Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 7. Ke’ng e ka re thusang ho hlaolela kutloelo-bohloko, hona tšobotsi ee e ka bontšoa joang?

      7 Kaha re Bakreste, re khothalletsoa ho etsisa Jesu tabeng ea ho bontša kutloelo-bohloko. Bibele e re phehella hore re bontše “ho utloelana bohloko.”b (1 Petrose 3:8) Re ka ’na ra thatafalloa ho utloisisa tsela eo batho ba kulang ba tšoeroeng ke maloetse a sa foleng kapa ba tetebetseng maikutlo ba ikutloang ka eona—haholo haeba rōna ha re e-s’o ka re e-ba boemong bo bohloko joalo. Empa u hopole hore kutloelo-bohloko ha e tlisoe ke ho feta boemong bo tšoanang le ba motho e mong. Jesu o ne a utloela batho ba kulang bohloko le hoja ho se mohla eena a kileng a kula. Joale re ka hlaolela kutloelo-bohloko joang? Ka ho mamela re sa fele pelo ha ba mahlomoleng ba re phetlela sefuba ba re bolella kamoo ba ikutloang kateng. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Haeba ke ne ke le boemong boo ba bona, ke ne ke tla ikutloa joang?’ (1 Bakorinthe 12:26) Haeba re itloaelitse ho nahanela maikutlo a ba bang, re tla khona ho ‘bua ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathesalonika 5:14) Ka linako tse ling, motho a ka ’na a se ke a bontša kutloelo-bohloko ka seo a se buang feela empa a ka e bontša le ka meokho. Baroma 12:15 e re, “Llang le batho ba llang.”

  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • b Sehlakisi sa Segerike se fetoletsoeng e le “ho utloelana bohloko” ha e le hantle se bolela “ho utloa bohloko le motho e mong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela