-
Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?Molula-Qhooa—2010 | September 1
-
-
Ha re khutlela bukeng ea Jakobo, re fumana mantsoe ana a khothatsang: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”—Jakobo 5:14, 15.
-
-
Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?Molula-Qhooa—2010 | September 1
-
-
Ea pele, ke ho ‘tlotsa ka oli.’ Sena se bolela matla a folisang a Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo,” le fihle botebong ba pelo ea motho. (Baheberu 4:12) Banna ba baholo ba ka sebelisa Bibele ka tsebo e le ho thusa motho ea kulang moeeng hore a hlokomele hore na bothata bo bakiloe ke eng le hore a nke mehato e loketseng ea hore a lokise litaba le Molimo.
-