Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/15 maq. 21-23
  • Na Ruri Ua Mamella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ruri Ua Mamella?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Jehova O Tšoarela Liphoso Tsohle Tsa Hao’
  • Ho Hlokahala Teka-tekano
  • Le Mamellane le sa Fele Pelo
  • “Ka Maikutlo a Bonolo le Tlhompho e Tebileng”
  • Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang
    Lihlooho Tse Ling
  • Molimo o Mamella ho Isa Kae?
    Tsoha!—2001
  • Mamello
    Tsoha!—2015
  • Ho ba ba Tenyetsehang, Empa re Itlametse ho Tšehetsa Litekanyetso Tsa Bomolimo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/15 maq. 21-23

Na Ruri Ua Mamella?

NA U kile ua halefisoa ke boitšoaro bo sa lokelang ba motho e mong? Na u nka khato ka potlako ha metsoalle ea hao e haufi e hahlameloa ke litšusumetso tse senyang?

Ka linako tse ling ho hlokahala hore ho nkoe khato e potlakileng le e tiileng hore sebe se tebileng se se ke sa ja setsi. Ka mohlala, ha ho ne ho bonahala hore phoso e etsoang ka tello e ka ’na ea silafatsa Baiseraele lekholong la bo15 la lilemo B.C.E., Finease, setloholo sa Arone, o ile a nka khato e tiileng hore a tlose bobe. Jehova Molimo o ile a amohela seo a se entseng, a re: “Finease . . . o khutlisitse bohale ba ka holim’a bara ba Iseraele ka ho se mamelle ha hae tlhōlisano ea letho mabapi le ’na har’a bona.”—Numere 25:1-11.

Finease o ile a nka khato e loketseng hore a emise litšila hore li se ke tsa ja setsi. Empa ho thoe’ng ka ho ba le khalefo e tsoileng taolong ka lebaka la liphoso tsa ba bang? Haeba re ka etsa lintho ka lepotlapotla kapa ra nkoa ke lipelo, re ke ke ra tsejoa re le basireletsi ba ho loka empa re tla tsejoa re le ba hlokang mamello—re le batho ba sa nahaneleng ho se phethahale ha ba bang. Re ka thusoa ke eng ho qoba leraba lee?

‘Jehova O Tšoarela Liphoso Tsohle Tsa Hao’

Jehova ke “Molimo ea boulelang (ea chesehang); Molimo ea sa mamelleng tlhōlisano.” (Exoda 20:5, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Kaha ke ’Mōpi, o na le tokelo ea ho batla hore boinehelo ba rōna bo isoe ho eena a ’notši. (Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, Jehova o mamella mefokolo ea batho. Ke ka lebaka leo mopesaleme Davida a ileng a bina ka eena: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng . . . Ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rōna; leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rōna.” E, haeba re bakile, Molimo ‘o tšoarela liphoso tsohle tsa rōna.’—Pesaleme ea 103:3, 8-10.

Kahobane Jehova oa utloisisa hore ka tlhaho batho ke baetsalibe, “a ke ke a lula a fumana molato” ho bafosi ba bakileng. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Ha e le hantle, o rerile ho felisa sebe le ho se phethahale. Ho fihlela sena se phethahala ka ho feletseng, ka mosa Molimo oa re tšoarela motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste ho e-na le ho re fa “se re tšoanelang.” Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka nkoa a tšoaneloa ke pholoho hoja feela Jehova ha aa ka a bontša mohau ha ho loketse. (Pesaleme ea 130:3) Re leboha hakaakang hore ebe Ntate oa rōna oa leholimo ke Molimo ea mohau, empa eo ka nepo a batlang hore boinehelo bo isoe ho eena a ’notši!

Ho Hlokahala Teka-tekano

Kaha ’Musi Morena oa bokahohleng o bontša mamello ha a sebelisana le batho ba sa phethahalang, na ha rea lokela ho etsa se tšoanang? Mamello e ’nile ea hlalosoa e le “tšekamelo ea ho se felisoe pelo ke maikutlo a ba bang kapa mekhoa ea bona.” Na re na le boikutlo bo joalo—tšekamelo ea ho se fele pelo le ho ithiba ha ba bang ba bua kapa ba etsa lintho tseo e seng libe tse tebileng empa mohlomong e le lentsoe kapa ketso e sa lokelang?

Ntle ho pelaelo, ho hlokahala hore re qobe ho mamella ho feta tekanyo. Ka mohlala, ho ba le tšenyo e khōlō ha baeta-pele ba bolumeli ba mamella baruti ba bahlekefetsi ba phehellang ho hlekefetsa bashanyana le banana. Motlalehi e mong oa litaba oa Ireland o itse: “Kaha ba boholong kerekeng ba nka hore se etsoang bana ke ketso ea sebe feela, ba ile ba mpa ba tlosa moprista ea fositseng [ba mo isa sebakeng se seng].”

Empa na ho isa monna ea joalo sebakeng se seng ke mohlala oa mamello e loketseng? Che! Ha re re lekhotla la lingaka le lumella ngaka e buoang e hlokang boikarabelo hore e tsoele pele e buoa batho, le e isa lipetleleng tse fapaneng le hoja e ne e bolaea kapa e holofatsa bakuli ba eona. Ho tšaba ho hlaha hampe ho ka hlahisa “mamello” e joalo. Empa ho thoe’ng ka bahlaseluoa ba lahlehetsoeng ke bophelo kapa ba hlahetsoeng ke liphello tse bohloko ka lebaka la liketso tsa ho se tsotelle esita le tsa tlōlo ea molao?

Ho boetse ho na le kotsi ea ho bontša mamello e fokolang. Ha Jesu a le lefatšeng, ka phoso Bajuda ba bang ba neng ba bitsoa Mazealot ba ile ba batla ho sebelisa mohlala oa Finease ha ba leka ho lokafatsa mesebetsi ea bona. Ketso e ’ngoe e feteletseng ea Mazealot e ne e le “ho kena har’a matšoele Jerusalema nakong ea mekete le liketsahalo tse joalo ebe a hlaba lira tsa ’ona li sa hlokomele ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli.”

Kaha re Bakreste, re ke ke ra ea bohōleng ba Mazealot ba ho hlasela ba re khopisang. Empa na ho hloka mamello ho itseng ho re etsa hore ka litsela tse itseng re hlasele ba re khopisang—mohlomong ka ho ba bua hampe? Haeba ruri re mamella, re ke ke ra sebelisa puo e joalo e hlabang.

Bafarisi ba lekholong la pele la lilemo e ne e le sehlopha se seng se hlokang mamello. Ba ne ba lula ba nyatsa batho ba bang ’me ba sa nahanele ho se phethahale ha batho. Bafarisi ba ikhohomosang ba ne ba nyelisa batho feela, ba ba senya lebitso ka ho re ke “batho ba malimabe.” (Johanne 7:49) Ka lebaka le utloahalang, Jesu o ile a nyatsa banna ba inkang hore ba lokile joalo, a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine, empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi. E ne e le tlamo ho etsa lintho tsena, empa leha ho le joalo eseng hore ho hlokomolohuoe lintho tse ling.”—Matheu 23:23.

Ha Jesu a bua mantsoe ana, o ne a sa nyenyefatse bohlokoa ba ho boloka Molao oa Moshe. O ne a mpa a bontša hore likarolo “tse tōma haholo,” kapa tsa bohlokoa haholo tsa Molao li ne li hloka hore ho nahaneloe maemo ’me ho bontšoe mohau. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba fapane hakaakang le Bafarisi le Mazealot!

Jehova Molimo le Jesu Kreste ha ba khothalletse bobe. Ka potlako, ‘ho tla tlisoa phetetso ho ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.’ (2 Bathesalonika 1:6-10) Leha ho le joalo, le hoja Jesu a chesehela ho loka, ha ho mohla a sitoang ho bonahatsa kameho ea Ntate oa hae oa leholimo e nang le mamello, e mohau le e lerato ho bohle ba batlang ho etsa se nepahetseng. (Esaia 42:1-3; Matheu 11:28-30; 12:18-21) Jesu o re behetse mohlala o motle hakaakang!

Le Mamellane le sa Fele Pelo

Le hoja re ka ba le cheseho e khōlō bakeng sa se nepahetseng, a re sebeliseng keletso ea moapostola Pauluse: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakolose 3:13; Matheu 6:14, 15) Mamello e re tlama hore re iphapanyetse mefokolo le liphoso tsa ba bang lefatšeng lena le sa phethahalang. Ho hlokahala hore re nahanele maemo mabapi le seo re se lebeletseng ho ba bang.—Bafilipi 4:5.

Ho hang ho mamella ha ho bolele ho lumella phoso kapa ho iphapanyetsa liphoso. Monahano kapa boitšoaro ba molumeli-’moho bo ka ’na ba fapoha litekanyetsong tsa Jehova ka tsela e itseng. Le hoja ho kheloha ho joalo e ka ’na eaba ha hoa teba hoo motho a ka lahloang ke Molimo, ho ka ’na ha fana ka temoso ea hore ho hlokahala hore ho etsoe tokiso e itseng. (Genese 4:6, 7) Ke ho bontša lerato hakaakang ha ba nang le litšoaneleho tsa moea ba leka ho lokisa ea etsang phoso ka moea o bonolo! (Bagalata 6:1) Leha ho le joalo, e le hore ba atlehe ho etsa sena, ho hlokahala hore ba etse joalo ka lebaka la kameho eseng ka ho tšoaea liphoso.

“Ka Maikutlo a Bonolo le Tlhompho e Tebileng”

Ho thoe’ng ka ho bontša mamello ho batho bao bolumeli ba bona bo fapaneng le ba rōna? “Thuto e Akaretsang” e thehiloeng ka 1831 e ileng ea romeloa Likolong tsohle tsa Sechaba Ireland e baleha tjena: “Jesu Kreste o ne a sa rera hore bolumeli ba hae bo qobelloe batho ka mabifi. . . . Ho pheha khang le baahelani ba rōna le ho ba hlekefetsa hase tsela ea ho ba kholisa hore re nepile ’me bona ba fositse. Ho ka mpa ha ba kholisa hore re hloka moea oa Bokreste.”

Jesu o ile a ruta a ba a etsa lintho ka tsela e ileng ea hulela batho Lentsoeng la Molimo, ’me le rōna re lokela ho etsa joalo. (Mareka 6:34; Luka 4:22, 32; 1 Petrose 2:21) Kaha e ne e le motho ea phethahetseng ea nang le temohisiso e khethehileng eo a e filoeng ke Molimo, o ne a ka bona se ka lipelong. Ka lebaka leo, ha ho hlokahala, Jesu o ne a khona ho nyatsa lira tsa Jehova ka mantsoe a hlabang. (Matheu 23:13-33) Ha aa ka a etsa sena hobane a ne a hloka mamello.

Ho fapana le Jesu, ha re khone ho bona se ka lipelong. Kahoo, re lokela ho latela keletso ea moapostola Petrose: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Kaha re bahlanka ba Jehova, re lokela ho sireletsa seo re se lumelang hobane se thehiloe ka tieo Lentsoeng la Molimo. Empa ho hlokahala hore re etse sena ka tsela e bontšang hore re hlompha ba bang le litumelo tseo ba tšoareletseng ho tsona ka botšepehi. Pauluse o ile a ngola: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:6.

Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Kahoo, a re mamellaneng ka ho se fele pelo ’me re bontše tlhompho ho bao re ba bolellang litaba tse molemo. Ka ho etsa hore cheseho ea rōna bakeng sa ho loka e leka-lekane le mamello e thehiloeng Bibeleng, re tla thabisa Jehova ’me ruri re tla mamella.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Qoba ho hloka mamello ha Bafarisi

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu o ile a bonahatsa ho ba le mamello ha Ntate oa hae. Na u etsa joalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela