Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 3/15 maq. 5-9
  • Kamoo Jesu Kreste a ka re Thusang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Jesu Kreste a ka re Thusang Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mohlanka oa Sechaba”
  • Jesu ke Moprista ea Phahameng oa Mofuta Ofe?
  • Moprista ea Phahameng ea ka Utloelang Bohloko
  • “Thuso ka Nako e Nepahetseng”
  • Ho Bontša Kananelo Bakeng sa Thuso ea Kreste
  • Thuso e Eketsehileng Haufinyane
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Le Rekiloe ka Theko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Latela “Kreste”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 3/15 maq. 5-9

Kamoo Jesu Kreste a ka re Thusang Kateng

SEO Jesu Kreste a ileng a se etsa ho thusa batho ha a ne a le lefatšeng se ne se babatseha. Sena e ne e le ’nete hoo paki e ’ngoe e boneng ka mahlo e ileng ea bua tjena ka mor’a ho lokolisa liketsahalo tse ngata tsa bophelo ba Jesu: “Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata hape tseo Jesu a ileng a li etsa, tseo, haeba ka nako leha e le efe li ne li ka ngoloa ka ho qaqa ho feletseng, ke nahana hore, lefatše ka bolona le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.” (Johanne 21:25) Kaha Jesu o entse lintho tse ngata haholo lefatšeng, re ka ’na ra botsa: ‘Ke joang e ka bang mothusi oa rōna leholimong? Na re ka rua molemo qenehelong ea Jesu hona joale?’

Karabo ke e thabisang le e kholisang haholo. Bibele e re bolella hore Kreste o kene “leholimong ka bolona, joale ho hlaha ka pel’a Molimo ka boeena bakeng sa rōna.” (Baheberu 9:24) O ile a re etsetsa’ng? Moapostola Pauluse oa hlalosa: “[Kreste] o ile a kena, che, eseng ka mali a lipōli le a lipohoana, empa ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang [“leholimong ka bolona”] ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna.”—Baheberu 9:12; 1 Johanne 2:2.

Litaba tseo li molemo hakaakang! Ho e-na le hore ho nyolohela ha Jesu leholimong ho felise mosebetsi o babatsehang oa hae molemong oa batho, ho entse hore a khone ho etsetsa moloko oa batho ho eketsehileng. Hoo ke kahobane Molimo, ka mosa oa hae o moholo o sa tšoanelang, o ile a khetha Jesu hore a sebeletse e le “mohlanka oa sechaba”—moprista ea phahameng—“ka letsohong le letona la terone ea Boholo bo Hlomphehang maholimong.”—Baheberu 8:1, 2.

“Mohlanka oa Sechaba”

Kahoo, leholimong, Jesu e ne e tla ba mohlanka oa sechaba bakeng sa moloko oa batho. O ne a tla etsa mosebetsi o kang oo moprista ea phahameng oa Iseraele a neng a o etsa molemong oa barapeli ba Molimo mehleng ea boholo-holo. Mosebetsi oo e ne e le ofe? Pauluse oa hlalosa: “Moprista e mong le e mong ea phahameng o behoa hore a nyehele ka bobeli limpho le mahlabelo; ka lebaka leo ho ne ho hlokahala le ho enoa [Jesu Kreste ea nyolohileng] hore a be le ho hong hoo a ho nyehelang.”—Baheberu 8:3.

Seo Jesu a neng a ka fana ka sona se ne se phahametse seo moprista ea phahameng oa boholo-holo a neng a fana ka sona. “Haeba mali a lipōli le a lipoho” a ne a ka tlisetsa Baiseraele ba boholo-holo bohloeki bo itseng ba moea, “mali a Kreste . . . a [ne a] tla hloekisa matsoalo a rōna ka ho eketsehileng hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?”—Baheberu 9:13, 14.

Hape, Jesu ke mohlanka ea hlahelletseng oa sechaba hobane o nehiloe ho se shoe. Iseraeleng ea boholo-holo “ba bangata ba ile ba lokela ho ba baprista ka ho hlahlamana ka lebaka la ho thibeloa ke lefu hore ba tsoele pele e le ba joalo.” Empa Jesu eena ho thoe’ng ka eena? Pauluse oa ngola: “O na le boprista ba hae ntle ho bahlahlami leha e le bafe. Ka lebaka leo o khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela ka mehla ho ba kōpela ka tieo.” (Baheberu 7:23-25; Baroma 6:9) E, ka letsohong le letona la Molimo leholimong, re na le mohlanka oa sechaba ea ‘phelang kamehla ho re kōpela ka tieo.’ Nahana feela hore na seo se bolela’ng bakeng sa rōna hona joale!

Ha Jesu a le lefatšeng, batho ba ne ba khobokana ho eena hore a ba thuse, ’me ka linako tse ling ba ne ba tsamaea libaka tse telele hore ba fumane thuso ea hae. (Matheu 4:24, 25) Leholimong, ho bonolo hore batho ba lichaba tsohle ba bue le eena. Sebakeng se phahameng seo a leng ho sona, o teng kamehla joaloka mohlanka oa sechaba.

Jesu ke Moprista ea Phahameng oa Mofuta Ofe?

Tlhaloso e mabapi le Jesu Kreste e tlalehiloeng ka litlalehong tsa Kosepele ha e re siee re e-na le khoao ea letho ea hore oa thusa le hore o na le qenehelo. O ne a itela hakaakang! Ka makhetlo a ’maloa, o ile a sitisoa ho ikhutsa ha eena le barutuoa ba hae ba ne ba leka ho fumana phomolo e hlokahalang haholo. Ho e-na le ho ikutloa hore o khathatsoa ka nako ea bohlokoa ea khotso le khutso, ‘o ne a susumetsoa ke ho hauhela’ batho ba neng ba batla thuso ea hae. Esita leha Jesu a ne a khathetse, a lapile, a nyoriloe, ‘o ne a ba amohela ka mosa’ a bile a ithaopela ho tela lijo hore feela a thuse baetsalibe ba se nang boikaketsi.—Mareka 6:31-34; Luka 9:11-17; Johanne 4:4-6, 31-34.

Ka lebaka la ho susumetsoa ke khauho, Jesu o ne a nka mehato e sebetsang ea ho khotsofatsa litlhoko tsa batho nameng, maikutlong le moeeng. (Matheu 9:35-38; Mareka 6:35-44) Ho feta moo, o ile a ba ruta ho fumana khatholoho e tšoarellang le matšeliso. (Johanne 4:7-30, 39-42) Ka mohlala, memo ea hae ke e hohelang hakaakang, ha e re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho.”—Matheu 11:28, 29.

Lerato la Jesu bakeng sa batho le ne le le leholo hoo a ileng a qetella a tetse bophelo ba hae bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe. (Baroma 5:6-8) Ntlheng ena moapostola Pauluse o ile a beha lebaka lena: “Eena [Jehova Molimo] ea sa kang a qenehela esita le Mora oa hae empa a nehelana ka eena bakeng sa rōna bohle, ke hobane’ng hape ha a se na ho re fa lintho tse ling kaofela ka mosa hammoho le eena? . . . Kreste Jesu ke eena ea ileng a shoa, e, ha e le hantle ke eena ea ileng a tsosoa bafung, ea ka letsohong le letona la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.”—Baroma 8:32-34.

Moprista ea Phahameng ea ka Utloelang Bohloko

Ha e le motho, Jesu o ne a lapa, a nyoroa, a khathala, a hlabeha, a utloa bohloko ’me o bile a shoa. Ho imeloa kelellong le likhatello tseo a ileng a li mamella li ile tsa mo hlomella ka tsela e khethehileng haholo hore a sebeletse e le Moprista ea Phahameng bakeng sa moloko oa batho o mahlomoleng. Pauluse o ngotse: “[Jesu] o ile a tlameha ho ba joaloka ‘barab’abo’ ka litsela tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo, e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa batho. Etsoe ka hore eena ka boeena o utloile bohloko ha a ntse a behoa tekong, o khona ho phallela ba ntseng ba behoa tekong.”—Baheberu 2:17, 18; 13:8.

Jesu o ile a bontša hore oa tšoaneleha ebile o rata ho thusa batho hore ba atamele haufi le Molimo. Leha ho le joalo, na see se bolela hore o tlameha ho kholisa Molimo ea lonya le ea se nang mohau ea leqe ho tšoarela? Ha ho joalo ka sebele, etsoe Bibele e re tiisetsa hore ‘Jehova o molemo ’me o lula a itokiselitse ho tšoarela.’ E boetse e re: “Haeba re bolela libe tsa rōna, oa tšepahala hape o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa ho se lokeng hohle.” (Pesaleme ea 86:5, NW; 1 Johanne 1:9) Ha e le hantle, mantsoe a Jesu a bonolo le liketso tsa hae li bonahatsa qenehelo, mohau le lerato tsa Ntat’ae.—Johanne 5:19; 8:28; 14:9, 10.

Jesu o khatholla baetsalibe ba bakileng joang? Ka ho ba thusa hore ba fumane thabo le khotsofalo boitekong ba bona bo etsoang ka tieo ba ho khahlisa Molimo. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, o ile a akaretsa boemo bona ka ho re: “Erekaha re e-na le moprista e moholo ea phahameng ea phollelitseng le maholimo, Jesu Mora oa Molimo, a re tšoarelleng ho boleleng tumelo ea rōna ho eena. Etsoe eo re nang le eena e le moprista ea phahameng, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe. Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheberu 4:14-16.

“Thuso ka Nako e Nepahetseng”

Leha ho le joalo, ke eng seo re ka se etsang ha re talimane le mathata ao re ikutloang hore a re phahametse—ho kula ho tebileng, boikutlo bo sithabetsang ba ho ba molato, ho nyahama ho boima le ho tepella maikutlo? Re ka sebelisa eona tokisetso eo Jesu ka boeena a neng a itšetleha ka eona kamehla—tokelo ea bohlokoa ea thapelo. Ka mohlala, bosiung ba pele a re tella bophelo ba hae, “[o ile] a tsoela pele ho rapela ka tieo haholoanyane; ’me mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) E, Jesu oa tseba hore na ke ntho e joang ha motho a rapela Molimo ka tieo. O “ile a nyehela lithapeli hape le likōpo tse matla ho Ea neng a khona ho mo pholosa hore a tsoe lefung, ka mehoo e matla le meokho, ’me o ile a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.”—Baheberu 5:7.

Jesu oa tseba hore na ho “utluoa ka mokhoa o amohelehang” le ho matlafatsoa ho bolela ho hoholo hakae. (Luka 22:43) Ho feta moo, o ile a tšepisa: “Haeba le kōpa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka. . . . Kōpang ’me le tla amohela, e le hore thabo ea lōna e ka tlatsoa.” (Johanne 16:23, 24) Kahoo, re ka kōpa Molimo ka matla re kholisehile hore o tla lumella Mora oa hae ho sebelisa matla a hae le molemo oa sehlabelo sa hae sa thekollo molemong oa rōna.—Matheu 28:18.

Re ka kholiseha hore Jesu boemong ba hae ba leholimo o tla fana ka thuso ea mofuta o nepahetseng ka nako e loketseng. Ka mohlala, haeba re entse sebe seo re ikoahlaelang sona ka tieo, re ka tšelisoa ke tiiso ea hore “re na le mothusi ho Ntate, Jesu Kreste, ea lokileng.” (1 Johanne 2:1, 2) Mothusi le Motšelisi oa rōna ea leholimong o tla re kōpela ka tieo e le hore lithapelo tsa rōna tse etsoang ka lebitso la hae le tse tumellanong le Mangolo li tle li arajoe.—Johanne 14:13, 14; 1 Johanne 5:14, 15.

Ho Bontša Kananelo Bakeng sa Thuso ea Kreste

Ha ho amehe feela taba ea ho kōpa Molimo ka matla ka Mora oa hae. Ka molemo oa sehlabelo sa hae sa thekollo, ho bonahala hore ‘Kreste ka ho reka’ o ile a fetoha ‘monghali ea rekileng’ moloko oa batho. (Bagalata 3:13; 4:5; 2 Petrose 2:1) Re ka bontša teboho ea rōna bakeng sa sohle seo Kreste a re etsetsang sona ka ho lumela hore ke monghali oa rōna le ka ho arabela ka thabo memong ea hae, e reng: “Haeba leha e le mang a batla ho ntšala morao, a a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi ’me a ntatele ka ho tsoelang pele.” (Luka 9:23) ‘Ho itatola’ hase polelo ea molomo feela ea hore motho o ba le monghali e mong. Hopola hore Kreste “o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Kahoo, ho ananela thekollo ho tla ba le phello e tebileng ponong ea rōna, lipakaneng tsa rōna le mokhoeng oo re phelang ka oona. Molato oo re nang le oona ho “Kreste Jesu, ea ileng a nehelana ka eena ka boeena bakeng sa rōna,” o lokela ho re susumelletsa ho ithuta haholoanyane ka eena le Ntat’ae ea lerato, Jehova Molimo. Re lokela hore hape re batle ho hōla tumelong, ho phela ka litekanyetso tse molemo tsa Molimo, le ho ba “ba chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:13, 14; Johanne 17:3.

Phutheho ea Bokreste ke mocha oo ka oona re amohelang lijo tsa moea tse nakong, khothatso le tataiso. (Matheu 24:45-47; Baheberu 10:21-25) Ka mohlala, haeba ho e-na le ba bang ba kulang moeeng, ba ka ‘bitsa banna ba baholo [baholo ba khethiloeng] ba phutheho.’ Jakobo o eketsa ka tiisetso ena: “’Me thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla li tšoareloa.”—Jakobo 5:13-15.

Ho etsa mohlala: Monna e mong ea neng a sebeletsa kahlolo ea teronko Afrika Boroa o ile a ngolla moholo e mong oa phutheho ho hlalosa kamoo a ananelang kateng “Lipaki tsohle tsa Jehova tse ntšetsang pele mosebetsi o motle o ileng oa qaloa ke Jesu Kreste ka ho thusa batho ho loanela ho fumana ’Muso oa Molimo.” Eaba oa ngola: “Ke ile ka thaba haholo ha ke amohela lengolo la hao. Kameho ea hao ka topollo ea ka ea moea e nkamme ka botebo. Ke lona lebaka le matla haholoanyane la hore ke qale ho ela hloko pitso ea Jehova Molimo mabapi le pako. Ka lilemo tse 27 ke ’nile ka tlatselela le ho lahleheloa ke tsela lefifing la sebe, bolotsana, litaba tse sa eeng ka molao, mekhoa ea boitšoaro bo bobe le malumeli a belaetsang. Ka mor’a hore ke tsebisoe Lipaki tsa Jehova, ke ikutloa hore qetellong ke fumane tsela—tsela e nepahetseng! Seo ke lokelang ho se etsa ke hore ke tsamaee ho eona.”

Thuso e Eketsehileng Haufinyane

Maemo a lefatše a ntseng a mpefala ke bopaki bo hlakileng ba hore re phela nakong e mahlonoko e neng e tla eta pele ho qhoma ha ‘matšoenyeho a maholo.’ Hona joale, bongata bo boholo ba lichaba tsohle, meloko, lihlopha tsohle tsa batho le maleme bo ‘hlatsoa liaparo tse telele tsa ka holimo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana.’ (Tšenolo 7:9, 13, 14; 2 Timothea 3:1-5) Ka ho etsa lintho tse bontšang tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu, bo tšoareloa libe ’me bo thusoa ho kena kamanong e haufi le Molimo—ha e le hantle, bo thusoa ho ba metsoalle ea hae.—Jakobo 2:23.

Konyana, e leng Jesu Kreste, “e tla . . . lisa [baphonyohi ba matšoenyeho a maholo], ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. ’Me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 7:17) Joale Kreste o tla phetha mesebetsi ea hae e le Moprista ea Phahameng. O tla thusa metsoalle eohle ea Molimo hore e rue molemo ka botlalo “lilibeng tsa metsi a bophelo”—moeeng, nameng, kelellong le maikutlong. Seo Jesu a ileng a se qala ka 33 C.E. le seo e sa leng a se ntšetsa pele a le leholimong ho tloha ka nako eo, joale se tla finyelloa ka ho phethahetseng.

Kahoo, le ka mohla u se ke ua tela ho bontšeng kananelo e tebileng bakeng sa sohle seo Molimo le Kreste ba re etselitseng sona le seo ba ntseng ba re etsetsa sona. Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Ka mehla thabang Moreneng. . . . Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilippi 4:4, 6, 7.

Ho na le tsela ea bohlokoa ea ho bontša hore u ananela Jesu Kreste, Mothusi oa rōna ea leholimong. Hoba letsatsi le likele ka Laboraro la la 19 April, 2000, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li tla bokana ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. (Luka 22:19) Ona e tla ba monyetla oa hore u tebise kananelo ea hao bakeng sa sehlabelo sa Kreste. U mengoa ka mofuthu hore u be teng le hore u utloe kamoo tokisetso e babatsehang ea Molimo ea poloko e etsoang ka Kreste e ka u tsoelang molemo kateng ka ho sa feleng. Re kōpa hore u botse Lipaki tsa Jehova tsa haeno hore na ketsahalo ena e khethehileng e tla ba ka nako efe, sebakeng sefe.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu oa tseba hore na ke ntho e joang ha motho a rapela Molimo ka tieo

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

Kreste o tla re thusa ho loana le mathata a re phahametseng

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Kreste o re thusa ka baholo ba lerato

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela