Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 1
  • Le Hlaphoheloe Likelellong ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Hlaphoheloe Likelellong ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 1

Le Hlaphoheloe Likelellong ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

1 Ka ho pheta-pheta Lentsoe la Molimo le bolela hore letsatsi la Jehova le tla fihla “joaloka lesholu”—ka mantsoe a mang, le tla fihla ka tšohanyetso, ka potlako le ka lenyele. (1 Bathes. 5:2; Mat. 24:43; 2 Pet. 3:10; Tšen. 3:3; 16:15) Jesu o itse: “Ka lebaka lena . . . le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” (Mat. 24:44) Re ka lula re falimehile moeeng joang ha bofelo bo ntse bo atamela? Re ka fumana senotlolo sa katleho keletsong ena e bululetsoeng: “Le hlaphoheloe likelellong.”—1 Pet. 4:7.

2 Ho hlaphoheloa kelellong ho akarelletsa ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. (Baef. 5:17) Ho re thusa ho inka re le “bajaki le baahi ba nakoana” tsamaisong ea hona joale ea lintho. (1 Pet. 2:11) Ho re thusa ho lemoha lintho tseo ka sebele e leng tsa bohlokoa, ho li etelletsa pele le ho etsa liqeto tse nepahetseng.—Bafil. 1:10.

3 Ipehele Lipakane Tsa Moea: Ho ipehela lipakane tsa moea le ho li finyella ho re thusa hore re hlaphoheloe likelellong. Na u na le lipakane tsa moea tseo u li hahamallang hona joale? Na u leka ka matla ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho ba teng libokeng tsohle tsa Bokreste, ho bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha!, kapa mohlomong ho eketsa karolo ea hao tšebeletsong? Haeba u ipehela lipakane tse u loketseng, ’me u tsoela pele ho li hahamalla, u kōpa Jehova ho hlohonolofatsa boiteko ba hao, u ka hlolloa ke litholoana.

4 Moholo e mong o ile a botsa banyalani ba bang hore na ba ipehetse lipakane life tsa moea. Potso eo e ile ea etsa hore ba lemohe hore haeba ba nolofatsa bophelo ba bona le ho qeta likoloto, ba ne ba ka bula maliboho. Ba ile ba etsa qeto ea ho ipehela pakane eo. Ba ile ba khothalla ho lefa sekoloto sa bona ka ho feletseng ’me ba fumana mokhoa oa ho fokotsa lintho tse sa hlokahaleng tse neng li ba jella nako le matla. Ka mor’a selemo se le seng, ba ne ba se ba finyeletse pakane ea bona. Phello e bile efe? Monna o re: “Hoja re ne re sa ipehela lipakane, re ka be re se moo re le teng kajeno. Re thabile haholoanyane. Bophelo ba rōna bo tletse khotso ’me bo molemo. Bo na le morero oa sebele.”

5 Ha re ntse re emetse letsatsi la Jehova, e se eka re ka lula re falimehile moeeng ka ho phela re hlaphohetsoe likelellong, re lebisitse tlhokomelo ea rōna ho etseng thato ea Molimo.—Tite 2:11-13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela