Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb13 maq. 78-173
  • Myanmar (Burma)

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Myanmar (Burma)
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
  • Lihloohoana
  • Qaleho ea Mosebetsi
  • “Rachel, ke Fumane ’Nete!”
  • Bo-pula-maliboho ba Sebete
  • Kopano e Ikhethang
  • Barutuoa ba Pele ba Makayine
  • Mathata Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
  • Ba Thabela ho Boela ba Kopana
  • Baromuoa ba Pele ba Gileade Baa Fihla
  • Ntoa ea Lehae ea Qhoma!
  • Ho Paka le ho Ruta ka Seburmese
  • Litholoana Tsa Boboleli Mandalay
  • Baromuoa Baa Lelekoa!
  • Mosebetsi o Atolohela Profinse ea Chin
  • ‘Re Hloa Lithaba’
  • “Ha ho na ‘Linku’ Myitkyina”
  • Makareche a Mang ha a eo
  • Ba Ruta Managa
  • Khanyetso “Golden Triangle”
  • Ha ba Nke Lehlakore
  • Masole a Mang e ba Bakreste
  • Ho Behelana Mabaka le “Batho ba Mefuta Eohle”
  • Ho Tšoaroa Likopano Nakong ea Merusu
  • Re sa Tlohele Lipokano Tsa Bokreste
  • Mekhoa e Ntlafetseng ea ho Hatisa
  • Ho Hlokahala Ofisi e Ncha ea Lekala
  • ‘Eseng ka Matla, Empa ka Moea oa Ka’
  • Ba Haha Liholo Tse Ncha Tsa ’Muso
  • Baromuoa Baa Fihla
  • Mohlala o Motle o Ruisa ba Bangata Molemo
  • Phetolelo e Ntlafetseng e Tlisa Melemo
  • Leholiotsoana Nargis
  • Ketsahalo e sa Lebaleheng
  • “A Soeufetse Bakeng sa Kotulo”
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013
yb13 maq. 78-173

Myanmar (Burma)

MYANMAR ke naha e nang le lintho tse hlollang, ’me e pakeng tsa linaha tse peli tse khōlō tsa Asia, e leng India le Chaena.a Motse-moholo oa eona ke Yangon (eo pele e neng e bitsoa Rangoon), ’me moo ho na le mehaho e nang le mekato e mengata, mabenkele a phetheselang le sephethephethe se sengata. Batho ba metseng e ka thōko ho Yangon ba ntse ba lema ka linare, ba sa ntsane ba makalla batho ba tsoang linaheng tse ling ’me ba phela ba iketlile.

Myanmar ea kajeno e re hopotsa Asia ea mehleng. Libese tsa moo tsa likorokoro li tsamaea litseleng tse likoti, ’me li feta likosekara tse isang lijalo ’marakeng, hammoho le balisana ba alositseng mehlape ea bona masimong. Banna ba bangata ba Myanmar ba ntse ba apara lesela la setso le thateloang thekeng (lungi). Basali ba itlotsa ka setlolo se entsoeng ka makhapetla a sefate (thanaka). Batho ba moo ba chesehela bolumeli. Mabuddha a hlompha baitlami ho feta likhalala, ’me letsatsi le letsatsi a maneha makhasi a khauta liemahaleng tse benyang tsa Buddha e le mahlabelo.

Batho ba Myanmar ba bonolo, baa nahanela ebile ba rata ho tseba lintho. Naheng eo, ho na le merabe e robeli e meholo le bonyane lihlopha tse 127 tse tsoang ho eona. Sehlopha ka seng se na le puo ea sona, moaparo, lijo le moetlo. Batho ba bangata ba lula sebakeng se sabaletseng se fepeloang ke Nōka e khōlō ea Ayeyarwady (Irrawaddy), e bolelele ba lik’hilomithara tse 2 170, ’me e ithatika ka lithaba tse mahloa tsa Himalaya ho ea fihla Leoatleng la Andaman le futhumetseng. Ba bang ba limilione ba lula haufi le nōka ha ba bang ba lula lihlabeng tse moeling oa Bangladesh, Chaena, India, Laos le Thailand.

[Limmapa tse leqepheng la 81]

Ka lilemo tse ka bang 100, Lipaki Tsa Jehova tsa Myanmar li iketselitse tlaleho ea tumelo e sa thekeseleng le mamello. Li ile tsa lula li sa nke lehlakore lintoeng le merusung ea lipolotiki. (Joh. 17:14) Batho ba Jehova ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, le hoja ba ne ba phela ka thata, ba hanyetsoa, ba bile ba sa khone ho kopana le barab’abo bona ba linaheng tse ling. Tlaleho e latelang ke pale ea bona e khothatsang.

Ka lilemo tse ka bang 100, Lipaki Tsa Jehova tsa Myanmar li iketselitse tlaleho ea tumelo e sa thekeseleng le mamello

Qaleho ea Mosebetsi

Selemong se ikhethang sa 1914, Manyesemane a mabeli a ile a theoha sekepe Yangon, mochesong o ntšang koena bolibeng. Hendry Carmichael le pula-maliboho ’moho le eena ba ne ba tsoa India ba tlil’o qala mosebetsi o boima oa boboleli Burma. Tšimo ea bona e ne e akarelletsa naha eohle.

“U ka etsa seo, haeba u boetse u batla hore re u ele lefatšeng le lecha”

[Krafo e leqepheng la 84]

Hendry le mphato oa hae ba ile ba qala Yangon ’me ka mor’a nakoana, ba kopana le banna ba babeli ba Maindia a Manyesemane ba ileng ba thahasella molaetsa oa ’Muso.b Bertram Marcelline le Vernon French ba ile ba ikarola Bokreste-’mōtoaneng hang-hang, eaba ba qala ho pakela metsoalle ea bona ka tsela e sa reroang. Ka mor’a nakoana, batho ba ka bang 20 ba ne ba lula ba ea ha Bertram ho ea ithuta Bibele ba sebelisa Molula-Qhooa.c

Bahoeletsi ba Yangon, ka 1932

Ka 1928, pula-maliboho e mong oa Lenyesemane ea tsoang India, e leng George Wright, o ile a etela Burma ’me a qeta likhoeli tse hlano naheng eo a tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele. Ha ho pelaelo hore peō eo ea ’nete e ne e akarelletsa bukana e lokolotsoeng ka 1920 e reng Millions Now Living Will Never Die!—e leng khatiso ea pele ea Bokreste e ileng ea fetoleloa ka Seburmese.

Lilemo tse peli hamorao, Claude Goodman le Ronald Tippin bao e neng e le bo-pula-maliboho, ba ile ba fihla Yangon ’me ba fumana barab’abo rōna ba seng bakae ba tšoara liboka ka botšepehi, empa ba sa pake ka tsela e hlophisitsoeng. Claude o re: “Re ile ra khothalletsa barab’abo rōna hore ba pake Sontaha se seng le se seng. Mor’abo rōna e mong o ile a botsa hore na a ka thusa rōna bo-pula-maliboho ka lichelete, e le hore re mo etsetse mosebetsi oa boboleli. Ron o ile a re ho eena: ‘U ka etsa seo, haeba u boetse u batla hore re u ele lefatšeng le lecha.’” Sehlopha seo se ne se hlile se hloka khothatso eo e tobileng. Ka mor’a nakoana, Claude le Ronald ba ne ba se ba e-na le batho ba bangata bao ba tsamaeang tšimo le bona.

“Rachel, ke Fumane ’Nete!”

Selemong seo, Ron le Claude ba ile ba kopana le Sydney Coote, eo e neng e le mookameli seteisheneng sa terene Yangon. Sydney o ile a amohela pokello ea libuka tsa rōna tse leshome tse mebala e khanyang. Ha Sydney a qeta ho bala likhaolo tse ling tsa buka e ’ngoe, o ile a re ho mosali oa hae, “Rachel, ke fumane ’nete!” Nakoana ka mor’a moo, lelapa lohle la Coote le ne le se le sebeletsa Jehova.

Sydney e ne e le seithuti se hloahloa sa Mangolo. Morali oa hae ea bitsoang Norma Barber, ea qetileng nako e telele e le moromuoa eo hona joale a sebeletsang lekaleng la Brithani, o re: “Ntate o ne a e-na le buka eo a ngolang litemana tseo a li ratang ho eona. Nako le nako ha a ne a fumana temana e hlalosang thuto e itseng ea Bibele, o ne a e ngola bukeng eo tlas’a sehloohoana se loketseng. O ne a e bitsa E Hokae?”

Sydney Coote (ea bohareng) e ne e le seithuti se hloahloa sa Mangolo; eena le mosali oa hae, Rachel (ea ka ho le letšehali), ba ne ba bolella ba bang molaetsa oa Bibele

Sydney o ne a batla ho ithuta Bibele a bile a batla ho bolella ba bang molaetsa oa eona. Kahoo o ile a ngolla lekala la India a botsa hore na ho na le Lipaki Burma. Ka mor’a nakoana, o ile a fumana lebokose le leholo le nang le lingoliloeng le mabitso a batho. Norma o re: “Ntate o ile a ngolla motho ka mong lethathamong leo, a mo memela hore a tl’o qeta letsatsi a re etetse. Hamorao barab’abo rōna ba bahlano kapa ba tšeletseng ba ile ba re etela ’me ba re bontša tsela ea ho paka ka mokhoa o sa reroang. Hang-hang batsoali ba ka ba ile ba fa metsoalle le baahelani lingoliloeng. Ba ile ba boela ba ngolla beng ka rōna kaofela le ho ba romella lingoliloeng.”

Daisy D’Souza, e leng khaitseli ea Sydney e lulang Mandalay, o ile a fumana lengolo le tsoang ho Sydney le bukana ea The Kingdom, the Hope of the World, ’me hang-hang a mo ngolla a mo kōpa hore a mo fe lingoliloeng tse ling le Bibele. Morali oa hae ea bitsoang Phyllis Tsatos o re: “’Mè o ne a thabile hoo a ileng a bala libuka tseo ho fihlela mesong. Ka mor’a moo, ’Mè o ile a mpitsa le banab’eso ba bahlano ho tla re bolella taba ea bohlokoa: ‘Ha ke sa tla hlola ke ea Kerekeng e K’hatholike, ke fumane ’nete!’” Hamorao, monna oa Daisy le bana ba bona ba ile ba amohela ’nete. Kajeno, litloho-tloholoana tsa D’Souza le tsona li sebeletsa Jehova Molimo ka botšepehi.

Bo-pula-maliboho ba Sebete

Mathoasong a lilemo tsa bo-1930, bo-pula-maliboho ba chesehang ba ne ba bolela litaba tse molemo karolong e ka leboea ea seporo se tlohang Yangon se ea motseng oa Myitkyina, o haufi le moeli oa Chaena. Ba ile ba boela ba paka motseng oa Mawlamyine (Moulmein) o lebōpong le ka bochabela ho Yangon le oa Sittwe (Akyab), o lebōpong le ka bophirimela ho eona. Ka lebaka leo, ho ile ha thehoa liphutheho tse nyenyane Mawlamyine le Mandalay.

Ka 1938, lekala la India le ile la khaotsa ho hlokomela mosebetsi Burma eaba o hlokomeloa ke lekala la Australia, ’me ha qala ho fihla bo-pula-maliboho ba tsoang Australia le New Zealand. Bo-pula-maliboho bao ba tšepahalang ba ne ba akarelletsa Fred Paton, Hector Oates, Frank Dewar, Mick Engel le Stuart Keltie. Bara bana babo rōna e ne e hlile e le bo-pula-maliboho ba sebele.

Frank Dewar

Fred Paton o re: “Ka lilemo tse ’nè tseo ke li qetileng ke le Burma, ke ile ka bolela karolong e khōlō ea naha. Ha ke ntse ke tsamaea, ke ile ka tšoaroa ke malaria, feberu ea mala, letšollo le maloetse a mang. Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle ke le tšebeletsong ea tšimo, ke ne ke atisa ho hloka moo ke robalang teng. Leha ho le joalo, Jehova o ne a lula a ntlhokomela le ho ntšireletsa ka moea oa hae.” Frank Dewar ea tsoang New Zealand, o re: “Ke ne ke teana le linokoane, majela-thōko le liofisiri tse ikakasang. Empa ke ile ka hlokomela hore haeba ke bontša mosa, bonolo, boikokobetso ke bile ke sebelisa kahlolo e molemo, hangata seo se rarolla esita le mathata a maholo. Batho ba bangata ba ile ba hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba se nang likhathatso.”

Ha ba bapisoa le batho ba tsoang linaheng tse ling, ba neng ba khesa batho ba moo, bo-pula-maliboho bao ba ne ba fapane hōle le bona. Bo-pula-maliboho bao ba ne ba tšoara batho ka tlhompho le ka lerato. Maburmese a ikokobelitseng, a ratang batho ba bonolo le ba nang le temoho ho fapana le ba buang puo-phara le ba ratang ntoa, a ile a khahloa ke tsela e mosa eo bo-pula-maliboho ba neng ba a tšoara ka eona. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba bontša ka lipolelo le liketso hore Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete.—Joh. 13:35.

Kopano e Ikhethang

Likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore bo-pula-maliboho bao ba fihle, lekala la Australia le ile la lokisetsa hore kopano e tšoareloe Yangon. E ile ea tšoareloa Holong ea Motse ea Yangon, e leng holo e ntle e nang le litepisi tsa ’mabole le menyako e meholo ea boronse. Kopanong eo ho ile ha tla batho ba tsoang Thailand, Malaysia le Singapore, ’me Alex MacGillivray eo e neng e le mohlanka oa lekala Australia, eena o ile a tla le barab’abo rōna ba tsoang Sydney.

Ha maru a ntoa a ntse a ririellana, batho ba bangata ba ile ba amohela memo ea hore ba tl’o mamela puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Ntoa ea Bokahohleng e Atametse.” Fred Paton o re: “Ha ke e-s’o bone ha holo e ka tlala ka pele hakaalo. Ha ke bula menyako, batho ba ile ba subuhlellana litepising e le hore ba kene ka holong. Le pele ho feta metsotso e leshome, batho ba fetang 1 000 ba ne ba khobokelane ka holong eo e nkang batho ba 850.” Frank Dewar o phaella ka ho re: “Re ile ra tlameha ho koalla letšoele leo menyako, ra siea batho ba ka bang 1 000 ka ntle. Ho ntse ho le joalo, bahlankana ba malebaleba ba ile ba nyenyelepa ba kena le menyakong e ka mahlakoreng.”

Barab’abo rōna ba ile ba hlolloa ke kamoo batho ba bangata ba bontšitseng thahasello kateng ebile e le ba merabe e fapa-fapaneng. Ho fihlela ka nako eo, e ne e le batho ba seng bakae feela ba neng ba bontšitse hore ba thahasella ’nete, kaha boholo e ne e le Mabuddha a popota. Batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste—bao boholo ba bona e leng Makayine (Makarene), Makachine le Machine—ba ne ba lula libakeng tse hōle tseo ho e-s’o ka ho boleloa litaba tse molemo ho tsona. Ho ne ho bonahala tšimo ea moo e se e loketse kotulo. Ka mor’a nakoana, “bongata bo boholo” bo boletsoeng esale pele ka Bibeleng bo ne bo tla akarelletsa merabe e mengata ea Burma.—Tšen. 7:9.

Barutuoa ba Pele ba Makayine

Barutuoa ba pele ba Makayine, Chu May “Daisy” (ea ka ho le letšehali) le Hnin May “Lily” (ea ka ho le letona)

Ka 1940, Ruby Goff eo e neng e le pula-maliboho o ne a bolela motsaneng oa Insein, o mathōkong a Yangon. Kaha letsatsing leo o ne a kopana le batho ba sa bontšeng thahasello hakaalo, Ruby o ile a rapela a re, “Jehova, ke kōpa u nthuse hore ke fumane leha e se e le ‘nku’ e le ’ngoe feela pele ke ea hae.” Ntlong e latelang, o ile a fumana Hmwe Kyaing, eo e neng e le Mobaptiste oa Mokayine, ea ileng a mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko. Ka mor’a nakoana, Hmwe Kyaing le barali ba hae, e leng Chu May (Daisy) le Hnin May (Lily), ba ne ba se ba ithuta Bibele ’me ba hatela pele moeeng. Le hoja Hmwe Kyaing a ile a hlokahala nakoana ka mor’a moo, morali oa hae e monyenyane Lily, e ile ea e-ba Mokayine oa pele oa ho kolobetsoa e le Paki ea Jehova. Daisy le eena o ile a kolobetsoa.

Lily le Daisy e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba chesehang ’me ba siela bana ba bona letlotlo. Kajeno, litloholo le lithuto tsa bona tse ngata tsa Bibele li sebeletsa Jehova Myanmar le mose ho maoatle.

Mathata Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše

Ka 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma Europe, ’me lefatše la apareloa ke tšabo. Ha moea oa ntoa o ntse o tota, baruti ba Bokreste-’mōtoana Burma, ba ile ba susumelletsa puso ea bokoloni hore e thibele lingoliloeng tsa rōna. Kahoo, Mick Engel o ile a ea ho ofisiri e khōlō ea Maamerika, ’me a kōpa lengolo le mo lumellang hore a tsamaise lingoliloeng tsa boima ba lithane tse peli, ka literaka tsa sesole ho li isa Chaena.

Fred Paton le Hector Oates ba ile ba isa lingoliloeng tseo seteisheneng se motseng oa Lashio, o haufi le moeli oa Chaena. Ha ba fihla ho ofisiri e laolang literaka tse eang Chaena, e ile ea loloma ke bohale! Ea kharuma ea re: “Le re’ng? Le re ke le fe sebaka ka literakeng tsa ka, le tsamaise lipampitsana tsa lōna tse se nang thuso, empa ’na ho se na le moo ke kenyang teng thepa ea sesole le meriana e hlokahalang ka potlako, e le ee e ntse e tjoatlile moo?” Fred o ile a khutsa ho se hokae, a ntan’o ntša lengolo le tsoang ho ofisiri e khōlō ka mokotleng oa hae, eaba o bolella ofisiri eo hore e tla ba taba e tebileng ha e ka ea hlokomoloha taelo eo e tsoang Yangon. Ha e utloa seo, ofisiri eo ea lokollela barab’abo rōna teraka le mokhanni hammoho le lintho tse hlokahalang. Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 2 400 ho ea Chongqing (Chungking), e boroa-bohareng ho Chaena, moo ba ileng ba aba lingoliloeng tseo tsa bohlokoa ba ba ba pakela Chiang Kai-shek, eo e neng e le mopresidente oa ’muso oa Chaena.

Ha ba boholong ba fihla, lingoliloeng tseo li ne li se li le sieo

Qetellong ka May 1941, puso ea bokoloni e India e ile ea romela thelekramo Yangon, e laela ba boholong moo hore ba nke lingoliloeng tsa rōna. Barab’abo rōna ba babeli ba sebetsang posong ba ile ba bona thelekramo eo, ’me ka potlako ba bolella Mick Engel. Mick o ile a bitsa Lily le Daisy eaba ba mathela depong, moo ba ileng ba nka mabokose a 40 a setseng, ba a pata matlong a sireletsehileng a moo Yangon. Ha ba boholong ba fihla, lingoliloeng tseo li ne li se li le sieo.

Ka la 11 December, 1941, matsatsi a mane ka mor’a hore Majapane a hlasele Pearl Harbor, a ile a qala ho hlasela Burma ka libomo. Mafelo-bekeng ao Lipaki tse seng kae li ne li bokane ka ntlong e mokatong o ka holimo, Seteisheneng sa Terene se Bohareng ba Yangon. Ho ile ha fanoa ka puo e khothatsang ea Mangolo, ’me ka mor’a moo Lily a kolobelletsoa ka bateng.

