Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Arabela Litšepisong tsa Molimo ka ho Sebelisa Tumelo
    Molula-Qhooa—1993 | July 15
    • 4. Ke litšoaneleho life tseo re lokelang ho li ekelletsa tumelong ea rōna?

      4 Tumelo litšepisong tsa Jehova le teboho bakeng sa tokoloho eo re e filoeng ke Molimo li lokela ho re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba Bakreste ba behang mohlala. Petrose o itse: “Ka ho nehelana ha lōna ka boiteko bohle bo tiileng ha le arabela, ekeletsang tumelong ea lōna bokhabane, bokhabaneng ba lōna tsebo, tsebong ea lōna boitšoaro, boitšoarong ba lōna mamello, mamellong ea lōna boinehelo ba bomolimo, boinehelong ba lōna ba bomolimo kameho ea boena, kamehong ea lōna ea boena lerato.” (2 Petrose 1:5-7, NW) Kahoo Petrose o re fa lethathamo la lintho tseo e ka bang habohlokoa ho rōna ho li hopola. A re hlahlobisiseng litšoaneleho tsena haholoanyane.

  • Arabela Litšepisong tsa Molimo ka ho Sebelisa Tumelo
    Molula-Qhooa—1993 | July 15
    • 9. (a) Boinehelo ba bomolimo ke eng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ekeletsa kameho ea boena boinehelong ba rōna ba bomolimo? (c) Ke joang re ka ekelletsang lerato kamehong ea rōna ea boena?

      9 Mamellong ea rōna re tlameha ho ekeletsa boinehelo ba bomolimo—tšabo, borapeli, le tšebeletso ho Jehova. Tumelo ea rōna e-ea hōla ha re sebelisa boinehelo ba bomolimo ’me re bona kamoo Jehova a sebetsanang le batho ba hae ka teng. Leha ho le joalo, ho bonahatsa bomolimo, re hloka kameho ea boena. Ebile, “ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng?” (1 Johanne 4:20) Lipelo tsa rōna li lokela ho re susumeletsa ho bontša kameho ea ’nete ho bahlanka ba bang ba Jehova le ho batla boiketlo ba bona ka linako tsohle. (Jakobo 2:14-17) Empa ke hobane’ng ha re bolelloa ho ekeletsa lerato ho kameho ea rōna ea boena? Ka ho hlakileng Petrose o ne a bolela hore re tlameha ho bontša lerato bakeng sa moloko oohle oa batho, eseng feela ho baena ba rōna. Lerato lena le bonahatsoa haholo-holo ka ho ruta litaba tse molemo le ho thusa batho moeeng.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela