Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/1 maq. 15-20
  • Buka e Tsoang ho Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Tsoang ho Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Lumellanang le Saense
  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
  • Buka ea Boprofeta ba ’Nete
  • Na Buka ee e Lumellana le Saense?
    Buka ea Batho Bohle
  • Buka ea Boprofeta
    Buka ea Batho Bohle
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
    Buka ea Batho Bohle
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/1 maq. 15-20

Buka e Tsoang ho Molimo

“Ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”—2 PETROSE 1:21.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba ipotsa hore na ebe Bibele ea sebetsa bophelong ba kajeno? (b) Re ka sebelisa lintlha life tse tharo ho bontša hore Bibele e tsoa ho Molimo?

NA Bibele ea sebetsa ho batho ba phelang ho ella mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo? Ba bang ba nahana hore ha ho joalo. Dr. Eli S. Chesen o ile a ngola tjena ha a hlalosa lebaka leo ka lona a ikutloang hore Bibele e siiloe ke nako: “Ha ho na motho ea ka buellang hore ho sebelisoe khatiso ea 1924 [ea buka] ea ho ithuta k’hemistri tlelaseng ea kajeno ea k’hemistri—ho na le ho hongata ka ho fetisisa ho ithutiloeng ka k’hemistri ho tloha ka nako eo.” Ho bonahala eka taba ena ea utloahala. Etsoe, motho o ithutile haholo ka saense, bophelo ba kelello le boitšoaro ba batho ho tloha mehleng ea Bibele. Ka lebaka leo, ba bang baa ipotsa: ‘Buka ea khale hakaalo e ka hloka liphoso tsa saense joang? Ke joang e neng e ka ba le keletso e sebetsang bophelong ba kajeno?’

2 Bibele ka boeona e fana ka karabo. Ho 2 Petrose 1:21, re bolelloa hore baprofeta ba Bibele “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” Kahoo Bibele e bontša hore ke buka e tsoang ho Molimo. Leha ho le joalo, re ka kholisa ba bang joang hore ho joalo? A re nahaneng ka lintlha tse tharo tse pakang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo: (1) E nepahetse ho latela saense, (2) e na le melao-motheo e sebetsang ka linako tsohle e ka sebelisoang bophelong ba kajeno, ’me (3) e na le boprofeta bo tobileng bo phethahetseng, joalokaha linnete tsa histori li pakile.

Buka e Lumellanang le Saense

3. Ke hobane’ng ha Bibele e sa ka ea sokeloa ke seo saense e se fumaneng?

3 Bibele hase buka ea melao-motheo ea saense. Leha ho le joalo, ke buka ea ’nete, ’me ’nete ha e fetohe ha nako e ntse e feta. (Johanne 17:17) Bibele ha ea sokeloa ke seo saense e se fumaneng. Ha e bua ka litaba tse amanang le saense, e lokolohile ka ho feletseng likhopolong tsa boholo-holo “tsa saense” tse ileng tsa ipaka e le litšōmo feela. Ha e le hantle, ha ea fupara lipolelo tse nepahetseng ho latela saense feela empa e fupere le tseo ho hlakileng hore li hanana le maikutlo a amohelehang a mehleng eo. Ka mohlala, nahana ka ho lumellana ha Bibele le saense ea bongaka.

4, 5. (a) Lingaka tsa boholo-holo li ne li sa utloisise eng ka boloetse? (b) Ke hobane’ng ha ho se pelaelo hore Moshe o ne a tloaelane le mekhoa ea lingaka tsa Egepeta?

4 Lingaka tsa boholo-holo li ne li sa utloisise ka ho feletseng kamoo boloetse bo atang kateng, leha e le hore li ne li hlokomela bohlokoa ba bohloeki ho thibeleng ho kula. Mekhoa e mengata ea bongaka ea boholo-holo e ne e tla bonahala e le ea boqaba ho latela litekanyetso tsa kajeno. E ’ngoe ea libuka tsa bongaka tsa khale ka ho fetisisa e teng ke ea Ebers Papyrus, pokello ea tsebo ea bongaka ea Baegepeta, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 1550 B.C.E. E na le liphekolo tse 700 tsa mahloko a sa tšoaneng, “ho tloha ho longoeng ke koena ho isa ho opeloeng ke lenala la monoana oa leoto.” Boholo ba liphekolo tsena bo ne bo hlile bo sa sebetse, empa tse ling tsa tsona li ne li le kotsi ka ho fetisisa. Bakeng sa ho phekola leqeba, phekolo e ’ngoe e ne e le ho tlotsa ka motsoako oa mantle a motho a kopantsoeng le lintho tse ling.

5 Buka ena ea liphekolo tsa bongaka tsa Egepeta e ngotsoe hoo e ka bang ka nako e tšoanang le libuka tsa pele tsa Bibele, tse neng li akarelletsa Molao oa Moshe. Moshe, ea hlahileng ka 1593 B.C.E., o ile a hōlela Egepeta. (Exoda 2:1-10) Kaha o hōletse ka tlung ea Faro, Moshe o ile a “rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.” (Liketso 7:22) O ne a tloaelane le “lingaka” tsa Egepeta. (Genese 50:1-3) Na mekhoa ea tsona ea bongaka e sa sebetseng kapa e kotsi e ile ea susumetsa mangolo a hae?

6. Ke molao ofe oa bohloeki Molaong oa Moshe oo saense ea kajeno e neng e ka nka hore oa utloahala?

6 Ho fapana le seo, Molao oa Moshe o ne o akarelletsa melao ea bohloeki eo saense ea kajeno ea bongaka e neng e ka e nka e utloahala. Ka mohlala, molao o mabapi le ho hloma liahelo tsa sesole o ne o hloka hore ho epeloe mantle ka ntle ho liahelo. (Deuteronoma 23:13) Ona e ne e le mohato o tsoetseng pele ka ho feletseng oa ho thibela maloetse. O ne o thusa ho boloka mehloli ea metsi e sa silafatsoa ’me o fana ka tšireletso maloetseng a amanang le letšollo le jaloang ke lintsintsi le maloetseng a mang a letšollo a ntseng a bolaea ba limilione selemo le selemo, haholo-holo linaheng tse hōlang moruong.

7. Ke melao efe ea bohloeki Molaong oa Moshe e ileng ea thibela ho ata ha maloetse a tšoaetsanoang?

7 Molao oa Moshe o ne o e-na le litaelo tse ling tsa bohloeki tse neng li thusa ho thibela ho ata ha maloetse a tšoaetsanoang. Motho eo ho neng ho belaeloa hore o na le boloetse bo tšoaetsanoang o ne a koalloa a le mong. (Levitike 13:1-5) Liaparo kapa lijana tse ileng tsa thetsa phoofolo e shoeleng ka boeona (mohlomong e bolailoe ke boloetse) li ne li lokela ho hlatsuoa pele li sebelisoa hape, kapa li senngoe. (Levitike 11:27, 28, 32, 33) Motho ofe kapa ofe ea thetsitseng setopo o ne a nkoa a sa hloeka ’me a tlameha ho feta mokhoeng oa ho itlhoekisa o neng o akarelletsa ho hlatsoa liaparo tsa hae le ho tola. Nakong ea matsatsi a supileng ea ho se hloeke, o ne a lokela ho qoba ho thetsa ba bang.—Numere 19:1-13.

8, 9. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore molao oa bohloeki Molaong oa Moshe o ne o hatetse pele haholo ho feta nako ea oona?

8 Molao ona oa bohloeki o senola bohlale bo fetang bohlale bo neng bo le teng ka nako eo. Saense ea kajeno ea bongaka e tseba ho hongata ka ho ata le ho thibeloa ha maloetse. Ka mohlala, tsoelo-pele ea bongaka lekholong la bo19 la lilemo e ile ea lebisa ho hlahisoeng ha mokhoa oa ho thibela mafu—bohloeki bakeng sa ho fokotsa ho tšoaetsoa. Phello e bile ho fokotseha ho hoholo ha ho tšoaetsoa le lefu le tlang pele ho nako. Ka 1900, linaheng tse ngata tsa Europe le United States batho ba ne ba lebeletsoe ho phela lilemo tse ka tlaase ho 50. Ho tloha ka nako eo, li eketsehile haholo, eseng feela ka lebaka la tsoelo-pele ea bongaka mabapi le ho laola boloetse empa hape ka lebaka la ho ntlafala ha bohloeki le maemo a matle a bophelo.

9 Empa, lilemo tse likete pele saense ea bongaka e hlokomela kamoo boloetse bo atang kateng, Bibele e ile ea bontša mohato o utloahalang oa ho thibela maloetse e le tšireletso khahlanong le boloetse. Ha ho makatse hore ebe Moshe o ne a ka bua ka Baiseraele ka kakaretso mehleng ea hae e le ba phelang ho fihlela ba le lilemo li 70 kapa 80. (Pesaleme ea 90:10) Moshe o ne a ka tseba joang ka litaelo tse joalo tsa bohloeki? Bibele ka boeona ea hlalosa: Molao “o ile oa fetisoa ka mangeloi.” (Bagalata 3:19) E, Bibele hase buka ea bohlale ba motho; ke buka e tsoang ho Molimo.

Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno

10. Le hoja Bibele e phethiloe hoo e ka bang lilemong tse 2000 tse fetileng, ke’ng seo e leng ’nete ka keletso ea eona?

10 Libuka tse fanang ka keletso li batla li siuoa ke nako ’me kapele lia nchafatsoa kapa li nkeloa sebaka ka tse ling. Empa ka sebele Bibele ea ikhetha. Pesaleme ea 93:5 (NW) e re: “Likhopotso tsa hao li ipakile li ka tšeptjoa haholo.” Le hoja Bibele e ile ea phethoa hoo e ka bang lilemong tse 2000 tse fetileng, molaetsa oa eona o ntse o sebetsa. ’Me o sebetsa ka matla a tšoanang ho sa tsotellehe ’mala oa rōna oa letlalo kapa naha eo re lulang ho eona. Nahana ka mehlala e meng ea keletso ea Bibele e sebetsang ka linako tsohle, ‘e ka tšeptjoang haholo.’

11. Lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng, batsoali ba bangata ba ile ba susumelletsoa ho lumela eng ka ho laea bana?

11 Lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng batsoali ba bangata—ba susumelitsoe ke “likhopolo tse ncha” ka ho koetlisa bana—ba ile ba nahana hore “motho ha aa lokela ho khalemela bana.” Ba ne ba tšaba hore ho behela bana lithibelo ho ne ho tla baka tsieleho ea kelello le pherekano. Baeletsi ba nang le morero o motle ba ne ba tsitlallela hore batsoali ba lokela ho bokotsa bana ba bona. The New York Times e tlaleha hore litsebi tse ngata tse joalo hona joale li “phehella batsoali ho tiea haholoanyane le hore ba boele ba laole bana ba bona.”

12. Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le bolela’ng, hona ke hobane’ng ha bana ba hloka taeo e joalo?

12 Leha ho le joalo, haesale Bibele e fana ka keletso e tobileng, e leka-lekaneng tabeng ea koetliso ea bana. Ea eletsa: “Bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le bolela “khōliso, koetliso, thupelo.” Bibele e re taeo kapa thupelo, ke bopaki ba lerato la botsoali. (Liproverbia 13:24) Bana ba hōla ka katleho tlas’a litekanyetso tse tataisang tsa boitšoaro tse hlakileng tse ba thusang ho hōlisa kutloisiso ea se nepahetseng le se fosahetseng. Taeo e fanoang ka tsela e loketseng e ba thusa ho ikutloa ba sireletsehile; e ba bolella hore batsoali ba bona baa ba tsotella ’me ba tsotella le hore na e tla ba batho ba mofuta ofe.—Bapisa le Liproverbia 4:10-13.

13. (a) Ha ho tluoa taeong, Bibele e fa batsoali temoso efe? (b) Bibele e buella taeo ea mofuta ofe?

13 Empa Bibele e hlokomelisa batsoali tabeng ena ea taeo. Matla a ho laela a botsoali le ka mohla ha aa lokela ho sebelisoa hampe. (Liproverbia 22:15) Ha ho ngoana eo le ka mohla a lokelang ho otloa ka bokhopo. Ho khahlapetsa ’meleng ha ho na sebaka lelapeng le phelang tumellanong le Bibele. (Pesaleme ea 11:5) Ho khahlapetsa maikutlong—bohale, ho soma ho sa khaotseng le ho phoqa ho utloisang bohloko, tseo kaofela li ka nyahamisang ngoana le tsona ha li na sebaka. (Bapisa le Liproverbia 12:18.) Ka bohlale, Bibele e lemosa batsoali: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama [kapa, “le tla ba tepeletsa lipelo,” Phillips].” (Bakolose 3:21) Bibele e khothalletsa taeo e thibelang. Ho Deuteronoma 11:19, batsoali ba phehelloa ho sebelisa monyetla oa linako tsa boikhathollo ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro le tsa moea baneng ba bona. Keletso e joalo e hlakileng le e utloahalang mabapi le ho hōlisa bana ea sebetsa kajeno joalokaha e ne e sebetsa mehleng ea Bibele.

14, 15. (a) Ke ka tsela efe Bibele e sa felleng ka keletso feela tjee e bohlale? (b) Banna le basali ba merabe le lichaba tse sa tšoaneng ba ka thusoa ke lithuto life tsa Bibele hore ba talimane ba lekana?

14 Bibele ha e felle ka ho fana ka keletso e bohlale feela. Molaetsa oa eona o ipiletsa pelong. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka ’nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang soule le moea, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso tsa pelo.” Nahana ka mohlala o bontšang matla a Bibele a susumetsang.

15 Kajeno batho ba arotsoe ke mekoallo ea morabe le bochaba. Mekoallo e joalo ea maiketsetso e tlatselitse ho bolaoeng ha batho ba bangata ba se nang molato lintoeng lefatšeng lohle. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e na le lithuto tse thusang banna le basali ba merabe le lichaba tse sa tšoaneng hore ba talimane ba lekana. Ka mohlala, Liketso 17:26 e re Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” Sena se bontša hore ha e le hantle ho na le morabe o le mong feela—morabe oa batho! Ho feta moo Bibele e re khothalletsa ho ba “baetsisi ba Molimo,” eo e reng ka eena: “Ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Baefese 5:1; Liketso 10:34, 35) Ho bao ka sebele ba batlang ho phela tumellanong le lithuto tsa Bibele, tsebo ena e na le phello e kopanyang. E sebetsa ho fihlela boemong bo tebileng ka ho fetisisa—pelong—e tlosa mekoallo e entsoeng ke motho e arolang batho. Na ka sebele ea sebetsa lefatšeng la kajeno?

16. Pheta phihlelo e bontšang hore Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho ba machaba.

16 Ho fela ho le joalo! Lipaki tsa Jehova li tsebahala haholo ka ho ba mokhatlo oa bara ba motho ba machaba, o kopanyang batho ba limelo tse sa tšoaneng bao ka tloaelo e mong a neng a ke ke a ba khotsong le e mong. Ka mohlala, nakong ea likhohlano tsa merabe Rwanda, Lipaki tsa Jehova tsa morabe ka mong li ne li sireletsa bara le barali babo tsona ba Bakreste ba morabe o mong, li beha bophelo ba tsona kotsing ka ho etsa joalo. Ketsahalong e ’ngoe, Paki e ’ngoe ea Mohutu e ile ea pata lelapa la Matutsi la litho tse tšeletseng la phutheho ea habo eona lelapeng la eona. Ka masoabi, lelapa lena la Matutsi le ile la qetella le fumanoe ’me le bolailoe. Eaba babolai bao ba halefela mora enoa oabo rōna oa Mohutu le lelapa la hae, ’me ba tlameha ho balehela Tanzania. Ho ile ha tlalehoa mehlala e mengata e joalo. Lipaki tsa Jehova li lumela habonolo feela hore bonngoe bo joalo bo ka khoneha hobane lipelo tsa tsona li anngoe ka ho teba ke matla a susumetsang a molaetsa oa Bibele. Taba ea hore Bibele e ka kopanya batho lefatšeng lena le tletseng lehloeo ke bopaki bo matla ba hore e tsoa ho Molimo.

Buka ea Boprofeta ba ’Nete

17. Boprofeta ba Bibele bo fapane joang le seo batho ba se bonelang pele?

17 “Ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho,” ho rialo 2 Petrose 1:20. Baprofeta ba Bibele ba ne ba sa sekaseke tšekamelo ea maemo a lefatše a nakong eo, ebe ba etsa khakanyo ba itšetlehile ka tlhaloso ea bona ea liketsahalo tsena. Hape, ha baa ka ba bolela esale pele lintho tse sa hlakang tse neng li ka sothoa hore li lokele ketsahalo leha e le efe ea ka moso. Ka mohlala, a re nkeng boprofeta ba Bibele bo neng bo tobile ka tsela e fetang e tloaelehileng le bo ileng ba bolela esale pele se fapaneng hantle le seo e ka ’nang eaba batho ba neng ba phela ka nako eo ba ne ba se lebeletse.

18. Ke hobane’ng ha ho se pelaelo hore baahi ba Babylona ea boholo-holo ba ne ba ikutloa ba sireletsehile haholo, empa Esaia o ne a boletse eng esale pele ka Babylona?

18 Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., ho ne ho bonahala eka Babylona ke motse-moholo o ke keng oa haptjoa oa ’Muso oa Babylona. Motse ona o ne o teetse Nōka ea Eufrate hare, ’me metsi a nōka eo a ne a sebelisetsoa ho etsa foro e sephara, e tebileng le maranrang a tsamaiso ea likotopo tsa metsi. Motse ona o ne o boetse o sirelelitsoe ke marako a maholohali a mabeli, a tšehelitsoeng ka litora tsa tšireletso. Ha ho pelaelo hore baahi ba Babylona ba ne ba ikutloa ba sireletsehile haholo. Empa, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., esita le pele Babylona e phahamela sehlohlolong sa khanya ea eona, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele: ‘Babylona o tla ba joalo ka metse ea Sodoma le Gomora, mohla e senngoang ke Molimo. A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; ba-Arabe ba ke ke ba hloma litente tsa bona teng balisa ba ke ke ba etsa meraka teng.’ (Esaia 13:19, 20) Hlokomela hore boprofeta bona ha boa ka ba bolela esale pele feela hore Babylona e ne e tla felisoa empa hore e ne e ke ke ea hlola e e-ba le baahi. Eo e ne e le polelo ea boprofeta e bontšang sebete se sekaakang! Na ho ka etsahala hore ebe Esaia o ngotse boprofeta ba hae ka mor’a hore a bone Babylona e entsoeng lesupi? Histori e arabela ka che!

19. Ke hobane’ng ha boprofeta ba Esaia bo sa ka ba phethahala ka ho feletseng ka la 5 October, 539 B.C.E.?

19 Bosiung ba la 5 October, 539 B.C.E., Babylona e ile ea oela mabothong a Medo-Persia tlas’a Cyruse e Moholo. Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo ne bo e-s’o phethahale ka botlalo ka nako eo. Ka mor’a hore Cyruse a e hape, Babylona e nang le baahi—le hoja e ne e le e fokolang—e ile ea tsoela pele ho ba teng ka makholo a lilemo. Lekholong la bobeli la lilemo B.C.E., hoo e ka bang nakong eo Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng o ileng oa kopitsoa ka eona, Baparthia ba ile ba laola Babylona, eo ka nako eo e neng e talingoa e le khau eo lichaba tse e potolohileng li neng li e loanela. Josephus, rahistori oa Mojuda o ile a tlaleha hore “palo e khōlō” ea Bajuda e ne e phela moo lekholong la pele la lilemo B.C.E. Ho latela The Cambridge Ancient History, bahoebi ba Palmyra ba ile ba theha kolone ea khoebo e atlehileng Babylona ka 24 C.E. Ka hona, ka mor’a nako e telele lekholong la pele la lilemo C.E., Babylona e ne e ntse e e-s’o be lesupi ka ho feletseng; empa, e ne e se e le khale buka ea Esaia e phethiloe.—1 Petrose 5:13.

20. Ho na le bopaki bofe ba hore Babylona e ile ea qetella e fetohile “liqubu tsa majoe”?

20 Esaia ha aa ka a phela hore a bone ha Babylona e hloka baahi. Empa tumellanong le boprofeta, Babylona e ile ea qetella e fetohile “liqubu tsa majoe.” (Jeremia 51:37) Ho latela setsebi sa Moheberu Jerome (ea hlahileng lekholong la bone la lilemo C.E.), mehleng ea hae Babylona e ne e se e le sebaka sa ho tsoma moo “liphoofolo tsa mefuta eohle” li neng li solla teng, ’me e ntse e le lesupi ho tla fihlela kajeno. Ho tsosolosoa leha e le hofe ha Babylona bakeng sa ho hohela bahahlauli ho ka ’na ha hohela baeti, empa “lekala le lehlomela” la Babylona le feletse ruri, joalokaha Esaia a boletse esale pele.—Esaia 14:22.

21. Ke hobane’ng ha baprofeta ba tšepahalang ba ne ba khona ho bolela bokamoso esale pele ka ho nepahala ho sa foseng?

21 Moprofeta Esaia ha aa ka a etsa khakanyo. Leha e le hona hore o ile a ngola histori bocha ho etsa hore e bonahale eka ke boprofeta. Esaia e ne e le moprofeta oa ’nete. Ho bile joalo le ka baprofeta ba bang bohle ba Bibele ba tšepahalang. Ke hobane’ng ha banna baa ba ile ba khona ho etsa seo ho seng batho ba bang ba ka se etsang—ho bolela bokamoso esale pele ka ho nepahala ho sa foseng? Karabo e hlakile. Boprofeta boo bo simolohile ho Molimo oa boprofeta, Jehova, ‘eo ho tloha qalehong a tsebisitseng batho tsa ho qetela.’—Esaia 46:10, BPN.

22. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho susumelletsa ba lipelo li tšepahalang ho itlhahlobela Bibele?

22 Ka hona, na Bibele e lokela ho hlahlojoa? Rea tseba hore ho joalo! Empa batho ba bangata ha baa kholiseha. Ba na le maikutlo a itseng ka Bibele le hoja mohlomong ho se mohla ba kileng ba e bala. Hopola moprofesa ea boletsoeng qalong ea sehlooho se etellang sena pele. O ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a ho hlahloba Bibele ka hloko, o ile a fihlela qeto ea hore ke buka e tsoang ho Molimo. O ile a qetella a kolobelitsoe e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me kajeno o sebeletsa e le moholo! A re etseng sohle se matleng a rōna ho phehella ba lipelo li tšepahalang ho itlhahlobela Bibele ba ntan’o ba le maikutlo a itseng ka eona. Re kholisehile hore haeba ba itlhahlobela eona ka botšepehi, ba tla hlokomela hore buka ena e ikhethang, e leng Bibele, ka sebele ke buka ea batho bohle!

Na U ka Hlalosa?

◻ U ne u ka sebelisa Molao oa Moshe joang ho bontša hore Bibele ha e tsoe ho motho?

◻ Ke melao-motheo efe ea Bibele e sebetsang ka linako tsohle, e ka sebelisoang bophelong ba kajeno?

◻ Ke hobane’ng ha boprofeta bo ho Esaia 13:19, 20 bo sa ngoloa ka mor’a hore bo phethahale?

◻ Re lokela ho khothalletsa ba lipelo li tšepahalang ho etsa’ng, hona hobane’ng?

[Lebokose le leqepheng la 19]

Ho Thoe’ng Ka Seo Bonnete Ba Sona Bo Ke Keng Ba Tiisoa?

Bibele e fupere lipolelo tse sa tšoaneng tse se nang bopaki bo ikemetseng bo bonahalang. Ka mohlala, seo e se buang ka sebaka se sa bonahaleng moo ho lulang libōpuoa tsa moea se ke ke sa pakoa—kapa sa latoloa—ka mekhoa ea saense. Na lintho tse joalo tseo e buang ka tsona tseo bonnete ba tsona bo ke keng ba tiisoa li hlile li etsa hore Bibele e hanyetsane le saense?

Ena e ne e le potso e neng e talimane le setsebi sa jioloji ea lipolanete se ileng sa qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova lilemong tse itseng tse fetileng. Sea hopola: “Ke tlameha ho lumela hore ho amohela Bibele ho ne ho nthatafalla qalong hobane ke ne ke sitoa ho tiisa bonnete ba lipolelo tse ling tsa Bibele ka mekhoa ea saense.” Monna enoa ea tšepahalang o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele ’me o ile a qetella a kholisehile hore bopaki bo teng, bo bontša hore ke Lentsoe la Molimo. Oa hlalosa: “Sena se ile sa fokotsa takatso ea ka ea ho etsa hore ke batle ho tiisa lintlha tsa Bibele ka bonngoe. Motho ea nang le tšekamelo ea saense o lokela ho ikemisetsa ho hlahloba Bibele ka pono ea moea, ho seng joalo a ke ke a hlola a amohela ’nete. Ho ke ke ha lebelloa hore saense e tiise bonnete ba polelo e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng. Empa, kahobane feela ho ke ke ha tiisoa bonnete ba lipolelo tse ling, seo ha se bolele hore hase ’nete. Ntho ea bohlokoa ke hore, ho nepahala ha Bibele ho netefalitsoe hohle moo ho khonehang hore ho tiisoe bonnete ba eona.”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Moshe o tlalehile melao ea bohloeki e neng e hatetse pele haholo ho feta nako ea eona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela