-
Jehova ke Molimo ea Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. Jehova o bontša joang hore oa re rata?
Har’a makhabane a Jehova, lerato ke lona le ka sehloohong. Ha e le hantle, “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Jehova ha aa ka a bonahatsa lerato la hae ka Bibeleng feela, empa re le bona le linthong tseo a li bopileng. (Bala Liketso 14:17.) Ka mohlala, nahana ka tsela eo a re bopileng ka eona. O re file bokhoni ba ho bona mebala e metle, ho utloa ’mino o monate le ho latsoa lijo tse monate. Jehova o batla hore re thabele bophelo.
-
-
Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
2. Liketso tsa malumeli a bohata li senya Molimo lebitso joang?
Malumeli a bohata ha a tšoare batho ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona. Bibele e re ka bolumeli ba bohata: “Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong.” (Tšenolo 18:5) Ka lilemo tse makholo, haesale malumeli a kenella lipolotiking, lintoeng hape a bolaea kapa a lumella ho bolaoa ha batho ba bangata haholo. Baruti ba bang ba batla ho rua, kahoo ba batla chelete ho balateli ba bona. Liketso tsa bona li bontša hantle hore ha ba tsebe Molimo ebile ha ba na le tokelo ea ho mo emela.—Bala 1 Johanne 4:8.
-