Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/1 leq. 32
  • Ho Bontša Lerato ho ba Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bontša Lerato ho ba Hlokang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/1 leq. 32

Ho Bontša Lerato ho ba Hlokang

BAKRESTE ba na le tlamo hammoho le tokelo ea ho bontša lerato ho bara le barali babo bona ba hlokang. (1 Johanne 3:17, 18) Moapostola Pauluse o ngotse: “A re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Mora e mong oabo rōna ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse batlang li le 40 haufi tjena o ile a fumana lerato la Bokreste la bara ba motho nakong ea ha mosali oa hae a ne a kula ’me a qetella a hlokahetse. Oa ngola:

“Kaha ke ne ke hlokomela mosali oa ka hae ha a ne a kula, ha kea ka ka khona ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso ka likhoeli tse ka bang peli. Ke ile ka imoloha hakaakang ha metsoalle e ka phuthehong e ithaopela ho re thusa! Limpho tse se nang palo tsa lichelete—‘ho thusa bakeng sa litšenyehelo tse eketsehileng,’ kamoo ho neng ho bolela likarete tse tsamaeang le tsona—li ile tsa lefella sekoloto sa ntlo, litšebeletso tsa sechaba le litšenyehelo tse ling.

“Libeke tse peli pele ho lefu la mosali oa ka, molebeli oa rōna oa potoloho o ile a re etela ’me a re khothatsa. O ile a ba a re bontša le liselaete tseo phutheho e neng e tla li bona mafelong a beke. Re ile ra khona ho mamela liboka ka thelefono—ho kopanyelletsa le liboka tsa tšebeletso ea tšimo tse neng li tsamaisoa ke molebeli oa potoloho. Sebokeng se seng sa tsena, o ile a hlophisa hore bohle ba teng bakeng sa tšebeletso ea tšimo, e le sehlopha, ba re ‘lumela’ ho mosali oa ka. Kahoo, le hoja a ne a se ka har’a batho ba bang, ha ho mohla a ileng a ikutloa a le mong.

“Le pele hora e ka fela ka morao ho lefu la hae, hoo e ka bang baholo bohle ba ne ba le teng ntlong ea ka. Letsatsing leo feela, bara le barali babo rōna ba fetang lekholo ba ile ba fapohela. ‘Ka mohlolo,’ lijo li ile tsa tlala tafole bakeng sa bohle ba teng. Nke ke ka khona ho bala limpho tsohle, lipolelo tsa kutloelo-bohloko, mantsoe a tšelisang le lithapelo tseo ke ileng ka li etsetsoa. Li ile tsa ’matlafatsa hakaakang! Qetellong ke ile ka tlameha ho kōpa barab’eso hore ba khaotse ho nehelana ka lijo le ho nthusa ho hloekisa ntlo!

“Ke hokae hape ntle le mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova moo re ka fumanang lipolelo tse se nang boithati joalo tsa kutloelo-bohloko, kameho le lerato? Batho ba bangata kajeno ba ka itšetleha ka metsoalle e seng mekae ea sebele eo ba nang le eona. Jehova o re hlohonolofalitse ka ho ba le lelapa le leholo la bara le barali babo rōna ba moea!”—Mareka 10:29, 30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela