Khaolo ea 8
Baphonyohi e Tla ba Bo-mang?
1. (a) Ho pholohela hoa motho Tsamaisong e Ncha ea Molimo ea khotso ho tla itšetleha ka eng? (b) Tšenolo khaolo ea 7 e hlalosa ba tla pholohela ho phela lefatšeng la Paradeise joang?
HO PHONYOHA timetso e tlang ea lefatše e ke ke ea e-ba ka tsietsi feela tjee, joalokaha ho atisa ho etsahala lintoeng tsa batho. Ho ke ke hoa reroa ke hore na motho o phela hokae, leha e le hona hore a potlakele tšireletsong e ’ngoe ea liqhomane kapa setšabelong se seng se itseng ha a utloa mokhosi. Ho phonyoha ho tla itšetleha ka mohau oa Molimo le ka khetho eo e mong le e mong a iketsetsang eona pele ‘mahlomola a maholo’ a qala. U ka ikhethela joang hore u tle u be ka lehlakoreng la ba tlang ho phonyoha hore ba phele lefatšeng Tsamaisong e Ncha ea Molimo ea khotso, ea Paradeise?—Tšenolo 7:9, 10, 14, 15.
2. Ke mang ea beang litumellano tsa ho pholoha, ’me li fumanoa hokae?
2 Bibele ha e profete feela hore ho tla ba le baphonyohi timetsong e tlang ea lefatše. E boetse e fana ka mohlala o re thusang ho tseba hore na e tla ba batho ba mofuta ofe. Kaha Molimo o nolofatsa ho pholoha, ke ka nepo e leng oona o beang litumellano.
3. Hore ho be le khotso le tšireletseho, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ba khopo ba tlosoe?
3 Ka bohlale le ka mokhoa o nang le toka, Molimo o tla hlokomela hore ho phonyoha batho bao e tlang ho ba letlotlo Tsamaisong e Ncha ea oona, e seng ba tla sebeletsa ho e senya. Haeba o lumella batho ba khopo hore ba phonyohe, ho ke ke hoa e-ba le khotso le tšireletseho bakeng sa ba lokileng. Malapa a bona le tšireletseho ea bona ea botho li tla ’ne li be kotsing. Empa Bibele e tšepisa hore: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.” Ke feela ka hore Molimo o sebelise tekanyetso eo, joalokaha e ngotsoe ho Pesaleme ea 37:9-11, moo baphonyohi ba tlang ho nolofalloa ke ‘ho iketla khotsong e kholo.’ Hore na hona Molimo o tla ho etsa joang, ho bonahetse liketsahalong tsa nakong e fetileng ha bokhopo ba batho bo tlama Molimo hore o tlise timetso.
Mehlala ea Nakong e Fetileng ea Pholoho
4-6. (a) Ke eng e pakang hore timetso ea Jerusalema ka 70 C.E. ke ’nete e tsebisahalang? (b) Ke hobane’ng ha timetso e ile ea tla? (c) Ke eng e ileng ea nolofaletsa barutuoa ba Jesu hore ba balehe?
4 Motseng oa Roma kajeno ho ntse ho eme khoro ea boikhopotso ea lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, Khoro ea Tite. Ho eona ho bontšitsoe lintho tse tlosoang tempeleng ea Jerusalema kamorao ho timetso ea 70 C.E. Ka hona timetso eo ke ’nete e tsebisahalang. Ho tsebisahalang ka ho tšoanang, ke ’nete ea hore lilemo tse mashome pele ho timetso eo, Jesu Kreste o ne a profetile ho tla hoa eona le hore na batho ba ka phonyoha joang.
5 Batho ba Bajode ba ne ba furaletse Molimo hore ba latele batho le lineano tsa bolumeli tse entsoeng ke batho. (Mattheu 15:3-9) Ba bea tšepo ea bona ho babusi ba batho ba lipolotiki ho e-na le ’Musong o tšepisitsoeng oa Molimo. (Johanne 19:15) Ba fetella hoo ba ileng ba hana ba ba ba loantša ’nete e neng e boleloa ke Mora oa Molimo le baapostola ba hae. Jesu a lemosa ka liphello tse neng li tla tlisoa ke tsela e joalo.—Mattheu 23:37, 38; 24:1, 2.
6 Liphello li bile feela joalokaha li ne li profetiloe. Selemong sa 66 C.E., Bajode ba fetohela Roma. Tlhaselo ea pele eo Baroma ba ileng ba e etsetsa Jerusalema ea lateloa ke hore ba cheche ba sa lebelloa. Hona ea e-ba pontšo kapa monyetla bakeng sa ba neng ba lumela Jesu hore ba etse seo a itseng ba se etse: Balehang—tsoang motseng o ahlotsoeng le seterekeng sohle sa Judea, ho sa tsotellehe hore na ho sala eng. Barutuoa ba ’nete ba Jesu ba fela ba etsa joalo. Joale, ka selemo sa 70 C.E. Baroma ba khutla ’me, kamor’a ho thibella motse, ba timetsa Jerusalema le ba ileng ba hlōleha ho mamela. Paki e boneng ka mahlo, rahistori oa Mojode Josephus, o re batho ba 1 100 000 ba ile ba shoela Jerusalema ka lebaka la tlala, ho kula, qhoebeshano ea bochaba, kapa ka lerumo la Baroma. Empa Bakreste ba ileng ba nka bohato bo molemo, ba baleha.—Luka 19:28, 41-44; 21:20-24; Mattheu 24:15-18.
7. Ho ne ho hlokahala hore batho ba etse joang hore ba pholohe ha Babylona e harasoanya sechaba sa Iseraele?
7 Boemo bo tšoanang bo ne bo bile teng hoo e ka bang lilemong tse makholo a supileng pejana ha Molimo o lumella mabotho a Bababylona tlas’a Morena Nebukadnezare (II) hore a harasoanye sechaba sa Iseraele. Timetso eo, le eona, ke histori e nang le bopaki. Ka lilemo pele ho moo, Molimo ka baprofeta ba oona, o ne o hlokomelisitse sechaba se koenehileng hore tsela ea sona e tla isa tlokotsing. Molimo o ne o ipiletsa ho bona ka hore: “Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng?” (Ezekiele 33:11) Boholo ha boa ka ba lumela temoso, ’me leha mabotho a Babylona a se a likalikelitse Jerusalema, Baiseraele bao ba ’nile ba e-ba le tšepo ea hore ha ho timetso e tla tla. Empa e ile ea tla hantle joalokaha e profetiloe. Empa Molimo oa hlokomela hore ho bolokoa ba bontšitseng tumelo ea bona ka kutlo.—Jeremia 39:15-18; Sofonia 2:2, 3.
8-10. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a timetsa lefatše mehleng ea Noe? (b) Ke hobane’ng ha Noe le lelapa la hae ba ile ba bolokoa?
8 Khajana pele ho moo historing ea batho re fumana pontšo ea pele haholo ea mohlala oa bomolimo oa pholoho. O ne o sa ame sechaba se le seng feela, empa timetso ea lefatše. ’Me hoo le hona ke ’nete e tsebisahalang, e amang Moroallo oa lefatše lilemong tsa 2370/2369 B.C.E., mehleng ea Noe. Ka maemo a neng a le teng pele ho timetso eo ea lefatše, Bibele e re: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. . . . lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.”—Genese 6:5, 11.
9 Bokhopo le pefo tsa tlama Molimo hore o nke bohato. Ke Noe feela le lelapa la hae ba ileng ba bontša tumelo le kutlo. Ka lebaka la ho ba hauhela, le ho boloka toka le ho loka lefatšeng, Jehova Molimo ‘ha aa ka a hauhela lefatše la khale, la batho ba banyefoli.’ Phello ea e-ba hore “lefatše la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.”—2 Petrose 2:5; 3:5-7.
10 Empa Noe le lelapa la hae ba phonyoha. Hobane’ng? Pele, ha baa ka ba nkeha le ‘lefatše leo la batho ba nyefolang’ ho se lokeng hoa bona. Ha baa ka ba itumella hore ba tšoarehe ka ho fetisisa ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo, ho ja, ho noa, le ho nyala, hoo ba neng ba ka hlokomoloha thato ea Molimo kapa ba se mamele temoso ea oona. Noe a “tsamaea le Molimo” ho lokeng. Hona ha hoa ka hoa bolela hore eena le lelapa la hae ha baa ka ba ikhula feela hore ba se ke ba e-ba kotsi. Ho e-na le hoo, ba ile ba nka bohato bo molemo ho etsa ho nepahetseng. Ba hlile ba lumela seo Molimo o se buileng, ’me ba ho bontša ka ho haha areka e khōlō e mekato e meraro e neng e le bolelele ba maoto a fetang 400. Noe a boela a nka bohato bo molemo ka ho ba “ ’moleli oa ho loka,” a bolella ba bang ka merero ea Molimo, a buella tsela ea ho loka.—Genese 6:9, 13-16; Mattheu 24:37-39; Ba-Heberu 11:7.
11. Joalokaha ho bontšitsoe ka mehlala ena e lemosang, re tlameha ho etsa’ng haeba re tla pholoha timetso e tlang ea lefatše?
11 Batho bana ba robeli ba phonyoha ka lebaka la tumelo ea bona le mesebetsi ea bona e neng e tsoaloa ke tumelo. Jesu le baapostola ba hae ba bua ka timetso eo ea lefatše e le boprofeta ba seo batho ba talimaneng le sona ‘mehleng ena ea qetello.’ Kahoo, ho hlakile hore le rōna, joaloka Noe le lelapa la hae, re tlameha ho ikarohanya le lefatše le eang timelong. Le rōna re tlameha ho phela tumellanong le thato ea Molimo. Re ke ke ra tataisoa feela ke litekanyetso tsa rōna ’me ra lebella ho phonyoha. Lentsoe la Molimo le re: “Mohlomong ho motho tsela e ’ngoe e ka e sasametse, athe phello ea eona ke lefu.” (Liproverbia 16:25) Leha e le hore ponahalo leha e le efe ea boikaketsi ea ho loka e tla tlisa pholoho. Hobane Jehova Molimo o bona se ka pelong.—Liproverbia 24:12; Luka 16:15.
Seo Jehova a se Shebang Lipelong tsa Batho
12, 13. (a) Ke maemo afe a etsang hore batho ba bangata ba batle phetoho? (b) Ke hobane’ng ha hona ho sa lekana ho ba tiisetsa hore ba tla pholohela Tsamaisong e Ncha ea Molimo? (c) Ho ba har’a baphonyohi, ho hlomoha hoa rōna ka maemo a hona joale ho tlameha ho susumetsoa ke eng?
12 Ba bangata ba sulafaletsoe ke maemo a hona joale, ’me ba ho bontša ka lipelaelo, lipontšo tsa nyatso, ’me linaheng tse ling ka liphutuhelano tse mabifi. Ba bangata ba hloile makhetho a phahameng le theko e phahameng ea tsa bophelo. Ba bohloko ke kotsi ea bonokoane. Tšabo e ba etsa hore ba batle phetoho. Empa, na hona ho lekane ho ba tiisetsa hore ba tla pholohela Tsamaisong e Ncha ea Molimo? Che, ha ho joalo. Hobane’ng?
13 Hobane motho a ka ’na a sulafalloa ke maemo ana empa e ntse e le moithati. A ka ba a ananela ho se tšepahale le boitšoaro bo bobe tsa mofuta o itseng—hafeela eena a sa utloe bohloko. Leha ho le joalo, batho ba lipelo li lokileng ba talima litaba kahosele. Ha ba ithuta Bibele ba bona hore maemo a mabe ke feela pontšo ea kantle ea ho kula hoa sebele hoa lefatše. Ba lemoha hore sesosa sa matšoao ana ke ho haelloa ke kameho ea ho tseba le ho etsa thato ea Jehova le ea ho phela ka litekanyetso tse lokileng tsa hae. Kahoo, ha baa hlomoha haholo-holo ke leeme, bonokoane, tšilafatso, kapa tšoso ea ntoa. Ho e-na le hoo, batho ba lipelo li lokileng joalo, ba hlomoloa haholo-holo ke ho bona lebitso la Molimo le tlontlolloa ke tsela e silafetseng ea motho. ’Me ba hlomoloa ke hore hase bona feela, empa le ba bang, ba mahlomoleng a maholo ka lebaka la sena.
14. Ha Jerusalema e timetsoa ke Bababylona, ke bo-mang ba neng ba ‘tšoaetsoe’ pholoho?
14 Ho phonyoha timetso e tlang ea lefatše, re tlameha ho tšoana le ba ileng ba bolokoa ha Babylona e timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E., batho ba hlalosoang e le ‘ba neng ba bobola ka baka la manyala ’ohle’ a neng a etsoa ka har’a motse oo. (Ezekiele 9:4) Maemo a ne a le “manyala” ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, bafumanehi ba ne ba hatelloa, ba bang ba bile ba entsoe makhoba ka phoso ke batho ba naha ea habo bona. (Jeremia 34:13-16) Boemo ba boitšoaro ba ’muso oa Juda bo neng bo hlalositsoe pejana ke Hosea bo ne bo le bobe ho feta ba ’muso oa Iseraele oa ka leboea: “Hoa hlapanngoa, hoa thetsoa, hoa bolaoa, hoa utsuoa, . . . ’me mali a ntse a tšolloa holim’a mali a mang.” (Hosea 4:2; Ezekiele 16:2, 51) Ba neng ba tla ‘tšoaeloa’ pholoho ke feela ba neng ba hlomohile lipelong ka lebaka la bokhopo bo joalo le ho hloka hlompho hoo ho neng ho ho bontša bakeng sa Molimo.—Ezekiele 9:3-6.
15. Ke eng e thibelang batho ba bang ho etsa liphetoho tse hlokahalang ho pholoha timetso e tlang ea lefatše?
15 Le hoja ba bangata kajeno ba ka rata ho thabela bophelo lefatšeng ka ho sa feleng, khotsong, naleng, le boiketlong, ha ba batle ho fetola tsela eo ba phelang ka eona ho neng ho tla tlisoa ke ho ithuta le ho latela mohlala oa Bibele oa bophelo bo lokileng. Botebong, ha ba hlile ha ba rate ho loka kapa ha ba na kameho ea sebele bakeng sa batho ba bang. Kaha Tsamaiso e Ncha ea Molimo e tla hlahisa mokhatlo o mocha oo ho oona ‘ho loka ho tla ikahela,’ litaba tse molemo tse buang ka eona li ipiletsa feela ho ba ratang ho loka. Ba bang ba ikutloa hore e-ea ba tsoa.—2 Petrose 3:13; 2 Ba-Korinthe 2:14-17.
Seo U ka se Etsang Hona Joale
16-18. (a) Motho o ‘tšoaeloa’ pholoho joang? (b) O tlameha ho nka bohato bofe mabapi le borapeli ba bohata, joale le mabapi le borapeli ba ’nete? (c) O tlameha ho talima mekhatlo ea lipolotiki e kang Machaba a Kopaneng joang?
16 Jehova o tla boloka feela ba batlang ka tieo ho phela tlas’a puso ea hae ea ho loka. Ha ho bao a tlang ho ba qobella hore ba phele ka nako eo tlas’a maemo ao bona ka bo bona ba sa a batleng. Ka baka leo, ba bolokoang, ba tla tlameha ho paka hona joale hore ba amohela kannete puso ea hae ea bomolimo. Ba fetoha ba ‘tšoaetsoeng’ pholoho ka ho “apara motho e mocha” oa Bokreste, ba etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le litsela tsa Molimo ’me ba fana ka bopaki ba hore ke barutuoa ba Mora oa Molimo. Ka lebaka leo, ‘ba khetha bophelo’ le tlhohonolofatso, e seng lefu. (Ba-Kolosse 3:5-10; Deuteronoma 30:15, 16, 19) U tla khetha eng?
17 Khetho ea hao e ama ho ikokobeletsa Molimo borapeling. Jesu o itse: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka Moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.” (Johanne 4:23) Ka baka leo, ho pholoha timetso e tlang ea lefatše ho hloka hore motho a furalle borapeli bohle ba bohata ’me a kopanele borapeling ba ’nete. Hape, baphonyohi ba ke ke ba fumanoa har’a ba beileng tšepo ea bona ho Machaba a Kopaneng kapa mekhatlong e meng ea bopolotiki, kaha ena ke karolo ea lefatše le tlang ho timetsoa.—Tšenolo 17:11; 18:16-21.
18 Mahlohonolo a sa feleng a emetse ba nkang tsela e isang pholohong. Joale, nahana ka tse ling tsa lintho tse khōlō tseo Molimo o li tšepisang ba lumelang Lentsoe la oona ’me ba paka tumelo eo ka bohato bo molemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 87]
“Bongata bo boholo” bo tla pholoha timetso ea lefatše hore bo phele lefatšeng Tsamaisong e Ncha ea Molimo