Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa—1994 | November 15
    • 8, 9. Ke matšeliso afe a ka fumanoang ho 1 Petrose 5:6-11?

      8 Petrose o ile a phaella: “Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo [matšoenyeho, NW] tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela. Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng. Empa Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. Khanya le matla ke tsa oona ka mehla e sa feleng! Amen!”—1 Petrose 5:6-11.

  • Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa—1994 | November 15
    • 10. Petrose oa Pele 5:6, 7 e bua ka mokhoa o sa tobang ka litšoaneleho life tse ka re thusang ho bebofatsa matšoenyeho?

      10 Petrose oa Pele 5:6, 7 e bua ka mokhoa o sa tobang ka litšoaneleho tse tharo tse ka re thusang hore re thulane le matšoenyeho ka katleho. E ’ngoe ke boikokobetso, kapa “kelello e ikokobelitseng.” (NW) Temana ea 6 e qetella ka poleloana e reng “nakong e tšoanelang,” e fanang ka tlhahiso ea hore mamello ea hlokahala. Temana ea 7 e bontša hore re ka lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Molimo ka kholiseho “hobane oa re hlokomela,” ’me mantsoe ao a khothaletsa ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Ka hona, a re boneng hore na boikokobetso, mamello le ho tšepa Molimo ka ho feletseng li ka thusa joang ho bebofatsa matšoenyeho.

      Kamoo Boikokobetso bo ka Thusang

      11. Boikokobetso bo ka re thusa joang ho thulana ka katleho le matšoenyeho?

      11 Haeba re ikokobelitse, re tla lumela hore mehopolo ea Molimo e phahame haholo ho feta ea rōna. (Esaia 55:8, 9) Boikokobetso bo re thusa ho hlokomela hore matla a rōna a ho nahana a lekanyelitsoe ha a bapisoa le pono ea Jehova e akaretsang lintho tsohle. O bona lintho tseo re sa li lemoheng, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea monna ea lokileng Jobo. (Jobo 1:7-12; 2:1-6) Ka hore re ikokobetse “ka tlas’a letsoho le matla la Molimo,” re amohela boemo bo tlaase boo re leng ho bona kamanong le ’Musi ea Phahameng oa rōna. Ka lehlakoreng le leng, sena se re thusa hore re thulane ka katleho le liketsahalo tseo a li lumellang. Lipelo tsa rōna li ka ’na tsa laba-labela tokoloho ea kapele, empa kaha litšoaneleho tsa Jehova li leka-lekana ka ho phethahetseng, o tseba hantle hore na o nka bohato neng le joang molemong oa rōna. Ka hona, joaloka bana ba banyenyane, ka boikokobetso a re tšepeng Jehova, re kholisehile hore o tla re thusa ho thulana le matšoenyeho a rōna ka katleho.—Esaia 41:8-13.

      12. Matšoenyeho mabapi le tšireletseho linthong tse bonahalang a ka ameha joang haeba ka boikokobetso re sebelisa mantsoe a Ba-Heberu 13:5?

      12 Boikokobetso bo akarelletsa boikemisetso ba ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo, hoo hangata ho fokotsang matšoenyeho. Ka mohlala, haeba matšoenyeho a rōna a bakiloe ke ho kena ka botebo telekisong ea lintho tse bonahalang, ho ka ba hotle hore re nahane ka keletso ea Pauluse: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Ba bangata ba ’nile ba itokolla matšoenyehong a maholo mabapi le tšireletseho linthong tse bonahalang ka hore ka boikokobetso ba sebelise keletso e joalo. Le hoja mohlomong boemo ba bona ba tsa lichelete bo sa ntlafala, ha bo laole menahano ea bona hoo ba ka tsoang kotsi moeeng.

      Karolo ea Mamello

      13, 14. (a) Tabeng ea ho mamella ka tiisetso, monna oa ’makhonthe Jobo o ile a beha mohlala ofe? (b) Ho letela Jehova ka mamello ho ka re etsetsa eng?

      13 Poleloana e ho 1 Petrose 5:6 e reng, “nakong e tšoanelang,” e bolela hore ho mamella ka tiisetso hoa hlokahala. Ka linako tse ling bothata bo phehella ka nako e telele, ’me sena se ka eketsa matšoenyeho. Haholo-holo ha boemo bo le joalo ho hlokahala hore re tlohelle litaba matsohong a Jehova. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utloile mamello ea Jobo, ’me le bone tsa qetello ea Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.” (Jakobo 5:11) Jobo o ile a thulana le ho senyeheloa ke lintho tse bonahalang, ho shoeloa ke bana ba leshome, ho tšoaroa ke lefu le nyontšang, ’me o ile a ahloloa ka phoso ke batšelisi ba bohata. Bonyane ho tšoenyeha ho itseng e ne e ka ba ha tlhaho tlas’a liketsahalo tse joalo.

      14 Leha ho le joalo, Jobo o ile a beha mohlala tabeng ea ho mamella ka tiisetso. Haeba re le tlas’a teko e matla ea tumelo, mohlomong re ka tlameha ho letela tokoloho, feela joalokaha a ile a etsa. Empa Molimo o ile a nka bohato molemong oa hae, a qetella a lokolotse Jobo mahlomoleng a hae ’me a mo putsa haholo. (Jobo 42:10-17) Ho letela Jehova ka mamello ho hōlisa mamello ea rōna ’me ho senola botebo ba boinehelo ba rōna ho eena.—Jakobo 1:2-4.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela