Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Johanne oa Pele 4:18 e-ea re bolella: “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethehileng le leleka tšabo.” Empa Petrose o ile a ngola: “Ratang banab’abo lōna bohle; tšabang Molimo.” (1 Petrose 2:17) Re ka etsa hore litemana tsena tse peli li lumellane joang?
Ka bobeli Petrose le Johanne e ne e le baapostola ba ithutileng ka ho toba ho Jesu Kreste ka boeena. Kahoo re ka kholiseha hore seo ba se ngotseng sea lumellana. Mabapi le litemana tse qotsitsoeng ka holimo, senotlolo ke hore baapostola ba babeli ba ne ba bua ka mefuta e fapaneng ea tšabo.
A re hlahlobeng keletso ea Petrose pele. Joalokaha litemana tse potolohileng taba li bontša, Petrose o ne a fana ka keletso e bululetsoeng ho Bakreste-’moho le eena mabapi le boikutlo ba bona ka ba boholong. Ka mantsoe a mang, o ne a hlalosa pono e loketseng ea ho ikokobetsa likarolong tse itseng. Kahoo, o ile a eletsa Bakreste ho ikokobetsa ho batho ba boholong mebusong ea batho, joaloka marena kapa babusisi. (1 Petrose 2:13, 14) Ha a tsoela pele Petrose o ile a ngola: “Hlomphang batho bohle; ratang banab’abo lōna bohle; tšabang Molimo; hlomphang morena oa sechaba.”—1 Petrose 2:17.
Ha re hlahloba litemana tse potolohileng taba, ho hlakile hore ha Petrose a ne a re Bakreste ba lokela ho “tšaba Molimo,” o ne a bolela hore re lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho Molimo, tšabo ea ho khopisa molaoli ea phahameng ka ho fetisisa.—Bapisa le Ba-Heberu 11:7.
Ho thoe’ng ka tlhaloso ea moapostola Johanne? Pejana ho 1 Johanne khaolo ea 4, moapostola o ile a sebetsana le tlhokahalo ea ho leka “lipolelo tse bululetsoeng” joaloka tse tsoang ho baprofeta ba bohata. Ka sebele lipolelo tseo ha li tsoe ho Jehova Molimo; li tsoa lefatšeng le khopo kapa lia le bonahatsa.
Ho fapana le moo, Bakreste ba tlotsitsoeng “ba tsoa ho Molimo.” (1 Johanne 4:1-6, NW) Ha ho le joalo, Johanne o ile a khothaletsa: “Baratuoa, a re rataneng; hobane lerato le tsoa ho Molimo.” Molimo o nkile bohato ba pele ka ho bontša lerato—o “romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:7-10) Re lokela ho arabela joang?
Ka ho hlakileng, re lokela ho lula re le bonngoeng le Molimo ea lerato. Ha rea lokela ho mo tšoha kapa hona ho thothomela ha re nahana ka ho mo atamela ka thapelo. Pejana Johanne o ile a eletsa: “Ha lipelo tsa rōna li sa re nyatse, re na le tšepo e tiileng ho Molimo. ’Me seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona; hobane re boloka litaelo tsa oona.” (1 Johanne 3:21, 22) E, letsoalo le letle le re neha bolokolohi ba ho atamela Molimo kantle le tšabo e holofatsang kapa e sitisang. Ka lebaka la lerato, re ikutloa re lokolohile ho lebisa tlhokomelo kapa ho atamela Jehova ka thapelo. Tabeng ena ha ho “tšabo leratong.”
Joale ha re kopanyeng likhopolo tsena tse peli. Kamehla Mokreste o tlameha ho ba le tšabo e nang le tlhompho ho Jehova, e tsoaloang ke tlhompho e tebileng ea boemo ba hae, matla le toka. Empa re boetse re rata Molimo joaloka Ntat’a rōna ’me re utloa ho ba haufi le eena le bolokolohi ba ho mo atamela. Ho e-na le ho sitisoa ke ho mo tšoha leha e le hofe, re tšepa hore re ka mo atamela, joalokaha ngoana a ikutloa a lokolohile ho atamela motsoali oa hae ea lerato.—Jakobo 4:8.