Botle ba ka Hare
GEODE. Lentsoe le makatsang. Le tsoa lentsoeng la Segerike ge·o’des, le bolelang “ho tšoanang le lefatše.” Ke lejoe le batlang le le chitja, le sekoti, le bophara ba lisentimithara tse 3 ho ea ho tse 30 ha le sehoa ka lehare. Le bontšitsoeng mona le le telele ho feta bochitja ’me le tsoa Brazil. Ponahalo ea lona e itšoanela feela le ea majoe a mang.
Empa le pshatle! Talima ka hare! Thabisa mahlo a hao liqubung tse bokellaneng tsa likristale tse perese tse benyang! Geode e bōpehile ho potoloha molomo oa lefika le bōpiloeng ke mesaletsa ea lintho tsa khale tse hohotsoeng ke metsi. Ha le ntse le hōla, ho ile ha hlaha mapatso holim’a lona a lumellang metsi a nang le matsoai ho monyela ka har’a lona, ’me ha matsoai a moeafala, ho ile ha hlaha likristale ka hare leboteng la sekoti. Ka mor’a nako ra be re eba le geode e manehiloeng ka likristale. E bontšitsoeng mona e hlahisitse likristale tse mahlakore a tšeletseng a mebala-bala e perese tse bitsoang amethyst. Ponahalo ea eona ea ka ntle e ka ’na ea se be ntle hakaalo, empa botle ba eona ka hare ke bo khahlisang!
Na u tseba batho ba tšoanang le li-geode? Na ba bonahala ba le lihlong haholo ’me mohlomong ba bile ba na le ponahalo e tloaelehileng? Empa ha u nka nako ho tloaelana le bona, ba qala ho u bontša botle bo khahlang ba ka hare. Joale ho qala ho hlaha moea o mofuthu, o bonolo le botho bo thabisang. U fumana botebo boo ho seng mohla u kileng ua bo lebella.
U qala ho ananela seo moapostola Petrose a se boletseng: “Ho hlopheha ha lōna e se ke ea eba ho kantle, e leng moriri o foriloeng, kapa likhabiso tsa gauda, kapa liaparo tsa ho khaba; empa le hlophise motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4.
Hape u leka ho ithuta ho bona ka tsela eo Molimo o bonang kateng: “Hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.