Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe!
    Molula-Qhooa—2005 | June 15
    • “Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo o Bontšitsoeng ka Litsela Tse sa Tšoaneng”

      Moapostola Petrose o re Bakreste ba bakeloa “mesarelo ke liteko tse sa tšoaneng.” (1 Petrose 1:6) Hamorao lengolong la hae le bululetsoeng, o bontša hore ‘mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšoa ka litsela tse sa tšoaneng.’ (1 Petrose 4:10) Poleloana e reng “ka litsela tse sa tšoaneng” e na le sebōpeho sa lentsoe lōna leo la Segerike sa pele. Ha setsebi se seng sa Bibele se bua ka poleloana ena, se re: “Bona ke boikutlo bo matla. . . . Ho bua ka mohau [kapa, mosa o sa tšoanelang] oa Molimo e le poikilos ho bolela hore ha ho na boemo boo motho a ka bang ho bona boo mohau oa Molimo o ke keng oa bo hlōla.” O tsoela pele ho re: “Ha ho khonehe hore ho be le maemo, maqakabetsi, maemo a tšohanyetso kapa lintho tse hlokahalang ka potlako tseo mohau oa Molimo o ke keng oa sebetsana le tsona ka katleho le ho li hlōla. Ha ho letho bophelong le ka sitang mohau oa Molimo. Lentsoe lena le hlakileng poikilos le re hopotsa mohau oa Molimo o [bontšoang ka litsela tse fapa-fapaneng] oo ka sebele o lekaneng bakeng sa lintho tsohle.”

      Liteko ha li Fete Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo

      Ho latela Petrose, tsela e ’ngoe eo mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bonahatsoang ka eona ke ka batho ba sa tšoaneng ba ka phuthehong ea Bokreste. (1 Petrose 4:11) Mohlanka e mong le e mong oa Molimo o na le limpho tsa moea, kapa bokhoni boo e ka bang mohloli oa khothatso ho ba tobaneng le liteko. (Baroma 12:6-8) Ka mohlala, batho ba bang ka phuthehong ke mesuoe e metle ea Bibele. Mantsoe a bona a nang le temohisiso a khothalletsa le ho susumelletsa ba bang hore ba mamelle. (Nehemia 8:1-4, 8, 12) Ba bang ba etsa maeto a bolisa khafetsa mahaeng a batho bao ka sebele ba hlokang thuso. Maeto a joalo ke linako tsa khothatso, linako tsa ‘hore lipelo li ka tšeliseha.’ (Bakolose 2:2) Ha balebeli ba etsa maeto a joalo a matlafatsang tumelo, ba fana ka limpho tsa moea. (Johanne 21:16) Ho ntse ho le joalo, ba bang ka phuthehong ba tsebahala ka ho ba mofuthu, ka ho ba le qenehelo le ka ho ba bonolo ha ba sebetsana le balumeli-’moho le bona ba saretsoeng ka lebaka la liteko. (Liketso 4:36; Baroma 12:10; Bakolose 3:10) Tsela eo bara le barali bao babo rōna ba bontšang kutloelo-bohloko ba bileng ba ikitlaelletsang ho thusa ba bang ka eona ke pontšo e khōlō, kapa “’mala” oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—Liproverbia 12:25; 17:17.

  • Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe!
    Molula-Qhooa—2005 | June 15
    • Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na teko ea rōna e tla ka sebōpeho sefe, kapa e “’mala” o joang, ka linako tsohle ho tla lula ho e-na le tsela eo mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tla bonahatsoa ka eona ho re thusa hore re mamelle. (Jakobo 1:17) Tšehetso e nakong le e loketseng eo Jehova a e fang bahlanka ba hae—ho sa tsotellehe hore na liteko kapa liphephetso tsa bona li ngata hakae—ke bo bong feela ba bopaki ba “bohlale ba Molimo bo fapa-fapaneng haholo.” (Baefese 3:10) Na ha ho joalo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela