Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1988 | June 1
    • E ’ngoe ea lintlha tse tobileng ka ho fetisisa e ho Juda 7. Juda o ne a sa tsoa hlalosa ka (1) Baiseraele ba timelitsoeng ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, le (2) mangeloi a entseng sebe ‘a bolokiloeng litlamong tse sa feleng ho lebella letsatsi le leholo.’ Joale Juda o re: “Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha . . . e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” Temana ena e sebelisitsoe ho metse ea sebele e timelitsoeng ka ho sa feleng, e seng batho. Leha ho le joalo, ka lebaka la Juda 5 le 6 batho ba bangata ba nka temana ea 7 e bolela kahlolo ea batho ka bomong. (Ka ho tšoanang, Mattheu 11:20-24 e utloisisoa e nyatsa batho, e seng majoe kapa meaho.) Leseling la sena, Juda 7 e bolela hore batho ba khopo ba Sodoma/Gomorrha ba ile ba ahloloa ’me ba timetsoa ka ho sa feleng.a

      Ha re sheba libakeng tse ling, re hlokomela hore hangata Bibele e amahanya Moroallo le Sodoma/Gomorrha. Ka kutloisiso efe?

      Ha Jesu a botsoa ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” o profetile ka “bofelo” bo tlang le “mahlomola a maholo a e-s’o kang a e-ba teng ha e sa le lefatše le theoa.” (Mattheu 24:3, 14, 21, NW) O tsoela pele ho bua ka “mehla ea Noe” le se kileng sa “etsahala mehleng ea Lota” joaloka mehlala ea batho ba sa kang ba hlokomela temoso ka timetso e tlang. Jesu o phaelletse: “Ho tla ba joalo ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka lona.” (Luka 17:26-30; bapisa Mattheu 24:36-39.) Na Jesu o ne a mpa a bontša boikutlo ba botho feela, kapa na o ne a akarelletsa hape le kahlolo ea ka ho sa feleng ho ea ka litemana tse potolohileng taba?

      Hamorao, Petrose o ngotse ka likahlolo tsa Molimo le kotlo ea hae ho bao e ba tšoanelang. Joale Petrose o sebelisitse mehlala e meraro: Mangeloi a entseng sebe, lefatše la boholo-holo la mehleng ea Noe, le bao ba timelitsoeng Sodoma/Gomorrha. Ha Petrose a bua ka Sodoma/Gomorrha o itse ke ‘temoso ho ba tlang ho ba banyefoli.’ (2 Petrose 2:4-9) Kamor’a moo, o bapisitse timetso ea batho Moroallong le ho tla ha “letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” Seo se tla pele ho tšepiso ea maholimo a macha le lefatše le lecha.—2 Petrose 3:5-13.

      Ka ho tšoanang, bofelong ba tsamaiso e khopo ea lintho, na bao Molimo o tla ba timetsa ba tla ahloloa ka ho sa feleng? Ke se bontšoang ke 2 Ba-Thessalonika 1:6-9: “Hobane efela ho lokile hoba Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, ’me lōna ba tšoenngoang, le etsetsoe phomolo le rōna, mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae.”

      Ho na le ho tšoana ho thahasellisang mahareng a ho ngoloa ha tlhaloso ena le seo Juda a se bolelang hore se etsahetse ho Sodoma. Ho feta moo, ho Mattheu 25:31-46 le Tšenolo 19:11-21 li bontša hore “lipoli” li tla timetsoa ntoeng e tlang ea Molimo ’me li tla utloa ‘bohloko bo sa feleng’ “letšeng la mollo,” le tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng.b—Tšenolo 20:10, 14.

      Ka baka leo, ho phaella ho seo Juda 7 e se bolelang, Bibele e sebelisa Sodoma/Gomorrha le Moroallo e le mehlala bakeng sa tšenyo ea tsamaiso ea joale e khopo ea lintho. Joale, ho hlakile hore bao Molimo o ba timelitseng likahlolong tsa nako e fetileng ba fumane tšenyeho e ke keng ea fetoloa. Ha e le hantle, e mong le e mong oa rōna a ka tiisa seo ka ho ipaka a tšepahala ho Jehova hona joale. Ka tsela eo re tla tšoaneleha ho pholohela lefatšeng le lecha le ho bona bao a ba tsosang le bao a ke keng a ba tsosa. Rea tseba hore likahlolo tsa hae li phethahetse. Elihu o re tiiselitse: “Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka, Ea matla ’ohle, a ke ke a khopamisa ho loka.”—Jobo 34:10, 12.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1988 | June 1
    • a Ho Ezekiele 16:53-55, ho boleloa ka “Sodoma le barali ba hae” e seng mabapi le tsoho, empa ka tšoantšetso mabapi le Jerusalema le barali ba hae. (Bapisa Tšenolo 11:8.) Bona hape The Watchtower, June 1, 1952, leqephe 337.

      b Bapisa “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa ea August 1, 1979.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela