“Le Rapellane”
JEHOVA ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2, NW) Ka mehla o utloa lithapelo tsa batho ba inehetseng ho eena ka lipelo tsohle, ’me re ka kholiseha hore oa mamela ha ba rapellana.
Empa ke hobane’ng ha re lokela ho rapellana? Lithapelo tse joalo e lokela ho ba tsa eng? ’Me ke litšoaneleho life tsa bomolimo tse matlafatsoang ke ha re rapellana?
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapellana?
Mangolo a khothalletsa batho ba Jehova ho rapellana. Ha moapostola Pauluse a lebisa likōpo tsa hae ho Molimo o ile a akarelletsa le lithapelo tse etsoang molemong oa ba bang. (Ba-Kolosse 1:3; 2 Ba-Thessalonika 1:11) Ho feta moo, morutuoa Jakobo o ngotse: “Le rapellane.”—Jakobo 5:16.
Lithapelo bakeng sa bahlanka ba bang ba Molimo lia sebetsa. Hona ho bontšoa ho Jakobo 5:13-18, moo Mokreste ea kulang moeeng a phehelloang ho kōpa baholo ba phutheho ‘ho mo rapella, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Jehova.’ Ho utloa thapelo ea bona ho ka matlafatsa motho ea tsietsing le ho mo kholisa hore Molimo le oona o tla arabela lithapelo tsa hae. (Pesaleme ea 23:5; 34:18) Kantle le ho rapela le motho eo, baholo ba leka ho tsosolosa bophelo ba hae bo botle ba moea ka ho hlahisa likhopolo tsa Mangolo tse kang oli e thobang.
Jakobo oa phaella: “’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ’me Morena o tla mo tsosa liphateng.” E, mohlomong motho ea kulang moeeng a ka thusoa ke “thapelo e entsoeng ka tumelo” ea baholo. Ho feta moo, Molimo o tla “mo tsosa liphateng” o mo tsosetse bophelong bo botle ba moea haeba a ikemiselitse ho thusoa ke Mangolo. Empa ho thoe’ng haeba ho kula moeeng ho bakiloe ke sebe se tebileng? Koana, haeba motho eo a bakile, Jehova o tla mo tšoarela.
Jakobo o re, “Bolellanang litšito tsa lōna, ’me le rapellane, le tle le fole. Thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha eona. Elia . . . o kile a kōpa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, ’me ka lilemo tse tharo tse nang le likhoeli tse tšeletseng pula ha ea ka ea na lefatšeng. A boela a rapela, ’me leholimo la nesa pula, lefatše le lona la boela la melisa lijo tsa lona.” (1 Marena 17:1-7; 18:1, 42-45) Thapelo ea motho ea lokileng e tumellanong le thato ea Molimo e na le matla.—1 Johanne 5:14, 15.
Re Lokela ho Rapella Eng?
Lithapelong tsa rōna re ka bua ka eng kapa eng bakeng sa molumeli-’moho. Ka mohlala, Pauluse o ile a kōpa ba bang ho mo rapella hore a be le matla a ho bolela litaba tse molemo. (Ba-Efese 6:17-20) Ho thoe’ng haeba re tseba hore motho e mong o hlahetsoe ke teko? Re ka rapella hore ‘a se ke a etsa bobe le hanyenyane’ le hore Molimo o se ke oa mo tlohella molekong empa o mo lopolle ho ea khopo, Satane Diabolose. (2 Ba-Korinthe 13:7; Mattheu 6:13) ’Me haeba e mong a kula ’meleng, re ka kōpa Jehova ho mo fa matla a hlokahalang ho mamella bohloko ba hae.—Pesaleme ea 41:1-3.
Ka mehla ho loketse ho rapella ba rapelang Jehova hammoho le rōna ba hlorisoang. Pauluse le ba neng ba tsamaea le eena ba ile ba hlaheloa ke mahloriso a sehlōhō, ’me o ile a bolella Bakreste ba Korinthe: “Re ntse re thusoa ke thapelo eo le ntseng le re etsetsa eona, hore mohau oo re o batleloang ke batho ba bangata, o leboheloe rōna ke ba bangata.” (2 Ba-Korinthe 1:8-11; 11:23-27) Esita le haeba re kentsoe teronkong, re ka rapella baena ba bang ba hlorisoang, ka mehla re ntse re hopola hore Jehova o utloa “merapelo ea ba lokileng.”—Liproverbia 15:29.
Haholo-holo re lokela ho rapella baena ba rōna ba jarang boikarabelo bo boholo ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Sena se akarelletsa ba tsamaisang mokhatlo o hlophisitsoeng le ho lokisetsa lijo tsa moea tseo “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a li abang. (Mattheu 24:45-47) Ka mohlala, litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li tšoaneloa ke lithapelo tsa rōna, ’me re ka rapella hore Molimo o li fe “moea oa bohlale.”—Ba-Efese 1:16, 17.
Litšoaneleho tsa Bokreste Lia Matlafala
Ka ho rapella balumeli-’moho, re bontša hore re amehile, ha re na boithati, ’me re na le lerato. Kameho e se nang boithati le e lerato ka baena le bo-khaitseli ba rōna ba moea e lumellana le ntlha ea Pauluse ea hore lerato “ha le ipatlele tsa lona.” (1 Ba-Korinthe 13:4, 5) Ho rapella ba bang ke tsela e ’ngoe ea hore “e mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.” (Ba-Filippi 2:4) Ha re etsa hore boiketlo ba moea ba ba bang e be seo re amehileng ka sona thapelong, re boetse re iphumana re atamela haufinyane le bona leratong la boena le khethollang barutuoa ba Jesu.—Johanne 13:34, 35.
Tšoaneleho ea kutloelo-bohloko e hōlisoa ho bao re ba rapellang. (1 Petrose 3:8) Re ba utloela bohloko, re kopanela le bona lithahasellong tsa bona le litsietsing tsa bona. ’Meleng oa motho, haeba letsoho le leng le tsoile kotsi, le leng lea le hlokomela ’me le leka ho kokobetsa bohloko bo bakoang ke leqeba. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 12:12, 26.) Ka ho tšoanang, ho rapella baena le bo-khaitseli ba hlokofatsoang ho hōlisa kutloelo-bohloko ea rōna ka bona ’me ho re thusa ho ba hopola. Ke tahlehelo ho rōna haeba re hlokomoloha Bakreste-’moho ba tšepahalang lithapelong tsa rōna, hobane Molimo le Kreste ha ba ba furalle.—1 Petrose 5:6, 7.
Litšoaneleho tsa bomolimo tse sa tšoaneng lia matlafala ha re rapella ba bang. Re ba utloisisa le ho ba mamella haholoanyane. Bohale boo mohlomong bo ka bang teng boa felisoa, ’me re lumella mehopolo e hahang e re etsang ba nang le lerato le ba thabileng. Ho rapella ba bang ho boetse ho hōlisa khotso le bonngoe ka har’a batho ba Jehova.—2 Ba-Korinthe 9:13, 14.
Tsoelang Pele le Rapellana
Joaloka Pauluse, re ka kōpa ba bang ho re rapella. Ka ntle le hore metsoalle ea rōna e rapele e e-na le rōna, e ka rapela Molimo boinoosing molemong oa rōna, e re qolla ka mabitso, e bolela mathata a rōna, ’me e kōpe hore o re thuse. ’Me thuso e tla tla, hobane “Jehova o tseba kamoo a ka lopollang batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 Petrose 2:9, NW.
Lipaki tsa Jehova tse buang ka rōna lithapelong tsa tsona le tsona li hlaheloa ke liteko—mohlomong tse tepelletsang le ho feta tsa rōna. Leha ho le joalo li isa matšoenyeho a rōna pel’a Morena ea se Nang ho Fela, mohlomong li bile li seka meokho molemong oa rōna. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 2:4; 2 Timothea 1:3, 4.) Re lokela ho leboha hakaakang ka see! Kahoo, ka baka la kananelo le ka baka la mabaka ao ho sa tsoa buisanoa ka ’ona, a re rapellaneng.