Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/15 maq. 10-15
  • Sephiri se Halalelang Sea Phutholoha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephiri se Halalelang Sea Phutholoha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rarolla Sephiri
  • Likarolo Tse Tšeletseng
  • “O Ile a Bonahatsoa Nameng”
  • Likarolo Tse Ling
  • Ho Ithuta Sephiri se Halalelang sa Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Sephiri Seo U ka se Bolellang ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lea Amoheloa Likopanong Tsa Setereke Tsa “Boinehelo ba Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Latela Mohlala oa Jesu oa Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/15 maq. 10-15

Sephiri se Halalelang Sea Phutholoha

“Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo.”—1 TIMOTHEA 3:16, “NW.”

1. Ke sephiri sefe se hlalosoang ho 1 Timothea 3:16 (NW)?

NA U khahloa ke liphiri? Na u thabela ho sibolla liphiri? Boholo ba rōna re thabela hoo! Ka hona, ikopanye le rōna ha re hlahloba se seng sa liphiri tse hlollang ka ho fetisisa—sephiri se ileng sa lula se notleletsoe ka hare ho Lentsoe la Molimo ka likete tsa lilemo. Sephiri sena se halalelang se ama bophelo ba rōna haholo, ba hona joale le ba ka moso. Ke ‘sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo,’ seo re se hlalosetsoang ho 1 Timothea 3:16 (NW). Re lokela ho leboha Jehova hakaakang, ea “senolang liphiri,” ka hore e be ka mohau o re tsebisitse sephiri sena se hlollang le tlhaloso ea sona!—Daniele 2:28, 29.

2. (a) Ke neng ha Jehova a bua ka lekhetlo la pele ka sephiri se halalelang, ’me o ile a tšepisa eng ka nako eo? (b) Ke lipotso life tse hlokang likarabelo?

2 Jehova o ile a bua ka sephiri se halalelang ka lekhetlo la pele ka mor’a hore Noha e thetse Eva, ’me Adama a mo sale morao bofetoheling. Nakong eo Molimo o ile oa tšepisa hore “peō,” kapa bana, e ne e tla khoba hlooho ea Noha. (Genese 3:15) Peō ee ke mang? E ne e tla hlōla Noha joang? Na e ne e tla phahamisa ’nete ea Molimo le morero oa Oona mabapi le lefatše lee?

3. Boprofeta ba Molimo bo ile ba fana ka linotlolo life mabapi le ho tsejoa ha Peō le mosebetsi oa eona?

3 Ka mor’a nako, boprofeta ba Molimo bo ile ba senola lintho tse fanang ka leseli la ho tseba Peō le mosebetsi oa eona oa ka moso. E ne e tla ba setloholo sa Abrahama, e ne e tla ja lefa la ’muso oa Davida, ’me e ne e tla bitsoa Khosana ea Khotso. ‘Ho ata ha puso ea bohosana le khotso ho ne ho ke ke ha e-ba le bofelo.’ (Esaia 9:6, 7, NW; Genese 22:15-18, NW; Pesaleme ea 89:35-37, NW) Empa joalokaha Ba-Roma 16:25 (TLP), e bolela, sephiri seo se halalelang se ne “se patehile ho tloha tšimolohong.”

Ho Rarolla Sephiri

4. Sephiri se halalelang se qalile ho phutholoha joang ka 29 C.E.?

4 Qetellong, ka mor’a lilemo tse likete tse ’nè, leseli le ile la chaba! Ka tsela efe? Ka 29 C.E., Johanne o ile a kolobetsa Jesu oa Nazaretha Nōkeng ea Jordane, ’me lentsoe la Molimo le hlahang leholimong la phatlalatsa: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:17) Joale, qetellong Peō e tšepisitsoeng e ne e le ena! Sephiri se halalelang se ne se qalile ho phutholoha ka likarolo tsohle tsa sona tse khanyang, ho akarelletsa taba ea boinehelo ba bomolimo.

5. “Boinehelo ba bomolimo” ke eng, ’me bo ama ba nang le bona joang?

5 Re utloisisa eng ka “boinehelo ba bomolimo”? Ka Mangolong a Bokreste a Segerike, polelo ena e hlaha ka makhetlo a 20 feela, ’me makhetlo a fetang halofo ho ana ke mangolong a mabeli a Pauluse a eang ho Timothea. Khatiso ea Insight on the Scriptures e hlalosa “boinehelo ba bomolimo” e le “tlhompho, borapeli, le tšebeletso ho Molimo, hammoho le botšepehi bobusing ba oona ba bokahohleng.” Tlhompho e tsoa pelong e atamelang haufi le Molimo, ka tšabo ea boholo ba oona, ho hloka qalo le qetello ha oona, le bongata ba lintho tse hlollang tseo o li bōpileng, hammoho le teboho bakeng sa limpho tsa moea le tsa nama tseo o li tšollelang holim’a batho ba nang le kananelo. Ka sebele, e mong le e mong ho rōna ea nang le boinehelo ba bomolimo a ka bua joaloka mopesaleme ho Pesaleme ea 104:1: “Boka Jehova, moea oa ka! Jehova, Molimo oa ka, u moholo haholo, u apere khanya le bokhabane.”

6. (a) Barapeli ba Jehova ba fapane joang le batho ba lutseng feela ka likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana? (b) Pauluse o itse’ng ho Ba-Roma 11:33, 34, ka hona ho phahama lipotso life?

6 Boinehelo ba rōna ho Molimo bo tlameha ho bonahala, ’me hona ho bonahala ka liketso. Ntlheng ena, barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova, ba fapane haholo le batho ba lutseng feela ka likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana tse helehang. Ho batho ba bangata lefatšeng, bolumeli—haeba ba sa ntsane ba e-na le bolumeli—ke ho phetha tšoanelo feela, seaparo se aparoang ho etsa hore ba hlahe ba halalela ha ba phela bophelo bo lumellanang le lefatše le silafetseng le ba potolohileng. Ha ba tsebe le hore na Molimo ke mang. Ka sebele, ho hlokahala hore batho ba joalo ba hlokomele mantsoe a Pauluse ho Liketso 17:23, moo a ileng a re ho Baathene ba neng ba rapela “Molimo o sa tsejoeng”: “Molimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke oona oo ’na ke le bolellang oona.” Mabapi le Molimo oo o tsotehang, ho Ba-Roma 11:33, 34 Pauluse o khotsa tjena: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang! Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?” Joale, re ka tseba litsela tsa Molimo joang? Ke ka ho ithuta ‘sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo.’ Empa re ka etsa seo joang?

7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe “sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo”?

7 Ho 1 Timothea khaolo 3 (NW), moapostola Pauluse o qala ka ho hlakisa se hlokahalang ho bahlanka ba nang le boikarabelo ka tlung ea Molimo, eo temaneng ea 15 e hlalositsoeng e le “phutheho ea Molimo o phelang, tšiea le tšehetso ea ’nete.” Joale temaneng ea 16, Pauluse oa phaella: “Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo.” Ka sebele se seholo hobane Jehova o ile a roma Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng ho tla notlolla sephiri sena, ho bontša hore na kannete boinehelo ba bomolimo ke eng le hore na ke ba bohlokoa hakae, hore ha ho letho le ka etsoang ka ntle ho bona, borapeling ba ’nete. Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo se chabisoa tseleng ea Jesu ea bophelo mona lefatšeng. Bohle ba ratang Jehova ba tlameha ho haha tumelo ea bona le bophelo ba bona ho Kreste, ea behileng mohlala oa boinehelo ba bomolimo. Joale, Jesu o ile a hlakisa sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo joang?

Likarolo Tse Tšeletseng

8. (a) Likarolo tse tšeletseng tsa sephiri se halalelang seo Pauluse a se hlalosang ho 1 Timothea 3:16, (NW), ke life? (b) Ke mang ea bonahatsoang eo ho thoeng ke “O”?

8 Ka pululelo ea Molimo, Pauluse o arabela potso eo. Mona ho 1 Timothea 3:16 (NW), o hlalosa likarolo tse tšeletseng tsa sephiri sena se halalelang, o re: “O [1] ile a bonahatsoa nameng, [2] a phatlalatsoa a lokile moeeng, [3] a hlaha ho mangeloi, [4] a boleloa har’a lichaba, [5] ha lumeloa ho eena lefatšeng, [6] a amoheloa khanyeng.” Ke mang eo ho thoe’ng ke “O” ea bonahatsoang? Ka ho hlakileng, “O” enoa ke Peō e tšepisitsoeng, Jesu, ea tlileng ho tla etsa thato ea Molimo. Ke eena ea ka sehloohong sephiring se halalelang, e leng hoo kannete ho etsang hore se be seholo.

9. Ho na le bopaki bofe ba hore 1 Timothea 3:16, ha ea lokela ho baleha tjee: “Molimo o ile oa bonahatsoa nameng”?

9 Batšehetsi ba thuto ea Boraro-bo-bong ba leka ho ferekanya kutloisiso ea sephiri se halalelang ka ho bolela hore “O” eo ho buuoang ka eena ho 1 Timothea 3:16, ke Molimo ka booona. Ba thea tlhaloso eo Bibeleng ea King James e balehang tjena, “Molimo o ile oa bonahatsoa nameng.” Leha ho le joalo, e be meqolo ea Segerike e tšepahalang ka ho fetisisa e re’ng? Nako le nako e sebelisa seemeli “O” ho fapana le “Molimo.” Bahlahlobisisi ba taba e ngotsoeng joale baa lumela hore ho kenngoa ha “Molimo” lengolong lena ke phoso ea bakopitsi. Ka hona, liphetolelo tsa moraonyana, tse kang American Standard Version, The New English Bible, le New World Translation, ka nepo li baleha tjena: ‘O [kapa Eena ea] ile[ng] a bonahatsoa nameng.’ Che, e ne e se Molimo ka booona o ileng oa hlaha “nameng.” Ho fapana le hoo, e ne e le Mora oa oona ea ratoang eo hape e leng pōpo ea oona ea pele, eo moapostola Johanne a ngotseng tjena ka eena: “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate.”—Johanne 1:14.

“O Ile a Bonahatsoa Nameng”

10. (a) Tšobotsi ea pele ea sephiri se halalelang e ile ea totobala joang ha Jesu a kolobetsoa? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fetoha “Adama oa morao”?

10 Ha Jesu a kolobetsoa tšobotsi ea pele ea sephiri se halalelang e ile ea totobala: Jesu “o ile a bonahatsoa nameng” e le Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng. Jehova Molimo o ne a ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo kenya pōpelong ea Maria e le hore Jesu a ka tsoaloa nameng e le motho ea phethahetseng. Ka hona, joalokaha 1 Ba-Korinthe 15:45-47 e bontša, Jesu o ile a fetoha Adama oa bobeli, kapa “oa morao,” moea oa motho o phethahetseng o tšoanang hantle le Adama oa pele. Ka morero ofe? Timothea oa pele 2:5, 6 e bua ka “Adama oa morao” e le “Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.” Motheong ona oa molao oa sehlabelo se phethahetseng sa botho, Jesu o buella selekane se secha mabapi le batho ba 144 000 ba fetohang majalefa hammoho le eena ’Musong oa hae.—Tšenolo 14:1-3.

11. Melemo ea sehlabelo sa topollo sa Jesu e atolohela ho bo-mang?

11 Na ba bang le bona ba ne ba tla rua molemo lefung la Jesu la sehlabelo? E, ho hlile ho joalo! Johanne oa pele 2:2 (NW), e bolela hore Jesu Kreste “ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna [ke hore, libe tsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba kang Johanne], empa eseng bakeng sa tsa rōna feela empa hape le bakeng sa tsa lefatše lohle.” Melemo ea sehlabelo sa topollo sa Jesu e fetela hōle ka ’nģane ho Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng ho akarelletsa lefatše lohle la batho. “Bongata bo boholo ba batho” ba ntseng ba phela hona joale le ba likete tsa limillione ba tla tsosoa lefatšeng la Paradeise ba tla amohela bophelo bo sa feleng motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa topollo sa Jesu. Esita le hona joale, joalokaha ho profetiloe ho Tšenolo 7:9, 10, batho ba bongata bo boholo ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse ka ho lumela maling a tšolotsoeng a Konyana, Jesu Kreste. Ba talingoa ba lokile bakeng sa ho ba le setsoalle le Molimo. Ka thabo, ba ithuta likarolo tse fapa-fapaneng tsa sephiri se halalelang ’me ba bontša boinehelo ba bomolimo tumellanong le mohlala oa Jesu!

Likarolo Tse Ling

12. Ke joang Jesu a ileng a “phatlalatsoa a lokile moeeng”?

12 Joale, ho thoe’ng ka tšobotsi ea bobeli e ho 1 Timothea 3:16 (NW)? Jesu o ile “a phatlalatsoa a lokile moeeng.” Empa joang? Ka hore Jehova a tsose Mora oa hae ea bolokileng botšepehi bafung ho ea bophelong ba moea. Sena se ne se lekana le phatlalatso ea Molimo ea hore Jesu o ne a lokile ka ho felletseng ’me a tšoaneleha bakeng sa litokelo tse ling tse phahameng. Kamoo Ba-Roma 1:4 (TLP) e ho behang ka teng, “ho ea ka Moea oa khalalelo ho ile ha boleloa, ka tsoho ea hae bafung, hore [Jesu] ke Mora ea matla oa Molimo.” Ha a tiisa sena lengolong la hae la pele, khaolo ea 3, temana ea 18 (TLP), Petrose oa re bolella: “Kreste le eena o shoetse libe tsa lōna hanngoe, ea lokileng a shoela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Molimo. O ile a bolaoa ka nqeng ea ’mele, empa a khutlisetsoa bophelong ka Moea.” Na mohlala oa Jesu oa boinehelo ba bomolimo o u lebisa ho Molimo?

13. Jesu ea tsositsoeng o ile a itlhahisa ho mangeloi afe, ’me o ile a a bolella molaetsa oa mofuta ofe?

13 Ha a tsoela pele ho 1 Timothea 3:16 (NW), joale Pauluse o bua ka tšobotsi ea boraro ea sephiri se halalelang, o bolela hore Jesu o ile “a hlaha ho mangeloi.” E be mangeloi aa ke afe? Mabapi le Jesu, eo joale ‘a seng a phelisitsoe moeeng,’ ho 1 Petrose 3:19, 20, Petrose oa ngola: “Ke ka oona moea oo a ileng ho bolella meea e teronkong, e neng e ikhantšitse khale, ha Molimo o no o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ea Noe.” Ho latela Juda 6, meea eo ke “mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ’ona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ’ona” maholimong. A ile a nka ’mele ea nama e le hore a ka thabela likamano tse litšila tsa botona le botšehali le basali. Ha Moroallo o qobella mangeloi ao ho khutlela sebakeng sa moea, a ile a lahleloa Tartarus, boemo ba ho nyelisoa ka ho felletseng. (2 Petrose 2:4, NW) Jesu ea tsositsoeng o ile a a bolella. Empa na oo e ne e le molaetsa oa poloko? Le hanyenyane! Ho fapana le hoo, Jesu o ile a nyatsa bokhopo ba ’ona e le bo khahlanong le boinehelo ba bomolimo. Batho leha e le bafe ba Molimo ba bapallang boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali kajeno ba lokela ho fumana temoso kahlolong e phatlalalitsoeng holim’a mangeloi ao!

14. Litaba tse molemo tse mabapi le Jesu li ile tsa qala ho “boleloa har’a lichaba” joang?

14 Tšobotsi ea bone ea 1 Timothea 3:16 (NW), ke hore Jesu o ile “a boleloa har’a lichaba.” See se phethahalitsoe joang? Nakoana feela pele a tšoaroa, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.” (Johanne 14:12) Nakoana ka mor’a moo, ka Pentekonta ea 33 C.E., Jesu o ile a tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae, ’me litaba tse hlasimollang tsa hore “Molimo o tsositse Jesu eo” tsa qala ho bolelloa Bajode. Hamorao, Basamaria le bona ba ile ba amohela lentsoe la Molimo ’me ba qala ho amohela moea o halalelang. (Liketso 2:32; 8:14-17) Joale, ka 36 C.E., Petrose o ile a bolella Kornele le Balichaba ba bang ba neng ba phuthehetse tlung ea hae. Ka hona, litaba tse molemo tse mabapi le Jesu tsa qala ho “boleloa har’a lichaba,” ke hore, har’a batho bao e seng Bajode, bao ka ho tšoanang ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang.

15. Ke eng e pakang hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ithutile sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo hantle?

15 Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 12:24, “lentsoe la Molimo la ’na la ata, la anafala.” Liketso 17:6 e tlaleha hore Greece leboea bahanyetsi ba ile ba hoa, joalokaha ba ntse ba etsa mono ho fihlela kajeno: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano.” Pele lilemo tse 30 li fela, Pauluse o ne a ka ngola a le Roma hore litaba tse molemo li ne li “bolelletsoe pōpo eohle e tlas’a leholimo.” (Ba-Kolosse 1:23, NW) Bakreste ba nakong eno ba ne ba ithutile hantle sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo. Ba ne ba se sebelisa ka cheseho e kaakang! ’Me e se eka le rōna ka ho tšoanang re ka ithuta sona ’me ra se sebelisa letsatsing lena leo e leng tlhoro ea ho bolela ka ’Muso!

16. Tšobotsi ea bohlano ea sephiri se halalelang e ne e le efe, ’me ke mosebetsi ofe o ileng oa etsa hore e totobale?

16 Ho arabela boboleling boo ba lekholong la pele la lilemo, tšobotsi ea bohlano ea sephiri se halalelang se ho 1 Timothea 3:16 (NW), e ile ea totobala haholo. Joale ho ile ‘ha lumeloa ho Jesu lefatšeng.’ Sena e ne e le phello ea boinehelo ba bomolimo bo tšoanang le ba Kreste ba baromuoa ba chesehang, ho akarelletsa Pauluse le Timothea. Ba ile ba isa litaba tse molemo Asia Minor le Europe, mohlomong ho ea fihla Spain, le Afrika Bochabela ka molomo oa Moethiopia ea kolobelitsoeng, ha Petrose a ntse a sebeletsa Babylona.

17. Ke hobane’ng ha ho lumeloa ho Jesu ho pholletsa le lefatše lohle la kajeno?

17 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Ho tloha ka 1919 masala a tlotsitsoeng a ’nile a bontša boinehelo ba bomolimo bo behang mohlala. Batlotsuoa bana ba hahile mohaho o tiileng holim’a motheo oa tumelo o raliloeng ke Jesu. Haholo-holo ho tloha ka 1935, ba ’nile ba tsoela pele ho bokella bongata bo boholo ba batho, ba thabelang tebello ea ho feta “mahlomoleng a maholo” le ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9, 14) Ka hona, litaba tse molemo tse mabapi le Jesu li lumeloa ho pholletsa le lefatše lohle la kajeno. Ka boinehelo ba bomolimo, Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 700 000 joale lia bolela ’me lia anafala lefatšeng ka bophara!

18. Ke joang Jesu a ileng a “amoheloa khanyeng”?

18 Karolo e ’ngoe hape ea sephiri seo se halalelang e sa ntsane e setse, e leng ea botšelela: Jesu o ile “a amoheloa khanyeng.” Nakong ea matsatsi a 40 ka mor’a hore a phelisetsoe moeeng, Jesu o ile a nka ’mele e bonahalang ea nama, a itlhahisa ho barutuoa ba hae ’me a ba bolella “tsa ’muso oa Molimo.” Joale o ile a nyolohela leholimong. (Liketso 1:3, 6-9) Ka hona, thapelo ea hae e tlalehiloeng ho Johanne 17:1-5, e ile ea arabeloa: “Ntate, . . . tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena . . . Ke u tlotlisitse lefatšeng . . . Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.”

19. E tlameha e be ho khutlela ha Jesu leholimong ho ile ha thooletsoa ka eng?

19 E tlameha e be ho khutlela ha Jesu leholimong ho ile ha thooletsoa ka thabo e khōlō hakaakang! Nako e telele pele ho moo, ha Jehova a thea lefatše, ‘bara bohle ba Molimo ba ile ba bina ka nyakallo.’ (Jobo 38:7) E tlameha e be makhotla ao a mangeloi a ile a thaba le ho feta ha a boetse a amohela ’Muelli e Moholo ea tšepahalang oa bobusi ba Jehova ka har’a ’ona!

20. Ke hobane’ng ha Jesu a ruile lebitso le leholo hakaale, ’me o ile a etsa eng ha a ntse a le lefatšeng?

20 Ho Ba-Heberu 1:3, 4, Pauluse o bua tjena ka Jesu ea hlōlang: “Hobane a etse hlatsuo ea libe tsa rōna, o ile ho lula ka letsohong le letona la Boholo bo holimo; a etsoa ea ka holimo ho mangeloi, joale ka ha lebitso leo a le ruileng ka mokhoa oa lefa le fetisa la ’ona ka boholo.” Kreste o ile a amohela lebitso leno ka baka la ho hlōla ha hae bobe. Ka sebele Mora enoa oa Molimo e ne e bile pula-maliboho ea tsela ea boinehelo ba bomolimo mona lefatšeng. Hape o ne a behile mohlala bakeng sa bohle ba tla finyella bophelong bo sa feleng. Ha Jesu a phahamisetsoa letsohong le letona la Molimo leholimong, sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo se ile sa senoloa ka litšobotsi tsohle tsa sona.

U ne u Tla Arabela Joang?

◻ “Boinehelo ba bomolimo” ke eng?

◻ Ke joang Jesu a ileng a “bonahatsoa nameng” ’me ka mor’a moo “a phatlalatsoa a lokile moeeng”?

◻ Jesu o ile a itlhahisa ho mangeloi afe, hona e le ka molaetsa ofe?

◻ Ke joang ‘ho boletsoeng ka Kreste har’a lichaba’ ha ba ha “lumeloa ho eena lefatšeng”?

◻ Jesu o ile “a amoheloa khanyeng” neng, ’me e le ka mor’a ho etsa’ng mabapi le boinehelo ba bomolimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela