na le hoo, ho batla ha rōna setšabelo lebitsong la Molimo ho bolela hore re tšepa Jehova ka boeena. (Pesaleme ea 20:1; 122:4) Ho bolela ho tšehetsa bobusi ba hae, ho boloka melao le melao-motheo ea hae le ho ba le tumelo linthong tseo a li tšepisitseng. (Pesaleme ea 8:1-9; Esaia 50:10; Baheberu 11:6) Ho akarelletsa ho inehela ho Jehova a ’notši. Ke ba rapelang Jehova ka tsela ena feela ba ka reng le mopesaleme: “Pelo tsa rōna li ithabela ho [Jehova], hobane re tšepile lebitso la hae le halalelang.”—Pesaleme ea 33:21; 124:8.
10 Joale bohle ba mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo o bonahalang ba re le Mikea: “Rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” (Mikea 4:5) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno o bokeletsoe ho “Iseraele ea Molimo,” eo ka Bibeleng e bitsoang “batho bakeng sa lebitso la hae.” (Bagalata 6:16; Liketso 15:14; Esaia 43:6, 7; 1 Petrose 2:17) Kahoo, ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ho bolela ho ba karolo ea batho ba batlang, le ba amohelang tšireletso lebitsong la Molimo.
11. Ke ka litsela life tse khethehileng mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fanang ka tšireletso ho bao e leng karolo ea oona?
11 Ho phaella moo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o bonahalang ke batho ba kopaneng ba nang le tumelo, mokhatlo oa balumeli-’moho ba hahanang le ba khothatsanang. (Liproverbia 13:20; Baroma 1:12) Ke sebakeng seo ho sona balisa ba Bakreste ba hlokomelang linku, ba khothatsang ba kulang le ba tepeletseng maikutlo le ho batla ho tsosolosa ba oeleng. (Esaia 32:1, 2; 1 Petrose 5:2-4) Ka mokhatlo o hlophisitsoeng, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fana ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45) “Lekhoba” leo le entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng, le fana ka lintho tse molemo ka ho fetisisa tsa moea—tsebo e nepahetseng e thehiloeng Bibeleng, e ka lebisang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ka lebaka la tataiso ea “lekhoba” lena, Bakreste ba thusoa ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro le ho ba ‘seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo e le ba hlokang mano joaloka maeba’ tikolohong e ba pota-potileng e kotsi. (Matheu 10:16) ’Me kamehla ba thusoa hore ba be le ‘ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena,’ hoo ka bohona e leng tšireletso e matla.—1 Bakorinthe 15:58.
Ke Bo-mang Bao e Leng Karolo ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo?
12. Ke bo-mang ba khetholloang e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo?
12 Kaha tšireletso ena e fumanoa ke bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, baa ba akarelletsa bo-mang? Mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo, ha ho pelaelo ka karabo ea potso ena. Satane le mangeloi a hae ha ba sa le leholimong. Ka lehlakoreng le leng, mangeloi a tšepahalang a ntse a le hona teng, “sebokeng se akaretsang.” Moapostola Johanne o ile a bona hore matsatsing a ho qetela, “Konyana,” likerubime (“libōpuoa tse phelang tse ’ne”), le “mangeloi a mangata” ba ne ba tla ba haufi le terone ea Molimo. Baholo ba 24 ba ne ba tla ba le bona—ba emela Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba seng ba ntse ba kene lefeng la bona le khanyang la leholimo. (Baheberu 12:22, 23; Tšenolo 5:6, 11; 12:7-12) Ho hlakile hore kaofela ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Leha ho le joalo, har’a batho lintho ha lia hlaka hakaalo.
13. Jesu o khetholotse bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le bao e seng karolo ea oona joang?
13 Jesu o ile a re ka ba neng ba tla ipolela hore baa mo latela: “Ba bangata ba tla re ho ’na letsatsing leo, ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ ’Me leha ho le joalo ka nako eo ka sebele ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna basebetsi ba ho se ee ka molao.” (Matheu 7:22, 23) Haeba motho e le mosebetsi oa ho se ee ka molao, ka sebele hase karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na boipolelo ba hae ke bofe, hape ho sa tsotellehe le hore na o rapela hokae. Jesu o ile a boela a bontša hore na ho ka khetholloa eo e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo joang. O itse: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ea etsang thato ea Ntate ea leng maholimong o tla kena.”—Matheu 7:21.
14. Ke lintlha life tsa thato ea Molimo tse tsebahatsoang e le tlamo ho bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo?
14 Kahoo, hore motho e be karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo—oo “’muso oa leholimo” e leng karolo ea oona ea bohlokoa—o lokela ho etsa thato ea Molimo. Thato ea hae ke efe? Pauluse o ile a tsebahatsa ntlha ea eona ea bohlokoa ha a ne a re: ‘Thato ea Molimo ke hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Haeba motho a hlile a batla ho ithuta tsebo e nepahetseng e tsoang Bibeleng, a batla ho e sebelisa bophelong ba hae le ho e tsebahatsa ‘mefuteng eohle ea batho,’ o etsa thato ea Molimo. (Matheu 28:19, 20; Baroma 10:13-15) E boetse ke thato ea Molimo hore linku tsa Jehova li fepuoe le ho hlokomeloa. (Johanne 21:15-17) Liboka tsa Bokreste li phetha karolo ea bohlokoa ho sena. Motho ea lokolohileng hore a be teng libokeng tse joalo empa a hlokomoloha ho etsa joalo, ha a ananele sebaka sa hae mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Baheberu 10:23-25.
Botsoalle le Lefatše
15. Jakobo o ile a fana ka temoso efe liphuthehong tsa mehleng ea hae?
15 Lilemo tse ka bang 30 ka mor’a hore Jesu a shoe, Jakobo, mor’abo ka ’mè oa bona, o ile a tsebahatsa mabaka a mang a ka behang boemo ba motho mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo kotsing. O ngotse: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Ka sebele, sera sa Molimo hase karolo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Joale, botsoalle le lefatše ke eng? Bo ’nile ba hlalosoa e le bo mefuta e mengata, joaloka ho hlaolela litloaelano tse mpe kapa ho kopanela ho tsona. Ho phaella moo, Jakobo o ile a lebisa tlhokomelo nthong e ’ngoe e tobileng haholoanyane—boikutlo bo fosahetseng ba kelello bo lebisang boitšoarong bo fosahetseng.
16. Taba e potolohileng temoso ea Jakobo ea hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo e ne e le efe?
16 Ho Jakobo 4:1-3, rea bala: “Lintoa li tsoa mohloling ofe le litsekisano li tsoa mohloling ofe har’a lōna? Na ha li tsoe mohloling ona, e leng, litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama tse tsoelang pele ka khohlano lithong tsa lōna? Lea lakatsa, ’me leha ho le joalo ha le na letho. Le tsoela pele ho bolaea khahlanong le molao le ho chacheha ka mohono, ’me leha ho le joalo ha le khone ho fumana. Le tsoela pele ho tsekisana le ho loana. Ha le na letho ka lebaka la ho se kōpe ha lōna. Le hlile lea kōpa, ’me leha ho le joalo ha le amohele, hobane le kōpa bakeng sa morero o fosahetseng, e le hore le ka se sebelisa litakatsong tsa lōna tsa menyaka ea nama.” Ke ka mor’a ho ngola mantsoe ana Jakobo a ileng a lemosa ka botsoalle le lefatše.
17. Ke ka tsela efe ho neng ho e-na le “lintoa” le ‘liqabang’ phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo?
17 Makholo a lilemo ka mor’a hore Jakobo a shoe, Bakreste ba bohata ba ile ba tsoela pele ho loana ’me ba bolaeana ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, Jakobo o ne a ngolla litho tsa “Iseraele ea Molimo” tsa lekholong la pele la lilemo, batho bao e neng e tla ba ‘baprista le marena’ leholimong. (Tšenolo 20:6) Ha baa ka ba fenethana kapa ho bolaeana lintoeng tsa sebele. Joale ke hobane’ng ha Jakobo a ile a bua ka lintho tse joalo har’a Bakreste? Ha e le hantle, moapostola Johanne o ile a bitsa motho leha e le ofe ea hloileng mor’abo hore ke ’molai. ’Me Pauluse o ile a bua ka likhohlano tsa botho le lehloeo pakeng tsa malapa ka liphuthehong e le “lintoa” le ‘liqabang.’ (Tite 3:9; 2 Timothea 2:14; 1 Johanne 3:15-17) Ntlheng eona ena, ho bonahala Jakobo a ne a nahanne ka ho sitoa ho rata Bakreste-’moho. Har’a bona, Bakreste ba ne ba itšoara ka tsela e tšoanang le eo hangata batho ba lefatše ba sebelisanang le ba bang ka eona.
18. Ke eng e ka lebisang liketsong le maikutlong a hlokang lerato har’a Bakreste?
18 Ke hobane’ng ha ho ne ho etsahala lintho tse joalo liphuthehong tsa Bokreste? Ke ka lebaka la boikutlo bo fosahetseng bo kang meharo le ‘litakatso tsa menyaka ea nama.’ Boikhohomoso, mōna le takatso e matla ea bophahamo le tsona li ka senya botsoalle bo lerato ba Bakreste ka phuthehong. (Jakobo 3:6, 14) Boikutlo bo joalo bo etsa motho motsoalle oa lefatše ’me ka hona, e be sera sa Molimo. Ha ho le ea mong ea koetlang boikutlo bo kang bona ea ka lebellang hore a lule e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.
19. (a) Ke mang eo haholo-holo a lokelang ho behoa molato haeba Mokreste a fumana hore monahano o fosahetseng oa mela pelong ea hae? (b) Mokreste a ka hlōla monahano o fosahetseng joang?
19 Re ka beha mang molato haeba re fumana monahano o fosahetseng o mela lipelong tsa rōna? Satane? E, ho isa bohōleng bo itseng. Ke “’musi oa matla a ho laela a moea” a lefatše lena leo boikutlo bo joalo bo atileng ho lona. (Baefese 2:1, 2; Tite 2:12) Leha ho le joalo, hangata motheo oa monahano o fosahetseng o nameng ea rōna e sa phethahalang. Ka mor’a hore Jakobo a lemose ka botsoalle le lefatše, o ile a ngola: “Na ho lōna ho bonahala eka lengolo le re ntle ho morero: ‘Ke ka tšekamelo ea ho ba mohono moea o lutseng ho rōna o ntseng o hloloheloa’?” (Jakobo 4:5) Kaofela ha rōna re na le tšekamelo eo re e futsitseng ea ho etsa bobe. (Genese 8:21; Baroma 7:18-20) Leha ho le joalo, re ka loantša tšekamelo eo haeba re lumela mefokolo ea rōna ’me re itšetleha ka thuso ea Jehova bakeng sa ho e hlōla. Jakobo o re: “Mosa o sa tšoanelang oo [Molimo] a fanang ka oona o moholoanyane [ho feta tšekamelo eo re e futsitseng ea ho ba mohono].” (Jakobo 4:6) Ka lebaka la moea o halalelang oa Molimo le tšehetso ea bara ba motho ba Bakreste ba tšepahalang, le motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu, Bakreste ba tšepahalang ha ba hlōloe ke mefokolo ea bona ea nama. (Baroma 7:24, 25) E le metsoalle ea Molimo, eseng ea lefatše, ba sireletsehile ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.
20. Bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ba fumana litlhohonolofatso life tse enneng?
20 Bibele ea tšepisa: “Jehova o tla nea sechaba sa hae matla. Jehova o tla hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11) Haeba re hlile re karolo ea “sechaba” sa Jehova sa kajeno, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, re tla fumana matla ao a fanang ka ’ona le ho thabela khotso eo a hlohonolofatsang batho ba hae ka eona. Ke ’nete hore lefatše la Satane le leholo ho feta mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova, le hore Satane o matla haholo ho re feta. Empa Jehova o Matla ’Ohle. Matla a hae a sebetsang ha a hlōloe ke letho. Mangeloi a hae a matla le ’ona a kopane hammoho le rōna ho sebeletseng Molimo. Kahoo, re ka ema re tiile ho sa tsotellehe lehloeo leo re tobanang le lona. Re ka hlōla lefatše joaloka Jesu.—Johanne 16:33; 1 Johanne 4:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo ke Eng?
Likhatisong tsa Lipaki tsa Jehova, polelo “mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo” e sebelisoa ka litsela tse tharo.
1 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o sa bonahaleng oa leholimo, o entsoeng ka libōpuoa tse tšepahalang tsa moea. Ona o bitsoa “Jerusalema oa holimo” ka Bibeleng.—Bagalata 4:26.
2 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang oa batho. Kajeno, o entsoe ka masala a tlotsitsoeng a kopaneng le bongata bo boholo.
3 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa bokahohle. Kajeno, o entsoe ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo hammoho le bara ba hae ba lefatšeng ba tlotsitsoeng le ba amohetsoeng, ba nang le tšepo ea moea. Ka nako e loketseng, o tla boela o akarelletsa le batho ba phethahetseng lefatšeng.
Na U ka Hlalosa?
◻ Mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo ke eng?
◻ Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o fana ka tšireletso ka litsela life?
◻ Ke bo-mang bao e leng karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo?
◻ Re ka qoba ho ba metsoalle ea lefatše joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lijo tsa moea tse molemohali li fanoa ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 12]