Libeke tse 12 hamorao, lebotho la Majapane le ile la kena Yangon ’me la fumana motse o ntse o re u ne u nehile’ng. Batho ba fetang likete tse lekholo ba ne ba balehetse nģ’a India. Ba likete ba ile ba shoella tseleng ka lebaka la tlala, mokhathala le maloetse. Sydney Coote ea neng a balehile le ba lelapa la hae, o ile a bolaoa ke malaria haufi le moeli oa India. Mor’abo rōna e mong, o ile a thunngoa ke masole a Majapane, ha e mong eena a ile a shoeloa ke mosali le bana nakong eo lehae la bona le hlaseloang ka bomo.

Ho ile ha sala Lipaki tse ’maloa feela Burma. Lily le Daisy ba ile ba fallela motseng o khutsitseng oa Pyin Oo Lwin (Maymyo), o haufi le Mandalay, moo ba ileng ba jala peō ea ’nete ’me hamorao ea beha litholoana. Mor’abo Rōna Cyril Gay eena o ile a lula motsaneng oa Thayarwaddy, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 ka leboea ho Yangon, ’me a itulela moo ho fihlela ntoa e lala.

Ba Thabela ho Boela ba Kopana

Ha ntoa e lala, bara le barali babo rōna ba bangata ba neng ba balehetse India ba ile ba khutlela Burma. Ka April 1946, Phutheho ea Yangon e ne e e-na le bahoeletsi ba robeli ba mafolofolo. Ha selemo seo se fela, kaha phutheho e ne e se e e-na le bahoeletsi ba 24, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho tšoara kopano.

Ho ile ha tšoareloa kopano ea matsatsi a mabeli sekolong se Insein. Theo Syriopoulos ea ithutileng ’nete Yangon ka 1932, o re: “Ha ke khutla India ke ile ka fumana hore ke lokela ho fana ka puo ea phatlalatsa e nkang hora. Ho tla fihlela nakong eo, ke ne ke fane ka lipuo tse peli feela tse nkang metsotso e mehlano ha ke le libokeng India. Leha ho le joalo, kopano eo e ile ea e-ba e atlehileng haholo, ’me ho ne ho le teng batho ba fetang 100.”

Libeke tse seng kae hamorao, moeta-pele e mong oa Makayine ea thahasellang ’nete, o ile a fa phutheho setša motseng o pel’a nōka oa Ahlone, o ho elella bohareng ba Yangon. Barab’abo rōna ba ile ba haha Holo ea ’Muso ea lehlaka moo, e nkang batho ba ka bang lekholo. Phutheho e ile ea nyakalla haholo. Bara le barali babo rōna ba ne ba ntse ba e-na le tumelo e matla le ka mor’a ntoa, ’me ba ntse ba labalabela ho bolela litaba tse molemo.

Baromuoa ba Pele ba Gileade Baa Fihla

Ka holimo: Baromuoa ba pele ba Gileade Hubert Smedstad, Robert Kirk, Norman Barber le Robert Richards Ka tlaase: (moleng o ka morao) Nancy D’Souza, Milton Henschel, Nathan Knorr, Robert Kirk, Terence D’Souza, (moleng o ka pele) Russell Mobley, Penelope Jarvis-Vagg, Phyllis Tsatos, Daisy D’Souza, Basil Tsatos

Mathoasong a 1947, barab’abo rōna ba thabileng ba ile ba bokana koung ea Yangon e le ho tla amohela Robert Kirk, moromuoa oa pele oa ho tla Burma a tsoa Gileade. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha fihla baromuoa ba bang ba bararo—e leng Norman Barber, Robert Richards le Hubert Smedstad—hammoho le Frank Dewar, eo e neng e le pula-maliboho India nakong ea ntoa.

Baromuoa ba ile ba fihla motseng oo o neng o harasantsoe ke ntoa. Mehaho e mengata e ne e chele. Batho ba likete ba ne ba lula pel’a tsela, matlong a lirutha a entsoeng ka lehlaka. Ba ne ba pheha, ba hlatsoa ba bile ba robala moo. Leha ho le joalo, baromuoa ba ne ba tlile moo ho tla ba ruta ’nete ea Bibele, kahoo ba ikamahanya le maemo ao ’me ba kena khabong.

Ka la 1 September, 1947, ho ile ha thehoa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower lehaeng la baromuoa le Seterateng sa Signal Pagoda, khubung ea motse. Robert Kirk o ile a khetheloa ho ba molebeli oa lekala. Nakoana ka mor’a moo, Phutheho ea Yangon e ile ea tloha holong ea lehlaka e Ahlone ea ea mokatong o ka holimo mohahong o Seterateng sa Bogalay Zay. Mohaho oo o ne o le haufi le Liofisi Tsa Tsamaiso, e leng mohaho o motle, o moholo o nang le liofisi tsa puso ea bokoloni ea Brithani—e neng e se e saletsoe ke nako e fokolang.

Ntoa ea Lehae ea Qhoma!

Ka la 4 January, 1948, Manyesemane a ile a fa ’muso o mocha oa Burma marapo a puso. Kahoo, Burma e ile ea fumana boipuso ka mor’a lilemo tse 60 tsa puso ea bokoloni. Empa naha eo e ne e aparetsoe ke ntoa ea lehae.

[Krafo e leqepheng la 100]

Merabe e sa tšoaneng e ne e loanela ho ipusa, ha mahana-puso ’ona a ne a batla ho laola libaka tse itseng. Mathoasong a 1949, mabotho a mahana-puso a ne a se a laola boholo ba naha, ’me ntoa ea qhoma mathōkong a Yangon.

Ha ntoa e ntse e kupa, barab’abo rōna ba ile ba bolela litaba tse molemo ka masene. Ofisi ea lekala e ile ea tlosoa lehaeng la baromuoa le Seterateng sa Signal Pagoda ea isoa mohahong o moholo o Seterateng sa bo-39, o sebakeng se sireletsehileng se nang le liofisi tse ’maloa tsa bonģosa, ’me motho a ka nka metsotso e meraro feela ho ea posong ea moo ka maoto.

Lebotho la Burma le ile la nka taolo butle-butle, la khannela marabele ao lithabeng. Ka bo-1955, ’muso o ne o se o laola karolo e khōlō ea naha. Empa ntoa ea lehae e ne e ntse e kupa. Ntoa ena e ’nile ea loana ka litsela tse sa tšoaneng ’me e ntse e tsoela pele le kajeno.

Ho Paka le ho Ruta ka Seburmese

Ho tla fihlela ka bo-1955, barab’abo rōna ba Burma ba ne ba paka ka Senyesemane, e leng puo e buuoang ke barutehi ba lulang metseng e meholo. Empa batho ba bang ba limilione ba ne ba ipuela feela Seburmese (Semyanmar), Sekayine, Sekachine, Sechine, kapa lipuo tse ling tsa moo. Ba ne ba tla bolelloa litaba tse molemo joang?

Ka 1934, Sydney Coote o ile a kōpa tichere e ’ngoe ea Mokayine hore e fetolele libukana tse ’maloa ka Seburmese le ka Sekayine. Ha nako e ntse e ea, bahoeletsi ba bang ba ile ba fetolela buka ea “’Nete e be ea Molimo” le libukana tse ling tse ’maloa ka Seburmese. Eaba ka 1950, Robert Kirk o kōpa Ba Oo hore a fetolele lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa ka Seburmese. Lihlooho tse fetoletsoeng ka letsoho li ne li thaepuoa ebe li hatisoa ke bo-rakhoebo ba Yangon, li ntan’o fuoa ba tlang libokeng tsa phutheho. Ha nako e ntse e ea, ofisi ea lekala e ile ea reka mochine o thaepang oa Seburmese e le ho potlakisa mosebetsi oa phetolelo.

Ba Oo (ea ka ho le letšehali) o ile a fetolela lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa ka Seburmese

Bafetoleli bao ba pele ba ile ba tobana le mathata a mangata. Naygar Po Han ea ileng a etsa mosebetsi oa phetolelo ha Ba Oo a se a sa khone ho o etsa, o re: “Motšehare ke ne ke ea mosebetsing oa boipheliso e le hore ke hlokomele ba lelapa la ka, ’me mantsiboea ke fetolela ka khanya e lerootho ea motlakase. Ke ne ke sa tsebe Senyesemane hakaalo, kahoo e tlameha ebe lintho tseo ke ileng ka li fetolela li ne li sa nepahala. Empa re ne re batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng ba fumane limakasine tsa rōna.” Ha Robert Kirk a kōpa Doris Raj hore a fetolele Molula-Qhooa ka Seburmese, o ile a tsieleha hoo a ileng a lla. Doris o re: “Ke ne ke sa ruteha hakaalo ebile ke e-s’o ka ke fetolela. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Kirk o ile a nkhothalletsa hore ke leke. Kahoo ka rapela Jehova ’me ka kena khabong.” Hona joale, le ka mor’a lilemo tse ka bang 50, Doris e ntse e le mofetoleli, Bethele e Yangon. Naygar Po Han eo hona joale a leng lilemo li 93, le eena o ntse a le Bethele ’me o ntse a chesehela ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso.

Ka 1956, Nathan Knorr o ile a lokolla Molula-Qhooa ka Seburmese

Ka 1956, Nathan Knorr ea tsoang ntlo-khōlō o ile a etela Burma, ’me a phatlalatsa ho lokolloa ha Molula-Qhooa ka Seburmese. O ile a boela a khothalletsa baromuoa hore ba ithute puo eo e le hore ba atlehe boboleling. Ba khothalitsoe ke seo, baromuoa ba ile ba leka ka matla le ho feta ho ithuta Seburmese. Selemong se latelang seo, Frederick Franz ea neng a etile a tsoa ntlo-khōlō le eena o ile a fana ka puo ea sehlooho kopanong e ileng ea nka matsatsi a mahlano, e neng e tšoaretsoe Holong ea Yangon Railway Institute. O ile a khothalletsa barab’abo rōna hore ba atolose mosebetsi oa boboleli ka hore ba romele bo-pula-maliboho metseng e meng. Sebaka sa pele se ileng sa rua molemo ho bo-pula-maliboho bao ke motse-moholo oa mehleng oa Burma, ’me e bile e le motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa, e leng Mandalay.

Litholoana Tsa Boboleli Mandalay

Mathoasong a 1957, ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba tšeletseng ba khethehileng Mandalay, ’me ba fumana banyalani ba bacha ba baromuoa, e leng Robert Richards le mosali oa hae ea bitsoang Baby oa Mokayine. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba fumana ho le thata ho paka tšimong eo. Mandalay ke setsi se seholo sa Bobuddha ’me hoo e ka bang halofo ea baitlami ba Mabuddha, Burma, e lula moo. Leha ho le joalo, bo-pula-maliboho bao ba ile ba hlokomela hore joaloka Korinthe ea boholo-holo, Jehova o na le ‘batho ba bangata motseng oo.’—Lik. 18:10.

E mong oa batho bao ke Robin Zauja oa Mokachine ea neng a le lilemo li 21 ka nako eo, ebile e le seithuti, o re: “Hoseng ho hong, Robert le Baby Richards ba ile ba fihla lapeng ’me ba mpolella hore ke Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba re ba ntse ba bolella batho litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, tumellanong le taelo ea Jesu ea ho bolela. (Mat. 10:11-13) Ba ile ba ntlhalosetsa molaetsa oa bona ba ntan’o mpha aterese ea bona, ’me ba ntšiela limakasine tse ’maloa le libuka. Ke ile ka nka e ’ngoe ea libuka tseo ’me ka e bala bosiu bohle ho fihlela ke e qeta. Tsatsing lona leo, ke ile ka ea ha Robert ’me ka qeta lihora ke ntse ke mo hloma lipotso. O ile a araba potso e ’ngoe le e ’ngoe a sebelisa Bibele.” Nakoana ka mor’a moo, Robin Zauja e ile ea e-ba Mokachine oa pele oa ho amohela ’nete. Hamorao, o ile a qeta lilemo e le pula-maliboho ea khethehileng karolong e ka leboea ea Burma, ’me o thusitse batho ba ka bang lekholo ho ithuta ’nete. Hona joale bana ba hae ba babeli ba sebeletsa Bethele e Yangon.

Morutuoa e mong ea chesehang ke Pramila Galliara ea neng a le lilemo li 17 ka nako eo, ’me a sa tsoa ithuta ’nete Yangon. Pramila o re: “Ntate e ne e le setho sa kereke ea Jaine, ’me a le khahlanong haholo le bolumeli ba ka bo bocha. Ka makhetlo a mabeli o ile a chesa Bibele le lingoliloeng tsa ka, ’me a atisa ho nchapela har’a batho. O ne a boetse a ’notlella ka tlung e le hore ke se ke ka ea libokeng tsa Bokreste, a bile a re o tla chesa ntlo ea Mor’abo rōna Richard! Empa eitse ha a hlokomela hore ha a khone ho senya tumelo ea ka, butle-butle a khaotsa ho nkhanyetsa.” Pramila o ile a nyahlatsa lithuto tsa hae tsa univesithi ea e-ba pula-maliboho ea chesehang, ’me hamorao a nyaloa ke molebeli oa potoloho ea bitsoang Dunstan O’Neill. O se a thusitse batho ba 45 hore ba amohele ’nete.

Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele Mandalay, ofisi ea lekala e ile ea boela ea romela baromuoa le bo-pula-maliboho libakeng tse ling, tse akarelletsang Pathein (Bassein), Kalaymyo, Bhamaw, Myitkyina, Mawlamyine le Myeik (Mergui). Ho hlakile hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oo, kaha metseng eo kaofela ho ile ha thehoa liphutheho tse matla.

Baromuoa Baa Lelekoa!

Le hoja mosebetsi oa boboleli o ne o ntse o pharalla, likhohlano tsa lipolotiki le tsa merabe li ne li tsoela pele ho hlokisa naha botsitso. Qetellong ka March 1962, sesole se ile sa nka puso. Maindia a likete tse makholo le Maindia a Manyesemane a ile a isoa India le Bangladesh (eo ka nako eo e neng e le Pakistan Bochabela), ’me batho ba linaha tse ling ba etileng ba ne ba fuoa tumello ea ho ba moo lihora tse 24 feela. Burma e ne e itšehla thajana.

Barab’abo rōna ba ile ba shebella liketsahalo tsena ba tšoenyehile. ’Muso oa sesole o ne o fana ka tokoloho ea bolumeli, hafeela malumeli a sa itšunya-tšunye lipolotiking. Joalokaha re ka lebella, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tsoela pele ho itšunya-tšunya lipolotiking. Qetellong ka May 1966, ’muso o ile oa teneha ’me oa laela hore baromuoa bohle ba tsoang linaheng tse ling ba tsoe naheng eo! Baromuoa ba Lipaki ba ne ba bile hlokolosi hore ba se ke ba itšunya-tšunya lipolotiking; empa le bona ba ile ba lelekoa.

Barab’abo rōna ba moo ba ne ba maketse empa ba sa nyahama. Ba ne ba tseba hore Jehova Molimo o na le bona. (Deut. 31:6) Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bang ba ne ba ipotsa hore na mosebetsi oa boboleli o tla tsoela pele joang.

Ka mor’a nakoana, ho ile ha hlaka hore Jehova o tataisa lintho. Maurice Raj eo e neng e le molebeli oa potoloho, ’me a fumane koetliso lekaleng, o ile a khetheloa hore a hlokomele mosebetsi ofising ea lekala. Le hoja e le Moindia, Maurice ha aa ka a lelekoa le Maindia a mang. O re: “Lilengoana pele ho moo, ke ne ke kōpile ho ba moahi oa Burma. Empa ke ne ke se na likyate tse 450d tseo ke neng ke lokela ho li lefa e le hore ke fumane tumello ea ho ba moahi, kahoo ka etsa qeto ea ho tlohella taba eo. Eaba ka leng ha ke feta ofising ea k’hamphani eo ke neng ke e sebeletsa, mookameli oa ka oa mehleng oa mpona. O ile a nkhoeletsa, a re: ‘Hela Raj ee, pota u tl’o nka chelete ea hao. U lebetse ho nka chelete ea hao ea penshene ha u tsamaea.’ E ne e le likyate tse 450.

“Ha ke tloha ofising moo, ke ile ka nahana ka lintho tse ngata tseo nka li etsang ka likyate tse 450. Empa kaha ke eona chelete e neng e hlokahala hore ke fumane tumello ea ho ba moahi, ke ile ka nahana hore Jehova o batla hore ke e sebelisetse morero oo. Ho khetha ho etsa seo ho ile ha e-ba molemo haholo. Ha Maindia a mang a lelekoa Burma, ke ile ka khona ho sala naheng eo, ke itsamaela ka bolokolohi, ke tla le lingoliloeng ho tsoa linaheng tse ling le ho phetha mesebetsi e meng ea bohlokoa e amanang le boboleli, hobane feela ke le moahi oa Burma.”

Maurice le Dunstan O’Neill ba ile ba haola le naha ba khothatsa phutheho ka ’ngoe le lihlopha tse ka thōko. Maurice o re: “Re ile ra bolella barab’abo rōna, ra re: ‘Le se ke la tšoenyeha, Jehova o na le rōna. Hafeela re tšepahala ho eena, o tla re thusa.’ ’Me Jehova o ile a fela a etsa joalo! Ka mor’a nakoana, ho ile ha khethoa bo-pula-maliboho ba bacha ba khethehileng, ’me mosebetsi oa boboleli oa hōla ka sekhahla.”

Kajeno, lilemo tse ka bang 46 hamorao, Maurice eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, o ntse a haola le Myanmar a khothatsa liphutheho. Joaloka Kalebe oa Iseraele ea boholo-holo, o ntse a chesehela mosebetsi oa Molimo.—Josh. 14:11.

Mosebetsi o Atolohela Profinse ea Chin

[’Mapa o leqepheng la 111]

Sebaka se seng sa pele seo ho ileng ha isoa bo-pula-maliboho ba khethehileng ho sona ke Profinse ea Chin, e sebakeng se lithaba se moeling oa Bangladesh le India. Sebakeng seo ho na le batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste, ka lebaka la baromuoa ba Mabaptiste ba mehleng ea puso ea bokoloni ea Mabrithani. Kahoo, Machine a mangata a hlompha Bibele le batho ba rutang Bibele.

Ho elella qetellong ea 1966, Lal Chhana eo e neng e le lesole ’me hona joale e le pula-maliboho ea khethehileng, o ile a fihla Falam, eo ka nako eo e neng e le motse o moholo ka ho fetisisa Profinseng ea Chin. Ha a le moo, ho ile ha boela ha fihla Dunstan le Pramila O’Neill hammoho le Than Tum, eo le eena e kileng ea e ba lesole ’me a sa tsoa kolobetsoa. Bo-pula-maliboho bana ba chesehang ba ile ba fumana malapa a ’maloa a thahasellang, ’me nakoana ka mor’a moo ha thehoa phutheho e nyenyane e mafolofolo.

Selemong se latelang, Than Tum o ile a fallela motseng oa Hakha o ka boroa ho Falam, moo a ileng a qala ho bula maliboho teng a ba a theha sehlopha se senyenyane. Hamorao o ile a paka libakeng tse ling tsa Profinse ea Chin ’me a thusa ho theha phutheho motseng oa Vanhna, oa Surkhua, esita le oa Gangaw le metseng e meng. Le kajeno ka mor’a lilemo tse 45, Than Tum e ntse e le pula-maliboho ea khethehileng ea mafolofolo motsaneng oa habo oa Vanhna.

Ha Than Tum a tloha Hakha, Donald Dewar ea neng a le lilemo li 20 ka nako eo, o ile a nka sebaka sa hae ’me ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng. Kaha batsoali ba Donald, e leng Frank le Lily (eo e neng e le Lily May) Dewar, ba ne ba sa tsoa lelekoa naheng eo, moena oa Donald, e leng Samuel ea neng a le lilemo li 18 ka nako eo, o ile a e’o lula le eena moo. Donald o re: “Re ne re lula mok’huk’hung o neng o chesa habohloko hlabula ’me mariha teng, o bata haholo. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana hore ntho e khōlō e ne e le ho jeoa ke bolutu. Ke ne ke atisa ho sebetsa ke le mong tšebeletsong ea tšimo ebile ke sa khone ho bua Sehakha Chin hantle, e leng puo e buuoang moo. ’Na le Samuel re ne re tšoara liboka re le bang feela, ’me ka linako tse ling ho ne ho ba teng mohoeletsi a le mong kapa ba babeli. Butle-butle, ke ile ka nyahama hoo ke ileng ka ba ka nahana ho tlohela kabelo ea ka.

“Hona nakong eo, ke ile ka bala tlaleho e hlasimollang Bukeng ea Selemo e buang ka barab’abo rōna ba Malawi, ba ileng ba lula ba tšepahala le ha ba ne ba hlorisoa ka sehlōhō.e Ke ile ka ipotsa, ‘Haeba ke sa khone ho mamella ho jeoa ke bolutu, nka mamella mahloriso joang?’ Ke ile ka tšollela matšoenyeho a ka ho Jehova ka thapelo ’me ka qala ho ikutloa ke imolohile. Ke ile ka boela ka matlafatsoa ke ho bala Bibele le lihlooho tsa Molula-Qhooa le ho thuisa ka tsona. E ile eaka ke bona mangeloi a mabeli, ha ke eteloa ke Maurice Raj le Dunstan O’Neill ke sa lebella! Butle-butle, ke ile ka boela ka thaba.”

Hamorao, ha e se e le molebeli ea tsamaeang, Donald o ile a sebelisa phihlelo ea hae ho khothatsa Lipaki tse lulang libakeng tse ka thōko. Boiteko boo ba hae bo ile ba beha litholoana le motseng oa Hakha. Hona joale Hakha ho na le phutheho e mafolofolo ’me ho tšoareloa likopano tsa Bokreste teng. Bahoeletsi ba babeli ba neng ba ea libokeng Hakha, e leng Johnson Lal Vung le Daniel Sang Kha, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me ba kenya letsoho ho haseng litaba tse molemo Profinseng ea Chin.

‘Re Hloa Lithaba’

Profinse ea Chin e phahametse leoatle ka limithara tse 900 ho isa ho tse 1 800, ’me lithaba tse ling li bophahamong ba limithara tse ka bang 3 000. Lithabeng tse ngata ho na le meru e teteaneng e tlokomang lifate tse telele le lipalesa tse ntle tsa ’mametsana. Ho tsamaeha ka thata sebakeng seo se matsaranka. Ho ea fihla metseng ea moo ho tsamauoa litseleng tse lepoqo tse matsoelintsoeke, tse tsamaehang ka thata ha pula e nele, ’me li atisa ho koaloa ke seretse. Metse e mengata e ka thōko e fihleleha feela ka maoto. Leha ho le joalo, litšitiso tsena ha lia ka tsa nyahamisa bahlanka ba Jehova, ba ikemiselitseng ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo.

Aye Aye Thit ea neng a tsamaea le monna oa hae mosebetsing oa potoloho Profinseng ea Chin, o re: “Ke hōletse sebakeng se bataletseng sa Ayeyarwady Delta, ’me ke ile ka hlolloa ke botle ba Maralla a Chin. Thaba ea pele ke ile ka e hloa ka sefutho empa ka fihla ka holim’a eona ke hemesela. Ha ke hloa maralla a latelang, ke ne ke se ke khathetse hoo ke neng ke nahana hore ke tl’o shoa. Qetellong, ke ile ka ithuta hore ha kea lokela ho tata ha ke hloa thaba le hore ke lokela ho iqeka. Ka mor’a nakoana, ke ne ke se ke khona ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 32 ka letsatsi, leetong le nkang matsatsi a tšeletseng kapa ho feta.”

Ka ho le letšehali: Bahoeletsi ba Phutheho ea Matupi ba tsamaea lik’hilomithara tse 270 ka maoto ha ba ea likopanong tsa Bokreste Hakha

Ho theosa le lilemo, barab’abo rōna Profinseng ea Chin ba ’nile ba sebelisa lipalangoang tse sa tšoaneng, tse kang limmoulo, lipere, libaesekele, ’me morao tjena ba sebelisa lithuthuthu, literaka le likoloi tse hulang ka mabili a mane. Empa ba bangata ba tsamaea ka maoto. Ka mohlala, ha Kyaw Win le David Zama ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ea metseng e potolohileng Matupi, ba tsamaea sebaka se selelele ba hloa lithaba. E le hore bahoeletsi ba Phutheho ea Matupi ba be teng likopanong Hakha, e bohōle ba lik’hilomithara tse 270, ba nka matsatsi a tšeletseng ho isa ho a robeli ba tsamaea ka maoto ha ba ea, le a tšeletseng ho isa ho a robeli ha ba khutla. Ha ba le tseleng, ba tsamaea ba bina lipina tsa ’Muso tse utloahalang maralleng ao a matle.

Maetong ao a boima, barab’abo rōna ba tlameha ho mamella maemo a mabe a leholimo, ba longoa ke monoang le likokoanyana tsa mefuta-futa, haholo-holo nakong ea lipula. Myint Lwin eo e leng molebeli oa potoloho, o re: “Ha ke ntse ke tsamaea ka morung, ke ile ka bona likokoana li ntsamaea maotong. Ha ke li tlosa, ha hloa tse ling tse peli. Ke ile ka qhomela holim’a kutu ea sefate, eaba li qala ho hloa kutu eo ka bongata. Ke ile ka tsoa ka morung moo ke matha ke ho tšoha. Ha ke fihla tseleng, ke ile ka fumana hore li tletse hohle ’meleng oa ka.”

Molebeli oa setereke Gumja Naw le mosali oa hae, Nan Lu, ba tsamaea sebaka se selelele ha ba tloha phuthehong e ’ngoe ba ea ho e ’ngoe Profinseng ea Chin

Leha ho le joalo, batho ba eang Profinseng ea Chin ha ba tobane le bothata ba ho longoa ke likokoana feela. Myanmar ho boetse ho na le likolobe-moru, libere, mangau, linkoe, ’me ho latela mehloli e meng ho na le linoha tse ngata tse chefo ho feta naha leha e le efe e ’ngoe lefatšeng. Ha molebeli e mong oa setereke ea bitsoang Gumja Naw le mosali oa hae, Nan Lu, ba tloha phuthehong e ’ngoe ba ea ho e ’ngoe Profinseng ea Chin, ba besa mollo bosiu e le hore ba leleke liphoofolo tse hlaha!

Baevangeli bao ba chesehang ba siile letlotlo le tšoarellang. Maurice Raj o re: “Ba sebelelitse Jehova ka matla ’ohle a bona. Le ha ba se ba tlohile Profinseng ea Chin, ba ntse ba ka rata ho khutlela teng. Ka sebele boiteko ba bona bo tlotlisa Jehova!” Kajeno, le hoja Profinse ea Chin e le se seng sa libaka tse nang le batho ba fokolang ka ho fetisisa naheng eo, ho na le liphutheho tse supileng le lihlopha tse ’maloa tse ka thōko.

“Ha ho na ‘Linku’ Myitkyina”

Ka 1966, ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba ’maloa ba khethehileng motsaneng o motle oa Myitkyina o iphaphathileng ka Nōka ea Ayeyarwady, Profinseng ea Kachin, e haufi le Chaena. Lilemong tse tšeletseng pejana ho moo, Robert le Baby Richards ba ne ba ile ba paka moo ka nakoana. Ba ile ba re: “Ha ho na ‘linku’ Myitkyina.” Empa bo-pula-maliboho ba bacha ba ile ba fumana hore batho ba moo ba lapetse ’nete.

E mong oa batho bao ke Mya Maung, o ne a le lilemo li 19 ka nako eo, ’me e le Mobaptiste ea neng a rapela Molimo hore a mo thuse ho utloisisa Bibele. O re: “Ke ile ka thaba haholo ha pula-maliboho e mong a fihla moo ke sebetsang teng, ’me a ithaopela ho ithuta Bibele le ’na. Ke ile ka nka hore eo ke karabo ea thapelo ea ka. ’Na le moena oa ka ea bitsoang San Aye re ne re ithuta habeli ka beke, ’me re hatela pele hantle moeeng.

“Re ile ra thusoa ke mosuoe ea hloahloa—e leng Wilson Thein. Ho e-na le ho re bolella hore na re etse’ng, o ne a re bontša! Re ile ra ithuta ho sebelisa Bibele ka tsela e atlehang, ho paka ka sebete, ho araba batho ba re hanyetsang le ho fana ka lipuo phuthehong ka hore re itlhakisetse seo re tla se bua ’me re etse pontšo ea seo. Wilson Thein o ne a re mamela lekhetlo ka leng ha re itlhakisetsa lipuo tseo re tl’o li fana ’me a re eletsa hore na re ntlafatse hokae. Koetliso ea hae e mosa e ile ea re susumelletsa hore re hahamalle lipakane tsa moea.

“Kajeno, metseng eo—e leng Namti, Hopin, Mohnyin le Katha—kaofela ho na le liphutheho tse mafolofolo”

“Ka 1968, ’na le San Aye re ile ra nka bopula-maliboho, kahoo ha ba le bo-pula-maliboho ba robeli Myitkyina. Batho ba pele bao re ithutileng Bibele le bona ebile ’mè oa rōna le banab’abo rōna ba supileng, ’me kaofela ha bona ba ile ba amohela ’nete. Re ne re boetse re paka metseng le metsaneng e haufi le seporo se pakeng tsa Myitkyina le Mandalay, maetong a neng a nka letsatsi ho isa ho a mararo. Peō eo re ileng ra e jala, e ile ea beha litholoana hamorao. Kajeno, metseng eo—e leng Namti, Hopin, Mohnyin le Katha—kaofela ho na le liphutheho tse mafolofolo.”

Ha re ntse re sebetsa tšimong ea khoebo Myitkyina, San Aye o ile a kopana le Phum Ram, Mobaptiste oa Mokachine ea neng a sebetsa ’musong. Phum Ram o ile a amohela ’nete ka cheseho eaba o fallela motseng oa Putao, o mosikong oa lithaba tsa Himalaya. Ha a le moo, o ile a pakela beng ka eena ba bangata, ’me ka mor’a nakoana batho ba 25 ba ne ba se ba tla libokeng tsa Bokreste. Ha Phum Ram e ntse e le pula-maliboho, o ile a thusa mosali oa hae le bana ba bona ba supileng hammoho le beng ka bona ba bangata hore ba ithute ’nete. Hona joale ke moholo ebile ke pula-maliboho Myitkyina.

Makareche a Mang ha a eo

Lipaki li tloha Yangon ka terene e khethehileng li ea kopanong Myitkyina, ka 1969

Khōlo e sekhahla Profinseng ea Kachin e ile ea susumelletsa ofisi ea lekala hore e tšoarele Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” ea 1969 motseng oa Myitkyina ho e-na le Yangon, moo ka tloaelo e neng e tšoareloa teng. Barab’abo rōna ba lekaleng ba ile ba kōpa batsamaisi ba literene ba Burma hore ba ba hirisetse makareche a tšeletseng, e le hore ba tsamaise batho ba tlang kopanong ba tlohang Yangon ba ea Myitkyina, e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 1 100 ka leboea ho moo. Eo e ne e le kōpo e sa tloaelehang. Profinseng ea Kachin ho ne ho e-na le majela-thōko a mangata, ’me batho ba sa lumelloe ho tsoa le ho kena habonolo sebakeng seo. Empa barab’abo rōna ba ile ba makala ha batsamaisi ba literene ba amohela kōpo ea bona hang-hang.

Sehlopha sa baholo Kopanong ea Machaba ea 1969 ea “Khotso Lefatšeng” e neng e tšoaretsoe Myitkyina. (Moleng o ka morao) Francis Vaidopau, Maurice Raj, Tin Pei Than, Mya Maung, (moleng o bohareng) Dunstan O’Neill, Charlie Aung Thein, Aung Tin Shwe, Wilson Thein, San Aye, (moleng o ka pele) Maung Khar, Donald Dewar, David Abraham, Robin Zauja

Letsatsing leo terene e nkileng batho ba tlang kopanong e neng e lokela ho fihla ka lona Myitkyina, Maurice Raj le barab’abo rōna ba bang ba ile ba ea seteisheneng sa terene ho ea ba khahlametsa. Maurice o re: “Ha re ntse re ba emetse, mookameli oa seteishene sa terene o ile a tla a matha ho rōna, ’me a re bolella hore o qeta ho fumana thelekramo e reng ba boholong ba hakolotse makareche a tšeletseng a nkileng batho ba tlang kopanong, ’me ba setse ba tsielehile pakeng tsa Mandalay le Myitkyina. Kamoo ho bonahalang kateng, terene eo e ne e sitoa ho hloa moepa ka makareche a mangata.

“Ebe re tla etsa’ng? Ntho ea pele eo re ileng ra e nahana e bile ho chechisa kopano. Empa seo se ne se tla bolela hore re lokela ho kōpa tumello e ’ngoe, ’me hoo ho ne ho ka ’na ha nka libeke! Ha re ntse re rapela Jehova ka matla, terene ea fihla seteisheneng. Ha rea ka ra kholoa mahlo a rōna ha re bona makareche ao a tšeletseng a tletse barab’abo rōna! Ba ne ba bososela ba bile ba tsoka matsoho. Ha re ba botsa hore na ho etsahetse’ng, e mong oa bona o ile a re, ‘Ba ile ba hakolla makareche a tšeletseng, empa eseng a rōna!’”

‘Ba ile ba hakolla makareche a tšeletseng, empa eseng a rōna!’

Kopano ea Myitkyina e ile ea e ba e atlehileng haholo. Nakong ea lenaneo, ho ile ha lokolloa lingoliloeng tse tharo tsa Seburmese le tse hlano tsa Senyesemane. Lilemo tse tharo pejana ho moo ha baromuoa ba ne ba lelekoa Burma, lijo tsa moea li ile tsa kena butle. Empa joale, li kena ka bongata!

Ba Ruta Managa

Likhoeli tse ’nè ka mor’a kopano e neng e tšoaretsoe Myitkyina, ofisi ea lekala e ile ea fumana lengolo le tsoang ho mosebeletsi oa poso motseng oa Khamti, o pel’a nōka, mosikong oa lithaba tse ka leboea-bophirimela haufi le moeli o pakeng tsa Burma le India. Motseng oo ho lula merabe e sa tšoaneng ea Managa, eo ka nako e ’ngoe e neng e tšoma lira tsa eona ebe e li khaola lihlooho ’me e li boloka e le khau. Ba Yee eo e neng e le tlelereke, ebile e kile ea e-ba Mosabatha, o ne a ngotse lengolo leo a kōpa hore a thusoe moeeng. Hang-hang ofisi ea lekala e ile ea romela bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng, e leng Aung Naing le Win Pe.

Win Pe o re: “Ha sefofane se lula Khamti, re ile ra nyaroha ha re bona masole a maloro a mabe a Managa, a eme moo a itlamme ka masela feela thekeng. Ba Yee o ile a tla a matha ho tla re lumelisa, ’me ka potlako a re isa ho batho ba bang ba thahasellang. Ka mor’a nakoana, re ne re se re ithuta le batho ba bahlano.

Biak Mawia (moleng o ka morao, ka ho le letona) le bahoeletsi ba Phutheho ea Khamti ha mosebetsi o ne o qala metseng ea Managa

“Leha ho le joalo, ba boholong moo ba ile ba nahana hore re baruti ba Mabaptiste ba sebelisanang le majela-thōko. Le hoja re ile ra ba tiisetsa hore ha re itšunya-tšunye lipolotiking, ba ile ba re laela hore re tlohe sebakeng seo le pele re qeta khoeli re le moo.”

Lilemo tse tharo hamorao, ha ba boholong e se e le batho ba bang, Biak Mawia eo e neng e le pula-maliboho ea lilemo li 18 ka nako eo, o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa bo-pula-maliboho bao. Nakoana ka mor’a moo, Ba Yee o ile a itokolla mosebetsing eaba o qala ho bula maliboho. Ka mor’a moo, bo-pula-maliboho ba bang ba fihla. Ho e-s’o ee kae, bo-pula-maliboho bao ba chesehang ba ile ba theha phutheho Khamti le lihlopha tse nyenyane metseng e meng. Biak Mawia o re: “Bara le barali babo rōna ba Managa ba ne ba sa ruteha ba bile ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Empa ba ne ba rata Lentsoe la Molimo ebile e le baboleli ba chesehang, ’me ba sebelisa litšoantšo tse likhatisong tsa rōna hamolemo. Ba ne ba boetse ba tšoara litemana tse ngata ba bile ba ithutile ho bina lipina tsa ’Muso ka hlooho.”

Kajeno, likopano tsa setereke li tšoareloa Khamti, ’me ho tla batho ba tsoang libakeng tse hōle tse ka boroa joaloka motseng oa Homalin, oo motho a tsamaeang lihora tse 15 ka sekepe ho tloha teng.

Khanyetso “Golden Triangle”

Ka nako eo, mosebetsi o neng o etsoa karolong e ’ngoe ea naha o ne o namela lihlabeng tse moeling oa Chaena, Laos le Thailand. Moo ke khubung ea Golden Triangle, sebaka se setle se nang le maralla le liphula tse nonneng empa batho ba se sentse ka ho lema matekoane, ho etsa liketso tsa borabele le lintho tse ling tse seng molaong. Bo-pula-maliboho ba neng ba paka sebakeng sena se kotsi, ba ne ba le masene ba bile ba le hlokolosi. (Mat. 10:16) Leha ho le joalo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba hanyetsa mosebetsi oa bona oa boboleli!

Ha Robin Zauja le David Abraham bao e neng e le bo-pula-maliboho ba fihla motseng o phetheselang oa Lashio, Profinseng ea Shan, moruti e mong oa moo o ile a ba qosa ka hore ke majela-thōko. Robin o re: “Re ile ra tšoaroa eaba re isoa teronkong, moo re ileng ra bontša mapolesa litokomane tsa mosebetsi oo re o etsang. Ka mor’a nakoana, mookameli oa masole o ile a kena. O ile a re: ‘Lumela Monghali Zauja. Kea bona hore Lipaki Tsa Jehova li se li le teng le mona Lashio!’ Mookameli enoa eo ke neng ke kena sekolo le eena, o ile a re lokolla hona hoo.”

Bo-pula-maliboho bao ba babeli ba ile ba kena khabong, ’me ka mor’a nakoana ba theha phutheho. Ba ntan’o haha Holo ea ’Muso. Lilemo tse peli hamorao, ba ile ba bitsetsoa liofising tsa ’muso, moo liofisiri tsa sesole tse fetang 70 le baeta-pele ba merabe le baruti ba neng ba khobokane teng. Robin o re: “Baruti ba ile ba re qosa ba halefile ba re re qobella batho hore ba tlohele lineano tsa bona tsa bolumeli. Ha molula-setulo oa seboka seo a re re arabe, ke ile ka mo kōpa hore na nka sebelisa Bibele ha ke araba. O ile a lumela. Ka potlako, ke ile ka rapella ka pelong, ka ntan’o hlalosa seo Bibele e se buang ka lineano tsa bolumeli ba bohata, bosole le mekete ea bochaba. Ha ke qeta, molula-setulo eo o ile a ema ’me a bolela hore molao oa Burma o fa malumeli ’ohle bolokolohi ba borapeli. Re ile ra lokolloa ’me ra lumelloa hore re pake, e leng se ileng sa utloisa baruti bohloko.”

Hamorao, motsaneng oa Mongpaw o haufi le moeli oa Chaena, mahooho a halefileng a Mabaptiste a ile a chesa Holo ea ’Muso. Ha ketso eo ea bona e mpe e hlōleha ho tšosa Lipaki tsa moo, mahooho ao a ile a chesa ntlo ea pula-maliboho e mong ea khethehileng, ’me a qala ho sokela bara le barali babo rōna malapeng a bona. Barab’abo rōna ba ile ba ipiletsa ho morena oa moo, empa o ne a emela Mabaptiste. Leha ho le joalo, qetellong ’muso o ile oa kenella, ’me oa lumella barab’abo rōna hore ba hahe Holo ea ’Muso setšeng se secha se bohareng ba motse, ho e-na le setšeng seo ba neng ba se filoe qalong!

Motseng o hōle oa Leiktho, o lithabeng tse ka boroa Profinseng ea Kayin, e moeling oa Golden Triangle, Kereke e K’hatholike e ile ea hanyetsa Gregory Sarilo ka matla. Gregory o re: “Moruti oa moo o ile a laela mohlape oa hae hore o senye lijalo tsa ka. Ka mor’a moo, ba mpha lijo empa motsoalle e mong oa ka a ntlhokomelisa hore lijo tseo li tšetsoe chefo. Ka letsatsi le leng, mahlahana a moruti eo a ile a mpotsa hore ke tl’o tsamaea ka tsela efe ka le hlahlamang. Tsatsing leo, ke ile ka tsamaea ka tsela e ’ngoe, kahoo ka nyopisa boiteko ba bona ba ho ntsometsa le ho mpolaea. Ha ke bolella ba boholong ka boiteko boo ba ho mpolaea, ba ile ba khalemela moruti eo le balateli ba hae hore ba ke ba khaohane le ’na. Jehova o ile a ntšireletsa ho ‘ba tsomang moea oa ka.’”—Pes. 35:4.

Ha ba Nke Lehlakore

Ho theosa le lilemo, botšepehi ba bara le barali babo rōna ba Burma bo ile ba lekoa ka tsela e ’ngoe e ikhethang. Lintoa tsa merabe le liqhoebeshano tsa lipolotiki li ’nile tsa leka boemo ba bona ba ho se nke lehlakore.—Joh. 18:36.

Motseng oa Thanbyuzayat o karolong e ka boroa—o tsebahalang ka seteishene sa terene se hahiloeng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše—pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Hla Aung, o ile a iphumana a pota-potiloe ke lebotho la majela-thōko le neng le loantšana le la ’muso. O re: “Masole a ne a hlasela metse bosiu ebe a khanna banna a ba supile ka lithunya, e le hore ba il’o a jarela thepa. Ba bangata ba bona ha ba ka ba hlola ba bonoa hape. Bosiung bo bong, masole a ile a hlasela motse oa rōna, ’me ka nako eo ke ne ke ntse ke bua le Donald Dewar, ea neng a re chaketse. Mosali oa ka o ile a hlaba mokhosi, kahoo ra fumana nako ea ho ipata ka morung. Ka mor’a ho phonyoha ka lesobana leo la nale, ke ile ka haha sebaka seo nka ipatang ho sona haeba re ka boela ra hlaseloa.”

Ha pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Rajan Pandit a fihla motseng oa Dawei o ka boroa ho Thanbyuzayat, o ile a qala ho khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele motseng o mong o haufi, oo ho oona ho neng ho e-na le majela-thōko a mangata. O re: “Ha ke khutlela hae, masole a ile a ntšoara eaba a nkotla, ’me a nqosa ka hore ke sebelisana le majela-thōko. Ha ke a bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a ile a batla ho tseba hore na ke tlile joang moo Dawei. Ke ile ka a bontša tekete ea ka ea sefofane eo ke neng ke ntse ke e bolokile e le khopotso. E ile ea bontša hore ke tlile moo ka sefofane, e leng seo majela-thōko a sa se etseng. A ile a khaotsa ho nkotla, eaba aa ntokolla. Leha ho le joalo, masole ao a ile a hloma seithuti se seng sa ka sa Bibele lipotso, ’me se ile sa a tiisetsa hore re ithuta Bibele feela. Ka mor’a moo, masole ao a ile a ntlohela, ’me a mang a ’ona a ile a kena tselaneng ea ka ea limakasine.”

Ka linako tse ling, ba boholong motseng oo ba ile ba leka ho qobella barab’abo rōna hore ba nke lehlakore ka hore ba voute kapa ba kopanele meketeng ea bochaba. Ha ba boholong motseng oa Zalun o pel’a nōka, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 130 ka leboea ho Yangon, ba ne ba qobella Lipaki tsa moo ho ea likhethong, barab’abo rōna ba ile ba ema ba tiile, ’me ba qotsa Bibele ho bontša hore ba etsa seo e se laetseng. (Joh. 6:15) Ba boholong ba ile ba ipiletsa ho liofisiri tse khōlō. Empa liofisiri tseo li ne li tseba hantle hore Lipaki Tsa Jehova ha li kopanele lipolotiking. Barab’abo rōna ba ile ba lumelloa hore ba se ke ba khetha.

Ha bana ba 23 ba Lipaki motseng oa Khampat o moeling oa Burma le India, ba hana ho inamela folakha ea naha, mosuoe-hlooho o ile a ba tebela sekolong. ’Me a kōpa baholo ba babeli hore ba itlalehe ka pel’a ba boholong, ba neng ba akarelletsa mastrata le molaoli oa sesole. E mong oa baholo bao, e leng Paul Khai Khan Thang, o re: “Ha re ntse re ba hlalosetsa mabaka a Mangolo a seo re se etsang, ho ne ho bonahala hore ba bang ba boholong ba halefile. Ka mor’a moo re ile ra ba bontša kopi ea taelo ea ’muso e reng Lipaki Tsa Jehova li lumeletsoe ‘ho ema li khutsitse le ka tsela e bontšang tlhompho nakong ea mekete e tlotlang folakha.’ Ba boholong ba ile ba makala. Ha ba hlaphoheloa, molaoli oa sesole a laela mosuoe-hlooho hore a khutlisetse bana bao sekolong. Mosuoe-hlooho o ile a abela mafapha ’ohle a sekolo likopi tsa taelo eo.”

Kajeno, ba boholong ’musong oa Myanmar baa tseba hore Lipaki Tsa Jehova ha li kopanela lipolotiking. Ka ho emela melao-motheo ea Bibele ka tieo, bahlanka ba Jehova ba fane ka bopaki bo botle, feela joalokaha Jesu Kreste a boletse esale pele.—Luka 21:13.

Masole a Mang e ba Bakreste

Ka lebaka la merusu e bileng teng Myanmar, baahi ba bangata ba teng e bile masole kapa majela-thōko. Ho tšoana le molaoli oa lebotho oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Korneliase, ba bang ba bona ‘ba inehetse ebile ba tšaba Molimo.’ (Lik. 10:2) Ha ba ithuta ’nete, ba leka ka thata hore ba phele tumellanong le melao ea Jehova e lokileng.

Matla a lokollang a Lentsoe la Molimo a ne a ba thusitse hore ba se hloeane, ’me joale ba kopantsoe ke maqhama a lerato

E mong oa batho bao ke Hlawn Mang, eo e neng e le lesole la metsing, ’me a ithutile ’nete nakong eo a neng a le Mawlamyine. O re: “Ke ne ke batla ho qala ho paka hang-hang. Empa ha ke le mothating oa ho itokolla bosoleng, ka utloa hore baokameli ba ka ba nahana ho ’nyolla mosebetsing le ho nkisa sekolong sa bosole naheng e ’ngoe e ruileng ea Bophirimela! Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho sebeletsa Molimo. Baokameli ba ka ba ile ba makala haholo ha ke ba fa lengolo la ho itokolla mosebetsing ’me ke qala ho sebeletsa Jehova. Le kajeno, ka mor’a lilemo tse ka bang 30, ke ntse ke kholisehile hore ke entse qeto e nepahetseng. Ke’ng e ka bapisoang le tokelo ea ho sebeletsa Molimo oa ’nete?”

Aik Lin (ka ho le letšehali) le Sa Than Htun Aung (ka ho le letona) ba ne ba le ka mahlakoreng a loantšanang lintoeng tse ’maloa tsa merung tse mahlo-mafubelu

La Bang Gam o ne a ntse a hlaphoheloa sepetleleng sa masole ha Robin Zauja a mo bontša buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.f La Bang Gam o ile a hlolloa ke buka eo, ’me a kōpa hore e be ea hae. Empa kaha e ne e le eona feela eo Robin a nang le eona, o ile a lumela hore a ka mo alima eona bosiu bo le bong feela. Ka le hlahlamang, ha Robin a khutla, La Bang Gam o ile a re: “Buka ea hao ke ena. Joale ke se ke e-na le kopi ea ka!” O ne a qetile bosiu bohle a kopitsa buka eo e maqephe a 250, a e kopiletsa libukeng tse ’maloa tsa ho ngolla! Nakoana ka mor’a moo, La Bang Gam o ile a itokolla bosoleng, ’me a sebelisa buka ea hae ea “Paradeise” ho thusa ba bang ba bangata ho ithuta ’nete.

Profinseng ea Shan e lithaba, Sa Than Htun Aung, eo e neng e le moeta-pele oa lebotho la Burma le Aik Lin, eo e neng e le molaoli oa Lebotho la Profinse ea United Wa, ba ne ba le ka mahlakoreng a loantšanang lintoeng tse ’maloa tse mahlo-mafubelu tse neng li loaneloa ka merung. Qetellong ha mabotho ao a loantšanang a lumela ho beha lihlomo fatše, banna bao ba ile ba lula Profinseng ea Shan. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba ithuta ’nete ka bo-mong, ba itokolla bosoleng ’me ba kolobetsoa. Banna bana bao pele e neng e le lira ba ile ba kopana kopanong ea potoloho ’me ba lumelisana ka mofuthu e le bara ba motho ba Bakreste! Matla a lokollang a Lentsoe la Molimo a ne a ba thusitse hore ba se hloeane, ’me joale ba kopantsoe ke maqhama a lerato.—Joh. 8:32; 13:35.

Ho Behelana Mabaka le “Batho ba Mefuta Eohle”

Pakeng tsa 1965 le 1976, palo ea bahoeletsi Burma e ile ea imena ka makhetlo a mararo. Batho ba bangata ba ileng ba amohela ’nete ba ne ba tsoa Bokreste-’mōtoaneng. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba tseba hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Kahoo, ho tloha ka bo-1975, ba ile ba ikitlaetsa le ho feta ho pakela batho ba malumeli a mang a mangata a Burma, ho akarelletsa Mabuddha, Mahindu le ba sebelisanang le meea.

Ho tloaelehile ho bona baitlami ba Mabuddha ba apere liaparo tsa bona

Ho ne ho e-na le mathata a mangata. Mabuddha ha a lumele hore ho na le Molimo kapa ’Mōpi, Mahindu a rapela melimo e limilione, ’me batho ba Burma ba sebelisanang le meea ba hlompha melimo e bitsoang li-nat. Litumela-khoela, bonohe le tšebelisano le meea ke lintho tse atileng haholo malumeling ana. Le hoja balumeli ba bangata ba chesehang ba nka hore Bibele ke buka e halalelang, hangata ha ba tsebe seo e se rutang kapa batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, histori, meetlo le likhopolo tsa eona.

Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba tseba hore linnete tse matla tse ka Lentsoeng la Molimo li ka ama pelo ea motho leha e le ofe. (Baheb. 4:12) Ho ne ho hlokahala hore ba itšetlehe ka moea oa Molimo le hore ba sebelise “tsebo ea ho ruta”—ke hore ba behe mabaka ka tsela e amang batho lipelo le e ba susumelletsang hore ba etse liphetoho bophelong ba bona.—2 Tim. 4:2.

Ka mohlala, nahana kamoo Rosaline, eo e bileng pula-maliboho ea khethehileng ka nako e telele, a behelanang mabaka kateng le Mabuddha. O re: “Ha Mabuddha a bolelloa hore ho na le ’Mōpi, a atisa ho botsa, ‘Empa ’Mōpi eena o bōpiloe ke mang?’ Mabuddha a lumela hore liphoofolo ke batho ba kileng ba phela pele, kahoo ke a etsetsa mohlala ka liphoofolo tse ruiloeng lapeng.

“Kea a botsa: ‘Na phoofolo eo u e ruileng lapeng ea tseba hore e na le mong’a eona?’

“‘E, ea tseba.’

“‘Empa na e ea tseba hore na mong’a eona oa sebetsa, o nyetse kapa hore na o tsoa hokae?’

“‘Che, ha e tsebe.’

“‘Ka ho tšoanang, kaha batho ha ba tšoane le Molimo, eena ke Moea, na re lokela ho lebella hore re tla utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka boteng ba Molimo kapa qaleho ea hae?’

“‘Che.’”

“Lerato leo barab’abo rōna ba ileng ba mpontša lona le ile la etsa hore ke ikutloe ke khatholohile ke bile ke tšelisehile.”

Ho beha mabaka ka tsela e joalo ho kholisitse Mabuddha a mangata a lipelo li ntle hore a lokela ho hlahloba bopaki bo bong bo bontšang hore Molimo o teng. Ha ho beha mabaka ka tsela e utloahalang ho tsamaisana le ho bontša lerato la sebele la Bokreste, seo se ka ba le phello e matla lipelong tsa batho. Ohn Thwin eo e neng e le Mobuddha, o re: “Ha ke bapisa thuto ea Bobuddha ea Nirvana le tšepiso ea Bibele ea lefatše la Paradeise, ke ile ka khahloa ke tšepiso ea Paradeise. Empa kaha ke ne ke lumela hore ho na le litsela tse ngata tse lebisang ’neteng, ke ne ke sa bone ho hlokahala hore ke sebelise seo ke ithutang sona. Ka mor’a nakoana, ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Lerato leo barab’abo rōna ba ileng ba mpontša lona le ile la etsa hore ke ikutloe ke khatholohile ke bile ke tšelisehile. Lerato leo le ile la ntšusumelletsa hore ke sebelise ’nete eo ke e tsebang.”

Sehlopha sa Lipaki Burma, ka 1987

Ha e le hantle, ho thusa batho hore ba fetole maikutlo a bona ka seo ba se lumelang ho hloka hore motho a be masene, ’me a be le mamello. Ha Kumar Chakarabani a le lilemo li leshome, ntate oa hae eo e neng e le Mohindu oa popota, o ile a lumela hore Jimmy Xavier ea sebeletsang lehaeng la Bethele, a mo rute ho bala. Kumar o re: “Ntate o ile a mo bolella hore a nthute ho bala feela, eseng bolumeli. Kahoo Jimmy o ile a mo bolella hore Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, ke buka e ntle haholo e rutang bana ho bala. Ha a qeta ho nthuta ho bala, Jimmy o ne a ee a iphe nako ea ho buisana le Ntate, a bontša hore o hlile oa mo thahasella. Ha Ntate a mo botsa lipotso tse mabapi le bolumeli, Jimmy o ne a re ka bohlale: ‘Bibele e na le likarabo tsa tsona. A re li shebe hammoho.’ Ha nako e ntse e ea, Ntate o ile a amohela ’nete, ’me beng ka rōna ba 63 le bona e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.”

Ho Tšoaroa Likopano Nakong ea Merusu

Ka bo-1985, boemo ba lipolotiki Burma bo ile ba mpefala le ho feta. Qetellong, ka 1988, batho ba likete tse mashome ba ile ba tlala literateng ba ipelaetsa khahlanong le ’muso. Ka potlako, masole a ile a qhala boipelaetso boo ba bona, ’me a laola boholo ba naha.

Kyaw Win ea sebeletsang lehaeng la Bethele o re: “Ba boholong ba ile ba phatlalatsa qomatsi, ’me ba thibela batho ba fetang ba bahlano hore ba bokane hammoho. Re ile ra ipotsa hore na re ’ne re tšoare likopano tsa setereke tse tlang kapa che. Empa re tšepile Jehova, re ile ra ea ho molaoli oa sesole Yangon, ’me ra kōpa tumello ea ho tšoara kopano ea batho ba 1 000. Re ile ra fuoa tumello ka mor’a matsatsi a mabeli! Ha re bontša ba boholong libakeng tse ling hore re fuoe tumello, le bona ba ile ba re lumella ho tšoara likopano libakeng tseo. Ka thuso ea Jehova, likopano tseo e ile ea e ba tse atlehileng haholo!”

Re sa Tlohele Lipokano Tsa Bokreste

Ka mor’a merusu ea 1988, maemo a moruo a ile a ’na a mpefala le ho feta Burma. Leha ho le joalo, bara le barali babo rōna ba ile ba bontša tumelo e matla ho Molimo ka hore ba tsoele pele ho etelletsa tšebeletso ea Molimo pele bophelong ba bona.—Mat. 6:33.

Ka mohlala, nahana ka Cin Khan Dal ea lulang le lelapa la hae motseng o hōle oa Sagaing. O re: “Re ne re batla ho ea kopanong ea setereke Tahan, e leng leeto la matsatsi a mabeli ka seketsoana le ka teraka. Empa ho ne ho se na motho ea tla sala a hlokometse likhōhō tsa rōna ha re le sieo. Leha ho le joalo, re ile ra beha tšepo ea rōna ho Jehova eaba re ea kopanong. Ha re khutlela hae, re ile ra fumana ho shoele likhōhō tse 19—’me eo e ne e le tahlehelo e khōlō. Empa ka mor’a selemo, likhōhō tsa rōna tse seng kae li ile tsa eketseha hore e be tse fetang 60. Le hoja selemong seo, likhōhō tsa batho ba bangata motseng moo li ile tsa bolaoa ke ho kula, ha ho le e ’ngoe ea rōna e ileng ea shoa.”

Batho ba bang ba ileng ba bontša tumelo ke Aung Tin Nyunt le mosali oa hae Nyein Mya, ba lulang le bana ba bona ba robong motsaneng oa Kyonsha o lik’hilomithara tse 64 ka leboea-bophirimela ho Yangon. Aung Tin Nyunt o re: “Lelapa la rōna le ne le atisa ho itjella raese le meroho. Re ne re se na chelete ebile ho se letho leo re ka le rekisang. Leha ho le joalo, ha rea ka ra tepella maikutlo. Ke ile ka re ho ba lelapa la ka: ‘Jesu o ne a se na moo a behang hlooho teng. Kahoo le haeba nka tlameha ho lula tlas’a sefate kapa ho bolaoa ke tlala, ke tla ’ne ke sebeletse Molimo ka botšepehi.’

“Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”—Baheb. 13:5, 6.

“Empa ka letsatsi le leng, re ne re se na lijo ho hang ka tlung. Mosali oa ka le bana ba ile ba ncheba ba tšoenyehile. Ke ile ka re ho bona: ‘Le se ke la khathatseha. Molimo o tla re thusa.’ Ha re khutla tšimong hoseng hoo, ke ile ka tsamaea le bara ba ka ra e’o tšoasa litlhapi. Empa re ile ra fumana tse lekaneng hore re je hanngoe feela. Re ile ra siea libaskete tsa rōna nōkeng moo pel’a likhahla, eaba ke re ho bara ba ka: ‘Re tla khutla ha liboka li tsoa.’ Thapameng eo, moea o ne o foka ka matla. Ha re khutla, re ile ra fumana litlhapi tse ngata li ipatetse moea tlas’a likhahla tseo. Kahoo ha re theolela libaskete tsa rōna ka nōkeng re ile ra tla re tšoasitse litlhapi tse ngata, tseo re ileng ra li rekisa e le hore re reke lijo tse tla re nka beke eohle.”

Nako le nako, bahlanka ba Jehova Myanmar ba ile ba bona ha tšepiso e thabisang ea Molimo e phethahala, e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Kahoo, ba re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”—Baheb. 13:5, 6.

Mekhoa e Ntlafetseng ea ho Hatisa

[Krafo e leqepheng la 146]

Ho tloha ka 1956, batho ba Myanmar ba ruile molemo ka ho fumana lijo tsa moea khatisong ea Molula-Qhooa ka Semyanmar (Seburmese). Le hoja merabe e ne e loantšana, ho na le merusu sechabeng le maemo a moruo a hlobaetsa, litokollo tsohle tsa Molula-Qhooa li ile tsa tsoa. Makasine ee e ’nile ea hlahisoa joang?

Ka lilemo tse ngata, ofisi ea lekala e ne e romela likopi tse ’maloa tsa makasine e fetoletsoeng hore ba ’muso ba e hlahlobe. Ha ba lumellana le se ngotsoeng moo, lekala le ne le kōpa tumello ea hore le reke pampiri e hatisang. Ha le qeta ho fumana pampiri, mor’abo rōna e mong o ne a nka pampiri le makasine eo a li isa ho rakhoebo ea hatisang, ea neng a thaepa lentsoe ka lentsoe ka mongolo oa Semyanmar (Seburmese). Ka mor’a moo, mor’abo rōna o ne a bala boitsebiso boo ho bona hore na bo nepahetse, ebe rakhoebo eo o hatisa makasine ka mochine o ikhathaletseng. Likopi tsa makasine eo li ne li romeloa ho ba boholong, ba faneng ka tumello ea hore makasine e hatisoe. Ka ho utloahalang, mosebetsi ona o ne o nka libeke tse ngata, ’me pampiri le mongolo e le tsa boleng bo tlaase.

Ka 1989, ofisi ea lekala e ile ea fumana tsela e ncha ea ho hatisa, e ileng ea fetola lintho ka ho feletseng. Tsamaiso ea Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS) e entsoeng le ho ntlafatsoa ntlo-khōlō, e ne e sebelisa lik’homphieutha, mananeo a k’homphieutha le li-phototypesetter ho hlahisa lingoliloeng ka lipuo tse 186—ho akarelletsa Semyanmar!g

Mya Maung ea sebeletsang ofising ea lekala, o re: “Kamoo ho bonahalang kateng, Lipaki Tsa Jehova ke bona batho ba pele Myanmar ba ho hlahisa lingoliloeng ka lik’homphieutha. Tsamaiso ea MEPS, e sebelisang mongolo o motle oa Semyanmar, e ile ea fetola lintho indastering ea khatiso ea moo. Batho ba ne ba sa utloisise hore na re entse’ng hore mongolo oo o be makhethe joalo!” MEPS e ile ea boela ea thusa ho hlahisa mekhoa e mecha ea khatiso, e leng se ileng sa ntlafatsa boleng ba lingoliloeng. Ho feta moo, MEPS e ile ea ntlafatsa boleng ba litšoantšo, ’me seo sa etsa hore Molula-Qhooa o khahle le ho feta.

Ka 1991, ’muso oa Myanmar o ile oa lumela hore ho hatisoe Tsoha! ’me barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo. Le batho ka kakaretso ba ile ba thaba! Ofisiri e ’ngoe Lekaleng la Phatlalatso e ile ea bua mantsoe a babali ba bangata, ha e re: “Tsoha! ha e tšoane le limakasine tse ling tsa bolumeli. E bua ka lihlooho tse ngata tse thahasellisang le tse utloisisehang habonolo. Ke e rata haholo.”

Lilemong tse fetang 20 tse fetileng, lenane la limakasine tse hatisoang le imenne ka makhetlo a ka bang robong!

Lilemong tse fetang 20 tse fetileng, lenane la limakasine tse hatisoang lekaleng ka khoeli le ile la eketseha, ho tloha ho tse 15 000 ho ea ho tse fetang 141 000, e leng se bolelang hore le imenne ka makhetlo a ka bang robong! Hona joale batho ba atisa ho bona Molula-Qhooa le Tsoha! Yangon, ’me ba thabela ho li bala.

Ho Hlokahala Ofisi e Ncha ea Lekala

Ka mor’a merusu ea 1988, ba boholong sesoleng ba ile ba kōpa mekhatlo ea sechaba le ea bolumeli Myanmar hore e ingolise ’musong. Ho hlakile hore ofisi ea lekala e ile ea etsa seo. Lilemo tse peli hamorao, ka la 5 January, 1990, ’muso o ile oa ngolisa ka molao “Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova (Watch Tower)” Myanmar.

Mohaho oa Bethele o ne o se o haella. Morali’abo rōna a aenela fatše

Ka nako eo, barab’abo rōna ba ne ba tlohile ofising ea lekala e Seterateng sa bo39, ba ile mohahong o mekato e ’meli setšeng sa hekthere tse 0,2 Seterateng sa Inya, motse-toropong o ruileng o ka leboea ho motse-moholo. Leha ho le joalo, mohaho oo o mocha o ne o se o haella. Viv Mouritz, ea neng a etetse lelapa la Bethele ka nako eo, o re: “Basebeletsi ba 25 ba lelapa la Bethele ba ne ba sebeletsa maemong a sa jeseng litheohelang. Ho ne ho se na setofo ka kichineng, morali’abo rōna a phehela leifong la motlakase. Ho boetse ho se na mochine o hlatsoang liaparo, kahoo morali’abo rōna a hlatsoetsa sinking e fatše. Barab’abo rōna ba ne ba batla ho reka setofo le mochine o hlatsoang, empa lintho tseo li sa khone ho kena naheng eo.”

Ho hlakile hore barab’abo rōna ba ne ba hloka lekala le leholoanyane. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho heletsoe mohaho oo o nang le mekato e ’meli ’me ho hahoe o mocha oa bolulo o nang le mekato e mene hammoho le oa ofisi. Empa pele barab’abo rōna ba ka etsa seo, ba ile ba tlameha ho hlōla litšitiso tse ’maloa. Ea pele, ba ne ba lokela ho fumana tumello ea liofisiri tse tšeletseng tsa ’muso. Ea bobeli, lihahi tsa moo tse sa tsebeng ho haha ka foreimi ea tšepe, li ne li sa khone ho etsa mosebetsi oo. Ea boraro, baithaopi ba Lipaki ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba sa khone ho kena naheng eo. Ea ho qetela, thepa ea mohaho e ne e sa fumanehe moo le e tsoang linaheng tse ling e sa khone ho kena. Ho ne ho bonahala eka morero oo o nyopile. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba tšepa Jehova. Haeba Jehova a rata, re tla haha ofisi e ncha ea lekala!—Pes. 127:1.

‘Eseng ka Matla, Empa ka Moea oa Ka’

Kyaw Win, ea sebetsang Lefapheng la Molao lekaleng, o ntšetsa pele taba ena ka ho re: “Kōpo ea rōna ea ho haha e ile ea feta hantle liofisiring tse hlano ho tseo tse tšeletseng, ho akarelletsa ea Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli. Ka mor’a moo, Komiti ea Ntlafatso ea Motse Yangon e ile ea re mohaho oo o nang le mekato e mene o phahame haholo eaba e qhela kōpo ea rōna. Re ile ra kenya kōpo e ’ngoe, ’me le eona ea qheleloa thōko. Komiti ea Lekala e ile ea nkhothalletsa ho phehella. Kahoo ke ile ka rapela Jehova ka matla ’me ka kenya kōpo ka lekhetlo la boraro. E ile ea amoheloa!

“Ka mor’a moo, re ile ra ea Lekaleng la Bojaki. Ha re le moo, ba boholong ba ile ba re bolella hore batho ba tsoang linaheng tse ling ba fuoa matsatsi a supileng feela naheng eo. Empa ha re ba hlalosetsa hore baithaopi ba rōna ba tsoang linaheng tse ling ba nang le litsebo ba tl’o koetlisa batho ba moo ka mekhoa e tsoetseng pele ea kaho, ba lumela ho ba fa likhoeli tse tšeletseng!

“Ha re tloha moo, re ile ra ea Lekaleng la Tsa Khoebo, ’me teng ra bolelloa hore thepa eohle e tsoang ka ntle ho naha e thibetsoe ho kena. Empa ha re bolella ba boholong ka mosebetsi oo re tl’o o etsa, ba ile ba re lumella ho kenya thepa ea mohaho ea liranta tse fetang limilione tse robeli. Ho thoe’ng ka ho e lefella lekhetho? Re ile ra ea Lekaleng la Lichelete, ’me lona la re lumella ho kenya thepa eo re sa e lefelle lekhetho! Ka tsela ena le tse ling, re ile ra bona bonnete ba mantsoe a Molimo, ha a re: ‘“Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,” ho boletse Jehova oa mabotho.’”—Zak. 4:6.

Barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba sebetsa hammoho le barab’abo rōna ba moo

Ka 1997, baithaopi ba ile ba fihla setšeng. Barab’abo rōna ba Australia ba ile ba nehelana ka boholo ba thepa ea mohaho, athe thepa e ’ngoe eona e ne e tsoa Malaysia, Singapore le Thailand. Bruce Pickering ea neng a hlokometse mosebetsi oo, o re: “Barab’abo rōna ba ’maloa ba Australia ba ile ba etsa foreimi ea tšepe ba ntan’o ea le eona Myanmar ho ea kopanya likaroloana tsa eona. Ho hlollang ke hore masoba ’ohle a foreimi eo a ne a le libakeng tse loketseng!” Baithaopi ba bang ba ne ba tsoa Brithani, Fiji, Greece, Jeremane, New Zealand le United States.

Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 30, bahoeletsi ba moo ba ne ba ka tsoakana ka bolokolohi le bara le barali babo rōna ba linaheng tse ling. Donald Dewar o re: “Re ne re thabile hoo e kang rea lora. Re ile ra khothatsoa haholo ke tsela eo baeti bao ba ratang Jehova le barab’abo bona ka eona, hammoho le boitelo ba bona.” Mor’abo rōna e mong o re: “Re ile ra boela ra ithuta lintho tsa bohlokoa ka kaho. Bahoeletsi ba neng ba sebelisa likerese feela ba ile ba ithuta ho kenya mabone a motlakase. Ba bang ba neng ba tseba ho sebelisa lifene feela ba ile ba ithuta ho kenya air-conditioning. Re ile ra ithuta le ho sebelisa lithulusi tsa motlakase!”

Bethele ea Myanmar

Ka lehlakoreng le leng, baithaopi ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba angoa ka ho teba ke tumelo le lerato la bara le barali babo rōna ba Myanmar. Bruce Pickering o re: “Barab’abo rōna ba ne ba futsanehile empa ba le seatla se bulehileng. Ba bangata ba bona ba ne ba re memela lijong malapeng a bona, ’me ba re ngoathela lijo tseo ba ka beng ba ile ba qeta matsatsi a ’maloa ba li ja le ba malapa a bona. Mohlala oa bona o ile oa re hopotsa lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa bophelong—e leng lelapa, tumelo, barab’abo rōna le tlhohonolofatso ea Molimo.”

Ka la 22 January, 2000, ho ile ha neheloa mehaho e mecha ea lekala sebokeng se khethehileng se neng se tšoaretsoe Holong ea Sechaba. Barab’abo rōna ba moo ba ile ba thabisoa ke hore ebe John E. Barr oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea nehelo.

Ba Haha Liholo Tse Ncha Tsa ’Muso

Ha mosebetsi oa ho haha lekala le lecha o se o le mothating oa ho phethoa, barab’abo rōna ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona karolong e ’ngoe e potlakileng—e leng kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ka 1999, Nobuhiko le Aya Koyama ba ile ba fihla ba tsoa Japane. Nobuhiko o ile a thusa ho theha Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso lekaleng. O re: “’Na le barab’abo rōna ba bang re ile ra qala ka ho hlahloba libaka tseo liphutheho li kopanelang ho tsona naheng eo, ’me re ne re tsamaea ka libese, lifofane, lithuthuthu, libaesekele, likepe le ka maoto. Hangata re ne re hloka hore ’muso o re fe tumello ea ho tsamaea, kaha libakeng tse ngata batho ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba sa lumelloa ho kena ho tsona. Ha re se re hloaile libaka tseo ho hlokahalang liholo tse ncha ho tsona, ka mosa Sehlopha se Busang se ile sa fana ka chelete ea ho li haha, e tsoang letlōleng le reretsoeng ho thusa linaha tse futsanehileng.

“Ka mor’a hore re thehe thimi ea baithaopi, basebetsi bana ba ile ba kopana motseng oa Shwepyitha o Yangon, ho haha holo ea pele e ncha. Barab’abo rōna ba moo le ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba sebetsa hammoho ho haha holo eo, e leng se ileng sa makatsa mapolesa, a ileng a emisa kaho ka makhetlo a ’maloa, e le hore a botse baokameli ba ’ona hore na batho bao ba lumeletsoe ho tsoaka-tsoakana joalo. Bashebelli ba bang ba ile ba babatsa barab’abo rōna. Monna e mong o ile a re: ‘Ke bone motho oa naha e ’ngoe a hloekisa ntloana! Ha ke e-s’o bone batho bao ba etsa mosebetsi o kang oo. Ka sebele, lea ikhetha!’

Ba sebelisa seketsoana ha ba ea Holong ea ’Muso e sa tsoa hahoa

“Nakong eona eo, thimi e ’ngoe ea kaho e ile ea qala ho haha holo e ncha motseng oa Tachileik, o moeling oa Myanmar le Thailand. Lipaki tse ngata tsa Thailand li ne li tšela leliboho letsatsi le letsatsi ho tla haha le barab’abo rōna ba Myanmar. Lihlopha tseo tse peli li ne li sebetsa li momahane le hoja li ne li bua lipuo tse sa tšoaneng. Ha ka lehlakoreng le leng teng, nakong eo holo e felang, masole a linaha tseo ’ona a ne a nkhisetsana mahafi moeling. Libomo li ne li qhoma le likulo li ferella haufi le holo eo, empa li sa e otle. Ha ntoa e kokobela, batho ba 72 ba ile ba bokana holong eo ho e nehela ho Jehova, Molimo oa khotso.”

Ho tloha ka 1999, lithimi tsa kaho ea Liholo Tsa ’Muso li hahile liholo tse ncha tse fetang 65 naheng eo

Ho tloha ka 1999, lithimi tsa kaho ea Liholo Tsa ’Muso li hahile liholo tse ncha tse fetang 65 naheng eo. See se ile sa ama bahoeletsi ba moo joang? Ba bangata ba ikutloa joaloka morali’abo rōna ea ileng a bua a sekisitse meokho, ha a re: “Ke ne ke sa nahane hore re tla ke re be le holo e ncha e ntle tjena! Joale ke tla leka ka matla le ho feta ho memela batho ba thahasellang libokeng tsa rōna. Ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae ka mosa oo a re bontšitseng ’ona!”

Baromuoa Baa Fihla

Lilemong tsa bo-1990, ka mor’a hore Myanmar e qete lilemo tse mashome e itšehlile thajana, butle-butle e ile ea qala ho lumella batho ba linaha tse ling ho kena. Kahoo ofisi ea lekala e ile ea kōpa ’muso ho lumella baromuoa hore ba boele ba kene naheng eo. Qetellong ka January 2003, Hiroshi le Junko Aok ba Japane ba neng ba tsoa sekolong sa Gileade ba ile ba fihla moo, e le baromuoa ba pele ba ho kena Myanmar ka mor’a lilemo tse ka bang 37.

Hiroshi le Junko Aok, e bile baromuoa ba pele ba ho kena Myanmar ka mor’a lilemo tse ka bang 37

Hiroshi o re: “Kaha naheng eo ho na le batho ba seng bakae ba tsoang linaheng tse ling, re ne re lokela ho ba hlokolosi e le hore ba boholong ba se ke ba belaella mosebetsi oa boboleli oo re o etsang. Kahoo re ile ra qala ka ho ea maetong a ho boela a bara le barali babo rōna ba moo le lithutong tsa bona tsa Bibele. Ka mor’a nakoana, re ile ra hlokomela hore batho ba Myanmar ba rata ho bua ka litaba tsa Molimo. Re ile ra qalisa lithuto tse hlano tsa Bibele letsatsing la pele re ile tšimong!”

Junko o re: “Re ne re atisa ho lemoha tataiso ea Jehova. Ka le leng, ha re tsoa khanna thuto ea Bibele haufi le Mandalay, sethuthuthu sa rōna se ile sa pancha lebili. Re ile ra se sutumetsa ra se isa fekthering e haufi le moo, ’me ra kōpa thuso. Molebeli o ile a lumella Hiroshi hore a kene ka hare le sethuthuthu, empa ka tlameha ho ema lephepheng la balebeli. Molebeli eo o ne a batla ho tseba hore na ho etsahala’ng.

“O ile a mpotsa a re: ‘Le batla’ng moo?’

“Ke ile ka re: ‘Re chaketse metsoalle.’

“Eaba o re: ‘Ho tla etsa’ng? Ho tla tšoara seboka sa bolumeli?’

“Kaha ke ne ke sa tsebe hore na o botsetsa’ng, ka iphapanyetsa potso eo.

“O ile a mphehella, a re: ‘Bua ’nete! Le ba mokhatlo ofe?’

“Ke ile ka ntša Molula-Qhooa ka mokotleng eaba ke mo bontša oona.

“O ile a hooa ka thabo a re: ‘Ke tsebile!’ A ntan’o re ho basebetsi-’moho le eena: ‘Bonang! Lengeloi le panchisitse lebili e le hore le romele Lipaki Tsa Jehova ho rōna!’

“Monna eo o ile a ntša Bibele le pampitšana e ’ngoe ea rōna ka mokotleng oa hae. O ne a ithuta le Lipaki pele a fallela Mandalay, ’me a arohana le tsona ha a tloha moo. Re ile ra qalisa thuto ea Bibele le eena hang-hang. Ha nako e ntse e ea, ba bang ba basebetsi-’moho le eena ba ile ba ithuta le bona.”

Ka 2005, baromuoa ba bang ba bane ba ile ba fihla Myanmar, lekhetlong lena ba tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha) Philippines. Mor’abo rōna e mong ea bitsoang Nelson Junio, o ile a tobana le bothata boo baromuoa ba bangata ba atisang ho tobana le bona—e leng ba ho hloloheloa hae. O re: “Ke ne ke atisa ho lla le ho rapela pele ke il’o robala. Eaba mor’abo rōna e mong ea mosa o mpontša Baheberu 11:15, 16. E bontša hore Abrahama le Sara ha baa ka ba lula ba hlolohetsoe motse oa habo bona oa Ure, empa ba ile ba hahamalla ho sebeletsa Molimo. Ka mor’a ho bala temana eo, ke ile ka khaotsa ho lla. Ke ile ka qala ho talima kabelo ea ka e le lehae la ka.”

Mohlala o Motle o Ruisa ba Bangata Molemo

Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a eletsa Timothea, a re: “Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na . . . u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” (2 Tim. 2:2) Baromuoa ba ile ba nka molao-motheo ona ka ho teba, ’me ba thusa liphutheho tsa Myanmar hore li iphaphathe le tataiso eo batho ba Jehova ba e latelang lefatšeng ka bophara.

Ka mohlala, baromuoa ba ile ba hlokomela hore bahoeletsi ba moo ba ne ba ruta lithuto tsa bona tsa Bibele hore li bale likarabo ka ho toba bukeng—e leng mokhoa o sebelisoang likolong tse ngata tsa Myanmar. Joemar Ubiña o re: “Ka mamello, re ile ra khothalletsa bahoeletsi hore ba botse lipotso tse fatang maikutlo, e le hore ba tsebe seo seithuti se se nahanang le kamoo se ikutloang kateng. Bahoeletsi ba ile ba sebelisa tlhahiso eo, ’me ea e ba mesuoe e hloahloa.”

Baromuoa ba ile ba boela ba hlokomela hore liphuthehong tse ngata, ho na le moholo a le mong feela kapa mohlanka ea sebeletsang. Ba bang ba bara bao babo rōna ba khethiloeng, le hoja ba ne ba tšepahala ba bile ba sebetsa ka thata, ba ne ba rena holim’a mohlape. Ke ’nete hore boemo bo tšoanang bo ne bo le teng le lekholong la pele la lilemo, ha moapostola Petrose a tla phehella baholo hore: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng . . . ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.” (1 Pet. 5:2, 3) Baromuoa ba ne ba ka etsa’ng ho thusa barab’abo bona? Benjamin Reyes o re: “Re ile ra ikemisetsa ho beha mohlala o motle ka hore re be mosa le ho ba bonolo, ’me re be ba atamelehang.” Mohlala oa bona o motle o ile oa tšoaetsa baholo bao butle-butle. Ba bangata ba bona ba ile ba fetola tsela eo ba itšoarang ka eona, ’me ba qala ho tšoara mohlape ka kutloelo-bohloko.

Phetolelo e Ntlafetseng e Tlisa Melemo

Barab’abo rōna ba Myanmar ba qetile lilemo tse ngata ba sebelisa Bibele ea lekholong la bo19 la lilemo, e fetoletsoeng ke baruti ba Bokreste-’mōtoana ba thusoa ke baitlami ba Mabuddha. Phetolelo ena e sebelisa mantsoe a mangata a khale a Sepali a seng a sa sebelisoe, ao ho bileng ho leng thata ho a utloisisa. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ka 2008, ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Semyanmar. Maurice Raj o re: “Bamameli ba ile ba qeta nako e telele ba ntse ba opa liatla, ’me ba bang ba ile ba lla ke thabo ha ba fumana Libibele tsa bona. Phetolelo ena e ncha e hlakile, e utloisiseha habonolo ebile e nepahetse. Esita le Mabuddha a e utloisisa habonolo!” Kapele ka mor’a hore phetolelo eo e lokolloe, lenane la lithuto tsa Bibele le ile la eketseha ka liphesente tse fetang 40.

Hona joale, le ka mor’a lilemo tse ka bang 50, Doris Raj e ntse e le mofetoleli, Bethele e Yangon

Joaloka lipuo tse ling tse ngata, Semyanmar se mefuta e ’meli—ho na le sa khale se tsoang ho Sepali le Sesanskrit, ho boetse ho na le se sebelisoang moqoqong oa letsatsi le letsatsi. Mefuta eo ka bobeli ea buuoa ebile ea ngoloa. Lingoliloeng tse ngata tsa rōna tsa khale li ngotsoe ka puo ea khale, eo batho ba bangata ba seng ba thatafalloa ho e utloisisa. Ka lebaka leo, morao tjena lekala le qalile ho fetolela lingoliloeng ka Semyanmar se sebelisoang letsatsi le letsatsi, seo batho ba bangata ba se utloisisang habonolo.

Lithimi tsa bafetoleli lekaleng la Myanmar

Lingoliloeng tsena tse ncha li ile tsa beha litholoana hang-hang. Than Htwe Oo ea okametseng Lefapha la Phetolelo, o re: “Batho ba ne ba atisa ho re, ‘Lingoliloeng tsa lōna ke tsa boleng bo holimo, empa re thatafalloa ho li utloisisa.’ Hona joale lifahleho tsa bona lia ela, ’me ba qala ho li bala hang-hang. Ba bangata ba re, ‘Lingoliloeng tsena ho bonolo ho li utloisisa!’” Le tsela eo batho ba arabang ka eona ha ba le libokeng e ntlafetse, kaha joale ba se ba utloisisa se ngotsoeng lingoliloeng tsa rōna.

Hona joale, Lefapha la Phetolelo le na le bafetoleli ba 26 ba lipuo tse tharo—e leng Semyanmar, Sehakha Chin le Sesgaw Kayin. Ho boetse ho na le lingoliloeng ka lipuo tse ling tse 11 tsa moo.

Leholiotsoana Nargis

Ka la 2 May, 2008, Leholiotsoana Nargis, la sefefo se neng se matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 240 ka hora le ile la hlasela Myanmar, la bolaea batho le ho baka tšenyo ho tloha Ayeyarwady Delta ho ea moeling oa Thailand. Leholiotsoana leo le ile la ama batho ba fetang limilione tse peli ’me ba 140 000 ba shoa kapa ba nyamela.

Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa angoa ke leholiotsoana leo, empa ho makatsang ke hore ha ho le e ’ngoe e ileng ea tsoa kotsi. Tse ngata li ile tsa pholosoa ke ho balehela Liholong Tsa ’Muso tse sa tsoa hahoa. Motseng oa Bothingone o pel’a Ayeyarwady Delta, Lipaki tse 20 le batho ba bang ba 80 ba motse ba ile ba qeta lihora tse robong ba kotsame marulelong a Holo ea ’Muso ha metsi a ntse a nyolohela siling, pele a ka kokobela.

May Sin Oo o eme ka ntle, ha ntlo eabo e ntse e tsosolosoa

Thimi ea liphallelo e eme le Mora le Morali Oabo Rōna Htun Khin ka pel’a ntlo ea bona e sa tsoa tsosolosoa, ka mor’a hore e senngoe ke Leholiotsoana Nargis

Ka potlako, ofisi ea lekala e ile ea romela thimi ea liphallelo libakeng tse molomong oa nōka tse anngoeng haholo ke koluoa. Thimi eo e ile ea feta litopo tse rapaletseng fatše, ’me ea fihla motseng e nkile lijo, metsi le meriana. E ne e le thimi ea pele ea liphallelo ea ho fihla sebakeng seo. Ka mor’a hore thimi eo e fe bara le barali babo rōna thepa, e ile ea ba fa lipuo tse khothatsang tsa Mangolo ’me ea ba abela Libibele le lingoliloeng tsa Bibele, kaha thepa eohle ea bona e ne e hohotsoe ke leholiotsoana leo.

Ofisi ea lekala e ile ea theha Komiti ea Liphallelo Yangon le Pathein, e le hore e hokahanye mosebetsi o moholo oa liphallelo. Likomiti tsena li ile tsa hlophisa baithaopi ba makholo e le hore ba abe metsi, raese, hammoho le lintho tse ling tseo batho ba anngoeng ke leholiotsoana ba li hlokang. Li ile tsa boela tsa hlophisa lithimi tsa kaho e le hore li tsosolose mahae a Lipaki a sentsoeng ke leholiotsoana.

Moithaopi e mong ea bitsoang Tobias Lund, o re: “’Na le mosali oa ka Sofia, re ile ra fumana May Sin Oo ea lilemo li 16, eo e neng e le eena mohoeletsi feela lapeng labo, a ntse a omisa Bibele ea hae letsatsing e tsoang maloanlahleng a ntlo eabo. O ile a bososela ha a re bona, ’me keleli eaba ea theoha lerameng. Ho e-s’o ee kae, thimi ea kaho e ile ea fihla ka makarapa, lithulusi tsa motlakase le thepa ea mohaho, ’me ea qala ho hahela lelapa leo ntlo e ncha. Baahelani ba ne ba hloletsoe! Ba ile ba qeta matsatsi ba le setšeng moo, ’me sebaka seo sa hohela batho ba bangata. Bashebelli bao ba ile ba khotsa ba re: ‘Ha re e-s’o bone ntho e tjena! Batho ba mokhatlo oa lōna ba momahane ebile ba lerato. Le rōna re ka rata ho ba Lipaki Tsa Jehova.’ Batsoali ba May Sin Oo le bana babo ba se ba kopanela, ’me lelapa lohle le hatela pele hantle moeeng.”

Mosebetsi oo oa liphallelo o ile oa nka likhoeli. Barab’abo rōna ba ile ba aba thepa ea liphallelo, ’me ba tsosolosa le ho lokisa matlo a 160 le Liholo Tsa ’Muso tse robeli. Leholiotsoana Nargis le ile la tlisa koluoa le maemo a boima Myanmar, empa la senola ntho e ’ngoe ea bohlokoa—e leng maqhama a lerato a momahanyang batho ba Molimo le ho tlotlisa lebitso la Jehova.

Ketsahalo e sa Lebaleheng

Mathoasong a 2007, ofisi ea lekala ea Myanmar e ile ea amohela lengolo le thabisang. Jon Sharp ea fihlileng lekaleng moo le mosali oa hae Janet, selemong se ka pele ho seo, o re: “Sehlopha se Busang se ne se re kōpa hore re lokisetse ho tšoara kopano ea machaba Yangon. Kopanong eo ea 2009, ho ne ho tl’o tla batho ba makholo ba tsoang linaheng tse leshome—e leng ntho eo lekala la rōna le neng le e-s’o ka le e etsa!”

Jon o ile a boela a re: “Re ile ra ipotsa lipotso tse ngata tse kang: ‘Ebe ke sebaka sefe se ka nkang batho ba bangata hakaalo? Na bahoeletsi ba tsoang libakeng tse hōle ba tla khona ho ba teng? Ba tla fihlela hokae? Ba tla tsamaea ka eng? Na ba tla khona ho fepa ba malapa a bona? Hona ba boholong Myanmar ba tla re’ng? Na ba tla re lumella ho tšoara kopano ea mofuta oo?’ Ho ne ho bonahala eka ke letoto la mathata feela. Leha ho le joalo, re ile ra hopola mantsoe a Jesu a reng: ‘Lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.’ (Luka 18:27) Ka hona, re ile ra beha tšepo ho Molimo, ’me ra qalella ho etsa litlhophiso.

“Nakoana ka mor’a moo re ile ra fumana sebaka se loketseng, ho elella bohareng ba toropo—e leng Holo ea Sechaba ea Lipapali ea Myanmar, e nkang batho ba 11 000, e nang le air-conditioner. Hang-hang re ile ra e kōpa ba boholong. Leha ho le joalo, ho ile ha feta likhoeli ’me ha sala libeke pele ho kopano, empa kōpo ea rōna e ntse e e-s’o amoheloe. Ra ntan’o utloa litaba tse khathatsang matla: Botsamaisi ba lebala leo la lipapali bo ne bo hlophisitse hore ho be le tlhōlisano ea kickboxing ka matsatsi ao re tl’o tšoara kopano ka ’ona! Kaha re ne re se na nako ea ho batla sebaka se seng, re ile ra buisana le mohlophisi oa tlhōlisano eo le liofisiri tse ngata re sa fele pelo, e le hore re rarolle bothata boo. Qetellong, mohlophisi eo o ile a lumela hore a ka chechisa tlhōlisano, hafeela libapali tse 16 tse tl’o hlōlisana li ka fetola likonteraka tsa tsona. Ha libapali tseo li utloa hore Lipaki Tsa Jehova li batla ho tšoarela kopano e khethehileng sebakeng seo, kaofela li ile tsa lumela ho fetola likonteraka tsa tsona.”

Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho letšehali ho ea ho le letona: Kyaw Win, Hla Aung, Jon Sharp, Donald Dewar le Maurice Raj

Kyaw Win eo e leng setho sa Komiti ea Lekala o re: “Leha ho le joalo, re ne re ntse re hloka tumello ea ’muso e le hore re sebelise lebala leo, ’me kōpo ea rōna e ne e hannoe ka makhetlo a mane! Ka mor’a ho rapela Jehova, re ile ra kopana le molaoli oa mabala ’ohle a lipapali Myanmar. Ho ne ho setse libeke tse peli feela pele ho kopano, ebile e le ka lekhetlo la pele re lumelloa ho buisana le ofisiri e phahameng hakaalo ’musong. Re ile ra thaba ha a amohela kōpo ea rōna!”

Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, batho ba likete ba tlang kopanong ba tsoang likarolong tse ling tsa Myanmar le mose ho maoatle ba ne ba le tseleng e eang Yangon ba tla ka lifofane, literene, likepe, libese, literaka—le ka maoto. Malapa a mangata a Myanmar a ne a qetile likhoeli a bokella chelete ea leeto. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba lema, ba bang ba rua likolobe, ba bang ba rōka liphahlo, athe ba seng bakae ba ile ba batla khauta ka nōkeng. Ba bangata ba ne ba e-s’o ka ba ea toropong e khōlō, kapa ho bona batho ba tsoang linaheng tse ling.

Barab’abo rōna ba fetang 1 300 ba tsoang karolong e ka leboea ea Myanmar ba ile ba fihla Seteisheneng sa Terene sa Mandalay ho ea palama terene e khethehileng e hiretsoeng hore e ba ise Yangon. Barab’abo rōna ba tsoang Maralleng a Naga ba ne ba tsamaile matsatsi a tšeletseng, ba pepile bahoeletsi ba babeli bao litulo tsa bona tsa likooa li neng li senyehile qalong ea leeto. Ba makholo ba ile ba hloma litente hona moo pel’a seteishene, ba qoqa, ba tšeha ba bile ba bina lipina tsa ’Muso. Pum Cin Khai ea neng a thusa ho tsamaisa thepa, o re: “Bohle ba ne ba thabile. Re ile ra ba fa lijo, metsi le materase. Ha terene e fihla, baholo ba ile ba thusa sehlopha ka seng hore se kene lekarecheng leo se le abetsoeng. Qetellong, motho o ile a re ka sebuela-hōle: ‘Terene ea Lipaki Tsa Jehova ea tsamaea!’ Ke ile ka qamaka ho bona hore ha ho na ba salang ka ntan’o palama!”

Ho sa le joalo, batho ba ka bang 700 ba tlileng kopanong ba ne ba ntse ba kena lihoteleng tseo ba fihletseng ho tsona Yangon. Empa barab’abo rōna ba fetang 3 000 ba Myanmar bona ba ne ba tla fihlela hokae? Myint Lwin ea neng a le Lefapheng la Marobalo o re: “Jehova o ile a bula lipelo tsa Lipaki tsa Yangon e le hore li hlokomele bara le barali babo tsona. Malapa a mang a ile a amohela baeti ba ka bang 15. A ile a lefella baeti bao chelete ea ho ba ngolisa ho ba boholong, ’me a ba fa lijo tsa hoseng le ho ba palamisa ho ea lebaleng letsatsi ka leng le ho khutla. Baeti ba bang ba bangata ba ile ba fihlela Liholong Tsa ’Muso; ba makholo ba robala fekthering e khōlō. Ho sa tsotellehe boitekohali bona bo entsoeng, baeti ba ka bang 500 ba ne ba ntse ba hloka marobalo. Re ile ra hlalosetsa botsamaisi ba lebala bothata ba rōna, ’me ba lumela hore baeti bao ba robale hona moo lebaleng—e leng ntho e neng e e-s’o ka e etsahala!”

“Jehova o ile a bula lipelo tsa Lipaki tsa Yangon e le hore li hlokomele bara le barali babo tsona”

Kopano ea Machaba ea 2009 ea “Le Lule le Lebetse!” e ile ea matlafatsa barab’abo rōna tumelong le ho fana ka bopaki bo matla Yangon

Kaha lebala leo le ne le se maemong a matle, baithaopi ba fetang 350 ba ile ba qeta matsatsi a leshome ba ntse ba le lokisetsa kopano. Htay Win eo e neng e le molebeli oa kopano o re: “Re ile ra lokisa liphaephe tsa metsi, tsamaiso ea motlakase le air-conditioning ra ntan’o penta le ho hloekisa sebaka seo kaofela. Mosebetsi ona o moholo o ile oa fana ka bopaki bo botle. Molaoli oa sesole ea ikarabellang lebaleng leo o ile a re: ‘Ruri kea leboha! Ke rapela Molimo hore e se eka le ka sebelisa lebala lena selemo le selemo!’”

Kopanong eo e neng e tšoeroe ka la 3-6 December, 2009, ho ile ha e ba le batho ba fetang 5 000. Letsatsing la ho qetela, baeti ba bangata ba ne ba apere sehahabo bona, ka mebala e metle e khanyang. Morali e mong oabo rōna o re: “Bohle ba ne ba hakana ba bile ba lla—le pele lenaneo le qala!” Ka mor’a thapelo e koalang ea Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang, bamameli ba ile ba qeta nako e telele ba ntse ba opa liatla le ho tsoka matsoho. Morali’abo rōna e mong ea lilemo li 86 o ile a bua maikutlo a ba bangata ha a re: “Ke ile ka ikutloa eka ke lefatšeng le lecha!”

Liofisiri tse ngata tsa ’muso le tsona li ne li hloletsoe. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Kopano ena ke e ikhethang. Ha ho motho ea rohakanang, ea tsubang le hona ho hlafuna betel nut. Batho ba merabe e sa tšoaneng ba momahane. Ha ke e-s’o bone batho ba kang bana!” Maurice Raj o re: “Esita le molaoli e moholo oa sesole Yangon o ile a re bolella hore eena le basebetsi-’moho le eena ha ba e-s’o ka ba bona ketsahalo e ntle hakana.”

Batho ba bangata ba tlileng kopanong ba re ba bone ntho e ’ngoe e ikhethang. Mor’abo rōna e mong oa moo o ile a re: “Pele re ea kopanong eo, re ne re utloa feela hore mokhatlo oa rōna oa bara ba motho ke oa machaba. Joale re iponetse seo ka mahlo! Re ke ke ra lebala lerato leo barab’abo rōna ba re bontšitseng lona.”

“Pele re ea kopanong eo, re ne re utloa feela hore mokhatlo oa rōna oa bara ba motho ke oa machaba. Joale re iponetse seo ka mahlo!”

“A Soeufetse Bakeng sa Kotulo”

Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Re ka bua se tšoanang ka Myanmar kajeno. Hona joale, ho na le bahoeletsi ba 3 790 naheng eo, ho bolelang hore mohoeletsi a le mong o lokela ho pakela batho ba 15 931—’me ka sebele eo ke tšimo e khōlō e lokelang ho kotuloa! Kaha batho ba 8 005 ba bile teng Sehopotsong ka 2012, hoa bonahala hore keketseho e tla ba khōlō!

Ak’u nahane ka bopaki bo bong ba seo, e leng Profinse ea Rakhine e lebōpong la leoatle haufi le moeli oa Bangladesh, e nang le baahi ba ka bang limilione tse ’nè empa ho se na le ea mong eo e leng Paki ea Jehova. Maurice Raj o re: “Khoeli le khoeli, re fumana mangolo a mangata a batho ba moo ba kōpang lingoliloeng le ba kōpang hore ba thusoe ho utloisisa Bibele. Mabuddha a ntseng a eketseha a Myanmar, haholo-holo a bacha, le ’ona a thahasella ’nete. Kahoo, re tsoela pele ho kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng kotulong.”—Mat. 9:37, 38.

“Re tsoela pele ho kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng kotulong”

Lilemong tse ka bang 100 tse fetileng, bo-pula-maliboho ba babeli ba sebete ba ile ba tlisa litaba tse molemo naheng ena e tletseng Mabuddha. Ho tloha ka nako eo, batho ba likete ba tsoang merabeng e sa tšoaneng ba amohetse ’nete. Ho sa tsotellehe lintoa, merusu ea lipolotiki, ho apareloa ke bofutsana, ho hlorisoa, ho aroloa lichabeng tse ling le ho oeloa ke likoluoa tsa tlhaho, Lipaki Tsa Jehova tsa Myanmar li bontšitse hore li inehetse ka tieo ho Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste. Li ikemiselitse ho tsoela pele li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ‘ho mamella ka botlalo le ho tiisetsa ka thabo.’—Bakol. 1:11.

a Myanmar e ne e bitsoa Burma, e reheletsoe ka morabe oa Mabamare (Maburmese), e leng oona morabe o moholo ka ho fetisisa Myanmar. Ka 1989, naha eo e ile ea rehoa Union of Myanmar e le hore e emele merabe e mengata e phelang naheng eo. Re tla sebelisa lebitso Burma ha re bua ka liketsahalo tsa pele ho 1989 le lebitso Myanmar ha re bua ka tse etsahetseng ka mor’a selemo seo.

b Maindia a Manyesemane ke batho bao baholo-holo ba bona ba tsoang India le Brithani. Pusong ea Brithani, Maindia a likete a ile a fallela Burma, eo ka nako eo ho neng ho nkoa hore ke karolo ea “India ea Brithani.”

c Bertram Marcelline e bile motho oa pele oa ho kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova Burma. O ile a hlokahalla Burma ho elella lilemong tsa bo-1970, a ntse a tšepahala.

d Ka nako eo e ne e ka ba R750, ’me e le chelete e ngata.

e Sheba Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1966 (ea Senyesemane), leqepheng la 192.

f E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

g Hona joale MEPS e hlahisa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 600.

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Myanmar

Naha

Myanmar ke naha e nang le lintho tse ngata tse hlollang, e khaba ka lithaba tse aparetsoeng ke lehloa, meru e sebakeng se chesang, lithota tse saballetseng, linōka tse khōlō tse pharallang ha li il’o kena leoatleng. Ke naha ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa Asia Boroa-bochabela, ’me e ka holimonyana ho naha ea Fora ka boholo.

Batho

Ho na le baahi ba ka bang limilione tse 60 ba meloko e ka bang 135. Hoo e ka bang karolo ea bobeli borarong ea baahi ba moo ke ba morabe oa Mabamare kapa Maburmese. Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea baahi ke Mabuddha a Theravada. Batho ba bangata ba Makayine, Machine le Makachine ba ipolela hore ke Bakreste.

Puo

Naheng ka bophara ho buuoa Semyanmar (Seburmese), e leng eona puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao, le hoja merabe e mengata e na le lipuo tsa eona.

Mokhoa oa Boipheliso

Moruo oa naha o itšetlehile haholo ka temo ea lijalo le lifate hammoho le ho tšoasa litlhapi. Raese ke sejalo sa bohlokoa mona. Naheng ena ho na le lifate tsa teak le lirafshoa tse ngata tse kang rabara, majoe a jade, lirubi, oli le khase.

Lijo

Metsoalle e thabela lijo tse tloaelehileng Myanmar

Raese ke sejo se jeoang haholo. Hangata e jelelloa ka ngapi, e leng tlhapi kapa li-prawn tse lomositsoeng. Batho ba moo ba rata salate e tšetsoeng linōko ho se hokae le k’heri. Ba ka ’na ba jelella ka tlhapi, nama ea khōhō kapa ka li-prawn. Seno se ratoang haholo ke black tea le green tea.

Tlelaemete

Boholo ba nako ho na pula ka sefefo. Ka nako e ’ngoe hoa futhumala, ho chese kapa ho chese ho be ho ne pula. Leha ho le joalo, lithabeng tse ka leboea hoa bata.

’Moleli ea Sebete oa ’Nete ea Bibele

SYDNEY COOTE

O HLAHILE KA 1896

O KOLOBELITSOE KA 1939

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke e mong oa batho ba pele Myanmar oa ho amohela ’nete. Joalokaha ho boletse mochana oa hae ea bitsoang Phyllis Tsatos (eo e neng e le D’Souza pele).

◆ MALOME o ile a pakela lelapa leso.

O ile a mpotsa, a re: “Na u hlile u nahana hore Molimo o lumella batho hore ba che ka ho sa feleng liheleng?”

Ke ile ka re: “E, akere ke sona seo Kereke e K’hatholike e se rutang.”

Malome o ile a supa ntja ea lapeng e neng e bothile ka pel’a rōna, eaba o re, “U ne u tla etsa’ng ha ntja ee e ka u loma?”

Ke ile ka re: “Ke ne ke tla e shapa ho e bontša hore seo e se entseng se fosahetse.”

O ile a re: “Ke hobane’ng ha u sa e fanyehe ka mohatla ebe u ntse u e hlaba-hlaba ka tšepe e chesang?”

Ke ile ka khotsa ka ho makala, ka re, “Khele, Malome! E ne e tla ba bokhopo bo bokaakang!”

Eaba o re: “U re ke bokhopo? Empa kereke eona e re Molimo o hlokofatsa baetsalibe ka ho sa feleng mollong oa liheleng!”

Ho bua le ’na ka tsela eo e tobileng empa e le e utloahalang ho ile ha ntšusumelletsa hore ke hlahlobe seo ke se lumelang. Ka mor’a nakoana, litho tse robeli tsa lelapa leso e ile ea e-ba Lipaki tse chesehang.

Mekhoa le Meetlo ea Myanmar

Mabitso

Batho ba bangata ba Myanmar ha ba na lifane. Hangata mabitso a bona a hlalosa litšobotsi tse itseng tse ratehang, lintho kapa setso sa motho. Ka mohlala, Cho Sandar Myint e bolela “Khoeli e Holimo e Ntle,” Htet Aung Htun e bolela “Mohlōli ea Khabane ea Khanyang,” ’me Naw Say Wah Phaw e bolela “Mosali oa Palesa ea Silevera.”

Tumeliso

Batho ba Myanmar ba lumelisana ka litsela tse sa tšoaneng tse bileng li ikhethang. Metsoalle eo e leng khale e qetellane e ka ’na ea soasoa ka ho re, “Ha u e-s’o shoe athe?” Batho ba ntseng ba ja hammoho ba ka ’na ba botsana ba re, “U se u jele?” Batho ba moo ha ba re “sala hantle” empa ba re “ke se ke ile.” Ka tloaelo karabo e ba “U tsamaee hantle!” kapa “U tsamaee butle!”

Mekhoa

Batho ba moo ba ananela batho ba mosa le ba bonolo. Ba hlompha ba hōlileng ’me ba ba bitsa ka litlotla tse kang Malome, ’Mangoane le Mosuoe. Ha motho a fa e mong ntho kapa a mo lumelisa, o itšoara sephakeng ka letsoho le letšehali ho bontša tlhompho. Le hoja banna le basali—ba lenyalong le ba masoha—ba qoba ho bontšana lerato phatlalatsa, batho ba bong bo tšoanang ba atisa ho tšoarana ka matsoho mahlong a batho.

Moaparo

Banna le basali ba apara lungi, e leng lesela le mebala-bala le fihlang maqaqailaneng leo ba itlamang ka lona thekeng. Banna ba le tlama lefito ka pele, athe basali ba le subela thekeng. Mokhabiso oa masela a banna le a basali oa fapana ’me o boetse o fapana ho ea ka hore na ke ba morabe ofe.

Boitlhopho

’Mè o tlotsa morali ka thanaka sefahlehong

Basali ba bangata le bana ba itlotsa le ho ikhabisa ka thanaka, e leng setlolo se nkhang hamonate se entsoeng ka makhapetla a sefate sa thanaka. Thanaka e pholisa letlalo ebile e le sireletsa mahlaseling a letsatsi.

Jehova o Mphile Moea o Mocha

WILSON THEIN

O HLAHILE KA 1924

O KOLOBELITSOE KA 1955

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le senokoane ’me a sebetsa ka thata ho fetola botho ba hae. O sebelelitse e le pula-maliboho ea khethehileng ka lilemo tse 54.

◆ HA KE sa le monyenyane, ke ile ka ithuta litebele, ho kampana le judo. Ka lebaka leo, ke ile ka ba motho ea bohale le ea makoebeta. Ha ke le lilemo li 19, ke ne ke tsamaea le kenke e etsang bosholu ba boqhobane. Qetellong, ke ile ka tšoaroa ’me ka hoehla lilemo tse robeli teronkong, moo ke ile ka nahana ka lintho tse fosahetseng tseo ke li entseng bophelong, ’me ka qeta nako e ngata ke rapela. Botebong ba pelo, ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng ka Molimo.

Ha ke qeta ho lokolloa, ke ile ka fallela Yangon, moo ke ileng ka kopanela libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ’maloa ba mosa ba ile ba nthusa, ’me qetellong ke ile ka tšoaneleha hore ke kolobetsoe.

Ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka thatafalloa ho bonahatsa botho ba Bokreste. (Baef. 4:24) Ke ne ke rata ho tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ’me ke atisa ho ba halefela. Ke ne ke batla ho ntlafatsa botho ba ka, empa ke thatafalloa ho ithiba bohale. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso hoo ka nako e ’ngoe ke neng ke qeta lihora ke ntse ke lla nōkeng.

Ke ne ke ikutloa ke se na thuso hoo ka nako e ’ngoe ke neng ke qeta lihora ke ntse ke lla nōkeng

Ka 1957, ke ile ka khethoa hore ke be pula-maliboho ea khethehileng. Ke ile ka abeloa ho ea sebeletsa Mandalay. Ha ke le moo ke ile ka sebetsa le Robert Richards oa moromuoa. Robert o ne a ntšoara joaloka ntate. O ile a nthuta hore ke tsepamise maikutlo litšobotsing tse ntle tseo batho ba nang le tsona, ’me ka boikokobetso ke hopole hore le ’na ha kea phethahala. (Bagal. 5:22, 23) Neng le neng ha ke halefa, ke ne ke kōpa Jehova hore a mphe “moea o mocha, o tiileng” o nang le khotso. (Pes. 51:10) Jehova o ile a araba thapelo ea ka, ’me ka mor’a nako botho ba ka ba ntlafala.

Hamorao, ke ile ka ithuta le ntate-moholo e mong ea lilemo li 80 eo e neng e le Mobaptiste. Batho ba kereke ea hae ba ile ba nqosa ka hore ke “utsoa” linku tsa bona. E mong oa bona o ile a ntšupa ka thipa eaba o re, “Na ke sebe ho bolaea motho?” Ke ile ka tlallana ke bohale. Hang-hang ka rapela Jehova ka pelong eaba ke re ka lentsoe le tiileng, “Uena arabela.” Monna eo o ile a tsilatsila, eaba oa reteleha oa itsamaela. Ke ile ka leboha Jehova ha a nthusitse hore ke lule ke khobile matšoafo. Ntate-moholo eo ke neng ke ithuta Bibele le eena o ile a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo, ’me a lula e le Paki e tšepahalang ho isa lefung.

Ho theosa le lilemo, ke sebelelitse ke le pula-maliboho ea khethehileng likabelong tse 17, ’me ke thusitse batho ba 64 hore ba ithute ’nete. Ha ke nahana kamoo Jehova a nthusitseng kateng, ke seka meokho ke thabo. O ile a nthusa hore le hoja ke ne ke le mabifi, ke le bohale ke bile ke hloname, ke hlaolele moea o mocha oa khotso.

Jehova o Ile a Bula Tsela

MAURICE RAJ

O HLAHILE KA 1933

O KOLOBELITSOE KA 1949

PALE EA BOPHELO BA HAE O qetile lilemo tse fetang 50 a le tšebeletsong ea nako e tletseng Myanmar, ’me boholo ba nako eo o e qetile e le molebeli oa lekala. E ntse e le setho sa Komiti ea Lekala.h

◆ KA 1988, batho ba ile ba tlala literateng tsa Yangon, ba loanela hore ho etsoe liphetoho tsamaisong ea lipolotiki. Kaha naha e ne e hloka botsitso, masole a ile a ketola ’muso, ’me a laola boholo ba naha. Baipelaetsi ba likete ba ile ba bolaoa.

Khoeling eo, re ne re lokela ho romela tlaleho ea selemo ea lekala la rōna ntlo-khōlō e New York, empa mecha eohle ea puisano e ne e koetsoe, ’me re se na mokhoa oa ho romela tlaleho eo. Eaba ke utloa hore ofisi ea bonģosa ea United States e romela mangolo a eona ka seroala-nkhoana. Kaha ke ne ke nahana hore tlaleho eo e ka ’na ea kenyelletsoa mangolong ao, ke ile ka apara sutu ea ka e ntle, ka fasa thae, ka ntan’o ea ofising ea bonģosa.

Ha ke ntse ke tsamaea ka koloi literateng tse phoroselang metsi a pula, ke ile ka hlokomela hore ho thōtse ka tsela e sa tloaelehang. Ha ke fihla pelenyana, ka fumana tsela e koetsoe ke kutu ea sefate, kahoo ka emisa koloi eaba ke tsamaea ka maoto.

Ha ke atamela keiting ea ofisi ea bonģosa, ke ile ka bona batho ba makholo ba hoelelitse ba batla ho kena, empa ba thibetsoe tsela ke masole a tiisitseng ka mahlong. Ke ile ka ema ho se hokae ’me ka rapella ka pelong. Ha moithuti e mong a bona tsela eo ke apereng ka eona, a hoeletsa a re, “E tlameha ebe monna enoa ke ofisiri ea bonģosa.” Eitse ha ke utloa seo, ka fohla letšoele. Ha ke fihla keiting, lesole le leng la senatlahali la ncheba ka ho belaela.

La re ka bohale: “U mang uena, hona u batla’ng?”

Ka re: “Ke batla ho bona lenģosa. Ke na le molaetsa oa bohlokoa oo ke lokelang ho o romela Amerika.”

Lesole leo le ile la ncheba nako e telele. La ntan’o bula keite, la nkhulela ka hare eaba lea e khahlela hore letšoele leo le se ke la kena.

Ka bohale la re: “Ntšale morao.”

Ha re fihla monyako, lesole leo le ile la ntšiea le ofisiri e ’ngoe e ikhathaletseng, e ileng ea mpotsa hore na ke batla’ng.

Ke ile ka re: “Ke tsoa ofising ea Mokhatlo oa Watch Tower. ’Me ke na le tlaleho ea bohlokoa e lokelang ho fihla ntlo-khōlō ea rōna e New York khoeling ena. Ke kōpa le e kenyelletse mangolong a lōna.” Ke ile ka fa monna eo enfolopo eo ea bohlokoa, eaba ke re, “Ntšoarele hle; ha ke na setempe.”

Ke ile ka fa monna eo enfolopo eo ea bohlokoa, eaba ke re, “Ntšoarele hle; ha ke na setempe”

Ofisiri eo e neng e maketse, e ile ea mpotsa lipotso tse ling tse seng kae. Eaba e ntiisetsa hore e tla fetisa tlaleho eo. Hamorao ke ile ka utloa hore e ile ea fihla ntlo-khōlō ka nako.

h Pale ea bophelo ea Mor’abo rōna Raj e hlahile Molula-Qhooeng oa December 1, 2010..

Moahloli ea Khothetseng o Amohela ’Nete

MANG CUNG

O HLAHILE KA 1934

O KOLOBELITSOE KA 1981

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mosuoe-hlooho le moahloli ea tsebahalang, ’me hamorao ea e-ba pula-maliboho ea chesehang.

◆ HA PULA-MALIBOHO e mong a mpha Molula-Qhooa, ke ile ka re ho eena: “Ha ke na nako ea ho o bala. Ke phathahane.” Empa kaha ke ne ke tsuba haholo, ke ile ka nahana hore ke tla thatela zolo ka makasine eo. Kahoo ka o nka.

Ha ke tabola leqephe ke thatela zolo, ke ile ka bona eka e tla ba tšenyo haeba ke sa le bale pele. Ke kamoo ke ileng ka tseba Molula-Qhooa kateng le ho o rata. Seo ke ileng ka se bala moo se ile sa ntšusumelletsa hore ke khaotse ho tsuba le hore ke phele tumellanong le melao e meng ea Molimo e lokileng. Ka mor’a nakoana ke ile ka kolobetsoa.

Ha ke khutlela motseng oa heso ka mor’a hore ke kolobetsoe, moruti le baholo ba kereke ba ile ba ntšepisa ho mpha chelete haeba nka khutlela kerekeng. Ha ke hana, ba ile ba jala leshano la hore Lipaki li mphile chelete e le hore ke kolobetsoe. Ha kea ka tšosoa ke leshano leo. Ke ne ke le motlotlo ho tseba Molimo oa ’nete le ho mo sebeletsa.

Jehova o Ile a Hlohonolofatsa Mamello ea Ka

AH SHE

O HLAHILE KA 1952

O KOLOBELITSOE KA 1998

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mokatekista oa Kereke e Khatholike, ’me o ile a amohela ’nete.

◆ KE QETILE lilemo tse ngata ke le mokatekista oa Kereke e Khatholike, ’me ke lula khubung ea Golden Triangle. Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha ke hlokomela kamoo li tsebang ho e sebelisa kateng.

Ka mor’a nakoana, ke ne ke ruta kerekeng hoseng ka Sontaha ebe thapama ke ea libokeng Holong ea ’Muso. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka qala ho ruta linnete tsa Bibele ka kerekeng, e leng se ileng sa halefisa ba bang kerekeng, re se re sa re letho ka moruti! Ha ke itokolla ho beng mokatekista, litho tsa kereke li ile tsa nkisa khotla, tsa re ke lelekoe motseng. Mastrata o ile a li bolella hore ke na le bolokolohi ba ho ikhethela bolumeli. Empa mosali oa ka eena o ile a hana ho boba. O ile a ntjolietsa, a re: “Tsoa! Ak’u tlohe mona ka mokotlana ona oa hao le Libibele!” Le hoja a ne a le bohale joalo, ha kea ka ka iphetetsa ’me ke ile ka tsoela pele ho mo hlokomela hammoho le bana. Ke ile ka thaba haholo ha Jehova a hlohonolofatsa mamello ea ka. Kajeno, mosali oa ka Cherry le bana ba rōna ba sebeletsa Jehova ba thabile.

Lipelaelo Tsa ka li Ile Tsa Fela

GREGORY SARILO

O HLAHILE KA 1950

O KOLOBELITSOE KA 1985

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mosebeletsi oa kereke, ’me a nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke baprofeta ba bohata.

◆ KE QETILE lilemo ke le Mok’hatholike ea khothetseng, ’me ke etella pele litšebeletso tsa kereke motseng oa heso. Ka nako e tšoanang, ke ne ke bona baeta-pele ba kereke ba lumella boitšoaro bo bobe, ba etsetsa lintho tse sa pheleng mahlabelo ba bile ba sebelisana le meea. Ke ile ka tenoa ke boikaketsi boo, kahoo ka tlohela ho sebeletsa kereke, empa ka ’na ka khomarela lithuto tsa K’hatholike.

Ka 1981, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova. Kaha ke ne ke khahliloe ke kamoo li tsebang Bibele kateng, ke ile ka lumela ho ithuta le tsona empa ke belaella seo li se rutang, ’me ke lula ke li phehisa khang. Ka bonolo li ile tsa nkaraba ka Bibele.

Ke ile ka ea kopanong ea setereke e le ho bona hore na Lipaki li ruta thuto e tšoanang kapa che. Nakong ea khefu, ke ile ka lebala mokotla oa ka o tšetseng karete ea boitsebahatso, chelete le lintho tse ling tsa bohlokoa tlas’a setulo. Ke ile ka nahana hore e tlameha ebe mokotla oo ba o nkile. Empa barab’eso ba ile ba ntiisetsa, ba re: “U se ke ua tšoenyeha. U tla o fumana o ntse o le teng.” Ke ile ka mathela setulong, ’me ka o fumana o ntse o le teng! Ho tloha motsotsong oo, lipelaelo tseo ke neng ke e na le tsona ka Lipaki li ile tsa fela.

Ke Fumane “Maruo a Fetisisang”

SA THAN HTUN AUNG

O HLAHILE KA 1954

O KOLOBELITSOE KA 1993

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le moitlami oa Mobuddha, ’me hamorao ea e-ba lesole. Ka mor’a ho amohela ’nete, o ile a qeta lilemo tse ngata e le pula-maliboho.

◆ KE HLAHETSE lelapeng la Mabuddha ’me ka qeta nako e itseng ke le moitlami. Ke ne ke sa lumele hore Molimo o teng le hore ke ’Mōpi. Eaba motsoalle e mong oa ka oa “Mokreste” o ’memela ho ea kerekeng le eena, moo ke ileng ka utloa hore batho ba na le Ntate leholimong. Ke ne ke lakatsa ho tseba Ntate enoa ea leholimong le ho atamela haufi le eena.

Ha ke qeta nako ea ka ea boitlami ke ile ka ea sesoleng. Ha ke le sesoleng ke ne ke ngola tlaleho ea lintho tse etsahalang bophelong ba ka. Ha ke ngola ke ne ke qala ka hore “Ntate, Molimo ea maholimong.” Hamorao, ke ile ka leka ho itokolla sesoleng e le hore ke il’o ba moruti, empa baokameli ba ka ba hana ho ntokolla. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka nyolleloa boemong ba ho ba motsamaisi, e leng se ileng sa ntlisetsa tlhompho, matla le ho mpha monyetla oa ho ema hantle licheleteng. Empa botebong ba pelo, ke ne ke sa khotsofala moeeng.

Ka 1982, ke ile ka nyala Htu Aung. Ausi oa hae e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o ile a re fa buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape. Buka eo e ile ea re lebitso la Molimo ke Jehova, ’me ke ne ke belaella seo. Ke ile ka re ho Htu Aung: “Ha u ka mpontša lebitso la Jehova ka Bibeleng ea Semyanmar, ke tla ba Paki ea Jehova!” O ile a le sheba ka Bibeleng ea hae, empa a se ke a le fumana. Leha ho le joalo, motsoalle oa hae oa Paki ea bitsoang Mary, o ile a le fumana habonolo. O ile a mpontša lebitso la Jehova hona hoo! Qetellong, ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki le mosali oa ka hammoho le bana, ’me ka lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.

Ha ke ntse ke hōla tsebong ea Bibele, takatso ea ka ea ho sebeletsa Molimo e ile ea tsoela pele ho hōla. Ka 1991, ke ile ka boela ka kōpa ho itokolla sesoleng—lekhetlong lena e le hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka lokolloa. Selemong sona seo, ka kolobetsoa hammoho le Htu Aung.

Ke ile ka qala ho rekisa lijo ka ’marakeng e le hore ke phelise ba lelapa la ka. Beng ka ’na le metsoalle ba ile ba re kea hlanya hore ebe ke tloheletse mosebetsi o hlamatsehang sesoleng ke tl’o etsa mosebetsi oo o khelloang fatše. Empa ke ile ka hopola hore Moshe o ile a siea ntlo ea borena ea Faro e le hore a sebeletse Molimo, ’me ea e-ba molisana. (Ex. 3:1; Baheb. 11:24-27) Hamorao, ke ile ka finyella pakane eo esale ke e labalabela, e leng ho ba pula-maliboho oa kamehla.

Metsoalle e meng ea ka ea masole e ile ea e ba liofisiri tse hlaheletseng, ’me ea ema hantle licheleteng. Empa ke fumane “maruo a fetisisang,” e leng litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho tseba Ntate oa ka ea leholimong le ho mo sebeletsa. (Baef. 2:7) Kajeno, beng ka ’na ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me mora oa ka e moholo o sebeletsa Bethele ea Myanmar.

Ba Ile ba Mpontša Mosa, Kahoo ka Khaotsa ho Hanyetsa

ZAW BAWM

O HLAHILE KA 1954

O KOLOBELITSOE KA 1998

PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a rekisa lithethefatsi a bile a hanyetsa ’nete, ’me o ile a angoa ke tsela eo Bakreste ba ileng ba mo bontša mosa ka eona.

◆ HA MOSALI oa ka Lu Mai, a qala ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka mo hanyetsa ka matla. Ke ile ka lahlela lingoliloeng tsa hae tsa Bibele ka ntloaneng, eaba ke leleka Lipaki tseo.

Kajeno ke ntse ke tšepahalla “kano” eo ke e entseng ka hore ke sebeletse Jehova kahohle kamoo nka khonang

Hamorao, ke ile ka qala ho rekisa lithethefatsi, e leng se ileng sa etsa hore ke tšoaroe. Letsatsing la bobeli ke le moo, Lu Mai o ile a nthomella Bibele le lengolo le khothatsang le nang le litemana. O ile a ’ngolla mangolo a mang a hahang moeeng. Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore haeba ke ne ke latetse keletso ea Bibele, nka be ke se teronkong moo.

Ha ke ntse ke le teronkong, ke ile ka fumana baeti ba babeli bao ke neng ke sa ba lebella. Banna bao e ne e le Lipaki Tsa Jehova, ’me ba mpolella hore mosali oa ka o ba kōpile hore ba nketele ’me ba nkhothatse. Ba ne ba nkile matsatsi a mabeli hore ba tl’o fihla moo. Ketelo eo e ile ea nkama ka ho teba. Ha ho mong ka ’na le ea mong ea ileng a nketela—batho feela ba ileng ba nketela ke bao ke neng ke ba hanyetsa ka matla.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka kena sepetlele ke tšoeroe ke feberu ea mala, ’me ke sa khone ho lefella litšenyehelo tsa kalafo. Ha ke ntse ke le sepetlele, ke ile ka fumana moeti eo ke neng ke sa mo lebella—e leng Paki e ’ngoe e neng e rometsoe ke mosali oa ka. Moeti eo o ile a nkutloela-bohloko, ’me a ntefella litšenyehelo tseo. Ke ile ka ikutloa ke le mosesaane ke bile ke soabile, kahoo ka ikana hore ke tl’o ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Lilemo tse hlano hamorao, ke ile ka lokolloa teronkong, eaba ke phethahatsa tšepiso ea ka.

Ke Tla Tlōla Joalokaha Khama e Tona e Tlōla

LIAN SANG

O HLAHILE KA 1950

O KOLOBELITSOE KA 1991

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le lesole ’me o ile a khaoha maoto ka bobeli ntoeng. Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang.

◆ KE HŌLETSE Matupi moo ke hlahetseng teng, e leng motsana o lithabeng tse Profinseng ea Chin. Lelapa leso le ne le sebelisana le meea, eo ho neng ho lumeloa hore e lula merung le lithabeng tse ling moo. Ha e mong ka lapeng a kula, re ne re beha lijo aletareng, ’me re kōpa moea hore o amohele sehlabelo seo. Re ne re lumela hore moea o tla mo folisa.

Ha ke le lilemo li 21, ke ile ka ea sesoleng. Lilemong tse ileng tsa latela, ke ile ka loana lintoeng tse 20. Ka 1977, majela-thōko a makomonisi a ile a hlasela kampo ea rōna pel’a motse oa Muse o Profinseng ea Shan. Ntoa eo e ile ea kupa ka matsatsi a 20. Qetellong, re ile ra futuhela majela-thōko ao ka matla, ’me ka hata seqhomane sa fatše. Ha ke icheba maotong, ke ile ka bona hore ho setse masapo feela. Maoto a ka a ne a choachoasela, ke nyoriloe haholo empa ke sa tšoha. Ke ile ka potlakisetsoa sepetlele, moo ke ileng ka khaoloa maoto. Ka mor’a likhoeli tse ’nè, ke ile ka lokolloa sepetlele ka ea hae.

Paradeiseng, ke tla tlōla joaloka khama e tona ke be ke qhoma-qhome ke thabo!

’Na le mosali oa ka Sein Aye, re ile ra fallela motseng oa Sagaing, o haufi le Mandalay, moo ke ileng ka iphelisa ka ho etsa litulo tsa lehlaka. Ha ke le moo, ke ile ka kopana le moruti e mong oa Mobaptiste ea ileng a mpolella hore ke thato ea Molimo hore ebe ke khaohile maoto. Hamorao, ’na le Sein Aye re ile ra kopana le pula-maliboho e mong ea bitsoang Rebecca, ea ileng a re bolella hore Paradeiseng e tlang ea lefatšeng, ke tla boela ke be le maoto. Re ile ra qala ho ithuta Bibele ka tieo le Rebecca, eseng le moruti eo!

Hona joale, lilemo tse ka bang 30 hamorao, ’na le Sein Aye hammoho le bana ba rōna ba supileng ba kolobelitsoeng, re lula motsaneng o haufi le Pyin Oo Lwin, e leng motse o motle o holim’a leralla, lik’hilomithara tse ka bang 65 ho tloha Mandalay. Ke mohlanka ea sebeletsang Phuthehong ea Pyin Oo Lwin, ’me bana ba ka ba bararo ke bo-pula-maliboho ba kamehla. ’Na le Sein Aye re ile ra sebetsa ka thata ho hōlisetsa bana ba rōna ’neteng, ’me re ikutloa re hlohonolofetse hore ebe ba amohetse thupelo ea rōna.

Kamehla ha ke paka motseng oa heso, ke sebelisa setulo sa likooa, ’me ke palama sethuthuthu le motho e mong ha ke ea libokeng. Ke boetse ke “tsamaea” ka likotoana tsa mapolanka.

Temana eo ke e ratang ka ho fetisisa ke Esaia 35:6, e reng: “Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.” Ruri ke labalabela hore ke boele ke be le maoto! Ka nako eo, ke tla tlōla joaloka khama e tona ke be ke qhoma-qhome ke thabo!

Balebeli ba Tsamaeang ba Itetseng

Ho haola le naha ena e nang le libaka tse sa tšoaneng, balebeli ba tsamaeang ba sebetsa ka thata ho matlafatsa bara le barali babo rōna. Ba etsa see joang? A re tsamaee le e mong oa bona ha a etela liphutheho tse sebakeng se ka thōko Maralleng a Naga. Molebeli oa potoloho ea bitsoang Myint Lwin o tsamaea le mosali oa hae, e leng Lal Lun Mawmi, ’me o re: “’Na le mosali oa ka re tloha Kalaymyo lihoreng tsa hoseng, re ipeteletsa ka morao terakeng e tletseng. Re sunya maoto pakeng tsa mabokose a tšetseng thepa le meroho. Baeti ba bang ba itšoarelelitse mahlakoreng ha ba bang ba lutse ka holim’a teraka. Teraka eo e kochuma tseleng e mpe e likoti, ’me ke lerōle feela ka terakeng. Re ithatela ka masela sefahlehong e le hore re se ke ra qhoeloa ke lerōle.

[’Mapa]

“Ka mor’a lihora tse peli, re fihla motseng oa Kalaywa o pel’a nōka moo re tla kena seketsoaneng teng. Ha re ntse re letile moo, re pakela barekisi le baeti ba bang, bao boholo ba bona ho seng mohla ba kileng ba utloela ka Lipaki Tsa Jehova. Seketsoana sa rōna sea fihla, bapalami ba bang baa theoha, ba bang baa kena, ’me ba mathela litulo. Batho ba ka bang 100 ba petetsana ka seketsoaneng seo, se tletseng hoo se ka ’nang sa phethoha. Re sutela libotlolo tsa polasetiki ka mekotleng e le hore e tle e phaphamale haeba sekepe se ka sa phethoha.

“Ka mor’a lihora tse hlano, re fihla motseng oa Mawlaik, ’me re robala ntlong ea baeti moo. Ka le hlahlamang, re boetse re kena tseleng hoseng ka hora ea bohlano. Hase nako ea lipula kahoo metsi a nōka a tlaase, ’me seketsoana sa rōna se qaoa ka makhetlo a mane lehlabatheng. ’Na le banna ba bang re tlameha ho theoha re se sutumetse. Ka mor’a lihora tse 14 re fihla Homalin, re khathetse ke leeto, ’me re fumana bahoeletsi ba phutheho ea moo ba re emetse. Ha re bona lifahleho tsa bona tse bososelang re ikutloa re hlasimolohile. Mantsiboeeng ao re tl’o thabela botsoalle bo mofuthu. Ka le hlahlamang re tl’o fetela Khamti, re tla nka lihora tse ka bang 15 ho ea moo.

“Re boetse re tloha ka malungoalungoana. Letsatsing lena, seketsoana seo re tsamaeang ka sona ha sea tlala haholo le sebaka ha se tšoane le sa maobane. Re nyolosa le nōka ’me re feta baahi ba makholo ba motse ba ntseng ba batla khauta ka nōkeng. Qetellong re fihla Khamti, re khathetse ebile rea opeloa, ’me re fumana ho se na motho ea tl’o re khahlametsa. E tlameha ebe lengolo la rōna le neng le tsebisa phutheho hore rea tla le lahlehile. Re nka tekesi ho ea ntlong e haheletsoeng Holong ea ’Muso, ’me ha re fihla re ea le sephume sa boroko.

“Hoseng ha le hlahlamang, re kopana le bahoeletsi ba 25 ba moo, ba tlileng Holong ea ’Muso ho tla itokisetsa ho ea tšimong. Ba bangata ba bona ke ba morabe oa Managa o lulang lithabeng tse moeling oa India. Rea tšimong kaofela. Motse ona o pel’a nōka hape o pakeng tsa maralla. ’Na le motho eo ke tsamaeang le eena re fihla ntlong e ’ngoe e entsoeng ka lehlaka ’me rea lumelisa. Ho hlaha monna e mong oa Monaga ’me o re re kene ka tlung. Eena le mosali oa hae ba mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko ’me ba amohela lingoliloeng ka thabo. Managa a mangata a ipolela hore ke Bakreste ebile a thahasella litaba tse molemo. Hamorao mantsiboeeng ao, re ea sebokeng, ’me bekeng eo re tšoara liboka tse ngata.

Ha re bona lifahleho tsa bona tse bososelang re ikutloa re hlasimolohile

“Ka mor’a beke, re tšela nōka re ea motsaneng oa Sinthe, moo ho nang le bahoeletsi ba 12. Re boetse re etela lihlopha tse tharo tse ka thōko, se hōle ka ho fetisisa ke se lik’hilomithara tse 11 ho tloha moo. Re tsamaea ka maoto ha re ea sehlopheng ka seng ho ea bolela, ’me ha re le moo ke fana ka puo. Bahoeletsi ba moo ba kojoana li mahetleng ’me ba bangata ba bona ba tšoeroe ke malaria kapa lefuba. Ba boetse ba tobana le khanyetso e matla. Leha ho le joalo, ke baboleli ba chesehang. Re thaba hore ebe ka Sontaha, ho tlile batho ba 76 puong ea phatlalatsa, ho akarelletsa le ba bangata ba tsamaileng lihora tse ngata ho tla fihla mona.

“Joale e se e le nako ea hore re tsamaee. Re thatafalloa ho siea bara le barali bana babo rōna ba ratehang, ba bontšitseng ka makhetlo-khetlo hore ba rata Jehova. Ha seketsoana sa rōna se leba boroa, re nahana kamoo tumelo ea bona e leng matla kateng. Le hoja ba futsanehile, moeeng teng ba ruile! Re labalabela ho ba bona hape.”

Ke Batla ho Pakela Lefatše Lohle!

SAGAR RAI

O HLAHILE KA 1928

O KOLOBELITSOE KA 1968

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e lesole eaba o amohela ’nete, ’me a tsoela pele ho paka le hoja a ne a hanyetsoa ka matla.

◆ KE HLAHETSE Profinseng ea Shan, e sebakeng se lithaba ka leboea-bochabela ho Myanmar. Lelapa leso e ne e le la morabe oa Magurkha a Nepal ’me ka bolumeli re le Mahindu. Empa re ne re boetse re sebelisana le meea. Ho latela moetlo oa Magurkha ke ile ka ea sesoleng joaloka ntate le bo-abuti ba ka ba bane. Ke ile ka qeta lilemo tse 20 ke le sesoleng sa Burma ’me ka loana lintoeng tse ngata. Ho makatsang ke hore ha ho mohla nkileng ka lemala hampe.

Ha ke qala ho bala Molula-Qhooa, ke ile ka ithuta hore ho na le Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng Jehova, ho ea ka Bibele. Ke ile ka hlolloa ke seo. Kaha ke ne ke le Mohindu, ke ne ke lumela ho melimo e limilione! Ke ile ka sheba lebitso Jehova lidikishinaring tse ’maloa tsa lipuo tse sa tšoaneng—e leng Senepali, Sehindi, Seburmese le Senyesemane. Dikishinari ka ’ngoe e ile ea tiisa hore Jehova ke Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng.

Hamorao, ’na le mosali oa ka Jyoti, re ile ra fallela Pathein, moo Frank Dewar oa moromuoa a ileng a ithaopela ho re ruta Bibele. ’Na le Jyoti re ile ra lumela ho ithuta. Ka mor’a nakoana, re ile ra kholiseha hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete ’me ra etsa qeto ea ho rapela eena a le mong. Re ile ra lahlela litšoantšo tsa rōna tsa bolumeli ka Nōkeng ea Pathein e le hore ho se ke ha e ba le motho ea ka li fumanang.—Deut. 7:25; Tšen. 4:11.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka itokolla sesoleng, ’me ’na le mosali oa ka le bana ba rōna ra khutlela moo ke hlahetseng teng. Ha re le moo re ile ra kopana le Lipaki tse seng kae, tse ileng tsa re ruta ho paka. Ha nako e ntse e ea, re ile ra rema lifate ka morung eaba re haha Holo ea ’Muso e nyenyane ka pel’a ntlo ea rōna. Sena se ile sa halefisa komiti ea morabe oa Magurkha, eaba e re: “Ke mang ea u fileng tumello ea ho haha ‘kereke’ ea Bokreste motseng oa Mahindu? Ha ua lokela ho pakela batho ba seng ba ntse ba e-na le bolumeli ba bona.”

Komiti ea morabe oa Magurkha e ile ea ipelaetsa ho ba boholong, ba ileng ba mpotsa, ba re: “Monghali Rai, na u pakela batho motseng oa heno le ho ba phehella hore e be Bakreste?”

Ke ile ka re: “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Hase feela hore ke batla ho paka motseng ona empa ke batla ho pakela lefatše lohle! Leha ho le joalo, tabeng ea hore na batho ba tlohela bolumeli ba bona kapa che, ke bona ba tla ikhethela.”

Lilemong tse 40 tse fetileng, ’na le Jyoti re thusitse batho ba fetang 100 hore ba ithute ’nete

Ho thabisang ke hore ba boholong ba ile ba re lumella ho paka ka bolokolohi. Lilemong tse 40 tse fetileng, ’na le Jyoti re thusitse batho ba fetang 100 hore ba ithute ’nete. Ba bangata ba bona ke bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang kapa basebeletsi ba Bethele. Re boetse re thabisoa ke hore ba bangata ba bana ba rōna le ba malapa a bona ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Ha ke Fumane “’Muso oa Jehova”

SOE LWIN

O HLAHILE KA 1960

O KOLOBELITSOE KA 2000

PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le Mobuddha ’me ka mor’a ho bala ka “’Muso oa Jehova” o ile a batla ho ea ho oona.

◆ HA KE ea mosebetsing toropong ea Tachileik, e haufi le moeli oa Thailand, ke ile ka thola limakasine tsa Molula-Qhooa tse neng li lahliloe pel’a tsela. Limakasine tseo li ne li bua ka mahlohonolo a babatsehang a fumanehang ’Musong oa Jehova. Ke ne ke le Mobuddha ’me ke qala ho utloa ka Jehova, kahoo ka etsa qeto ea hore “’Muso oa Jehova” ke naha e ’ngoe ea Afrika. Ke ile ka sheba “’Muso oa Jehova” ’mapeng empa ka se ke ka o thola. Ke ile ka botsa batho ba bang, empa ba sitoa ho nthusa.

Hamorao ke ile ka utloa hore mohlankana e mong eo ke sebetsang le eena o ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka re ho eena, “Ak’u mpolella, nka fumana ’Muso oa Jehova hokae?” Ha ke hlokomela hore ’Muso oa Jehova ke puso ea leholimo e tla tlisa Paradeise lefatšeng, ke ile ka hlolloa le ho nyakalla. Ka mor’a moo, ka kuta moriri, ka khaotsa ho hlafuna betel nut le ho sebelisa lithethefatsi, ’me ka furalla lineano tsa Bobuddha. Joale ke labalabela le ho feta ho phela ’Musong oa Jehova.—Mat. 25:34.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela