Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/10 leq. 19
  • Ho Sebelisa Leleme ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Leleme ka Bohlale
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bontša Lerato le Tlhompho ka ho Laola Leleme la Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tumelo e re Susumelletsa Ketsong!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?
    Bacha Baa Botsa
  • ‘Molomo oa ’Nete o Tla ba Teng ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 11/10 leq. 19

Ho Sebelisa Leleme ka Bohlale

‘EKARE nka hula mantsoe ao ke a buileng!’ Na u kile ua bua mantsoe ao ka pelong? Ha e le hantle, kaofela ha rōna re thatafalloa ho laola maleme a rōna. Bibele e bolela hore re ka thapisa hoo e batlang e le phoofolo leha e le efe, “empa leleme, ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang.” (Jakobo 3:7, 8) Na joale re lokela ho inehela? Che! Nahana ka melao-motheo e meng ea Bibele e ka re thusang ho laola haholoanyane setho sena se senyenyane sa ’mele empa se le matla.

● “Mantsoeng a mangata tlōlo ha e tlohele ho ba teng, empa ea thibang molomo oa hae o etsa ka masene.” (Liproverbia 10:19) Ha re bua haholo, re ba kotsing e khōlō ea ho bua ntho e itseng e booatla kapa e ka utloisang ba bang bohloko. Ka sebele leleme le sa laoloeng le ka ba joaloka mollo ka hore ka potlako le hase lesebo le kotsi le ho etselletsa ba bang. (Jakobo 3:5, 6) Empa ha re ‘thiba melomo ea rōna,’ kapa re nahana pele re bua, re nahanisisa kamoo seo re se buang se ka ’nang sa ama ba bang kateng. Ka tsela ena, re tsebahala re le batho ba masene ’me batho ba bang ba tla re hlompha le ho re tšepa.

● “[Motho] a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Batho ba bang baa thaba ha re ba mamela ka hloko ha ba bua, hobane ha re etsa joalo re bontša hore rea ba thahasella ebile rea ba hlompha. Empa re ka etsa’ng haeba motho e mong a bua lintho tse re utloisang bohloko kapa tse re halefisang? Re lokela ho leka ho ‘lieha ho halefa’ ’me re se ke ra iphetetsa. Ho tseba mang? E ka ’na eaba motho eo o halefisitsoe ke ntho e itseng ’me a ka ’na a kōpa tšoarelo ka hore ebe o buile ka tsela e seng mosa. Na u thatafalloa ke ho ‘lieha ho halefa’? Rapela Molimo hore a u thuse ho ithiba. A ke ke a hlokomoloha likōpo tse joalo tse etsoang ka tieo.—Luka 11:13.

● “Leleme le bonolo le ka roba lesapo.” (Liproverbia 25:15) Ho fapana le maikutlo a tloaelehileng, bonolo ke pontšo ea hore motho o matla. Ka mohlala, karabo e mosa e ka hlōla khanyetso e bonahalang eka e matla ebile e thata joaloka lesapo, mohlomong hobane motho a halefile kapa a susumetsoa ke leeme. Ntle ho pelaelo, ho ka ba thata ho bontša bonolo, haholo ha maikutlo a phahame. Kahoo, nahana ka melemo e tlisoang ke ho etsa seo Bibele e se buang le liphello tsa seo.

Ka sebele, melao-motheo ea Bibele ke “bohlale bo tsoang holimo.” (Jakobo 3:17) Ha re sebelisa maleme a rōna ka bohlale, mantsoe a rōna a tla fa ba bang seriti, e be a khahlisang le a hahang—a be joaloka “liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera,” e be a loketseng boemo.—Liproverbia 25:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela