-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2003 | December 15
-
-
Re lokela ho hatisa taba ea hore esita le pele ho moo, ha mangeloi a khopo a ne a sa ntse a lumeletsoe ho kena leholimong, a ne a ntšitsoe lelapeng la Molimo ebile a behetsoe lithibelo tse thata-thata. Ka mohlala, Jude 6 e bontša hore esita le lekholong la pele la lilemo C.E., a ne a se a ntse a ‘bolokiloe ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo [la moea] bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.’ Ka ho tšoanang, 2 Petrose 2:4 e re: “Molimo [ha aa] ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase, [boemo ba ho tlotlolloa ka ho feletseng], a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo [la moea] hore a bolokeloe kahlolo.”b
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2003 | December 15
-
-
b Moapostola Petrose o ile a tšoantša boemo bona ba ho lahloa moeeng le ho ba “chankaneng.” Empa o ne a sa bue ka “mohohlo” oo bademona ba tla liheloa ho oona nakong e tlang ka lilemo tse sekete.—1 Petrose 3:19, 20; Luka 8:30, 31; Tšenolo 20:1-3.
-